Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 16

Thabiswa ke Seo o Kgonang ho se Etsetsa Jehova

Thabiswa ke Seo o Kgonang ho se Etsetsa Jehova

E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi wa hae o leng sona.”​—BAGAL. 6:4.

PINA YA 37 Ho Sebeletsa Jehova ka Moya Wohle

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke eng e re thabisang haholo?

 JEHOVA o batla hore re thabe. Re tseba sena hobane thabo ke e nngwe ya ditholwana tsa moya wa hae o halalelang. (Bagal. 5:22) Ka ha ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela, re thaba haholo ha re sebetsa ka thata mosebetsing wa boboledi le ha re thusa Bakrestemmoho ka ditsela tse sa tshwaneng.​—Lik. 20:35.

2-3.  (a) Ho ya ka Bagalata 6:4, ke dintho dife tse pedi tse ka re thusang hore re dule re thabile ha re ntse re sebeletsa Jehova? (b) Re tlo bua kang sehloohong see?

2 Ho Bagalata 6:4, moapostola Pauluse o bua ka dintho tse pedi tse ka re thusang hore re dule re thabile. (E bale.) Ya pele, re lokela ho etsetsa Jehova sohle seo re ka se kgonang mme re tla thaba ha re etsa jwalo. (Mat. 22:36-38) Ya bobedi, ha re a lokela ho ipapisa le batho ba bang. Ka ha dintho tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho Jehova, re lokela ho mo leboha ka kwetliso eo re e fumaneng, ditalenta tseo re nang le tsona le ka dintho tseo maemo a rona a bophelo a re dumellang ho di etsa. Ha batho ba bang ba atlehile ho re feta dikarolong tse itseng tsa tshebeletso, re lokela ho thabela hore ba sebedisa bokgoni ba bona ho rorisa Jehova eseng hobane ba batla ho bonahala ba le betere ho feta batho ba bang kapa hobane ba itjhebile bobona. Ho ena le hore re ipapise le bona re lokela ho ithuta ho bona.

3 Sehloohong sena re tlo bona hore na re ka etsang haeba re nyahamiswa ke dintho tseo re sa kgoneng ho di etsa tshebeletsong. Re tla boela re bone hore na re ka sebedisa bokgoni boo re nang le bona ha molemo jwang le hore na re ka ithutang ho batho ba bang.

HA RE SA KGONE HO ETSA DINTHO TSE ITSENG

Jehova o a thaba ha re mo sebeletsa ka hohle ka moo re ka kgonang bophelo bohle ba rona (Sheba serapa sa 4-6) *

4. Fana ka mohlala o bontshang hore na keng e ka re nyahamisang.

4 Ho na le dintho tseo bahlanka ba bang ba Jehova ba sa kgoneng ho di etsa ka lebaka la ho tsofala kapa ho kula mme sena se etsa hore ba nyahame. Sena se ile sa etsahalla Moradiwabo rona Carol. O ne a sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi. Ka nako eo, o ne a ithuta Bibele le batho ba 35 mme o ile a thusa ba bang ba bona hore ba inehele ho Jehova le ho kolobetswa. Moradiwabo rona Carol o ne a atleha tshimong empa o ile a kula haholo mme a tlameha ho qeta nako e ngata a le ka tlung. O re: “Ke a tseba hore ha ke kgone ho etsa dintho tseo batho ba bang ba di etsang ka ha ke a kula empa ke utlwa eka ha ke etse dintho hantle jwalo ka bona. Ha ke kgone ho etsa dintho tsohle tseo ke batlang ho di etsa mme sena se a nnyahamisa.” Moradiwabo rona Carol o batla ho etsetsa Jehova sohle seo a ka se kgonang. O etsa hantle haholo mme re ka kgodiseha hore Modimo wa rona ya nang le kutlwelobohloko o ananela boiteko ba hae.

5. (a) Re lokela ho hopolang haeba re nyahamiswa ke dintho tseo re sa kgoneng ho di etsa? (b) Ditshwantsho tsee di bontsha jwang hore morabo rona o ile a dula a etsa sohle seo a ka se kgonang ha a ntse a sebeletsa Jehova?

