Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha Mokreste a hlala mosali oa hae ntle ho lebaka la Mangolo ’me a nyala e mong, phutheho e lokela ho talima lenyalo la pele le la bobeli joang?

Boemong boo, ha monna a nyala hape, phutheho e nka lenyalo la pele le felile ’me lena la bobeli e le lona le molaong. E le hore re utloisise taba ena, a re boneng hore na Jesu o ile a re’ng ha a bua ka ho hlala le ho nyala hape.

Ho Matheu 19:​9, Jesu o ile a bua ka lebaka le le leng feela la Mangolo le ka etsang hore banyalani ba hlalane. O ile a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.” Mantsoeng a Jesu, re ithuta hore (1) banyalani ba ka hlalana feela ha e mong a entse bohlola le hore (2) haeba monna a hlala mosali oa hae ntle ho lebaka leo la Mangolo ’me a nyala e mong, oa feba. *

Na Jesu o ne a bolela hore haeba monna a etsa bohlola ’me a hlala mosali oa hae, Mangolo a mo lumella hore a nyale hape? Che ha ho joalo. Haeba monna a entse bofebe, mosali oa hae o tla khetha hore na oa mo tšoarela kapa oa mo hlala. Haeba mosali a sa mo tšoarele ’me ba hlalana ka molao, bobeli ba bona ba na le bolokolohi ba hore ba ka nyala hape.

Molekane ea se nang molato a ka ’na a etsa qeto ea ho se hlale monna oa hae ebe o mo tsebisa hore o ikemiselitse ho mo tšoarela. Ho tla etsahala’ng haeba monna ea entseng bofebe a hlala mosali oa hae a sa mo tsebisa le hoja mosali oa hae a ne a ikemiselitse ho mo tšoarela? Bibele ha e lumelle hore monna eo a nyale hape kaha mosali oa hae o ne a ikemiselitse ho mo tšoarela. Haeba monna eo a etsa qeto ea ho nyala motho e mong, o tla be a etsa bofebe hape. Baholo ba tla lokela ho theha komiti ea boahloli hape e le hore ba ka sebetsa taba ea hae.​—1 Bakor. 5:​1, 2; 6:​9, 10.

Haeba monna a hlala mosali oa hae ’me a etsa qeto ea ho nyala mosali e mong ntle ho tumello ea Mangolo, phutheho e tla nka lenyalo la pele le la bobeli joang? Na ho latela Bibele lenyalo la pele le ntse le le molaong? Na molekane ea se nang molato o ntse a ka etsa qeto ea ho tšoarela monna oa hae kapa che? Na phutheho e tla nka lenyalo la bobeli e le la bofebe?

Nakong e fetileng, phutheho e ne e nka lenyalo la bobeli e le la bofebe hafeela molekane ea se nang molato a ntse a phela, a sa nyaloa ebile a sa etsa thobalano le motho e mong. Re hlokomela hore ha Jesu a ne a bua ka ho hlala le ho nyala hape, ha aa ka a bua ka molekane ea se nang molato. Ntho eo a ileng a e bua ke hore haeba monna a hlala mosali oa hae ’me a nyala e mong ntle ho lebaka la Mangolo, o etsa bofebe. Boemong boo, kaha Jesu o itse ha monna eo a hlala mosali oa hae ’me a nyala mosali e mong o tla be a etsa bofebe, sena se tla felisa lenyalo la pele.

“Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.” ​—Mat. 19:9

Ha lenyalo le fela ka lebaka la hobane monna a hlala mosali oa hae ’me a nyala e mong, ho ke ke ha hlola ho khonahala hore molekane ea se nang molato a tšoarele monna oa hae ’me ba khutlelane. Ka lebaka leo, ha ho na letho le qobellang molekane ea se nang molato hore a etse qeto ea ho tšoarela molekane oa hae kapa a se ke a mo tšoarela. Tsela eo phutheho e talimang lenyalo la bobeli ka eona ha ea itšetleha ka hore na molekane ea se nang molato o hlokahetse, o nyetsoe hape kapa o entse thobalano le motho e mong. *

Lintlheng tseo re buileng ka tsona ka holimo, re buile ka hore monna ke eena ea entseng bofebe, e leng se ileng sa etsa hore eena le molekane oa hae ba hlalane. Ha monna a sa etsa bofebe, ho tla etsahala’ng haeba a hlala mosali oa hae ’me a nyala e mong? Kapa ho tla etsahala’ng haeba monna a sa etsa thobalano pele a hlalana le mosali oa hae empa a be a e etsa le motho e mong ka mor’a hore ba hlalane ebe o nyala motho eo le hoja mosali oa hae oa pele a ikemiselitse ho mo tšoarela? Maemong ana, haeba monna a hlala mosali oa hae ’me a nyala e mong, lenyalo la pele lea fela hobane o tla be a entse bofebe. Lenyalo leo la bobeli le nkoa le le molaong. Molula-Qhooa ea Senyesemane oa November 15, 1979, leqepheng la 32 o re, “Kaha o se a nyetse mosali e mong, a ke ke a etsa qeto ea hore a mo hlale ’me a khutlele ho oa pele hobane lenyalo la pele le ile la fela ha ba ne ba hlalana ka lebaka la bohlola le ha a ne a nyala mosali e mong.”

Phetoho ena ha e bolele hore lenyalo ha le sa halalela kapa hore Bakreste ba lokela ho nka ho etsa bofebe e le ntho e nyane. Ha monna a hlala mosali oa hae ntle ho lebaka la Mangolo ’me a nyala e mong, baholo ba tla lokela ho theha komiti ea boahloli e le hore ba sebetse taba ea hae hobane o tla be a entse bofebe. (Haeba molekane oa lenyalo la bobeli e le Mokreste, le eena baholo ba tla mo thehela komiti ea boahloli hobane le eena o tla be a entse bofebe.) Le hoja phutheho e ke ke ea talima lenyalo la bobeli e le la bofebe empa ho tla nka lilemo tse ngata pele monna a ka fuoa mesebetsi e khethehileng ka phuthehong. Ka mantsoe a mang, a ke ke a fuoa mesebetsi ena hafeela ho ntse ho e-na le batho ba utloileng bohloko le ba sa mo hlompheng ka lebaka la seo a se entseng. Pele baholo ba fa monna eo mesebetsi e khethehileng ka phuthehong, ba lokela ho sheba hore na maemo a molekane oa hae oa pele le a bana ba hae a joang ka mor’a hore ba hlalane.​—Mal. 2:​14-16.

Ke habohlokoa hore Bakreste ba etsise Jehova ka hore ba talime lenyalo le halalela hobane ha monna a hlala mosali oa hae ntle ho lebaka la mangolo ’me a nyala e mong, ho ba le litla-morao tse bohloko.​—Moek. 5:​4, 5; Baheb. 13:4.

^ ser. 2 Sehloohong sena, re tla nka hore monna ke eena ea entseng bofebe. Leha ho le joalo, ho Mareka 10:​11, 12, Jesu o ile a hlakisa hore taba ena e sebetsa ho banna le basali.

^ ser. 7 Lintlha tsena li fetola tsela eo re neng re utloisisa taba ea hore lenyalo lena ke la bofebe ha feela molekane ea se nang molato a ntse a phela, a sa nyaloa ebile a sa etsa thobalano le motho e mong.