Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 15

Na U Bua ka Tsela e Behelang ba Bang Mohlala o Motle?

Na U Bua ka Tsela e Behelang ba Bang Mohlala o Motle?

“Ho ba tšepahalang o be mohlala ho bueng.”​—1 TIM. 4:12.

PINA EA 90 Le Khothatsane

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke mang ea re fileng bokhoni ba ho bua?

 MOLIMO oa rona ea lerato o re file bokhoni ba ho bua. Hang-hang ka mor’a hore motho oa pele e leng Adama a boptjoe, o ile a khona ho bua le Ntate oa hae ea leholimong. O ile a eketsa mantsoe ao aa tsebang ka hore a qape a mang a macha. Adama o ile a sebelisa bokhoni ba ho qapa mantsoe ha a ne a reha liphoofolo tsohle mabitso. (Gen. 2:​19) Hape o ne a thabile haholo ha a bua le motho e mong ka lekhetlo la pele e leng mosali oa hae e motle Eva.​—Gen. 2:​22, 23.

2. Batho ba sebelisitse bokhoni ba ho bua hampe joang nakong e fetileng le hona joale?

2 Ho e-s’o ee kae, batho ba ile ba qala ho sebelisa mpho ena ea ho bua hampe. Satane Diabolose o ile a thetsa Eva ’me leshano leo le ile la etsa hore batho e be baetsalibe. (Gen. 3:​1-4) Adama o ile a sebelisa mpho ea ho bua hampe ha a ne a beha Eva le Jehova molato ka lebaka la liphoso tsa hae. (Gen. 3:​12) Kaine eena o ile a thetsa Jehova ka mor’a hore a bolaee ngoan’abo e leng Abele. (Gen. 4:9) Hamorao Lameke e leng setloholo sa Kaine, o ile a etsa thothokiso e neng e bontša kamoo batho ba neng ba rata ntoa kateng mehleng ea hae. (Gen. 4:​23, 24) Batho ba joang mehleng ee? Ka linako tse ling, baeta-pele ba lipolotiki ba bua lintho tse mpe ka bolokolohi. Hape li-movie tse ngata mehleng ena li sebelisa puo e litšila. Bana ba sekolo ba utloa puo e litšila sekolong ’me batho ba baholo ba e utloa mosebetsing. Taba ea hore batho ba se ba tloaetse ho bua puo e litšila e re bontša hore na lefatše le se le senyehile hakae.

3. Ke’ng e ka etsahalang re sa hlokomele, hona re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Re ka tloaela ho utloa batho ba bua puo e litšila ebe le rona rea ba etsisa re sa hlokomele. Kaha re Bakreste ’me re batla ho thabisa Jehova, ha re batle ho bua lintho tse mpe. Re batla ho sebelisa mpho ena e babatsehang ea ho bua ka tsela e nepahetseng e le hore re rorise Molimo. Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na re ka etsa seo joang (1) tšimong, (2) libokeng le (3) ha re bua le batho ba bang. A re qaleng ka ho bua ka hore na ke hobane’ng ha Jehova a amehile ka tsela eo re buang ka eona.

JEHOVA O AMEHILE KA LINTHO TSEO RE LI BUANG

Lintho tseo u li buang li bontša se ka pelong ea hao (Sheba serapa sa 4 le 5) *

4. Ho ea ka Malakia 3:​16, ke hobane’ng ha Jehova a amehile ka lintho tseo re li buang?

4 Bala Malakia 3:​16. Ke hobane’ng ha Jehova a ngola mabitso ‘bukeng ea khopotso’ a batho ba buang lintho tse bontšang hore baa mo tšaba le ho nahanisisa ka lebitso la hae? Lebaka ke hobane lintho tseo re li buang li bontša se ka lipelong tsa rona. Jesu o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Mat. 12:​34) Lintho tseo re khethang ho li bua li bontša hore na re rata Jehova hakae. Hape Jehova o batla hore batho ba mo ratang ba thabele ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha.

5. (a) Lintho tseo re li buang li amana joang le tšebeletso ea rona? (b) Ho ea ka setšoantšo, re lokela ho hlokomela eng mabapi le lintho tseo re li buang?

5 Lintho tseo re li buang li ka etsa hore Jehova a amohele tšebeletso ea rona. (Jak. 1:​26) Batho ba bang ba sa rateng Molimo ba bua ka tsela e bontšang hore ba bohale, ha ba nahanele ebile baa ikhohomosa. (2 Tim. 3:​1-5) Ho hang ha re batle ho tšoana le bona! Re batla ho thabisa Jehova ka lintho tseo re li buang. Leha ho le joalo, na Jehova o ne a ka thaba haeba re bua ka tsela e mosa ha re le libokeng le ha re le tšimong empa re bua le ba malapa a rona ka tsela e sa nahaneleng moo batho ba bang ba sa re boneng kapa ba sa re utloeng?​—1 Pet. 3:7.

