Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Bibele e re’ng ka ho ikana?

Kano e hlalosoa e le “tšepiso e tiileng, e tlamang ea hore motho o tla etsa ntho e itseng, hangata a beha Molimo . . . e le paki.” Kano e ka ngoloa kapa ea e-ba ntho eo motho a e buang.

Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore ke phoso ho etsa kano hobane Jesu o itse: “Ho hang u se ke oa hlapanya . . . Lentsoe la lona E le mpe le bolele E, Che ea lona, Che; hobane se fetang tsena se tsoa ho ea khopo.” (Mat. 5:​33-37) Jesu o ne a tseba hore maemong a mang Molao oa Moshe o ne o hloka hore Baiseraele ba nke likano le hore bahlanka ba bang ba Molimo ba ile ba li nka. (Gen. 14:​22, 23; Ex. 22:​10, 11) O ne a tseba hore Jehova le eena o ile a nka kano. (Baheb. 6:​13-17) Kahoo Jesu o ne a sa bolele hore ha rea lokela ho nka likano hohang. Empa o ne a eletsa batho hore ba se ke ba nka likano ka mabaka a sa utloahaleng. Re lokela ho etsa lintho tseo re li tšepisitseng hobane Jehova o batla hore re etse joalo.

Joale, u lokela ho etsa’ng haeba ho thoe u ikane? Ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa ke ho netefatsa hore u tla fela u etse ntho eo u batlang ho ikana ka eona. Haeba u sa kholiseha, ho ka ba molemo hore u se ke oa ikana. Lentsoe la Molimo lea re eletsa le re: “Ho molemo hore u se ke oa etsa boitlamo ho feta hore u etse boitlamo ’me u se ke oa bo phetha.” (Moek. 5:5) Ka mor’a moo, nahana ka melao-motheo ea Mangolo e mabapi le kano eo ebe u etsa qeto ho latela letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele. Melao-motheo ee ke efe?

Likano tse ling ha li hanyetsane le thato ea Molimo. Ka mohlala, Lipaki Tsa Jehova li etsa likano ha li nyalana. Banyalani ba etsa kano ka pel’a Molimo le batho ba shebelletseng, hore ba tla ratana, ba hlokomelane le ho hlomphana ’me ba tla etsa joalo “hafeela bobeli ba [bona ba] ntse [ba] phela.” (Banyalani ba bang ba ka ’na ba se ke ba bua mantsoe ao a le joalo, empa ba ntse ba ikana ka pel’a Molimo.) Ka mor’a moo e e-ba monna le mosali ’me ba lokela ho phela hammoho bophelo bohle ba bona. (Gen. 2:​24; 1 Bakor. 7:​39) Ho etsa likano tsa lenyalo ho nepahetse ebile ho tumellanong le thato ea Molimo.

Likano tse ling li khahlanong le thato ea Molimo. Mokreste oa ’nete ha a lokela ho nka kano e joalo, e kang ea hore o tla sebelisa libetsa ho sireletsa naha kapa ea hore a latole tumelo ea hae ho Molimo. Ho etsa joalo ho tla be ho le khahlanong le melao ea Molimo. Bakreste ‘ha se karolo ea lefatše.’ Kahoo, re qoba ho kenella lintoeng le likhohlanong tsa lefatše lena.​—Joh. 15:​19; Esa. 2:4; Jak. 1:27.

Likano tse ling li itšetlehile ka letsoalo la motho. Ka linako tse ling, pele re ka nka kano, re lokela ho nahanisisa ka hloko ka keletso ea Jesu e reng ‘re lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa re lefe Molimo lintho tsa Molimo.’​—Luka 20:25.

Mohlala, a re re Mokreste o etsa kopo ea ho ba mojaki kapa ho ba le litokomane tsa bolulo naheng e ’ngoe. Joale oa hlokomela hore ho lebeletsoe hore a etse kano ea hore o tla tšepahalla naha eo. Haeba kano eo e le khahlanong le Molao oa Molimo, letsoalo la Mokreste le koetlisitsoeng ka Bibele le ke ke la mo lumella hore a etse kano eo. Leha ho le joalo, ’muso o ka ’na oa mo lumella hore a fetole mantsoe a kano eo hanyane e le hore e lumellane le letsoalo la hae.

Ho etsa kano eo e fetotsoeng hanyane ho ka lumellana le molao-motheo o hlahang ho Baroma 13:1 o reng: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.” Kahoo, Mokreste a ka ’na a etsa qeto ea hore ha ho phoso ho ikana hore o tla etsa ntho eo Molimo a seng a ntse a lebeletse hore Bakreste ba e etse.

Hape ke habohlokoa ho mamela letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele haeba u kopuoa hore u etse kapa u sebelise ntho e itseng ha u ikana. Baroma le Baskitha ba mehleng ea khale ba ne ba ikana ka lisabole tse neng li emela molimo oa ntoa e le bopaki ba hore ba tla tšepahala. Bagerike bona ba ne ba phahamisetsa letsoho leholimong ha ba ikana. Ba ne ba hlokomela hore ho na le molimo ea matla ea bonang lintho tseo batho ba li buang le eo batho bohle ba ikarabellang ho eena.

Ke ’nete hore mohlanka oa Jehova a ke ke a ikana ka ntho leha e le efe e amanang le bolumeli ba bohata. Empa ho thoe’ng haeba ka lekhotleng la molao u kopuoa hore u behe letsoho la hao holim’a Bibele ho ikana hore u tla fana ka bopaki ba ’nete? Boemong boo, u ka ’na oa khetha ho etsa joalo kaha Bibele e re bolella hore bahlanka ba bang ba tšepahalang ba ile ba etsa ntho e itseng ha ba ne ba ikana. (Gen. 24:​2, 3, 9; 47:​29-31) Ke habohlokoa ho hopola hore ha u etsa joalo u ikana ka pel’a Molimo hore u tla bua ’nete. U lokela ho itokiselletsa ho araba ka botšepehi lipotso tsohle tseo u tla li botsoa.

Kaha re nka kamano ea rona le Jehova e le ea bohlokoa, ka thapelo re lokela ho hlahlobisisa kano eo ho thoeng re e etse e le ho etsa bonnete ba hore ha e khahlanong le letsoalo la rona kapa melao-motheo ea Bibele. Haeba u etsa qeto ea ho ikana, u lokela ho etsa bonnete ba hore u tla phethahatsa seo u ikanneng ka sona.​—1 Pet. 2:12.