Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 18

Ipehele Lintho Tseo U Batlang ho li Etsetsa Jehova U be U li Finyelle

Ipehele Lintho Tseo U Batlang ho li Etsetsa Jehova U be U li Finyelle

“Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”​—1 TIM. 4:15.

PINA EA 84 A re Eeng

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke lintho life tseo re ka ipehelang tsona tseo re ka batlang ho li finyella?

 RE RATA Jehova haholo hobane re Bakreste ba ’nete. Re batla ho mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang. Empa e le hore re sebeletse Jehova ka botlalo, re lokela ho ipehela lintho tseo re tla li finyella tse kang ho ba le makhabane a Bokreste, ho ba le bokhoni bo itseng le ho batla litsela tsa ho thusa batho ba bang.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ipehela lintho tseo re batlang ho li etsa tšebeletsong ea Molimo le ho sebetsa ka thata hore re li finyelle?

2 Ke hobane’ng ha re batla ho ba bahlanka ba Jehova ba molemo haholoanyane? Lebaka le ka sehloohong ke hobane re batla ho thabisa Ntate oa rona ea leholimong. Jehova oa thaba ha re sebelisa bokhoni le litalenta tsa rona ka ho feletseng tšebeletsong ea hae. Ho ekeletsa moo, re batla ho ntlafatsa tseleng eo re sebeletsang Jehova ka eona e le hore re ka thusa bara le barali babo rona. (1 Bathes. 4:​9, 10) Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Lipaki, re ntse re ka ntlafatsa. A re hlahlobeng hore na re ka etsa seo joang.

3. Joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Timothea 4:​12-16, moapostola Pauluse o khothalelitse Timothea ho etsa eng?

3 Le hoja Timothea e ne e le mocha ha moapostola Pauluse a mo ngolla lengolo la hae la pele, e ne e se e le nako e le moholo. Ho ntse ho le joalo, Pauluse o ile a mo khothaletsa hore a tsoele pele ho ntlafatsa e le hore e be mohlanka ea molemo oa Jehova. (Bala 1 Timothea 4:​12-16.) Ha u ntse u bala mantsoe a Pauluse, u tla hlokomela hore o ile a khothaletsa Timothea ho ntlafatsa ka litsela tse peli. Ea pele, hore a be le makhabane a Bokreste a kang lerato, tumelo le ho hloeka. Ea bobeli, hore a ntlafatse bokhoni ba hae ha a bala phatlalatsa, a khothatsa a bile a ruta. Re tla hlahloba kamoo mohlala oa Timothea o bontšang hore na ke joang re ka ipehelang lintho tseo re batlang ho li etsa tse tla re thusa ho ba bahlanka ba molemo ba Jehova. Re tla boela re hlahlobe litsela tse ling tseo ka tsona re ka eketsang tšebeletso ea rona.

HLAOLELA MAKHABANE A BOKRESTE

4. Ho ea ka Bafilipi 2:​19-22, ke eng e ileng ea thusa Timothea hore Jehova a mo sebelise?

4 Ke eng e ileng ea thusa Timothea hore Jehova a mo sebelise? O ile a thusoa ke makhabane a Bokreste ao a neng a e-na le ’ona. (Bala Bafilipi 2:​19-22.) Ho ea kamoo Pauluse a mo hlalositseng kateng, re ka bona hore Timothea e ne e le motho ea ikokobelitseng, ea tšepahalang le ea mahlaha-hlaha. O ne a le lerato hape a tsotella bara babo haholo. Ke ka lebaka leo Pauluse a neng a rata Timothea ’me a mo tšepela ho phetha boikarabelo bo boima. (1 Bakor. 4:​17) Ka tsela e tšoanang, le rona Jehova o tla re rata ebile re tla thusa phutheho haholo haeba re sebeletsa ho ba le makhabane ao a Bokreste.​—Pes. 25:9; 138:6.

Nahana ka makhabane a Bokreste ao u ka ratang hore u ntlafatse ho ’ona (Sheba serapa sa 5 le 6)

5. (a) U ka etsa qeto joang hore na ke hokae moo u ka ntlafatsang teng? (b) Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong, morali oabo rona e mocha o etsa eng ho bontša qenehelo ho batho ba bang?