6. Ke’ng e ileng ea etsahala ka lebaka la tsela eo Kimberly a neng a bua ka eona?

6 Ha re bua lintho tse hantle, re bontša batho ba bang hore re sebeletsa Jehova. Re thusa batho bao re phelang le bona hore ba bone ka ho hlaka phapang e teng “pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.” (Mal. 3:​18) Morali oabo rona Kimberly o ile a bona ha sena se etsahala. * Tichere ea hae e ile ea re a etse mosebetsi oa sekolo le ngoanana eo a kenang tlelase le eena. Ka mor’a hore ba sebetse hammoho, ngoanana eo o ile a hlokomela hore Kimberly ha a tšoane le bana ba bang. O ne a le mosa, a sa bue hampe ka batho ba bang ebile a sa bue lintho tse litšila. Boitšoaro ba Kimberly bo ile ba khahla ngoanana eo ’me o ile a qala ho ithuta Bibele le eena. Jehova o thaba haholo ha a utloa re bua ka tsela e etsang hore batho ba batle ho ithuta ka eena.

7. U ikemiselitse ho sebelisa mpho eo Molimo a u fileng eona joang?

7 Kaofela ha rona re batla ho bua ka tsela e tla tlotlisa Jehova le e tla etsa hore re be metsoalle le Bakreste-’moho. Kahoo, a re bueng ka lintho tseo re ka li etsang e le hore re tsoele pele re le “mohlala ho bueng.”

E-BA MOHLALA O MOTLE TŠIMONG

Re thabisa Jehova ha re bua le batho ka tsela e mosa tšimong (Sheba serapa sa 8 le 9)

8. Jesu o re behetse mohlala ofe tseleng eo a neng a bua ka eona ha a ne a le lefatšeng?

8 Bua ka mosa le ka tlhompho ha batho ba bang ba u halefisa. Ha Jesu a ne a le lefatšeng batho ba ne ba re ke letahoa, o ja haholo, o sebeletsa Diabolose, ha a boloke Sabatha ebile ha a hlomphe Molimo. (Mat. 11:​19; 26:​65; Luka 11:​15; Joh. 9:​16) Ho ntse ho le joalo, Jesu o ile a bua le bona ka mosa. Ha batho ba bang ba bua le rona hampe, re lokela ho etsisa Jesu ka hore re bue le bona ka mosa. (1 Pet. 2:​21-23) Ha ho bonolo hore re be mosa ha batho ba bang ba bua le rona hampe. (Jak. 3:2) Joale re ka thusoa ke’ng?

9. Ke’ng e ka re thusang hore re laole tsela eo re buang ka eona ha re etsa mosebetsi oa boboleli?

9 Leka hore u se ke oa halefa ha mong’a ntlo a u buisa hampe. Mor’abo rona Sam o re: “Ke leka ho nahana kamoo motho eo ke buang le eena a hlokang ho tseba ’nete ka Molimo le ho hopola hore a ka khona ho fetoha.” Ka linako tse ling mong’a ntlo a ka halefisoa ke hore re fihlile ka nako e mpe. Haeba re bua le motho ea koatileng, re ka etsa seo Morali oabo rona Lucia a se etsang. Re ka etsa thapelo e khutšoanyane ’me ra kopa Jehova hore a re thuse re khobe matšoafo e le hore re bue ka tsela e mosa le e nang le tlhompho.

10. Ho ea ka 1 Timothea 4:​13, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

10 E-ba tichere e hloahloa. Le hoja Timothea a ne a bolela litaba tse molemo ka tsela e atlehang, o ne a ntse a lokela ho ntlafatsa tsela eo a rutang ka eona. (Bala 1 Timothea 4:​13.) Re ka ba matichere a hloahloa joang ha re etsa mosebetsi oa boboleli? Re lokela ho lokisetsa hantle. Ho thabisang ke hore re na le lithulusi tse fapaneng tse ka re thusang hore re be matichere a hloahloa. U ka fumana lintlha tse ka u thusang bukaneng ea Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta le karolong ea “E-ba Mafolofolo Mosebetsing oa Boboleli,” ho Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona. Na u sebelisa lingoloa tsee ka botlalo? Ha re lokisetsa hantle re khona ho khoba matšoafo le ho ba sebete ha re bua le batho ba bang.

