Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 25

Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Tšoarelang

Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Tšoarelang

“Joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lona.”​—BAKOL. 3:13.

PINA EA 130 Tšoarelanang

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke kholiseho efe eo Jehova a e fang baetsalibe ba bakileng?

 JEHOVA ke ’Mopi oa rona, Mofani oa molao le Moahloli hape ke Ntate oa rona ea lerato. (Pes. 100:3; Esa. 33:22) Ha re entse libe, o na le matla a ho re tšoarela ebile o ikemiselitse ho etsa joalo haeba re baka e le kannete. (Pes. 86:5) Jehova o ile a sebelisa moprofeta Esaia ho ngola mantsoe ana a re kholisang a reng: “Le hoja libe tsa lona li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.”​—Esa. 1:18.

2. Re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho ba metsoalle ea batho ba bang?

2 Kaofela ha rona re bua le ho etsa lintho tse utloisang batho ba bang bohloko hobane ha rea phethahala. (Jak. 3:2) Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore re ke ke ra khona ho ba metsoalle ea batho ba bang. Re ka khona ho ba metsoalle ea bona haeba re ithuta ho ba batho ba tšoarelang. (Liprov. 17:9; 19:11; Mat. 18:21, 22) Jehova o batla hore re tšoarelane haeba re utloisane bohloko esita le linthong tse nyenyane. (Bakol. 3:13) Re lokela ho etsa joalo hobane Jehova o re tšoarela “ka tsela e kholo.”​—Esa. 55:7.

3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ke joang batho ba sa phethahalang ba ka etsisang tsela eo Jehova a tšoarelang ka eona. Ke libe life tseo re lokelang ho li bolella baholo? Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re tšoarelane? Re ka ithuta’ng ho Bakreste-’moho ba bang ba ileng ba utloisoa bohloko ke lintho tseo ba bang ba ileng ba li etsa?

HA MOKRESTE A ENTSE SEBE SE TEBILENG

4. (a) Mohlanka oa Jehova o lokela ho etsa’ng ha a entse sebe se tebileng? (b) Boikarabelo ba baholo ke bofe ha ba kopana le motho ea entseng sebe se tebileng?

4 Re lokela ho bolella baholo haeba ho e-na le motho ea entseng sebe se tebileng. Mehlala ea libe tseo e fumaneha ho 1 Bakorinthe 6:9, 10. Motho ea etsang sebe se tebileng o tlola molao oa Molimo. Ha Mokreste a entse sebe se tebileng, o lokela ho rapela Jehova Molimo ebe ka mor’a moo o bua le baholo. (Pes. 32:5; Jak. 5:​14) Baholo ba na le boikarabelo bofe? Ke Jehova feela ea nang le matla a ho tšoarela libe ka ho felletseng ’me o etsa joalo ka lebaka la sehlabelo sa thekollo. b Leha ho le joalo, Jehova o file baholo boikarabelo ba hore ba sebelise Bibele ho etsa qeto ea hore na moetsalibe o lokela ho tsoela pele a le ka phuthehong. (1 Bakor. 5:12) E le hore ba fihlele qeto eo, ba lokela ho fumana likarabo tsa lipotso tsena: “Na mofosi o entse sebe seo ka boomo? Na o ile a leka ho se patela batho ba bang? Na o entse sebe seo ka makhetlo?” Lipotso tse ling tsa bohlokoa tseo ba lokelang ho fumana likarabo tsa tsona ke tsena: “Na ho na le bopaki ba hore o bakile e le kannete? Na ho na le bopaki bo bontšang hore Jehova o mo tšoaretse?”​—Lik. 3:19.

5. Baholo ba thusa batho ba bakileng joang?

5 Ha baholo ba kopana le motho ea entseng sebe, morero oa bona ke ho etsa qeto e seng e entsoe leholimong. (Mat. 18:​18) Taba ee e tsoela phutheho molemo joang? Ha moetsalibe ea sa bakeng a tlosoa ka phuthehong, sena se etsa hore linku tsa Jehova li sireletsehe. (1 Bakor. 5:6, 7, 11-13; Tite 3:10, 11) Sena se ka boela sa thusa moetsalibe hore a bake le hore Jehova a mo tšoarele. (Luka 5:32) Baholo ba rapela le motho ea bakileng ’me ba kopa Jehova hore a mo thuse hore a boele a be le kamano e ntle le eena.​—Jak. 5:15.

