Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 25

Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Tshwarelang

Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Tshwarelang

“Jwalo ka ha Jehova a ile a le tshwarela ka bolokolohi, le etse jwalo le lona.”​—BAKOL. 3:13.

PINA YA 130 Tshwarelanang

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke kgodiseho efe eo Jehova a e fang baetsadibe ba bakileng?

 JEHOVA ke Mmopi wa rona, Mofani wa molao le Moahlodi hape ke Ntate wa rona ya lerato. (Pes. 100:3; Esa. 33:22) Ha re entse dibe, o na le matla a ho re tshwarela ebile o ikemiseditse ho etsa jwalo haeba re baka e le ka nnete. (Pes. 86:5) Jehova o ile a sebedisa moprofeta Esaia ho ngola mantswe ana a re kgodisang a reng: “Le hoja dibe tsa lona di ka ba jwalo ka sekareleta, di tla sweufala jwalo ka lehlwa.”​—Esa. 1:18.

2. Re lokela ho etsang haeba re batla ho ba metswalle ya batho ba bang?

2 Kaofela ha rona re bua le ho etsa dintho tse utlwisang batho ba bang bohloko hobane ha re a phethahala. (Jak. 3:2) Le ha ho le jwalo, seo ha se bolele hore re ke ke ra kgona ho ba metswalle ya batho ba bang. Re ka kgona ho ba metswalle ya bona haeba re ithuta ho ba batho ba tshwarelang. (Liprov. 17:9; 19:11; Mat. 18:21, 22) Jehova o batla hore re tshwarelane haeba re utlwisane bohloko esita le dinthong tse nyenyane. (Bakol. 3:13) Re lokela ho etsa jwalo hobane Jehova o re tshwarela “ka tsela e kgolo.”​—Esa. 55:7.

3. Re tlo ithutang sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ke jwang batho ba sa phethahalang ba ka etsisang tsela eo Jehova a tshwarelang ka yona. Ke dibe dife tseo re lokelang ho di bolella baholo? Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re tshwarelane? Re ka ithutang ho Bakrestemmoho ba bang ba ileng ba utlwiswa bohloko ke dintho tseo ba bang ba ileng ba di etsa?

HA MOKRESTE A ENTSE SEBE SE TEBILENG

4. (a) Mohlanka wa Jehova o lokela ho etsang ha a entse sebe se tebileng? (b) Boikarabelo ba baholo ke bofe ha ba kopana le motho ya entseng sebe se tebileng?

4 Re lokela ho bolella baholo haeba ho ena le motho ya entseng sebe se tebileng. Mehlala ya dibe tseo e fumaneha ho 1 Bakorinthe 6:9, 10. Motho ya etsang sebe se tebileng o tlola molao wa Modimo. Ha Mokreste a entse sebe se tebileng, o lokela ho rapela Jehova Modimo ebe ka mora moo o bua le baholo. (Pes. 32:5; Jak. 5:14) Baholo ba na le boikarabelo bofe? Ke Jehova feela ya nang le matla a ho tshwarela dibe ka ho felletseng mme o etsa jwalo ka lebaka la sehlabelo sa thekollo. b Le ha ho le jwalo, Jehova o file baholo boikarabelo ba hore ba sebedise Bibele ho etsa qeto ya hore na moetsadibe o lokela ho tswela pele a le ka phuthehong. (1 Bakor. 5:12) E le hore ba fihlele qeto eo, ba lokela ho fumana dikarabo tsa dipotso tsena: “Na mofosi o entse sebe seo ka boomo? Na o ile a leka ho se patela batho ba bang? Na o entse sebe seo ka makgetlo?” Dipotso tse ding tsa bohlokwa tseo ba lokelang ho fumana dikarabo tsa tsona ke tsena: “Na ho na le bopaki ba hore o bakile e le ka nnete? Na ho na le bopaki bo bontshang hore Jehova o mo tshwaretse?”​—Lik. 3:19.