5 Haeba ka dinako tse ding o nyahamiswa ke hore ho na le dintho tseo o sa kgoneng ho di etsa, ipotse: ‘Jehova o batla hore ke etseng?’ O batla hore o etse seo o ka se kgonang hona jwale. Nahana ka boemo bona, Moradiwabo rona ya dilemo di 80 o nyahamiswa ke hore ha a sa kgona ho etsa dintho tseo a neng a di etsa tshebeletsong ha a ne a le dilemo di 40. O nahana hore Jehova ha a thabiswe ke dintho tseo a di etsang hona jwale le hoja a etsa sohle seo a ka se kgonang. Empa na taba eo ke nnete? A ko nahane ka ntlha ena. Haeba moradiwabo rona a ne a etsa sohle seo a ka se kgonang ha a le dilemo di 40 mme a ntse a etsa jwalo le ha a le dilemo di 80, sena se bolela hore ha a ka a kgaotsa ho fana ka sohle seo a ka se kgonang. Haeba re utlwa eka dintho tseo re di etsetsang Jehova ha di a lekana ebile ha di mo thabise, re lokela ho hopola hore Jehova ke yena ya etsang qeto ya hore na o thabiswa keng. Ha re etsa sohle seo re ka se kgonang, Jehova o tla re re “entse hantle.”​—Bapisa le Matheu 25:20-23.

6. Re ithutang ho Moradiwabo rona Maria?

6 Re tla thaba haeba re nahana ka dintho tseo re ka kgonang ho di etsa eseng tseo re sa kgoneng ho di etsa. A re bueng ka Moradiwabo rona Maria ya nang le bolwetse bo mo sitisang hore a etse mosebetsi wa boboledi ka moo a neng a ka rata ka teng. Qalong, o ne a nyahama haholo mme a ikutlwa a se na thuso. O ile a nahana ka moradiwabo rona wa phuthehong ya habo ya kulang ya sa kgoneng ho tswa ka tlung mme a etsa qeto ya ho mo thusa. Moradiwabo rona Maria o re: “Ke ile ka hlophisa ho etsa mosebetsi wa boboledi le moradi eo wabo rona re sebedisa founu re bile re ngola mangolo. Ka mehla ha ke sebeditse le yena, ke ne ke kgutlela hae ke thabile ebile ke kgotsofaditswe ke hore ke kgonne ho mo thusa.” Le rona re ka thaba haeba re nahana ka dintho tseo re kgonang ho di etsa eseng tseo re sa kgoneng ho di etsa. Re lokela ho etsang haeba re kgona ho sebeletsa Jehova haholwanyane?

SEBEDISA BOKGONI BOO O NANG LE BONA

7. Moapostola Petrose o ile a kgothalletsa Bakreste hore ba etseng?

7 Lengolong la hae la pele, moapostola Petrose o ile a kgothalletsa Bakrestemmoho le yena hore ba sebedise bokgoni kapa ditalenta tseo ba nang le tsona ho kgothatsa ba bang. O ile a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho [kapa bokgoni] ka yona, le e sebedise ho sebeletsaneng jwalo ka batsamaisi ba kgabane ba mosa o sa tshwanelang wa Modimo.” (1 Pet. 4:10) Ha re a lokela ho tshaba ho sebedisa bokgoni ba rona hobane re nahana hore ba bang ba ka nna ba ba mona kapa ba nyahama. Haeba re tshaba ho sebedisa bokgoni ba rona, re tla be re sa sebeletse Jehova ka hohle ka moo re ka kgonang.