6. Na Jehova a ka tšoarela motho ea khaotsoeng? Hlalosa.

6 Ho tla etsahala’ng haeba motho ea entseng sebe a sa bontše hore o bakile ha baholo ba bua le eena? Motho eo o tla khaoloa. Haeba a tlotse molao oa naha, baholo ba ke ke ba thibela hore a fumane litla-morao tsa lintho tseo a li entseng. Jehova o lumelletse ba boholong pusong hore ba ahlole le ho fa e mong le e mong ea tlolang molao kotlo ho sa tsotellehe hore na o bakile kapa che. (Bar. 13:4) Leha ho le joalo, haeba motho eo a hlokomela hore ntho eo a e entseng e mpe ’me a baka e le kannete le ho khaotsa ho etsa lintho tseo a neng a li etsa, Jehova o ikemiselitse ho mo tšoarela. (Luka 15:​17-24) Jehova o tla mo tšoarela le hoja a entse libe tse tebileng.​—2 Likron. 33:​9, 12, 13; 1 Tim. 1:15.

7. Re ka bontša joang hore re tšoaretse motho?

7 Hoa thabisa ho tseba hore ha se rona ba lokelang ho etsa qeto ea hore Jehova o tla tšoarela motho ea entseng sebe. Ho ntse ho le joalo, ho na le qeto eo re tla lokela ho e etsa. Ke qeto efe? Ho ka etsahala hore motho e mong a re utloise bohloko haholo ebe o kopa tšoarelo. Ka linako tse ling a ka ’na a se ke a kopa tšoarelo. Re ka khetha ho tšoarela motho eo ’me ra bontša hore re mo tšoaretse ka hore re se ke ra hlola re mo koatela. Ho ka nka nako hore re mo tšoarele ebile ho hlokahala boiteko, haholo-holo haeba a re utloisitse bohloko haholo. Molula-Qhooa oa September 15, 1994 o re: “Ha u tšoarela mofosi, sena ha se bolele hore u khothaletsa sebe. Ho Mokreste, ho tšoarela ho bolela hore ka botšepehi o siea taba ena matsohong a Jehova. Ke Moahloli ea lokileng oa bokahohle bohle, ’me o tla sebelisa toka ka nako e loketseng.” Ke hobane’ng ha Jehova a re khothaletsa hore re tšoarele ’me re tlohele lintho matsohong a hae?

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A RE RE TŠOARELE?

8. Ho ananela mohau oa Jehova ho tla re susumeletsa hore re etse’ng?

8 Ha re tšoarela re bontša hore re ananela mohau oa Jehova. Papisong e ’ngoe, Jesu o ile a bapisa Jehova le monghali ea ileng a hlakola sekoloto se seholo sa lekhoba le neng le sa khone ho mo patala. Empa lekhoba leo ha lea ka la bontša mohau ho lekhoba le leng le neng le le kolota chelete e nyenyane. (Mat. 18:23-35) Jesu o ne a ruta’ng papisong ee? Haeba re ananela mohau oo Jehova a re bontšang oona, re tla tšoarela batho ba bang. (Pes. 103:9) Lilemo tse ngata tse fetileng Molula-Qhooa o mong o ile oa re: “Ho sa tsotellehe hore na re tšoarela batho ba bang ka makhetlo a mangata hakae, a ke ke a lekana le makhetlo ao Molimo a re bontšitseng mohau le ho re tšoarela ka sehlabelo sa Kreste.”

9. Ke batho bafe bao Jehova a ba hauhelang? (Matheu 6:14, 15)

9 Jehova o tla re tšoarela haeba re tšoarela batho ba bang. Jehova o hauhela batho ba bontšang mohau. (Mat. 5:7; Jak. 2:13) Jesu o ile a hlakisa taba ena ha a ne a ruta barutuoa ba hae ho rapela. (Bala Matheu 6:14, 15.) Re ithuta ntho e tšoanang ho seo Jehova a ileng a se bolella mohlanka oa hae Jobo. Monna enoa ea tšepahalang o ile a utloisoa bohloko haholo ke seo Elifaze, Bildade le Tsofare ba ileng ba se bua. Jehova o ile a laela Jobo hore a ba rapelle. Ka mor’a hore Jobo a rapele, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa.​—Jobo 42:8-10.

10. Ho lula re halefetse motho ea re utloisitseng bohloko ho ka ba le litla-morao life? (Baefese 4:31, 32)

10 Re ikutloisa bohloko ha re lula re halefile. Jehova o batla hore re be le khotso ’me re se ke ra imeloa ke ho lula re halefile. (Bala Baefese 4:31, 32.) O re re ‘tlohele bohale ’me re lese khalefo.’ (Pes. 37:8) Ho mamela keletso eo ho tla re thusa. Ha re lula re halefetse motho ea re utloisitseng bohloko, seo se ka re kulisa ’meleng le kelellong. (Liprov. 14:30) Ke rona ba tla utloa bohloko haeba re lula re halefetse motho e mong feela joalokaha ho noa chefo ho ka kulisa rona eseng motho e mong. Kahoo, re itsoela molemo ha re tšoarela batho ba bang. (Liprov. 11:17) Re ba le khotso ebile re khona ho tsoela pele re ntse re sebeletsa Jehova.