5. Baholo ba thusa batho ba bakileng jwang?

5 Ha baholo ba kopana le motho ya entseng sebe, morero wa bona ke ho etsa qeto e seng e entswe lehodimong. (Mat. 18:18) Taba ee e tswela phutheho molemo jwang? Ha moetsadibe ya sa bakeng a tloswa ka phuthehong, sena se etsa hore dinku tsa Jehova di sireletsehe. (1 Bakor. 5:6, 7, 11-13; Tite 3:10, 11) Sena se ka boela sa thusa moetsadibe hore a bake le hore Jehova a mo tshwarele. (Luka 5:32) Baholo ba rapela le motho ya bakileng mme ba kopa Jehova hore a mo thuse hore a boele a be le kamano e ntle le yena.​—Jak. 5:15.

6. Na Jehova a ka tshwarela motho ya kgaotsweng? Hlalosa.

6 Ho tla etsahalang haeba motho ya entseng sebe a sa bontshe hore o bakile ha baholo ba bua le yena? Motho eo o tla kgaolwa. Haeba a tlotse molao wa naha, baholo ba ke ke ba thibela hore a fumane ditlamorao tsa dintho tseo a di entseng. Jehova o dumelletse ba boholong pusong hore ba ahlole le ho fa e mong le e mong ya tlolang molao kotlo ho sa tsotellehe hore na o bakile kapa tjhe. (Bar. 13:4) Le ha ho le jwalo, haeba motho eo a hlokomela hore ntho eo a e entseng e mpe mme a baka e le ka nnete le ho kgaotsa ho etsa dintho tseo a neng a di etsa, Jehova o ikemiseditse ho mo tshwarela. (Luka 15:17-24) Jehova o tla mo tshwarela le hoja a entse dibe tse tebileng.​—2 Likron. 33:9, 12, 13; 1 Tim. 1:15.

7. Re ka bontsha jwang hore re tshwaretse motho?

7 Ho a thabisa ho tseba hore ha se rona ba lokelang ho etsa qeto ya hore Jehova o tla tshwarela motho ya entseng sebe. Ho ntse ho le jwalo, ho na le qeto eo re tla lokela ho e etsa. Ke qeto efe? Ho ka etsahala hore motho e mong a re utlwise bohloko haholo ebe o kopa tshwarelo. Ka dinako tse ding a ka nna a se ke a kopa tshwarelo. Re ka kgetha ho tshwarela motho eo mme ra bontsha hore re mo tshwaretse ka hore re se ke ra hlola re mo kwatela. Ho ka nka nako hore re mo tshwarele ebile ho hlokahala boiteko, haholoholo haeba a re utlwisitse bohloko haholo. Molula-Qhooa wa September 15, 1994 o re: “Ha o tshwarela mofosi, sena ha se bolele hore o kgothaletsa sebe. Ho Mokreste, ho tshwarela ho bolela hore ka botshepehi o siya taba ena matsohong a Jehova. Ke Moahlodi ya lokileng wa bokahohle bohle, mme o tla sebedisa toka ka nako e loketseng.” Ke hobaneng ha Jehova a re kgothaletsa hore re tshwarele mme re tlohele dintho matsohong a hae?

KE HOBANENG HA JEHOVA A RE RE TSHWARELE?

8. Ho ananela mohau wa Jehova ho tla re susumeletsa hore re etseng?

8 Ha re tshwarela re bontsha hore re ananela mohau wa Jehova. Papisong e nngwe, Jesu o ile a bapisa Jehova le monghadi ya ileng a hlakola sekoloto se seholo sa lekgoba le neng le sa kgone ho mo patala. Empa lekgoba leo ha le a ka la bontsha mohau ho lekgoba le leng le neng le le kolota tjhelete e nyenyane. (Mat. 18:23-35) Jesu o ne a rutang papisong ee? Haeba re ananela mohau oo Jehova a re bontshang wona, re tla tshwarela batho ba bang. (Pes. 103:9) Dilemo tse ngata tse fetileng Tora ya ho Lebela e nngwe e ile ya re: “Ho sa tsotellehe hore na re tshwarela batho ba bang ka makgetlo a mangata hakae, a ke ke a lekana le makgetlo ao Modimo a re bontshitseng mohau le ho re tshwarela ka sehlabelo sa Kreste.”

