Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 16

Thabisoa ke Seo U Khonang ho se Etsetsa Jehova

Thabisoa ke Seo U Khonang ho se Etsetsa Jehova

“E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona.”​—BAGAL. 6:4.

PINA EA 37 Re Sebeletsa Jehova ka Moea Oohle

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke’ng e re thabisang haholo?

 JEHOVA o batla hore re thabe. Re tseba sena hobane thabo ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa hae o halalelang. (Bagal. 5:​22) Kaha ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela, re thaba haholo ha re sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli le ha re thusa Bakreste-’moho ka litsela tse sa tšoaneng.​—Lik. 20:35.

2, 3. (a) Ho ea ka Bagalata 6:​4, ke lintho life tse peli tse ka re thusang hore re lule re thabile ha re ntse re sebeletsa Jehova? (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

2 Ho Bagalata 6:​4, moapostola Pauluse o bua ka lintho tse peli tse ka re thusang hore re lule re thabile. (E bale.) Ea pele, re lokela ho etsetsa Jehova sohle seo re ka se khonang ’me re tla thaba ha re etsa joalo. (Mat. 22:​36-38) Ea bobeli, ha rea lokela ho ipapisa le batho ba bang. Kaha lintho tsohle tseo re nang le tsona li tsoa ho Jehova, re lokela ho mo leboha ka koetliso eo re e fumaneng, litalenta tseo re nang le tsona le ka lintho tseo maemo a rona a bophelo a re lumellang ho li etsa. Ha batho ba bang ba atlehile ho re feta likarolong tse itseng tsa tšebeletso, re lokela ho thabela hore ba sebelisa bokhoni ba bona ho rorisa Jehova eseng hobane ba batla ho bonahala ba le betere ho feta batho ba bang. Ho e-na le hore re ipapise le bona re lokela ho ithuta ho bona.

3 Sehloohong sena re tl’o bona hore na re ka etsa’ng haeba re nyahamisoa ke lintho tseo re sa khoneng ho li etsa tšebeletsong. Re tla boela re bone hore na re ka sebelisa bokhoni boo re nang le bona hamolemo joang le hore na re ka ithutang ho batho ba bang.

HA RE SA KHONE HO ETSA LINTHO TSE ITSENG

Jehova oa thaba ha re mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang bophelo bohle ba rona (Sheba serapa sa 4-6) *

4. Fana ka mohlala o bontšang hore na ke’ng e ka re nyahamisang.

4 Ho na le lintho tseo bahlanka ba bang ba Jehova ba sa khoneng ho li etsa ka lebaka la ho tsofala kapa ho kula ’me sena se etsa hore ba nyahame. Sena se ile sa etsahalla Morali oabo rona Carol. O ne a sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi. Ka nako eo, o ne a ithuta Bibele le batho ba 35 ’me o ile a thusa ba bang ba bona hore ba inehele ho Jehova le ho kolobetsoa. Morali oabo rona Carol o ne a atleha tšimong empa o ile a kula haholo ’me a tlameha ho qeta nako e ngata a le ka tlung. O re: “Kea tseba hore ha ke khone ho etsa lintho tseo batho ba bang ba li etsang kaha kea kula empa ke utloa eka ha ke etse lintho hantle joaloka bona. Ha ke khone ho etsa lintho tsohle tseo ke batlang ho li etsa ’me sena sea ’nyahamisa.” Morali oabo rona Carol o batla ho etsetsa Jehova sohle seo a ka se khonang. O etsa hantle haholo ’me re ka kholiseha hore Molimo oa rona ea nang le kutloelo-bohloko o ananela boiteko ba hae.

5. (a) Re lokela ho hopola’ng haeba re nyahamisoa ke lintho tseo re sa khoneng ho li etsa? (b) Litšoantšo tsee li bontša joang hore mor’abo rona o ile a lula a etsa sohle seo a ka se khonang ha a ntse a sebeletsa Jehova?

