Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 24

Jehova oa Tšoarela

Jehova oa Tšoarela

“Jehova, u molemo ’me u itokiselitse ho tšoarela; mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho uena o mongata.”​—PES. 86:5.

PINA EA 42 Thapelo ea Mohlanka oa Molimo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ho Moeklesia 7:20, Morena Solomone o ile a bua ’nete efe?

 MORENA SOLOMONE o ile a re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” (Moek. 7:​20) Taba eo ke ’nete hobane kaofela ha rona re baetsalibe. (1 Joh. 1:8) Re hloka hore Molimo le batho ba bang ba re tšoarele.

2. U ile oa ikutloa joang ha motsoalle oa hao a ne a u tšoarela?

2 Mohlomong u hopola nakong eo u ileng oa utloisa motsoalle oa hao bohloko. U ne u batla ho lokisa litaba le eena e le hore le ka ba metsoalle hape, kahoo u ile oa kopa tšoarelo. U ile oa ikutloa joang ha motsoalle oa hao a u tšoarela? E ka ’na eaba u ile oa ikutloa u imolohile ebile u thabile.

3. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

3 Re batla hore Jehova e be Motsoalle oa rona empa ka linako tse ling re ka bua kapa ra etsa lintho tse mo utloisang bohloko. Ke’ng e ka re kholisang hore Jehova o batla ho re tšoarela? Tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona e fapana joang le eo rona re tšoarelang batho ba bang ka eona? Ke batho bafe bao Molimo a ba tšoarelang?

JEHOVA O BATLA HO RE TŠOARELA

4. Ke’ng e ka re kholisang hore Jehova o batla ho re tšoarela?

4 Lentsoe la Molimo lea re kholisa hore Jehova o batla ho re tšoarela. Ha Jehova a ne a itlhalosa ho Moshe Thabeng ea Sinai, O ile a romela lengeloi ’me le ile la re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlolo le sebe.” (Ex. 34:6, 7) Jehova ke Molimo ea mohau le ea mosa ’me o lula a batla ho tšoarela baetsalibe ba bakileng.​—Neh. 9:17; Pes. 86:15.

Jehova o tseba lintho tse re etsahalletseng bophelong, tse entseng hore re be ka tsela eo re leng ka eona (Sheba serapa sa 5)

5. Ho ea ka Pesaleme ea 103:​13, 14, taba ea hore Jehova o re tseba hantle e mo susumelletsa hore a etse’ng?

5 Jehova ke eena ea re bopileng, kahoo o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rona ’me taba ena ea hlolla. (Pes. 139:15-17) O khona ho bona lintho tseo re li etsang ka lebaka la ho se phethahale hoo re ho futsitseng ho batsoali ba rona. O tseba lintho tse re etsahalletseng bophelong, tse etsang hore re be ka tsela eo re leng ka eona. Taba ea hore Jehova o re tseba hantle e mo susumelletsa hore a re bontše mohau.​—Pes. 78:39; bala Pesaleme ea 103:13, 14.

6. Jehova o bontšitse joang hore o batla ho re tšoarela?

6 Jehova o re bontšitse hore o batla ho re tšoarela. Oa utloisisa hore ka lebaka la motho oa pele e leng Adama, kaofela ha rona re baetsalibe ebile rea shoa. (Bar. 5:12) Re ke ke ra khona ho itokolla sebeng le lefung kapa ra lokolla batho ba bang. (Pes. 49:7-9) Leha ho le joalo, Molimo oa rona ea lerato o ile a re qenehela eaba o lokisetsa ho re lokolla. O ile a etsa seo joang? Johanne 3:​16 e bontša hore Jehova o ile a romela Mora oa hae a le mong feela hore a tl’o re shoela. (Mat. 20:28; Bar. 5:19) Re ne re tšoaneloa ke lefu empa Jesu o ile a shoa molemong oa rona e le hore a ka lokolla batho ba bontšang tumelo ho eena. (Baheb. 2:9) Jehova o ile a utloa bohloko haholo ha a bona Mora oa hae eo a mo ratang a shoa lefu le sehloho le le tlotlollang. Jehova o ne a ke ke a lumella hore Mora oa hae a shoe haeba a ne a sa batle ho re tšoarela.