11. Bakreste ba bang ba thusitsoe ke’ng hore e be matichere a hloahloa?

11 Re ka boela ra ba matichere a hloahloa ka hore re shebe tsela eo batho ba bang ka phuthehong ba rutang ka eona le ho ithuta ho bona. Mor’abo rona Sam eo re buileng ka eena, o lula a ipotsa hore na ke’ng e etsang hore bara le barali babo rona ba bang e be matichere a hloahloa. O sheba tsela eo ba rutang ka eona ebe o leka ho ba etsisa. Morali oabo rona Talia o sheba kamoo bara babo rona ba nang le boiphihlelo ba fanang ka lipuo tsa phatlalatsa kateng. Sena se mo thusa hore a arabe lipotso tseo batho ba tloaetseng ho li botsa tšebeletsong ea tšimo.

E-BA MOHLALA O MOTLE LIBOKENG

Re rorisa Jehova ha re bina ho tsoa pelong libokeng (Sheba serapa sa 12 le 13)

12. Batho ba bang ba thatafalloa ke ho etsa’ng?

12 Kaofela ha rona re ka khona ho nka karolo ha re le libokeng ka hore re bine le ho fana ka likarabo tse lokiselitsoeng hantle. (Pes. 22:​22) Batho ba bang ba thatafalloa ke ho bina kapa ho arabela libokeng. Na le uena oa thatafalloa? Haeba ho joalo, u ka thusoa ke ho ithuta hore na ba bang ba ile ba thusoa ke’ng hore ba se ke ba tšaba ho bina kapa ho arabela libokeng.

13. Ke’ng e ka u thusang hore u bine ka pelo eohle ha u le libokeng?

13 Bina ka pelo eohle. Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re binang lipina tsa ’Muso libokeng ke ho rorisa Jehova. Morali oabo rona Sara ha a inke e le motho ea tsebang ho bina. Leha ho le joalo, o batla ho rorisa Jehova ka ho mo binela. Kahoo, ha a lokisetsa liboka o lokisetsa le lipina. O bina lipina tseo ebe o leka ho bona hore na mantsoe a tsona a amana joang le lintlha tse tla tšohloa libokeng. O re: “Sena se nthusa hore ke amehe haholo ka mantsoe a pina ho e-na le ho tšoenyeha ka hore na ke tseba ho bina kapa che.”

14. Ha u le lihlong, u ka thusoa ke’ng hore u arabele libokeng?

14 Arabela kamehla. Batho ba bang ba thatafalloa ke ho arabela libokeng. Morali oabo rona Talia eo re buileng ka eena o re: “Ke tšoha haholo ha ke tlameha ho bua har’a batho. Kahoo ho thata hore ke arabele.” Leha ho le joalo, seo ha se etse hore Morali oabo rona Talia a se ke a arabela. Ha a lokisetsa liboka, o lula a hopola hore karabo ea pele e lokela ho ba e khutšoanyane le e arabang potso ka ho toba. O re: “Sena se bolela hore ha ho na bothata ha karabo ea ka e le khutšoanyane ebile e le e tobang taba hobane ke eona eo mor’abo rona ea khannang Molula-Qhooa a e batlang.”

15. Re lokela ho hopola’ng ka likarabo tseo re fanang ka tsona libokeng?

15 Ka linako tse ling esita le Bakreste ba seng lihlong ba ka ’na ba se ke ba arabela. Hobane’ng? Morali oabo rona Juliet o re: “Ka linako tse ling ha ke arabele hobane ke tšaba hore karabo ea ka e bonolo haholo le hore ha se ea bohlokoa.” Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore Jehova o batla hore re arabele ho latela maemo le bokhoni ba rona. * O ananela boiteko boo re bo etsang ba ho mo rorisa libokeng le hoja ka linako tse ling re tšoha ha re tlameha ho arabela.

E-BA MOHLALA O MOTLE TSELENG EO U BUANG KA EONA

16. Ke lintho life tseo re lokelang ho qoba ho li bua?

16 Qoba ho bua “puo e nyefolang.” (Baef. 4:​31) Re ithutile lirapeng tse fetileng hore Mokreste ha a lokela ho bua puo e litšila. Leha ho le joalo, ho na le puo e nyefolang empa e le e potelletseng eo re lokeng ho e qoba. Ka mohlala, ha rea lokela ho bua lintho tse mpe ka batho ba litso tse ling, morabe kapa linaha tse ling. Hape ha rea lokela ho bua lintho tse ka utloisang batho ba bang bohloko. Mor’abo rona e mong o re: “Ka linako tse ling ke ne ke bua lintho tseo ke neng ke nka hore lia tšehisa ebile ha li na bothata empa ha e le hantle e le lintho tse utloisang motho e mong bohloko. Ka lilemo tse ngata mosali oa ka o ile a nthusa haholo moo re leng bang haeba ke ile ka bua lintho tse utloisang eena le batho ba bang bohloko.”