5 Haeba ka linako tse ling u nyahamisoa ke hore ho na le lintho tseo u sa khoneng ho li etsa, ipotse: ‘Jehova o batla hore ke etse’ng?’ O batla hore u etse seo u ka se khonang hona joale. Nahana ka boemo bona, Morali oabo rona ea lilemo li 80 o nyahamisoa ke hore ha a sa khona ho etsa lintho tseo a neng a li etsa tšebeletsong ha a ne a le lilemo li 40. O nahana hore Jehova ha a thabisoe ke lintho tseo a li etsang hona joale le hoja a etsa sohle seo a ka se khonang. Empa na taba eo ke ’nete? A k’u nahane ka ntlha ena. Haeba morali oabo rona a ne a etsa sohle seo a ka se khonang ha a le lilemo li 40 ’me a ntse a etsa joalo le ha a le lilemo li 80, sena se bolela ha aa ka khaotsa ho fana ka sohle seo a ka se khonang. Haeba re utloa eka lintho tseo re li etsetsang Jehova ha lia lekana ebile ha li mo thabise, re lokela ho hopola hore Jehova ke eena ea etsang qeto ea hore na o thabisoa ke’ng. Ha re etsa sohle seo re ka se khonang, Jehova o tla re re “entse hantle.”​—Bapisa le Matheu 25:​20-23.

6. Re ithuta’ng ho Morali oabo rona Maria?

6 Re tla thaba haeba re nahana ka lintho tseo re ka khonang ho li etsa eseng tseo re sa khoneng ho li etsa. A re bueng ka Morali oabo rona Maria ea nang le boloetse bo mo sitisang hore a etse mosebetsi oa boboleli kamoo a neng a ka rata kateng. Qalong, o ne a nyahama haholo ’me a ikutloa a se na thuso. O ile a nahana ka morali oabo rona oa phuthehong ea habo ea kulang ea sa khoneng ho tsoa ka tlung ’me a etsa qeto ea ho mo thusa. Morali oabo rona Maria o re: “Ke ile ka hlophisa ho etsa mosebetsi oa boboleli le morali eo oabo rona re sebelisa founu re bile re ngola mangolo. Kamehla ha ke sebelitse le eena, ke ne ke khutlela hae ke thabile ebile ke khotsofalitsoe ke hore ke khonne ho mo thusa.” Le rona re ka thaba haeba re nahana ka lintho tseo re khonang ho li etsa eseng tseo re sa khoneng ho li etsa. Re lokela ho etsa’ng haeba re khona ho sebeletsa Jehova haholoanyane?

SEBELISA BOKHONI BOO U NANG LE BONA

7. Moapostola Petrose o ile a khothalletsa Bakreste hore ba etse’ng?

7 Lengolong la hae la pele, moapostola Petrose o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba sebelise bokhoni kapa litalenta tseo ba nang le tsona ho khothatsa ba bang. O ile a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho [kapa bokhoni] ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (1 Pet. 4:​10) Ha rea lokela ho tšaba ho sebelisa bokhoni ba rona hobane re nahana hore ba bang ba ka ’na ba ba mona kapa ba nyahama. Haeba re tšaba ho sebelisa bokhoni ba rona, re tla be re sa sebeletse Jehova kahohle kamoo re ka khonang.

8. Ho ea ka 1 Bakorinthe 4:​6, 7, ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikhohomosa ka lebaka la bokhoni boo re nang le bona?

8 Re lokela ho sebelisa bokhoni ba rona ka botlalo empa re lokela ho hlokomela hore re se ke ra ikhohomosa. (Bala 1 Bakorinthe 4:​6, 7.) Ka mohlala, e ka ’na eaba u na le bokhoni ba ho qala lithuto tsa Bibele. Le hoja u sa lokela ho tšaba ho sebelisa bokhoni boo, ha oa lokela ho ikhohomosa hobane u na le bona. A re re ka mohlala u atlehile ho qalisa thuto ea Bibele ’me u labalabela ho bolella batho ba sehlopheng sa lona sa tšimo litaba tsena tse monate. Ha le se le kopane le le sehlopha, morali oabo rona e mong o le bolella hore o khonne ho fa motho e mong makasine. O khonne ho fa motho makasine ’me uena u khonne ho qalisa thuto ea Bibele. U nahana hore u lokela ho etsa’ng boemong boo? Oa tseba hore sehlopha sa lona se tla khothala ha se utloa seo u khonneng ho se etsa empa u ka ’na oa khetha hore u se ke oa bua ka taba eo ka nako eo e le hore u se ke oa nyahamisa morali oabo rona ea fileng motho makasine. Ha u etsa joalo u tla be u entse qeto e nepahetseng. U ntse u lokela hore u tsoele pele ho qalisa lithuto. U se ke oa tšaba ho sebelisa bokhoni boo u nang le bona.