7. Bibele e bua ka batho bafe ba bang bao Jehova a ileng a ba tšoarela?

7 Bibele e bua ka batho ba bangata bao Jehova a ileng a ba tšoarela. (Baef. 4:32) Uena u hopola mang? Mohlomong u hopola Morena Manase. Monna eo ea khopo o ile a siteloa Jehova ka ho etsa lintho tse mpe haholo. O ile a rapela melimo ea bohata ’me a khothalletsa le batho ba bang hore ba e rapele. O ile a bolaea bana ba hae ’me a fana ka bona e le sehlabelo ho melimo ea bohata. O ile a ba a beha setšoantšo sa molimo oa bohata ka tempeleng ea Jehova e halalelang. Bibele e re ka eena: “A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e kholo, ho mo siteloa.” (2 Likron. 33:2-7) Leha ho le joalo, ha Manase a bontša hore o bakile, Jehova o ile a mo tšoarela a ba a mo lumella hore e be morena hape. (2 Likron. 33:12, 13) Mohlomong u hopola le Morena Davida ea ileng a etsa libe tse tebileng tse akarelletsang bofebe le ho bolaea. Le eena Jehova o ile a mo tšoarela ha a lumela liphoso tsa hae ebile a baka. (2 Sam. 12:9, 10, 13, 14) Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova o batla ho re tšoarela. Re tl’o bona hore tsela eo a re tšoarelang ka eona e fapane le tsela eo batho ba tšoarelang ka eona.

JEHOVA O TŠOARELA KA TSELA E FAPANENG LE EA BATHO

8. Taba ea hore Jehova ke Moahloli ea molemohali e ama tsela eo a tšoarelang ka eona joang?

8 Jehova ke “Moahloli oa lefatše lohle.” (Gen. 18:25) Moahloli ea molemo o lokela ho tseba molao hantle. Jehova ke Moahloli oa rona ebile o utloisisa molao hantle hobane ke Mofani oa oona. (Esa. 33:22) Jehova o tseba se nepahetseng le se fosahetseng ho feta motho leha e le ofe. Ke’ng hape eo moahloli ea molemo a lokelang ho e tseba? O lokela ho tseba lintlha kaofela pele a ka fana ka kahlolo. Kahoo, Jehova ke Moahloli ea molemohali hobane o lula a tseba lintlha kaofela.

9. Ke lintho life tseo Jehova a li tsebang tse ka etsang hore a re tšoarele?

9 Jehova ha a tšoane le baahloli ba batho hobane eena o lula a tseba lintlha kaofela ka boemo leha e le bofe. (Gen. 18:20, 21; Pes. 90:8) Ha a itšetlehe ka seo batho ba se bonang kapa ba se utloang. Oa utloisisa hore tsela eo motho a etsang lintho ka eona e ka susumetsoa ke lintho tseo a li futsitseng ho batsoali ba hae, thuto eo a e fumaneng, sebaka seo a lulang ho sona kapa khatello ea maikutlo. Jehova o boetse o bona se ka pelong ea motho. O utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha motho a entse lintho ka tsela e itseng. Ha ho na ntho e ka pateloang Jehova. (Baheb. 4:13) Kahoo, Jehova o tšoarela motho hobane a tseba lintlha kaofela.

Jehova o na le toka ebile ha a na khethollo. Ha ho na motho ea ka mo fang tjotjo (Sheba serapa sa 10)

10. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova o lula a ahlola ka toka? (Deuteronoma 32:4)

10 Jehova o lula a ahlola ka toka ebile ha a na khethollo. Ha ho mohla a tšoarelang motho hobane a le motle, a ruile, e le motho ea hlahelletseng kapa a e-na le litalenta. (1 Sam. 16:7; Jak. 2:1-4) Ha ho na motho ea ka fang Jehova tjotjo kapa a mo qobella ho etsa ntho leha e le efe. (2 Likron. 19:7) Ha ho mohla Jehova a etsang liqeto a halefile. (Ex. 34:7) Kannete Jehova ke Moahloli ea molemohali hobane o tseba lintlha kaofela.​—Bala Deuteronoma 32:4.