9. Ke batho bafe bao Jehova a ba hauhelang? (Matheu 6:14, 15)

9 Jehova o tla re tshwarela haeba re tshwarela batho ba bang. Jehova o hauhela batho ba bontshang mohau. (Mat. 5:7; Jak. 2:13) Jesu o ile a hlakisa taba ena ha a ne a ruta barutuwa ba hae ho rapela. (Bala Matheu 6:14, 15.) Re ithuta ntho e tshwanang ho seo Jehova a ileng a se bolella mohlanka wa hae Jobo. Monna enwa ya tshepahalang o ile a utlwiswa bohloko haholo ke seo Elifaze, Bildade le Tsofare ba ileng ba se bua. Jehova o ile a laela Jobo hore a ba rapelle. Ka mora hore Jobo a rapele, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa.​—Jobo 42:8-10.

10. Ho dula re halefetse motho ya re utlwisitseng bohloko ho ka ba le ditlamorao dife? (Baefese 4:31, 32)

10 Re ikutlwisa bohloko ha re dula re halefile. Jehova o batla hore re be le kgotso mme re se ke ra imelwa ke ho dula re halefile. (Bala Baefese 4:31, 32.) O re re ‘tlohele bohale mme re lese kgalefo.’ (Pes. 37:8) Ho mamela keletso eo ho tla re thusa. Ha re dula re halefetse motho ya re utlwisitseng bohloko, seo se ka re kudisa mmeleng le kelellong. (Liprov. 14:30) Ke rona ba tla utlwa bohloko haeba re dula re halefetse motho e mong feela jwalo ka ha ho nwa tjhefo ho ka kudisa rona eseng motho e mong. Ka hoo, re itswela molemo ha re tshwarela batho ba bang. (Liprov. 11:17) Re ba le kgotso ebile re kgona ho tswela pele re ntse re sebeletsa Jehova.

11. Bibele e reng ka ho iphetetsa? (Baroma 12:19-21)

11 Phetetso ke ya Jehova. Jehova ha a re fa tokelo ya hore re iphetetse haeba motho e mong a re foseditse. (Bala Baroma 12:19-21.) Ka ha ha re a phethahala, ha re kgone ho ahlola dintho hantle jwalo ka Modimo. (Baheb. 4:13) Hape ka dinako tse ding re ka nkwa ke maikutlo mme ha eba thata hore re bone dintho ka tsela e nepahetseng. Jehova o ile a susumetsa Jakobo hore a re: “Kgalefo ya motho ha e hlahise ho loka ha Modimo.” (Jak. 1:20) Re ka kgodiseha hore Jehova o tla etsa ntho e nepahetseng le ho etsa bonnete ba hore toka e a phethahatswa.

O se ke wa kwata. Tlohela dintho matsohong a Modimo. O tla lokisa dintho tsohle tse re utlwisitseng bohloko ka lebaka la sebe (Sheba serapa sa 12)

12. Re ka bontsha jwang hore re kgodisehile hore Jehova o tla phethahatsa toka?

12 Ha re tshwarela batho ba bang, re bontsha hore re kgodisehile hore Jehova o tla phethahatsa toka. Ha re tlohela dintho matsohong a Jehova, re bontsha hore re kgodisehile hore Jehova o tla fedisa dintho tsohle tse re utlwisang bohloko tse bakilweng ke sebe. Lefatsheng le letjha leo a le tshepisitseng, dintho tse bohloko di “ke ke tsa hopolwa kapa tsa fihla ka pelong.” (Esa. 65:17) Na ho a kgoneha hore re se ke ra kwatela motho haeba a re utlwisitse bohloko haholo? A re boneng hore na batho ba bang ba ile ba etsa seo jwang.

