Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 18

Ipehele Dintho Tseo o Batlang ho di Etsetsa Jehova o be o di Finyelle

Ipehele Dintho Tseo o Batlang ho di Etsetsa Jehova o be o di Finyelle

“Nahanisisa ka dintho tsena; o ikakgele ka setotswana ho tsona, e le hore tswelopele ya hao e ka bonahala ho batho bohle.” ​—1 TIM. 4:15.

PINA YA 84 A re Ikitlaetseng

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke dintho dife tseo re ka ipehelang tsona tseo re ka batlang ho di finyella?

 RE RATA Jehova haholo hobane re Bakreste ba nnete. Re batla ho mo sebeletsa ka hohle ka moo re ka kgonang. Empa e le hore re sebeletse Jehova ka botlalo, re lokela ho ipehela dintho tseo re tla di finyella tse kang ho ba le makgabane a Bokreste, ho ba le bokgoni bo itseng le ho batla ditsela tsa ho thusa batho ba bang.

2. Ke hobaneng ha re lokela ho ipehela dintho tseo re batlang ho di etsa tshebeletsong ya Modimo le ho sebetsa ka thata hore re di finyelle?

2 Ke hobaneng ha re batla ho ba bahlanka ba Jehova ba molemo haholwanyane? Lebaka le ka sehloohong ke hobane re batla ho thabisa Ntate wa rona ya lehodimong. Jehova o a thaba ha re sebedisa bokgoni le ditalenta tsa rona ka ho feletseng tshebeletsong ya hae. Ho ekeletsa moo, re batla ho ntlafatsa tseleng eo re sebeletsang Jehova ka yona e le hore re ka thusa bara le baradibabo rona. (1 Bathes. 4:9, 10) Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Dipaki, re ntse re ka ntlafatsa. A re hlahlobeng hore na re ka etsa seo jwang.

3. Jwalo ka ha ho tlalehilwe ho 1 Timothea 4:12-16, moapostola Pauluse o kgothaleditse Timothea ho etsa eng?

3 Le hoja Timothea e ne e le motjha ha moapostola Pauluse a mo ngolla lengolo la hae la pele, e ne e se e le nako e le moholo. Ho ntse ho le jwalo, Pauluse o ile a mo kgothaletsa hore a tswele pele ho ntlafatsa e le hore e be mohlanka ya molemo wa Jehova. (Bala 1 Timothea 4:12-16.) Ha o ntse o bala mantswe a Pauluse, o tla hlokomela hore o ile a kgothaletsa Timothea ho ntlafatsa ka ditsela tse pedi. Ya pele, hore a be le makgabane a Bokreste a kang lerato, tumelo le ho hlweka. Ya bobedi, hore a ntlafatse bokgoni ba hae ha a bala phatlalatsa, a kgothatsa a bile a ruta. Re tla hlahloba ka moo mohlala wa Timothea o bontshang hore na ke jwang re ka ipehelang dintho tseo re batlang ho di etsa tse tla re thusa ho ba bahlanka ba molemo ba Jehova. Re tla boela re hlahlobe ditsela tse ding tseo ka tsona re ka eketsang tshebeletso ya rona.

HLAOLELA MAKGABANE A BOKRESTE

4. Ho ya ka Bafilipi 2:19-22, ke eng e ileng ya thusa Timothea hore Jehova a mo sebedise?

4 Ke eng e ileng ya thusa Timothea hore Jehova a mo sebedise? O ile a thuswa ke makgabane a Bokreste ao a neng a ena le ona. (Bala Bafilipi 2:19-22.) Ho ya ka moo Pauluse a mo hlalositseng ka teng, re ka bona hore Timothea e ne e le motho ya ikokobeditseng, ya tshepahalang le ya mahlahahlaha. O ne a le lerato hape a tsotella bara babo haholo. Ke ka lebaka leo Pauluse a neng a rata Timothea mme a mo tshepela ho phetha boikarabelo bo boima. (1 Bakor. 4:17) Ka tsela e tshwanang, le rona Jehova o tla re rata ebile re tla thusa phutheho haholo haeba re sebeletsa ho ba le makgabane ao a Bokreste.​—Pes. 25:9; 138:6.