11. Jehova o tšoarela ka tsela e fapaneng le ea batho joang?

11 Bangoli ba Mangolo a Seheberu ba ne ba hlokomela hore Jehova o tšoarela ka tsela e fapaneng le ea batho. Maemong a mang, ba sebelisitse lentsoe la Seheberu leo buka e ’ngoe e reng “le ne le sebelisoa feela ho hlalosa tsela eo Molimo a tšoarelang baetsalibe ka eona. Lentsoe leo ha le hlalose tsela eo batho ba tšoarelanang ka eona.” Jehova ke eena feela ea nang le matla a ho tšoarela moetsalibe ea bakileng ka ho felletseng. Ho tla etsahala’ng ha Jehova a re tšoarela?

12, 13. (a) Motho o ikutloa joang ha Jehova a mo tšoaretse? (b) Jehova o tšoarela motho nako e kae?

12 Ha re lumela hore Jehova o re tšoaretse, re thabela “linako tse khathollang” tse akarelletsang ho ba le khotso ea kelello le letsoalo le se nang molato. Ke “Jehova” feela ea ka re tšoarelang ka tsela e ka etsang hore re ikutloe joalo. (Lik. 3:19) Ha Jehova a re tšoarela, o re lumella hore re boele re be metsoalle ea hae joalokaha eka ha rea ka ra etsa sebe ho hang.

13 Ha Jehova a re tšoarela, a ke ke a hlola a re qosa kapa a re fa kotlo ka sebe seo re se entseng. (Esa. 43:25; Jer. 31:34) Jehova o suthiselitse litlolo tsa rona hole le rona “joalokaha bochaba-tsatsi bo le hole le bophirima-tsatsi.” b (Pes. 103:12) Ha re nahana kamoo Jehova a re tšoarelang kateng, re utloa re mo ananela ebile re mo hlompha. (Pes. 130:4) Empa ke batho bafe bao Jehova a ba tšoarelang?

KE BATHO BAFE BAO JEHOVA A BA TŠOARELANG?

14. Re se re ithutile’ng ka tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona?

14 Re se re ithutile hore ha Jehova a tšoarela motho, ha a itšetlehe ka hore na sebe seo a se entseng se tebile hakae. Re boetse re ithutile hore kaha Jehova ke ’Mopi, Mofani oa molao le Moahloli, o khona ho etsa qeto ea ho tšoarela motho. Ke lintho life tseo Jehova a nahanang ka tsona pele a ka etsa qeto ea ho tšoarela motho?

15. Ho ea ka Luka 12:47, 48, Jehova o nahana ka eng pele a tšoarela motho?

15 Ntho e ’ngoe eo Jehova a nahanang ka eona ke hore na mofosi o ne a tseba hore o etsa ntho e fosahetseng. Jesu o ile a hlakisa taba ena ho Luka 12:47, 48. (E bale.) Motho o tla be a etsa sebe se tebileng haeba a rera ho etsa ntho e mpe a tseba hantle hore Jehova ha a e rate. Jehova a ka ’na a etsa qeto ea hore a se ke a tšoarela motho eo. (Mar. 3:​29; Joh. 9:​41) Ke ’nete hore ka linako tse ling rea tseba hore lintho tseo re li entseng li fosahetse. Na re ka ba le tšepo ea hore Jehova o tla re tšoarela? Ho joalo. A re boneng ntho e ’ngoe eo Jehova a nahanang ka eona pele a re tšoarela.

Re ka kholiseha hore Jehova o tla re tšoarela haeba re bakile e le kannete (Sheba serapa sa 16 le 17)

16. Ho baka ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho baka e le hore Jehova a re tšoarele?

16 Ntho e ’ngoe eo Jehova a e shebang ke hore na mofosi o bakile e le kannete. Ho baka ho bolela’ng? Ho baka ho bolela hore motho a fetole tsela eo a nahanang ka eona le ho etsa lintho ka eona. Ho akarelletsa hore a ikoahlaee a be a utloisoe bohloko ke lintho tse mpe tseo a li entseng le ho nahana ka lintho tse nepahetseng tseo a neng a lokela ho li etsa. Motho ea bakileng o boetse o utloisoa bohloko ke hore o ile a lumella kamano ea hae le Jehova e senyehe, e leng se ileng sa etsa hore a etse lintho tse mpe. Hopola hore Morena Manase le Morena Davida ba ile ba etsa libe tse tebileng empa Jehova o ile a ba tšoarela hobane ba ile ba baka e le kannete. (1 Mar. 14:8) Jehova o tla re tšoarela hafeela a bona hore re bakile e le kannete. Ha hoa lekana hore re utloisoe bohloko ke lintho tse mpe tseo re li entseng empa re lokela ho ikemisetsa ho li tlohela. c A re bueng ka ntho e ’ngoe hape eo Jehova a nahanang ka eona pele a re tšoarela.