5 Ipehele hore na u batla ho finyella eng. Nahanisisa hore na u hloka ho ntlafatsa hokae, u be u rapelle taba eo. Ka mohlala, u ka ’na oa etsa qeto ea hore u batla ho ithuta ho qenehela batho ba bang esita le ho leka kahohle ho ba thusa. Mohlomong u ka ntlafatsa hore u be motho ea nang le khotso le ea tšoarelang batho ba bang. Kopa motho eo u mo tšepang ho u eletsa hore na u ka ntlafatsa hokae.​—Liprov. 27:6.

6. U ka etsa’ng ho finyella seo u batlang ho se etsa?

6 Sebeletsa ho finyella seo u batlang ho se etsa. U ka etsa seo joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ithuta ka tšobotsi eo u batlang ho ntlafatsa ho eona. Mohlomong u batla ho ntlafatsa tabeng ea ho tšoarela batho ba bang. U ka qala ka ho bala le ho nahanisisa ka litlaleho tsa Bibele tse buang ka batho ba ileng ba khona ho tšoarela ba bang esita le ba ileng ba sitoa ho tšoarela. Nahana ka mohlala oa Jesu. O ile a tšoarela batho ba bang ka bolokolohi. (Luka 7:​47, 48) O ne a sheba lintho tseo ba ka khonang ho li etsa eseng liphoso tsa bona. Empa Bafarisi ba mehleng ea Jesu ba ne “ba nka ba bang kaofela e se letho.” (Luka 18:9) Ka mor’a ho nahanisisa ka mehlala ena, ipotse: ‘Ke bona eng ho batho ba bang? Ke makhabane afe a bona ao nka a etsisang?’ Haeba u thatafalloa ke ho tšoarela motho, nahana ka lintho tseo u li ratang ka eena ebe u li ngola fatše. Ka mor’a moo, ipotse: ‘Jesu o talima motho eo joang? Na a ka mo tšoarela liphoso tsa hae?’ Ha re etsa joalo, re ka fetola tsela eo re nahanang ka eona. Qalong, ho ka ’na ha hlokahala hore re sebetse ka thata ho tšoarela motho ea re foselitseng. Empa ha re phehella ho ntlafatsa, re tla nolofalloa ho tšoarela batho ba bang.

SEBELETSA HO BA LE BOKHONI

Ithaopele ho ithuta ho lokisa Holo ea ’Muso eo u kopanelang ho eona (Sheba serapa sa 7) *

7. Ho ea ka Liproverbia 22:​29, ke joang Jehova a sebelisang basebetsi ba nang le boiphihlelo mehleng ee?

7 Ntho e ’ngoe eo re ka batlang ho e finyella ke ho ba le bokhoni bo itseng. Ak’u nahane hore na ke basebetsi ba bangata hakae ba hlokehang bakeng sa ho haha mahae a Bethele, Liholo Tsa Likopano le Liholo Tsa ’Muso. Bongata ba basebetsi bana ba ithutile mesebetsi ena ha ba sebetsa hammoho le bara babo rona bao e leng litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong, bara le barali babo rona ba ithuta mosebetsi oa matsoho oo ba ka o etsang ho hlokomela Liholo Tsa Likopano le Liholo Tsa ’Muso. Ka tsela ena, Jehova Molimo “Morena oa bosafeleng,” le Kreste Jesu “Morena oa . . . marena,” ba finyella lintho tse hlollang ka basebetsi bana ba hloahloa. (1 Tim. 1:​17; 6:​15; bala Liproverbia 22:​29.) Re batla ho sebetsa ka thata le ho sebelisa bokhoni ba rona ho isa thoriso ho Jehova eseng ho rona.​—Joh. 8:​54.