8. Ho ya ka 1 Bakorinthe 4:6, 7, ke hobaneng ha re sa lokela ho ikgohomosa ka lebaka la bokgoni boo re nang le bona?

8 Re lokela ho sebedisa bokgoni ba rona ka botlalo empa re lokela ho hlokomela hore re se ke ra ikgohomosa. (Bala 1 Bakorinthe 4:6, 7.) Ka mohlala, e ka nna yaba o na le bokgoni ba ho qala dithuto tsa Bibele. Le hoja o sa lokela ho tshaba ho sebedisa bokgoni boo, ha o a lokela ho ikgohomosa hobane o na le bona. A re re ka mohlala o atlehile ho qadisa thuto ya Bibele mme o labalabela ho bolella batho ba sehlopheng sa lona sa tshimo ditaba tsena tse monate. Ha le se le kopane le le sehlopha, moradiwabo rona e mong o le bolella hore o kgonne ho fa motho e mong makasine. O kgonne ho fa motho makasine mme wena o kgonne ho qadisa thuto ya Bibele. O nahana hore o lokela ho etsang boemong boo? O a tseba hore sehlopha sa lona se tla kgothala ha se utlwa seo o kgonneng ho se etsa empa o ka nna wa kgetha hore o se ke wa bua ka taba eo ka nako eo e le hore o se ke wa nyahamisa moradiwabo rona ya fileng motho makasine. Ha o etsa jwalo o tla be o entse qeto e nepahetseng. O ntse o lokela hore o tswele pele ho qadisa dithuto. O se ke wa tshaba ho sebedisa bokgoni boo o nang le bona.

9. Re ka etsang ka bokgoni le ditalenta tseo re nang le tsona?

9 Re lokela ho hopola hore ke Modimo ya re fileng bokgoni le ditalenta tseo re nang le tsona. Re lokela ho di sebedisetsa ho kgothatsa Bakrestemmoho eseng ho iphahamisetsa bona. (Bafil. 2:3) Re tla thaba ha re sebedisa bokgoni le matla ao re nang le ona ho sebeletsa Jehova. Ha re thabiswe ke hobane re nka hore re phahametse batho ba bang kapa re betere ho ba feta empa ke ho tseba hore re rorisa Jehova.

10. Ke hobaneng ha e le ntho e sa utlwahaleng hore re ipapise le batho ba bang?

10 Haeba re sa hlokomele re ka bapisa dintho tseo re kgonang ho di etsa le dintho tseo batho ba bang ba sa kgoneng ho di etsa. Ka mohlala, morabo rona a ka nna a ba le bokgoni ba ho fana ka dipuo tse monate. A ka nna a nahana hore o betere ho feta morabo rona ya se nang bokgoni ba ho fana ka dipuo tse monate jwalo ka yena. Morabo rona eo ya sa kgoneng ho fana ka dipuo ha monate e ka nna yaba o rata ho amohela baeti, o ruta bana ba hae hantle ebile o rata tshimo. Re a thaba hore ebe ho na le bara le baradibabo rona ba sebedisang ditalenta le bokgoni ba bona ho sebeletsa Jehova le ho thusa ba bang.

ITHUTE HO BATHO BA BANG

11. Ke hobaneng ha re lokela ho leka ho etsisa Jesu?

11 Re ka ithuta dintho tse ngata ho Bakrestemmoho le hoja re sa lokela ho ipapisa le bona. E le ho hlakisa taba ena, a re ke re bueng ka mohlala wa Jesu. Ke nnete hore re baetsadibe ebile re etsa diphoso empa re ntse re ka ithuta dintho tse ngata makgabaneng ao Jesu a ileng a a bontsha le tseleng eo a neng a etsa dintho ka yona. (1 Pet. 2:21) Ha re latela mohlala wa hae, re tla kgona ho etsa dintho jwalo ka yena mme re tla atleha ha re ntse re sebeletsa Jehova.

12-13. Re ka ithutang mohlaleng wa Morena Davida?

12 Ka Bibeleng ho na le mehlala ya bahlanka ba Jehova ba ileng ba mo tshepahalla. Re ka kgona ho etsisa mohlala wa bona le hoja ba ne ba etsa diphoso. (Baheb. 6:12) Nahana ka Morena Davida eo Jehova a neng a re ke ‘monna ya ratwang ke pelo ya hae.’ Dibibele tse ding di fetolela polelwana ena e le “motho ya nthabisang.” (Lik. 13:22) Davida o ile a etsa diphoso tse kgolo, le ha ho le jwalo ho na le dintho tseo re ka ithutang tsona ho yena. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane ha a ne a bontshwa diphoso tsa hae ha a ka a leka ho ipehela mabaka. O ile a mamela ha a kgalemelwa mme a swabela dintho tseo a di entseng. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo tshwarela.​—Pes. 51:3, 4, 10-12.