Nahana ka makgabane a Bokreste ao o ka ratang hore o ntlafatse ho ona (Sheba serapa sa 5 le 6)

5. (a) O ka etsa qeto jwang hore na ke hokae moo o ka ntlafatsang teng? (b) Jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong, moradiwabo rona e motjha o etsa eng ho bontsha qenehelo ho batho ba bang?

5 Ipehele hore na o batla ho finyella eng. Nahanisisa hore na o hloka ho ntlafatsa hokae, o be o rapelle taba eo. Ka mohlala, o ka nna wa etsa qeto ya hore o batla ho ithuta ho qenehela batho ba bang esita le ho leka ka hohle ho ba thusa. Mohlomong o ka ntlafatsa hore o be motho ya nang le kgotso le ya tshwarelang batho ba bang. Kopa motho eo o mo tshepang ho o eletsa hore na o ka ntlafatsa hokae.​—Liprov. 27:6.

6. O ka etsang ho finyella seo o batlang ho se etsa?

6 Sebeletsa ho finyella seo o batlang ho se etsa. O ka etsa seo jwang? Tsela e nngwe ke ka ho ithuta ka tshobotsi eo o batlang ho ntlafatsa ho yona. Mohlomong o batla ho ntlafatsa tabeng ya ho tshwarela batho ba bang. O ka qala ka ho bala le ho nahanisisa ka ditlaleho tsa Bibele tse buang ka batho ba ileng ba kgona ho tshwarela ba bang esita le ba ileng ba sitwa ho tshwarela. Nahana ka mohlala wa Jesu. O ile a tshwarela batho ba bang ka bolokolohi. (Luka 7:47, 48) O ne a sheba dintho tseo ba ka kgonang ho di etsa eseng diphoso tsa bona. Empa Bafarisi ba mehleng ya Jesu ba ne “ba nka ba bang kaofela e se letho.” (Luka 18:9) Ka mora ho nahanisisa ka mehlala ena, ipotse: ‘Ke bona eng ho batho ba bang? Ke makgabane afe a bona ao nka a etsisang?’ Haeba o thatafallwa ke ho tshwarela motho, nahana ka dintho tseo o di ratang ka yena ebe o di ngola fatshe. Ka mora moo, ipotse: ‘Jesu o tadima motho eo jwang? Na a ka mo tshwarela diphoso tsa hae?’ Ha re etsa jwalo, re ka fetola tsela eo re nahanang ka yona. Qalong, ho ka nna ha hlokahala hore re sebetse ka thata ho tshwarela motho ya re foseditseng. Empa ha re phehella ho ntlafatsa, re tla nolofallwa ho tshwarela batho ba bang.

SEBELETSA HO BA LE BOKGONI

Ithaopele ho ithuta ho lokisa Holo ya Mmuso eo o kopanelang ho yona (Sheba serapa sa 7) *

7. Ho ya ka Liproverbia 22:29, ke jwang Jehova a sebedisang basebetsi ba nang le boiphihlelo mehleng ee?

7 Ntho e nngwe eo re ka batlang ho e finyella ke ho ba le bokgoni bo itseng. A ko nahane hore na ke basebetsi ba bangata hakae ba hlokehang bakeng sa ho haha mahae a Bethele, Diholo Tsa Dikopano le Diholo Tsa Mmuso. Bongata ba basebetsi bana ba ithutile mesebetsi ena ha ba sebetsa ha mmoho le barababo rona bao e leng ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong, bara le baradibabo rona ba ithuta mosebetsi wa matsoho oo ba ka o etsang ho hlokomela Diholo Tsa Dikopano le Diholo Tsa Mmuso. Ka tsela ena, Jehova Modimo “Morena wa bosafeleng,” le Kreste Jesu “Morena wa . . . marena,” ba finyella dintho tse hlollang ka basebetsi bana ba hlwahlwa. (1 Tim. 1:17; 6:15; bala Liproverbia 22:29.) Re batla ho sebetsa ka thata le ho sebedisa bokgoni ba rona ho isa thoriso ho Jehova eseng ho rona.​—Joh. 8:54.