8. U ka etsa eng haeba ho e-na le seo u batlang ho ithuta sona?

8 Khetha hore na u batla ho ithuta eng. U ka rata ho ithuta eng? U ka botsa baholo ba phutheho ea heno kapa mohlomong molebeli oa potoloho hore na ke lintho life tseo u ka ithutang tsona. Mohlala, haeba ba u khothaletsa ho ntlafatsa tseleng eo u rutang ka eona, ba kope hore ba u thuse hore na ke hokae ka ho khetheha moo u ka ntlafatsang teng ebe u leka ho ntlafatsa. U ka finyella seo joang?

9. Ke joang u ka sebeletsang hore u finyelle lintho tseo u ipehetseng tsona?

9 Sebeletsa hore u finyelle lintho tseo u ipehetseng tsona. A re re u batla ho ntlafatsa ho ba mosuoe ea hloahloa. U ka ithuta ka hloko bukana ea Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta. Ha u e-na le puo libokeng tsa har’a beke, u ka kopa mor’abo rona ea nang le boiphihlelo hore a mamele puo ea hao ha u ntse u e lokisetsa ebe o u fa litlhahiso tsa kamoo u ka ntlafatsang. Lokisetsa puo ea hao esale ka nako e le hore batho ba bang ba ka hlokomela hore u motho ea sebetsang ka thata le ea ka tšeptjoang.​—Liprov. 21:5; 2 Bakor. 8:22.

10. Fana ka mohlala oa hore na motho a ka etsa’ng haeba ho e-na le ntho e mo thatafallang eo a batlang ho ithuta eona.

10 Ho thoe’ng haeba ntho eo u batlang ho ithuta eona ehlile e u thatafalla? U se ke oa tela. Mor’abo rona Garry o ne a sa khone ho bala hantle. O hopola kamoo a ileng a hlajoa ke lihlong ha a lokela ho bala phatlalatsa libokeng. Leha ho le joalo, o ile a sebetsa ka thata hore a ntlafatse. Hona joale o re o se a atleha ho beha lipuo Holong ea ’Muso le likopanong tse kholo le tse nyenyane ka lebaka la koetliso eo a ileng a e fumana ho bara babo rona ba nang le boiphihlelo le ka ho bala lingoliloeng tsa rona.

11. Joaloka Timothea, re ka thusoa ke’ng ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova?

11 Na Timothea e ile ea e-ba sebui le mosuoe ea hloahloa? Bibele ha e re letho tabeng eo. Empa e tlameha ebe Timothea o ile a ipabola kabelong eo a ileng a e fuoa hobane o ile a mamela keletso ea Pauluse. (2 Tim. 3:​10) Ka tsela e tšoanang, haeba le rona re loanela ho ba le bokhoni bo itseng, re tla atleha ho sebeletsa Jehova haholoanyane.

BATLA LITSELA TSA HO THUSA BATHO BA BANG

12. Batho ba bang ba u thusitse joang?

12 Kaofela re rua molemo ha batho ba bang ba ithaopela ho sebeletsa. Ha re kene sepetlele, rea thaba ha baholo ba sebeletsang Likomiting Tsa Bohokahanyi le Lipetlele kapa ba Lihlopheng Tse Etelang Bakuli ba re etela. Ha re e-na le mathata, rea khothala ha moholo a bontša hore oa re tsotella ka hore a iphe nako ea ho re mamela le ho re tšelisa. Ha re hloka thuso ea kamoo re ka khannang thuto ea Bibele kateng, rea thaba ha pula-maliboho e nang le boiphihlelo e ba teng thutong ’me e re fa litlhahiso tsa kamoo re ka ntlafatsang. Kaofela bara le barali bana babo rona ba thabela ho re thusa. Le rona re ka thaba haeba re ithaopela ho thusa bara le barali babo rona. Ke kahoo Jesu a ileng a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.” (Lik. 20:​35) Haeba le uena u batla ho atolosa tšebeletso ea hao ho Jehova, ke eng e ka u thusang?