13 Re ka ithuta mohlaleng wa Davida ka hore re ipotse dipotso tsena: ‘Na ke a mamela ha ke fuwa keletso? Na ke dumela diphoso tseo ke di entseng kapele kapa ke ipehela mabaka? Na ke potlakela ho re ha se nna ya entseng diphoso empa ke batho ba bang? Na ke leka ka hohle hore ke se ke ka pheta diphoso tseo ke di entseng?’ O ka ipotsa dipotso tse tshwanang nakong eo o ntseng o bala ka ditlaleho tsa bahlanka ba bang ba Jehova ka Bibeleng. Ha o ntse o ithuta ka bona, o ka ipotsa hore na ba ile ba ba le mathata ao o nang le ona le hore na ke makgabane afe ao ba ileng ba a bontsha. Ipotse potso ena: ‘Nka etsisa mohlala wa bona jwang?’

14. Ho etsisa mohlala wa Bakrestemmoho ho ka re tswela molemo jwang?

14 Ho etsisa mohlala wa Bakreste ba hodileng le ba batjha ho ka re tswela molemo. Ka mohlala, e ka nna yaba ho na le Mokrestemmoho phuthehong ya heno ya mamelletseng ho kula, kgatello ya dithaka kapa ho hloriswa ke ba lelapa. Na ho na le makgabane ao o a bonang ho Mokreste eo ao le wena o ka ratang ho ba le ona? Ho etsisa mohlala wa hae ho ka o thusa hore o mamelle ha o ena le mathata. Re ananela bara le baradi bana babo rona ba re behelang mohlala o motle wa hore re be le tumelo e matla.​—Baheb. 13:7; Jak. 1:2, 3.

THABELA HO SEBELETSA JEHOVA

15. Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste ba nakong e fetileng hore ba etseng e ka re thusang hore re thabe ha re ntse re sebeletsa Jehova?

15 Mokreste e mong le e mong o lokela ho sebeletsa Jehova ho latela matla le bokgoni ba hae e le hore ho ka ba le kgotso le bonngwe ka phuthehong. A re ke re bueng ka mohlala wa Bakreste ba nakong e fetileng. Ba ne ba na le dimpho le mesebetsi e sa tshwaneng. (1 Bakor. 12:4, 7-11) Dintho tseo ha di a ka tsa etsa hore ba hlodisane kapa ba lwantshane. Pauluse o ile a kgothalletsa e mong le e mong hore a etse se hlokahalang “bakeng sa ho haha mmele wa Kreste.” O ile a boela a re ho Baefese: “Ho ya ka tshebetso ya setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa kgolo ya mmele bakeng sa ho ikaha ha wona ka lerato.” (Baef. 4:1-3, 11, 12, 16) Batho ba ileng ba etsa seo Pauluse a ileng a se bua ba ile ba etsa hore ho be le kgotso le bonngwe ka phuthehong, e leng seo re se bonang le diphuthehong tsa kajeno.

16. Re lokela ho qoba ho etsang? (Baheberu 6:10)

16 Leka ka hohle hore o se ke wa ipapisa le batho ba bang. Ho ena le hoo, ithute ho Jesu mme o lwanele ho etsisa makgabane a hae. Ithute ho batho bao ho buuwang ka bona ka Bibeleng le ba mehleng ena ba ileng ba bontsha tumelo. Ha o ntse o sebeletsa Jehova ka hohle ka moo o ka kgonang, hopola hore “ha se ya sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi wa [hao].” (Bala Baheberu 6:10.) Dula o sebeletsa Jehova o thabile mme o hopole hore o ananela boiteko boo o bo etsang ho mo thabisa.

PINA YA 65 Hatelang Pele!

^ Kaofela ha rona re ka ithuta ho batho ba bang ka ho sheba dintho tseo ba di etsetsang Jehova empa ho na le maraba ao re lokelang ho a qoba. Sehlooho sena se tla re thusa hore re dule re thabile le hore re qobe leraba la ho ikgohomosa kapa ho nyahamiswa ke ho bapisa dintho tseo batho ba bang ba kgonang ho di etsa le tseo re kgonang ho di etsa.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona o ne a sebeletsa Bethele ha e ne e le motjha. O ile a nyala mme yena le mosadi wa hae ya eba bopulamadiboho. Ba ile ba ba le bana mme morabo rona o ile a ba kwetlisa tshimong. Hona jwale o se a hodile mme o sebeletsa Jehova ka hohle ka moo a ka kgonang ho ngola mangolo.