HO TSHWARELA BATHO BA BANG HO RE TSWELA MOLEMO

13, 14. Re ithutang ka ho tshwarela ho Tony le José?

13 Bara le baradibabo rona ba bangata ba ile ba etsa qeto ya ho tshwarela batho ba bang le hoja ba ne ba ba utlwisitse bohloko haholo. Ho etsa jwalo ho ba tswetse molemo jwang?

14 Dilemo tse ngata pele Tony c ya dulang Philippines a ithuta Bibele, abuti wa hae o ile a bolawa ke monna e mong ya bitswang José. Ka nako eo, Tony o ne a le bohale haholo a bile a rata ntwa mme o ne a batla ho iphetetsa. José o ile a tshwarwa. Ha morao ha José a lokollwa teronkong, Tony o ne a ikemiselitse ho mo batla ka dintja le dikatse, a batla ho mo bolaya. O ile a ba a reka sethunya. Ha nako e ntse e ya, Tony o ile a qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. O re: “Ha ke ntse ke ithuta ke ile ka hlokomela hore ke hloka ho fetola tsela eo ke etsang dintho ka yona le hore ke tlohele ho halefa.” Ha nako e ntse e ya, Tony o ile a kolobetswa mme ha morao a kgethwa hore e be moholo. O ka inahanela hore na o ile a makala hakaakang ha a utlwa hore José le yena o se a kolobeditswe mme o sebeletsa Jehova. Ha ba kopana ba ile ba hakana yaba Tony o bolella José hore o mo tshwaretse. Tony o ile a re ho tshwarela José ho ile ha mo thabisa haholo hoo a neng a hloleha ho hlalosa hore na o ikutlwa jwang. Jehova o ile a hlohonolofatsa Tony hobane a ile a tshwarela.

Mohlala wa Peter le Sue o a bontsha hore re ka kgona ho kgaotsa ho kwata (Sheba serapa sa 15 le 16)

15, 16. O ithutileng ka ho tshwarela ho Morabo rona Peter le Moradiwabo rona Sue?

15 Ka 1985 monna e mong o ile a kenya bomo Holong ya Mmuso. Ha Morabo rona Peter le Moradiwabo rona Sue ba le dibokeng, bomo eo e ile ya phatloha. Moradiwabo rona Sue o ile a lemala haholo mme a se ke a hlola a bona le ho utlwa hantle le ho fofonela dintho hantle. d Morabo rona Peter le Moradiwabo rona Sue ba ne ba dula ba ipotsa hore na ke hobaneng ha motho eo a entse ntho e kgopo hakana. Dilemo tse ngata ha morao, monna eo ya neng a sa sebeletse Jehova, o ile a tshwarwa. O ile a ahlolelwa ho qeta bophelo bohle ba hae tjhankaneng. Ha Morabo rona Peter le Moradiwabo rona Sue ba botswa hore na ebe ba tshwaretse monna eo ba ile ba re: “Jehova o re ruta hore re se ke ra dula re nahana ka dintho tse re utlwisang bohloko le tse re kwatisang hobane di ka etsa hore re kule. Hanghang ka mora ketsahalo eo re ile ra kopa Jehova hore a re thuse hore re se ke ra dula re kwatile e le hore re kgone ho tswela pele ka bophelo ba rona.”

16 Na ho ne ho le bonolo hore ba tshwarele monna eo? Tjhe. Ba ile ba re: “Ka dinako tse ding re a kwata ha Sue a kula ka lebaka la ntho e etsahetseng. Empa ha re dule re nahana ka taba eo mme sena se etsa hore re se ke ra dula re kwatile. Bonneteng haeba monna eo e ka ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova ka le leng re tla mo amohela. Ntho ena e ileng ya re etsahalla e ile ya re ruta hore ho mamela melaomotheo ya Bibele ho re thusa haholo ebile ho etsa hore re lokolohe dinthong tse ngata. Hape ho a re kgothatsa ho tseba hore haufinyane Jehova o tla lokisa dintho tsohle tse re utlwisitseng bohloko.”