8. O ka etsa eng haeba ho ena le seo o batlang ho ithuta sona?

8 Kgetha hore na o batla ho ithuta eng. O ka rata ho ithuta eng? O ka botsa baholo ba phutheho ya heno kapa mohlomong molebedi wa potoloho hore na ke dintho dife tseo o ka ithutang tsona. Mohlala, haeba ba o kgothaletsa ho ntlafatsa tseleng eo o rutang ka yona, ba kope hore ba o thuse hore na ke hokae ka ho kgetheha moo o ka ntlafatsang teng ebe o leka ho ntlafatsa. O ka finyella seo jwang?

9. Ke jwang o ka sebeletsang hore o finyelle dintho tseo o ipehetseng tsona?

9 Sebeletsa hore o finyelle dintho tseo o ipehetseng tsona. A re re o batla ho ntlafatsa ho ba mosuwe ya hlwahlwa. O ka ithuta ka hloko bukana ya Ikemisetse ho Bala le ho Ruta. Ha o ena le puo dibokeng tsa hara beke, o ka kopa morabo rona ya nang le boiphihlelo hore a mamele puo ya hao ha o ntse o e lokisetsa ebe o o fa ditlhahiso tsa ka moo o ka ntlafatsang. Lokisetsa puo ya hao esale ka nako e le hore batho ba bang ba ka hlokomela hore o motho ya sebetsang ka thata le ya ka tsheptjwang.​—Liprov. 21:5; 2 Bakor. 8:22.

10. Fana ka mohlala wa hore na motho a ka etsang haeba ho ena le ntho e mo thatafallang eo a batlang ho ithuta yona.

10 Ho thweng haeba ntho eo o batlang ho ithuta yona ehlile e o thatafalla? O se ke wa tela. Morabo rona Garry o ne a sa kgone ho bala hantle. O hopola ka moo a ileng a hlajwa ke dihlong ha a lokela ho bala phatlalatsa dibokeng. Le ha ho le jwalo, o ile a sebetsa ka thata hore a ntlafatse. Hona jwale o re o se a atleha ho beha dipuo Holong ya Mmuso le dikopanong tse kgolo le tse nyenyane ka lebaka la kwetliso eo a ileng a e fumana ho barababo rona ba nang le boiphihlelo le ka ho bala dingolwa tsa rona.

11. Jwalo ka Timothea, re ka thuswa keng ho etsa ho eketsehileng tshebeletsong ya Jehova?

11 Na Timothea e ile ya eba sebui le mosuwe ya hlwahlwa? Bibele ha e re letho tabeng eo. Empa e tlameha ebe Timothea o ile a ipabola kabelong eo a ileng a e fuwa hobane o ile a mamela keletso ya Pauluse. (2 Tim. 3:10) Ka tsela e tshwanang, haeba le rona re lwanela ho ba le bokgoni bo itseng, re tla atleha ho sebeletsa Jehova haholwanyane.

BATLA DITSELA TSA HO THUSA BATHO BA BANG

12. Batho ba bang ba o thusitse jwang?

12 Kaofela re rua molemo ha batho ba bang ba ithaopela ho sebeletsa. Ha re kene sepetlele, re a thaba ha baholo ba sebeletsang Dikomiting Tsa Bohokahanyi le Dipetlele kapa ba Dihlopheng Tse Etelang Bakudi ba re etela. Ha re ena le mathata, re a kgothala ha moholo a bontsha hore o a re tsotella ka hore a iphe nako ya ho re mamela le ho re tshedisa. Ha re hloka thuso ya ka moo re ka kgannang thuto ya Bibele ka teng, re a thaba ha pulamadiboho e nang le boiphihlelo e ba teng thutong mme e re fa ditlhahiso tsa ka moo re ka ntlafatsang. Kaofela bara le baradi bana babo rona ba thabela ho re thusa. Le rona re ka thaba haeba re ithaopela ho thusa bara le baradibabo rona. Ke ka hoo Jesu a ileng a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Haeba le wena o batla ho atolosa tshebeletso ya hao ho Jehova, ke eng e ka o thusang?