9. Re ka etsa’ng ka bokhoni le litalenta tseo re nang le tsona?

9 Re lokela ho hopola hore ke Molimo ea re fileng bokhoni le litalenta tseo re nang le tsona. Re lokela ho li sebelisetsa ho khothatsa Bakreste-’moho eseng ho iphahamisetsa bona. (Bafil. 2:3) Re tla thaba ha re sebelisa bokhoni le matla ao re nang le ’ona ho sebeletsa Jehova. Ha re thabisoe ke hobane re nka hore re phahametse batho ba bang kapa re betere ho ba feta empa ke ho tseba hore re rorisa Jehova.

10. Ke hobane’ng ha e le ntho e sa utloahaleng hore re ipapise le batho ba bang?

10 Haeba re sa hlokomele re ka bapisa lintho tseo re khonang ho li etsa le lintho tseo batho ba bang ba sa khoneng ho li etsa. Ka mohlala, mor’abo rona a ka ’na a ba le bokhoni ba ho fana ka lipuo tse monate. A ka ’na a nahana hore o betere ho feta mor’abo rona ea se nang bokhoni ba ho fana ka lipuo tse monate joaloka eena. Mor’abo rona eo ea sa khoneng ho fana ka lipuo hamonate e ka ’na eaba o rata ho amohela baeti, o ruta bana ba hae hantle ebile o rata tšimo. rea thaba hore ebe ho na le bara le barali babo rona ba sebelisang litalenta le bokhoni ba bona ho sebeletsa Jehova le ho thusa ba bang.

ITHUTE HO BATHO BA BANG

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho etsisa Jesu?

11 Re ka ithuta lintho tse ngata ho Bakreste-’moho le hoja re sa lokela ho ipapisa le bona. E le ho hlakisa taba ena, a re ke re bueng ka mohlala oa Jesu. Ke ’nete hore ha re baetsalibe ebile re etsa liphoso empa re ntse re ka ithuta lintho tse ngata makhabaneng ao Jesu a ileng a a bontša le tseleng eo a neng a etsa lintho ka eona. (1 Pet. 2:​21) Ha re latela mohlala oa hae, re tla khona ho etsa lintho joaloka eena ’me re tla atleha ha re ntse re sebeletsa Jehova.

12, 13. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Morena Davida?

12 Ka Bibeleng ho na le mehlala ea bahlanka ba Jehova ba ileng ba mo tšepahalla. Re ka khona ho etsisa mohlala oa bona le hoja ba ne ba etsa liphoso. (Baheb. 6:​12) Nahana ka Morena Davida eo Jehova a neng a re ke ‘monna ea ratoang ke pelo ea hae.’ Libibele tse ling li fetolela poleloana ena e le “motho ea nthabisang.” (Lik. 13:​22) Davida o ile a etsa liphoso tse kholo, leha ho le joalo ho na le lintho tseo re ka ithutang tsona ho eena. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane ha a ne a bontšoa liphoso tsa hae ha aa ka a leka ho ipehela mabaka. O ile a mamela ha a khalemeloa ’me a soabela lintho tseo a li entseng. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo tšoarela.​—Pes. 51:​3, 4, 10-12.