17. O ithutileng ka ho tshwarela ho Moradiwabo rona Myra?

17 Moradiwabo rona Myra o ile a ithuta Bibele a se a ntse a nyetswe ebile a ena le bana ba babedi ba banyenyane. Monna wa hae yena ha a ka a ithuta Bibele. Ha nako e ntse e ya, monna wa hae o ile a etsa bofebe mme a siya lelapa la hae. Moradiwabo rona Myra o re: “Ha monna wa ka a qeta ho re siya, ke ile ka ikutlwa jwalo ka batho ba bangata ba ileng ba swetswa ke balekane ba bona. Ke ile ka tshoha, ke ne ke sa kgolwe, ke utlwile bohloko, ke itshola, ke ipeha molato ebile ke kwatile.” Le hoja lenyalo la bona le ile la fela, Moradiwabo rona Myra o ne a ntse a utlwile bohloko ka lebaka la ho swetswa ke monna wa hae. Moradiwabo rona Myra o re: “Ke ile ka dula ke ikutlwa jwalo ka dikgwedi tse ngata yaba ke a hlokomela hore ntho ena e senya setswalle sa ka le Jehova ha mmoho le batho ba bang.” Moradiwabo rona Myra o re ha a sa kwatetse monna wa hae ebile ha a batle hore a hlahelwe ke ntho le ha e le efe e mpe. O tshepa hore ka le leng e tla ba mohlanka wa Jehova. Moradiwabo rona Myra o se a nahana haholo ka bokamoso boo Jehova a re tshepisitseng bona. O ile a thusa bana ba hae ba babedi hore ba sebeletse Jehova. Hona jwale Moradiwabo rona Myra o thabela ho sebeletsa Jehova ha mmoho le bana ba hae le malapa a bona.

JEHOVA KE MOAHLODI YA PHETHAHETSENG

18. Jehova e leng Moahlodi ya Phahameng o tla etsang?

18 Re a thaba ho tseba hore ha se rona ba nang le boikarabelo ba ho ahlola batho ba bang. Jehova ke Moahlodi ya Phahameng mme o tla etsa mosebetsi oo wa bohlokwa. (Bar. 14:10-12) Re ka kgodiseha hore o tla dula a ahlola a itshetlehile ka melao ya hae e phethahetseng ya se nepahetseng le se fosahetseng. (Gen. 18:25; 1 Mar. 8:32) A ke ke a etsa ntho le ha e le efe e sa lokang.

19. Jehova o tlo etsa eng?

19 Re tatetse nako eo ka yona Jehova a tla lokisa dintho tsohle tse re utlwisang bohloko ka lebaka la ho se phethahale le sebe. Ka nako eo re ke ke ra hlola re utlwa bohloko. (Pes. 72:12-14; Tšen. 21:3, 4) Re ke ke ra hlola re hopola dintho tse re utlwisitseng bohloko. Ha re ntse re emetse nako eo, re ananela haholo hore Jehova o re file bokgoni ba hore re mo etsise ka hore re tshwarele batho ba bang.

PINA YA 18 Re a Leboha ka Thekollo

a Jehova o batla ho tshwarela baetsadibe ba bakileng. Ka ha re Bakreste, re batla ho mo etsisa ka hore re tshwarele batho ba bang ha ba re utlwisitse bohloko. Sehloohong sena re tlo bua ka hore na ke dibe dife tseo re ka tshwarelang batho ba bang ha ba di entse, le tseo re hlokang ho di bolella baholo. Re tla boela re bone hore na ke hobaneng ha Jehova a batla hore re tshwarelane le hore na re tla fumana melemo efe ha re etsa jwalo.

b Sheba sehlooho se reng, “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Molula-Qhooa wa April 15, 1996.

c Mabitso a mang a fetotswe.

d Bala Fadimehang! ya Senyesemane ya January 8, 1992, leq. 9-13. O ka boela wa sheba video e ho JW Broadcasting® e nang le sehlooho se reng, Peter and Sue Schulz: A Trauma Can Be Overcome.