11. Bibele e re’ng ka ho iphetetsa? (Baroma 12:19-21)

11 Phetetso ke ea Jehova. Jehova ha aa re fa tokelo ea hore re iphetetse haeba motho e mong a re foselitse. (Bala Baroma 12:19-21.) Kaha ha rea phethahala, ha re khone ho ahlola lintho hantle joaloka Molimo. (Baheb. 4:13) Hape ka linako tse ling re ka nkoa ke maikutlo ’me ha e-ba thata hore re bone lintho ka tsela e nepahetseng. Jehova o ile a susumetsa Jakobo hore a re: “Khalefo ea motho ha e hlahise ho loka ha Molimo.” (Jak. 1:​20) Re ka kholiseha hore Jehova o tla etsa ntho e nepahetseng le ho etsa bonnete ba hore toka ea phethahatsoa.

U se ke oa koata. Tlohela lintho matsohong a Molimo. O tla lokisa lintho tsohle tse re utloisitseng bohloko ka lebaka la sebe (Sheba serapa sa 12)

12. Re ka bontša joang hore re kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa toka?

12 Ha re tšoarela batho ba bang, re bontša hore re kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa toka. Ha re tlohela lintho matsohong a Jehova, re bontša hore re kholisehile hore Jehova o tla felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko tse bakiloeng ke sebe. Lefatšeng le lecha leo a le tšepisitseng, lintho tse bohloko li “ke ke tsa hopoloa kapa tsa fihla ka pelong.” (Esa. 65:17) Na hoa khoneha hore re se ke ra koatela motho haeba a re utloisitse bohloko haholo? A re boneng hore na batho ba bang ba ile ba etsa seo joang.

HO TŠOARELA BATHO BA BANG HO RE TSOELA MOLEMO

13, 14. Re ithuta’ng ka ho tšoarela ho Tony le José?

13 Bara le barali babo rona ba bangata ba ile ba etsa qeto ea ho tšoarela batho ba bang le hoja ba ne ba ba utloisitse bohloko haholo. Ho etsa joalo ho ba tsoetse molemo joang?

14 Lilemo tse ngata pele Tony c ea lulang Philippines a ithuta Bibele, abuti oa hae o ile a bolaoa ke monna e mong ea bitsoang José. Ka nako eo, Tony o ne a le bohale haholo a bile a rata ntoa ’me o ne a batla ho iphetetsa. José o ile a tšoaroa. Hamorao ha José a lokolloa teronkong, Tony o ne a ikemiselitse ho mo batla ka lintja le likatse, a batla ho mo bolaea. O ile a ba a reka sethunya. Ha nako e ntse e ea, Tony o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O re: “Ha ke ntse ke ithuta ke ile ka hlokomela hore ke hloka ho fetola tsela eo ke etsang lintho ka eona le hore ke tlohele ho halefa.” Ha nako e ntse e ea, Tony o ile a kolobetsoa ’me hamorao a khethoa hore e be moholo. U ka inahanela hore na o ile a makala hakaakang ha a utloa hore José le eena o se a kolobelitsoe ’me o sebeletsa Jehova. Ha ba kopana ba ile ba hakana eaba Tony o bolella José hore o mo tšoaretse. Tony o ile a re ho tšoarela José ho ile ha mo thabisa haholo hoo a neng a hloleha ho hlalosa hore na o ikutloa joang. Jehova o ile a hlohonolofatsa Tony hobane a ile a tšoarela.

Mohlala oa Peter le Sue oa bontša hore re ka khona ho khaotsa ho koata (Sheba serapa sa 15 le 16)

15, 16. U ithutile’ng ka ho tšoarela ho Mor’abo rona Peter le Morali oabo rona Sue?

15 Ka 1985 monna e mong o ile a kenya bomo Holong ea ’Muso. Ha Mor’abo rona Peter le Morali oabo rona Sue ba le libokeng, bomo eo e ile ea phatloha. Morali oabo rona Sue o ile a lemala haholo ’me a se ke a hlola a bona le ho utloa hantle le ho fofonela lintho hantle. d Mor’abo rona Peter le Morali oabo rona Sue ba ne ba lula ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha motho eo a entse ntho e khopo hakana. Lilemo tse ngata hamorao, monna eo ea neng a sa sebeletse Jehova, o ile a tšoaroa. O ile a ahloleloa ho qeta bophelo bohle ba hae chankaneng. Ha Mor’abo rona Peter le Morali oabo rona Sue ba botsoa hore na ebe ba tšoaretse monna eo ba ile ba re: “Jehova o re ruta hore re se ke ra lula re nahana ka lintho tse re utloisang bohloko le tse re koatisang hobane li ka etsa hore re kule. Hang-hang ka mor’a ketsahalo eo re ile ra kopa Jehova hore a re thuse hore re se ke ra lula re koatile e le hore re khone ho tsoela pele ka bophelo ba rona.”