13. Re lokela ho nahana ka eng ha re ipehela lintho tseo re batlang ho li etsa?

13 Ha u ipehela lintho tseo u batlang ho li finyella, etsa bonnete ba hore oa hlaka. U se ke oa re feela: ‘Ke batla ho etsa ho eketsehileng ka phuthehong.’ U ka ’na oa thatafalloa ke ho tseba hore na u ka finyella ntho eo u ipehetseng eona joang le ho thatafalloa ho bona ha u se u e finyeletse. Kahoo, hlaka hore na u batla ho etsa eng. U ka ba oa ngola fatše hore na u batla ho etsa eng, u be u ngole hore na u tla e finyella joang.

14. Ke hobane’ng ha re lokela ho feto-fetoha le maemo ha re ipehela lintho tseo re batlang ho li finyella?

14 Re boetse re lokela ho feto-fetoha le maemo ha re ipehela lintho tseo re batlang ho li etsa. Hobane’ng? Hobane ha re khone ho laola maemo a rona ka ho feletseng. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a thusitse hore ho thehoe phutheho e ncha motseng oa Thesalonika. O ne a ikemiselitse ho lula moo e le hore a thuse Bakreste bao ba bacha. Empa Pauluse o ile a tlameha ho tloha sebakeng seo ka lebaka la bahanyetsi. (Lik. 17:​1-5, 10) Hoja ha aa ka a tloha motseng oo, o ne a ka ’na a beha Bakreste bao kotsing. Le hoja a ile a tsamaea, ha aa ka a tlohela ho ba thusa. Ho e-na le hoo o ile a amohela maemo a macha ao a leng ho ’ona. Hamorao o ile a romela Timothea ho ea thusa Bakreste bao ba bacha ba Thesalonika hore ba be le tumelo e matla. (1 Bathes. 3:​1-3) E tlameha ebe Bathesalonika ba ile ba thaba haholo ha Timothea a ithaopela ho ea ba thusa.

15. Lintho tseo re batlang ho li finyella li ka ameha joang ha maemo a fetoha? Etsa mohlala.

15 Re ka ithuta ho hong mohlaleng oa Pauluse ha a ne a le Thesalonika. Ka linako tse ling re ka ’na ra batla ho finyella ho itseng tšebeletsong empa re sitisoe ke ha maemo a fetoha. (Moek. 9:​11) Haeba u etsahalloa ke ntho e tšoanang, fetola maoa ’me u ipehele ntho e ’ngoe eo u ka khonang ho e etsa. Ke seo banyalani ba bang e leng Ted le Hiedi ba ileng ba se etsa. Ka lebaka la ho kula, ba ile ba tloha Bethele. Empa kaha ba ne ba rata Jehova, ba ile ba batla litsela tsa ho eketsa tšebeletso ea bona. Ba qalile ka ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla. Hamorao ba ile ba khethoa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ’me Ted o ile a koetlisetsoa ho ba mothusi oa molebeli oa potoloho. Empa ho ile ha e-ba le phetoho ea lilemo tseo balebeli ba potoloho ba lokelang ho beha meja fatše ha ba fihla ho tsona. Ted le Hiedi ba ile ba hlokomela hore ba se ba le baholo haholo hore ba ka tsoela pele ba sebeletsa Jehova tšebeletsong ena. Le hoja ba ile ba soetseha, ba ne ba tseba hore ho na le litsela tse ling tseo ba ka sebeletsang Jehova ka tsona. Ted o re: “Re ithutile hore re ka sebeletsa Jehova ka litsela tse ngata.”

16. Re ka ithuta eng ho Bagalata 6:4?

16 Re ke ke ra laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang bophelong ba rona. Kahoo, ha rea lokela ho nahana hore re ba bohlokoa ho Jehova ka lebaka la mesebetsi eo re e etsang, hape ha rea lokela ho ipapisa le batho ba bang ba khonang ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong. Hiedi o re: “U ke ke oa thaba haeba u ipapisa le batho ba bang.” (Bala Bagalata 6:4.) Taba ea bohlokoa ke hore re batle litsela tsa ho thusa batho ba bang le ho sebeletsa Jehova. *