13 Re ka ithuta mohlaleng oa Davida ka hore re ipotse lipotso tsena: ‘Na kea mamela ha ke fuoa keletso? Na ke lumela liphoso tseo ke li entseng kapele kapa ke ipehela mabaka? Na ke potlakela ho re ha se ’na ea entseng liphoso empa ke batho ba bang? Na ke leka kahohle hore ke se ke ka pheta liphoso tseo ke li entseng?’ U ka ipotsa lipotso tse tšoanang nakong eo u ntseng u bala ka litlaleho tsa bahlanka ba bang ba Jehova ka Bibeleng. Ha u ntse u ithuta ka bona, u ka ipotsa hore na ba ile ba ba le mathata ao u nang le ’ona le hore na ke makhabane afe ao ba ileng ba a bontša. Ipotse potso ena: ‘Nka etsisa mohlala oa bona joang?’

14. Ho etsisa mohlala oa Bakreste-’moho ho ka re tsoela molemo joang?

14 Ho etsisa mohlala oa Bakreste ba holileng le ba bacha ho ka re tsoela molemo. Ka mohlala, e ka ’na eaba ho na le Mokreste-’moho phuthehong ea heno ea mamelletseng ho kula, khatello ea lithaka kapa ho hlorisoa ke ba lelapa. Na ho na le makhabane ao u a bonang ho Mokreste eo ao le uena u ka ratang ho ba le ’ona? Ho etsisa mohlala oa hae ho ka u thusa hore u mamelle ha u e-na le mathata. Re ananela bara le barali bana babo rona ba re behelang mohlala o motle oa hore re be le tumelo e matla.​—Baheb. 13:7; Jak. 1:​2, 3.

THABELA HO SEBELETSA JEHOVA

15. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba nakong e fetileng hore ba etse’ng e ka re thusang hore re thabe ha re ntse re sebeletsa Jehova?

15 Mokreste e mong le e mong o lokela ho sebeletsa Jehova ho latela matla le bokhoni ba hae e le hore ho ka ba le khotso le bonngoe ka phuthehong. A re ke re bueng ka mohlala oa Bakreste ba nakong e fetileng. Ba ne ba na le limpho le mesebetsi e sa tšoaneng. (1 Bakor. 12:​4, 7-11) Lintho tseo ha lia ka tsa etsa hore ba hlolisane kapa ba loantšane. Pauluse o ile a khothalletsa e mong le e mong hore a etse se hlokahalang “bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste.” O ile a boela a re ho Baefese: “Ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa kholo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.” (Baef. 4:​1-3, 11, 12, 16) Batho ba ileng ba etsa seo Pauluse a ileng a se bua ba ile ba etsa hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong, e leng seo re se bonang le liphuthehong tsa kajeno.

16. Re lokela ho qoba ho etsa’ng? (Baheberu 6:10)

16 Leka kahohle hore u se ke oa ipapisa le batho ba bang. Ho e-na le hoo, ithute ho Jesu ’me u loanele ho etsisa makhabane a hae. Ithute ho batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng le ba mehleng ena ba ileng ba bontša tumelo. Ha u ntse u sebeletsa Jehova kahohle kamoo u ka khonang, hopola hore “ha se ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa [hao].” (Bala Baheberu 6:​10.) Lula u sebeletsa Jehova u thabile ’me u hopole hore o ananela boiteko boo u bo etsa’ng ho mo thabisa.

PINA EA 65 Tsoelang Pele

^ ser. 5 Kaofela ha rona re ka ithuta ho batho ba bang ka ho sheba lintho tseo ba li etsetsang Jehova empa ho na le maraba ao re lokelang ho a qoba. Sehlooho sena se tla re thusa hore re lule re thabile le hore re qobe leraba la ho ikhohomosa kapa ho nyahamisoa ke ho bapisa lintho tseo batho ba bang ba khonang ho li etsa le tseo re khonang ho li etsa.

^ ser. 49 LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o ne a sebeletsa Bethele ha e ne e le mocha. O ile a nyala ’me eena le mosali oa hae ea e-ba bopula-maliboho. Ba ile ba ba le bana ’me mor’abo rona o ile a ba koetlisa tšimong. Hona joale o se a holile ’me o sebeletsa Jehova kahohle kamoo a ka khonang ka ho ngola mangolo.