16 Na ho ne ho le bonolo hore ba tšoarele monna eo? Che. Ba ile ba re: “Ka linako tse ling rea koata ha Sue a kula ka lebaka la ntho e etsahetseng. Empa ha re lule re nahana ka taba eo ’me sena se etsa hore re se ke ra lula re koatile. Bonneteng haeba monna eo e ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka le leng, re tla mo amohela. Ntho ena e ileng ea re etsahalla e ile ea re ruta hore ho mamela melao-motheo ea Bibele ho re thusa haholo ebile ho etsa hore re lokolohe linthong tse ngata. Hape hoa re khothatsa ho tseba hore haufinyane Jehova o tla lokisa lintho tsohle tse re utloisitseng bohloko.”

17. U ithutile’ng ka ho tšoarela ho Morali oabo rona Myra?

17 Morali oabo rona Myra o ile a ithuta Bibele a se a ntse a nyetsoe ebile a e-na le bana ba babeli ba banyenyane. Monna oa hae eena ha aa ka a ithuta Bibele. Ha nako e ntse e ea, monna oa hae o ile a etsa bofebe ’me a siea lelapa la hae. Morali oabo rona Myra o re: “Ha monna oa ka a qeta ho re siea, ke ile ka ikutloa joaloka batho ba bangata ba ileng ba soetsoa ke balekane ba bona. Ke ile ka tšoha, ke ne ke sa kholoe, ke utloile bohloko, ke itšola, ke ipeha molato ebile ke koatile.” Le hoja lenyalo la bona le ile la fela, Morali oabo rona Myra o ne a ntse a utloile bohloko ka lebaka la ho soetsoa ke monna oa hae. Morali oabo rona Myra o re: “Ke ile ka lula ke ikutloa joalo ka likhoeli tse ngata eaba kea hlokomela hore ntho ena e senya setsoalle sa ka le Jehova hammoho le batho ba bang.” Morali oabo rona Myra o re ha a sa koatetse monna oa hae ebile ha a batle hore a hlaheloe ke ntho leha e le efe e mpe. O tšepa hore ka le leng e tla ba mohlanka oa Jehova. Morali oabo rona Myra o se a nahana haholo ka bokamoso boo Jehova a re tšepisitseng bona. O ile a thusa bana ba hae ba babeli hore ba sebeletse Jehova. Hona joale Morali oabo rona Myra o thabela ho sebeletsa Jehova hammoho le bana ba hae le malapa a bona.

JEHOVA KE MOAHLOLI EA PHETHAHETSENG

18. Jehova e leng Moahloli ea Phahameng o tla etsa’ng?

18 Rea thaba ho tseba hore ha se rona ba nang le boikarabelo ba ho ahlola batho ba bang. Jehova ke Moahloli ea Phahameng ’me o tla etsa mosebetsi oo oa bohlokoa. (Bar. 14:​10-12) Re ka kholiseha hore o tla lula a ahlola a itšetlehile ka melao ea hae e phethahetseng ea se nepahetseng le se fosahetseng. (Gen. 18:​25; 1 Mar. 8:​32) A ke ke a etsa ntho leha e le efe e sa lokang.

19. Jehova o tl’o etsa’ng?

19 Re tatetse nako eo ka eona Jehova a tla lokisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko ka lebaka la ho se phethahale le sebe. Ka nako eo re ke ke ra hlola re utloa bohloko. (Pes. 72:​12-14; Tšen. 21:​3, 4) Re ke ke ra hlola re hopola lintho tse re utloisitseng bohloko. Ha re ntse re emetse nako eo, re ananela haholo hore Jehova o re file bokhoni ba hore re mo etsise ka hore re tšoarele batho ba bang.

PINA EA 18 Rea U Leboha ka Mora oa Hao

a Jehova o batla ho tšoarela baetsalibe ba bakileng. Kaha re Bakreste, re batla ho mo etsisa ka hore re tšoarele batho ba bang ha ba re utloisitse bohloko. Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na ke libe life tseo re ka tšoarelang batho ba bang ha ba li entse, le tseo re hlokang ho li bolella baholo. Re tla boela re bone hore na ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re tšoarelane le hore na re tla fumana melemo efe ha re etsa joalo.

b Sheba sehlooho se reng, “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa April 15, 1996.

c Mabitso a mang a fetotsoe.

d Bala Tsoha! ea Senyesemane ea January 8, 1992, leq. 9-13. U ka boela oa sheba video e ho JW Broadcasting® e nang le sehlooho se reng, Peter and Sue Schulz: A Trauma Can Be Overcome.