13. Re lokela ho nahana ka eng ha re ipehela dintho tseo re batlang ho di etsa?

13 Ha o ipehela dintho tseo o batlang ho di finyella, etsa bonnete ba hore o a hlaka. O se ke wa re feela: ‘Ke batla ho etsa ho eketsehileng ka phuthehong.’ O ka nna wa thatafallwa ke ho tseba hore na o ka finyella ntho eo o ipehetseng yona jwang le ho thatafallwa ho bona ha o se o e finyeletse. Ka hoo, hlaka hore na o batla ho etsa eng. O ka ba wa ngola fatshe hore na o batla ho etsa eng, o be o ngole hore na o tla e finyella jwang.

14. Ke hobaneng ha re lokela ho fetofetoha le maemo ha re ipehela dintho tseo re batlang ho di finyella?

14 Re boetse re lokela ho fetofetoha le maemo ha re ipehela dintho tseo re batlang ho di etsa. Hobaneng? Hobane ha re kgone ho laola maemo a rona ka ho feletseng. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a thusitse hore ho thehwe phutheho e ntjha motseng wa Thesalonika. O ne a ikemiseditse ho dula moo e le hore a thuse Bakreste bao ba batjha. Empa Pauluse o ile a tlameha ho tloha sebakeng seo ka lebaka la bahanyetsi. (Lik. 17:1-5, 10) Hoja ha a ka a tloha motseng oo, o ne a ka nna a beha Bakreste bao kotsing. Le hoja a ile a tsamaya, ha a ka a tlohela ho ba thusa. Ho ena le hoo o ile a amohela maemo a matjha ao a leng ho ona. Ha morao o ile a romela Timothea ho ya thusa Bakreste bao ba batjha ba Thesalonika hore ba be le tumelo e matla. (1 Bathes. 3:1-3) E tlameha ebe Bathesalonika ba ile ba thaba haholo ha Timothea a ithaopela ho ya ba thusa.

15. Dintho tseo re batlang ho di finyella di ka ameha jwang ha maemo a fetoha? Etsa mohlala.

15 Re ka ithuta ho hong mohlaleng wa Pauluse ha a ne a le Thesalonika. Ka dinako tse ding re ka nna ra batla ho finyella ho itseng tshebeletsong empa re sitiswe ke ha maemo a fetoha. (Moek. 9:11) Haeba o etsahallwa ke ntho e tshwanang, fetola mawa mme o ipehele ntho e nngwe eo o ka kgonang ho e etsa. Ke seo banyalani ba bang e leng Ted le Hiedi ba ileng ba se etsa. Ka lebaka la ho kula, ba ile ba tloha Bethele. Empa ka ha ba ne ba rata Jehova, ba ile ba batla ditsela tsa ho eketsa tshebeletso ya bona. Ba qadile ka ho ba bopulamadiboho ba ka mehla. Ha morao ba ile ba kgethwa ho ba bopulamadiboho ba kgethehileng mme Ted o ile a kwetlisetswa ho ba mothusi wa molebedi wa potoloho. Empa ho ile ha eba le phetoho ya dilemo tseo balebedi ba potoloho ba lokelang ho beha meja fatshe ha ba fihla ho tsona. Ted le Hiedi ba ile ba hlokomela hore ba se ba le baholo haholo hore ba ka tswela pele ba sebeletsa Jehova tshebeletsong ena. Le hoja ba ile ba swetseha, ba ne ba tseba hore ho na le ditsela tse ding tseo ba ka sebeletsang Jehova ka tsona. Ted o re: “Re ithutile hore re ka sebeletsa Jehova ka ditsela tse ngata.”

16. Re ka ithuta eng ho Bagalata 6:4?

16 Re ke ke ra laola ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang bophelong ba rona. Ka hoo, ha re a lokela ho nahana hore re ba bohlokwa ho Jehova ka lebaka la mesebetsi eo re e etsang, hape ha re a lokela ho ipapisa le batho ba bang ba kgonang ho etsa ho eketsehileng tshebeletsong. Hiedi o re: “O ke ke wa thaba haeba o ipapisa le batho ba bang.” (Bala Bagalata 6:4.) Taba ya bohlokwa ke hore re batle ditsela tsa ho thusa batho ba bang le ho sebeletsa Jehova. *