17. U ka etsa’ng e le hore u tšoanelehe ho sebeletsa Jehova haholoanyane?

17 Ho ka ba bonolo hore u atolose tšebeletso ea hao ho Jehova haeba u phela bophelo bo itekanetseng ’me u qoba ho etsa likoloto ho sa hlokahale. Ipehele lintho tse nyenyane tseo u batlang ho li finyella tse tla u thusa hore u finyelle lintho tse kholo. Ka mohlala, haeba u batla ho ba pula-maliboho ea kamehla, u ka qala ka ho ba pula-maliboho e thusang e tšoaileng lebokose. Haeba u batla ho ba mohlanka ea sebeletsang, na u ka eketsa nako eo u e qetang u le tšebeletsong ea tšimo ebile u etela batho ba kulang le ba holileng ba phuthehong ea heno? Lintho tseo u li etsang hona joale li ka u bulela menyetla ea hore u sebeletse Jehova haholoanyane nakong e tlang. Ikemisetse ho sebetsa ka thata mosebetsing o mong le o mong oo o u fuoang.​—Bar. 12:11.

Ipehele lintho tseo u ka khonang ho li finyella (Sheba serapa sa 18) *

18. Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong, u ithuta’ng mohlaleng oa morali oabo rona Beverley?

18 Re ka ipehela lintho tseo re batlang ho li etsa ra ba ra li finyella le haeba re se re holile. Nahana ka mohlala oa morali oabo rona Beverley ea lilemo li 75. O ne a kula haholo hoo a neng a thatafalloa ke ho tsamaea. Empa o ne a labalabela ho sebetsa ka thata letšolong la ho memela batho Sehopotsong. O ile a khetha ntho e itseng eo a batlang ho e finyella letšolong leo ’me ha a se a e finyeletse o ile a thaba haholo. Boikitlaetso ba hae bo ile ba susumeletsa batho ba bang ho sebetsa ka thata tšimong. Jehova o ananela mosebetsi oo bara le barali babo rona ba holileng ba o etsang le ha maemo a bona a sa ba lumelle ho etsa ho hongata.​—Pes. 71:​17, 18.

19. Ke lintho life tseo re ka ipehelang tsona hore re li finyelle tšebeletsong ea Molimo?

19 Ipehele lintho tseo u ka khonang ho li finyella. Sebeletsa hore u be le makhabane a khahlisang Jehova. Sebeletsa ho ba le bokhoni bo tla u thusa hore Jehova le mokhatlo oa hae ba u sebelise haholoanyane. Batla litsela tse eketsehileng tsa ho sebeletsa bara le barali beno. * Joaloka Timothea, le uena Jehova o tla u hlohonolofatsa “e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”​—1 Tim. 4:15.

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

^ ser. 5 Timothea e ne e le ’moleli ea atlehang oa litaba tse molemo. Ho ntse ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a mo khothaletsa ho tsoela pele a ntlafatsa tsela eo a sebeletsang Jehova ka eona. Kaha Timothea o ile a mamela keletso ea Pauluse, Jehova o ile a mo sebelisa haholoanyane ’me le eena o ile a atleha ho thusa bara le barali babo. Na le uena joaloka Timothea u labalabela ho sebeletsa Jehova haholoanyane le ho thusa bara le barali babo rona? Re kholisehile hore u batla ho etsa joalo. Ke lintho life tseo u ka ipehelang hore u tla li etsa tse tla u thusa ho atleha? U lokela ho etsa joang hore u ipehele tsona u be u li finyelle?

^ ser. 16 Sheba sehlooho se reng, “Ho Sebeletsa Moo ho Nang le Baboleli ba Seng Bakae” bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, khaolo ea 10, lirapa 6-9.

^ ser. 19 Sheba khaolo ea 60 e reng, “Tsoela Pele ho Matlafatsa Kamano ea Hao le Jehova” bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

^ ser. 62 LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o koetlisetsa barali babo rona ba babeli ho lokisa Liholo Tsa ’Muso ’me ba sebelisa koetliso eo.

^ ser. 64 LITŠOANTŠO: Morali oabo rona ea sa khoneng ho tloha lapeng o sebelisa fono ho memela batho Sehopotsong.