17. Ho sokoloha ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re sokolohe e le hore re qobe ho pheta libe tseo re li entseng nakong e fetileng? (Esaia 55:7)

17 Ntho e ’ngoe eo Jehova a e shebang ke hore na motho o sokolohile. Ho sokoloha ho bolela ho fetoha. Ka mantsoe a mang motho o lokela ho tlohela lintho tse mpe tseo a li etsang ’me a phele ka tsela eo Jehova a e batlang. (Bala Esaia 55:7) O lokela ho fetola tsela eo a nahanang ka eona e le hore a ka nahana joaloka Jehova. (Bar. 12:2; Baef. 4:23) O boetse o lokela ho khaotsa ho nahana ka lintho tse mpe le ho li etsa. (Bakol. 3:7-10) Lebaka le ka sehloohong leo Jehova a re tšoarelang le ho re hloekisa sebeng ka lona, ke hobane re e-na le tumelo sehlabelong sa Kreste. Jehova o tla re tšoarela ka lebaka la sehlabelo seo ha a bona re etsa boiteko ba ho fetola boitšoaro ba rona.​—1 Joh. 1:7.

KHOLISEHA HORE JEHOVA O TLA U TŠOARELA

18. Re ithutile’ng ka tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona?

18 A re ke re ikhopotseng lintlha tsa bohlokoa tseo re buileng ka tsona. Ha ho na motho ea tšoarelang joaloka Jehova. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ntlha ea pele, o lula a batla ho re tšoarela. Ntlha ea bobeli, Jehova o re tseba hantle. O tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka rona ebile ke eena ea ka bonang hore na re bakile e le kannete. Ntlha ea boraro, ha Jehova a re tšoarela, o re tšoarela ka ho felletseng joalokaha eka ha re e-s’o etse sebe ho hang. Taba ena e re thusa hore re be le letsoalo le se nang molato le hore re be metsoalle ea hae.

19. Ke’ng e ka etsang hore re thabe le hoja re sa phethahala ebile re lula re etsa libe?

19 Re tla lula re etsa libe hobane ha rea phethahala. Leha ho le joalo, re ka khothatsoa ke mantsoe a hlahang ho Insight on the Scriptures, Volume 2, leqephe la 771 a reng: “Jehova o mohau ebile oa tseba hore bahlanka ba hae ha baa phethahala. Kahoo, ha baa lokela ho lula ba utloisitsoe bohloko ke liphoso tseo ba li etsang hobane ba sa phethahala. (Pes 103:​8-14; 130:3) Haeba ba leka kahohle ho phela ka melao ea Molimo ba tla thaba. (Fil 4:4-6; 1Jo 3:​19-22).” Taba ena e re khothatsa haholo.

20. Re tl’o araba lipotso life sehloohong se latelang?

20 Re ananela hore ebe Jehova o batla ho re tšoarela ha re bontša hore re bakile e le kannete. Re ka tšoarela batho ba bang joaloka Jehova joang? Tsela eo re tšoarelang ka eona e tšoana joang le eo Jehova a tšoarelang ka eona, hona e fapana joang? Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re utloisise taba ee? Sehloohong se latelang re tl’o araba lipotso tsena.

PINA EA 45 Lintho Tseo ke li Nahanisisang

a Ka Lentsoeng la hae Bibele, Jehova oa re kholisa hore o ikemiselitse ho tšoarela baetsalibe ba bakileng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling re ka ’na ra nahana hore Jehova a ke ke a re tšoarela. Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na ke’ng e ka re tiisetsang hore Molimo oa rona o lula a ikemiselitse ho re tšoarela haeba re baketse libe tsa rona e le kannete.

c TLHALOSO: “Ho baka” ho bolela hore motho a fetole tsela eo a nahanang ka eona, a ikoahlaele tsela eo a neng a phela ka eona pele, lintho tse mpe tseo a neng a li etsa le tseo a ileng a hloleha ho li etsa. Motho ea bakileng e le kannete o fetola tsela eo a phelang ka eona.