17. Ho ea ka Baefese 4:​29, re ka khothatsa ba bang joang?

17 Khothatsa ba bang. Potlakela ho babatsa batho ba bang ho e-na le ho ba tšoaea-tšoaea liphoso kapa ho tletleba. (Bala Baefese 4:​29.) Baiseraele ba ne ba e-na le lintho tse ngata tseo ba ka li ananelang empa ba ne ba lula ba tletleba. Ha re lula re tletleba, re tla etsa hore le batho ba bang ba tletlebe. Hopola hore tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome e ile ea etsa hore ‘bara bohle ba Iseraele ba . . . korotlele Moshe.’ (Num. 13:​31–14:4) Ka lehlakoreng le leng, ha re babatsa batho ba bang, seo se tla ba khothalletsa hore ba ’ne ba etse lintho tse ntle. Re kholisehile hore kaha metsoalle ea morali oa Jafeta e ile ea mo babatsa, seo se ile sa mo thusa hore a lule a etsa mosebetsi oa hae. (Baahl. 11:​40) Morali oabo rona Sara eo re buileng ka eena o re: “Ha re babatsa batho ba bang re ba thusa hore ba bone hore Jehova oa ba rata le hore ke ba bohlokoa mokhatlong oa hae.” Kahoo, batla menyetla ea ho babatsa Bakreste-’moho.

18. Ho ea ka Pesaleme ea 15:​1, 2, ke hobane’ng ha re lokela ho bua ’nete, hona see se akarelletsa’ng?

18 Bua ’nete. Re ke ke ra thabisa Jehova haeba re bua leshano hobane o hloile mefuta eohle ea leshano. (Liprov. 6:​16, 17) Le hoja batho ba bangata mehleng ena ba nka hore ho bua leshano ho tloaelehile, re qoba ho le bua hobane Jehova o re le fosahetse. (Bala Pesaleme ea 15:​1, 2.) Re qoba ho bua leshano le ho fana ka lintlha tse sa fellang ka boomo e leng se ka etsang hore batho ba fihlele qeto e fosahetseng.

Jehova oa thaba ha re fetola lesebo hore e be moqoqo o khothatsang (Sheba serapa sa 19)

19. Ke’ng hape eo re lokelang ho e qoba?

19 Qoba ho bua batho ba bang hampe. (Liprov. 25:​23; 2 Bathes. 3:​11) Morali oabo rona Juliet eo re buileng ka eena o hlalosa hore na o ikutloa joang ha batho ba bang ba bua ba bang hampe. O re: “Lesebo lea nyahamisa ebile le etsa hore ke se ke ka tšepa motho ea sebang. Hape kea ipotsa hore na ke’ng e tla etsa hore motho eo a se ke a seba ka ’na ho batho ba bang.” Haeba u hlokomela hore moqoqo oa lona o fetoha lesebo, u fetole ka hore u bue ka ntho e khothatsang.​—Bakol. 4:6.

20. U ikemiselitse ho sebelisa mpho ea ho bua joang?

20 Re lokela ho sebetsa ka thata hore re bue ka tsela e tla thabisa Jehova, kaha re phela lefatšeng leo batho ba bangata ba buang puo e litšila. Hopola hore ho bua ke mpho e tsoang ho Jehova ebile o batla ho bona hore na re e sebelisa joang. O tla re hlohonolofatsa ha re leka ho bua ka tsela e tla tlisa thoriso ho eena ha re le tšimong, libokeng le ha re qoqa le batho ba bang. Ha Jehova a felisa lefatše lena le khopo, ho tla ba bonolo hore re mo tlotlise ka lintho tseo re li buang. (Juda 15) Ha u ntse u emetse nako eo hore e fihle, ikemisetse ho lula u thabisa Jehova ka “lipolelo tsa molomo oa [hao].”​—Pes. 19:14..

PINA EA 121 Re Lokela ho ba le Boitšoaro

^ ser. 5 Jehova o re file mpho e babatsehang e leng ea bokhoni ba ho bua. Ka masoabi, batho ba bangata ha ba sebelise mpho ena ka tsela eo Jehova a e batlang. Ke’ng e ka re thusang hore re lule re bua lintho tse khothatsang le tse thabisang Jehova lefatšeng lee le khopo? Re ka bua lintho tse thabisang Jehova joang ha re le tšimong, libokeng le ha re bua le batho ba bang? Sehlooho sena se tla araba lipotso tsena.

^ ser. 6 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 15 Sheba sehlooho se reng, “Rorisang Jehova Har’a Phutheho” se ho Molula-Qhooa oa January 2019 e le hore u fumane lintlha tse ling tse buang ka ho arabela.

^ ser. 61 LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o araba mong’a ntlo ea halefileng hampe; mor’abo rona ha a bine ka libokeng ’me morali oabo rona o ntse a seba.