17. O ka etsang e le hore o tshwanelehe ho sebeletsa Jehova haholwanyane?

17 Ho ka ba bonolo hore o atolose tshebeletso ya hao ho Jehova haeba o phela bophelo bo itekanetseng mme o qoba ho etsa dikoloto ho sa hlokahale. Ipehele dintho tse nyenyane tseo o batlang ho di finyella tse tla o thusa hore o finyelle dintho tse kgolo. Ka mohlala, haeba o batla ho ba pulamadiboho ya ka mehla, o ka qala ka ho ba pulamadiboho e thusang e tshwaileng lebokose. Haeba o batla ho ba mohlanka ya sebeletsang, na o ka eketsa nako eo o e qetang o le tshebeletsong ya tshimo ebile o etela batho ba kulang le ba hodileng ba phuthehong ya heno? Dintho tseo o di etsang hona jwale di ka o bulela menyetla ya hore o sebeletse Jehova haholwanyane nakong e tlang. Ikemisetse ho sebetsa ka thata mosebetsing o mong le o mong oo o o fuwang.​—Bar. 12:11.

Ipehele dintho tseo o ka kgonang ho di finyella (Sheba serapa sa 18) *

18. Jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong, o ithutang mohlaleng wa moradiwabo rona Beverley?

18 Re ka ipehela dintho tseo re batlang ho di etsa ra ba ra di finyella le haeba re se re hodile. Nahana ka mohlala wa moradiwabo rona Beverley ya dilemo di 75. O ne a kula haholo hoo a neng a thatafallwa ke ho tsamaya. Empa o ne a labalabela ho sebetsa ka thata letsholong la ho memela batho Sehopotsong. O ile a kgetha ntho e itseng eo a batlang ho e finyella letsholong leo mme ha a se a e finyeletse o ile a thaba haholo. Boikitlaetso ba hae bo ile ba susumeletsa batho ba bang ho sebetsa ka thata tshimong. Jehova o ananela mosebetsi oo bara le baradibabo rona ba hodileng ba o etsang le ha maemo a bona a sa ba dumelle ho etsa ho hongata.​—Pes. 71:17, 18.

19. Ke dintho dife tseo re ka ipehelang tsona hore re di finyelle tshebeletsong ya Modimo?

19 Ipehele dintho tseo o ka kgonang ho di finyella. Sebeletsa hore o be le makgabane a kgahlisang Jehova. Sebeletsa ho ba le bokgoni bo tla o thusa hore Jehova le mokgatlo wa hae ba o sebedise haholwanyane. Batla ditsela tse eketsehileng tsa ho sebeletsa bara le baradi beno. * Jwalo ka Timothea, le wena Jehova o tla o hlohonolofatsa “e le hore tswelopele ya hao e ka bonahala ho batho bohle.”​—1 Tim. 4:15.

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

^ Timothea e ne e le mmoledi ya atlehang wa ditaba tse molemo. Ho ntse ho le jwalo, moapostola Pauluse o ile a mo kgothaletsa ho tswela pele a ntlafatsa tsela eo a sebeletsang Jehova ka yona. Ka ha Timothea o ile a mamela keletso ya Pauluse, Jehova o ile a mo sebedisa haholwanyane mme le yena o ile a atleha ho thusa bara le baradi babo. Na le wena jwalo ka Timothea o labalabela ho sebeletsa Jehova haholwanyane le ho thusa bara le baradibabo rona? Re kgodisehile hore o batla ho etsa jwalo. Ke dintho dife tseo o ka ipehelang hore o tla di etsa tse tla o thusa ho atleha? O lokela ho etsa jwang hore o ipehele tsona o be o di finyelle?

^ Sheba sehlooho se reng, “Ho Sebeletsa Moo ho Nang le Baboledi ba Seng Bakae” bukeng ya Ho Hlophisetswa ho Etsa Thato ya Jehova, kgaolo ya 10, dirapa 6-9.

^ Sheba kgaolo ya 60 e reng, “Tswela Pele ho Matlafatsa Kamano ya Hao le Jehova” bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona o kwetlisetsa baradibabo rona ba babedi ho lokisa Diholo Tsa Mmuso mme ba sebedisa kwetliso eo.

^ DITSHWANTSHO: Moradiwabo rona ya sa kgoneng ho tloha lapeng o sebedisa fono ho memela batho Sehopotsong.