Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 26

Lerato le re Thusa ho Hlola Tšabo

Lerato le re Thusa ho Hlola Tšabo

“Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha.”​—PES. 118:6.

PINA EA 105 “Molimo ke Lerato”

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke lintho life tse ka etsang hore re tšohe?

 AK’U nahane ka maemo ana ao bara le barali babo rona ba ileng ba e-ba ho ’ona. Nestor le mosali oa hae e leng María, ba ne ba batla ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. b E le hore ba tle ba khone ho etsa joalo, ba ne ba lokela ho itloaetsa ho phela ka chelete e fokolang. Empa ba ne ba tšohile hore ba ka ’na ba se ke ba thaba haeba ba phela ka chelete e nyane. Ha Biniam e e-ba Paki ea Jehova naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng, o ile a hlokomela hore a ka ’na a hlorisoa joaloka batho ba bang ba Molimo. Ntho eo e ile ea mo tšosa. Empa o ile a tšoha le ho feta ha a nahana hore na lelapa labo le tla etsa’ng ha le utloa ka bolumeli bona ba hae bo bocha. Valérie o ile a tšoaroa ke mofuta o kotsi oa kankere hape o ile a sokola ho fumana ngaka e tla utloisisa maikutlo a hae a thehiloeng Bibeleng tabeng ea ho tšela mali. Hoa utloahala hore Valérie o ne a tšohile hore a ka ’na a hlokahala.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa hore re hlole tšabo?

2 Na le uena u kile oa tšosoa ke lintho tsee? Bongata ba rona li kile tsa re tšosa. Haeba re sa ithute ho laola tšabo ea rona, re ka ’na ra etsa liqeto tse fosahetseng tse ka ’nang tsa senya setsoalle sa rona le Jehova. Ke eona ntho eo Satane a e batlang. O boetse o sebelisa lintho tse ka re tšosang ho etsa hore re se ke ra mamela melao ea Jehova e akarelletsang ho bolela litaba tse molemo. (Tšen. 12:17) Satane o khopo, o sehloho ebile o matla. Empa u ka itšireletsa khahlanong le eena. Joang?

3. Re ka thusoa ke’ng hore re se ke ra tšoha?

3 Haeba re kholisehile hore Jehova oa re rata ebile re kholisehile hore o tla lula a re tšehelitse, re ke ke ra tšosoa ke Satane. (Pes. 118:6) Mohlala, mongoli oa Pesaleme ea 118 o ile a kopana le mathata a boima haholo. O ne a e-na le lira tse ngata, ho akarelletsa le batho ba neng ba tumme (temana ea 9 le 10). Ka linako tse ling o ne a e-ba tlas’a khatello e matla (temana ea 13). Hape Jehova o ile a mo khalemela ka matla (temana ea 18). Ho ntse ho le joalo, mopesaleme o ile a bina a re: “Nke ke ka tšoha.” Ke’ng e ileng ea etsa hore a ikutloe a sireletsehile hakaale? O ne a tseba hore le hoja Jehova a ile a mo khalemela, ke Ntate oa hae ea leholimong ea mo ratang haholo. Mopesaleme o ne a kholisehile hore ho sa tsotellehe hore na ke boemo bofe boo a kopanang le bona, Molimo oa hae ea lerato o ikemiselitse ho mo thusa.​—Pes. 118:29.

4. Ke lintho life tse ke keng tsa re tšosa haeba re kholisehile hore Molimo oa re rata?

4 Re lokela ho kholiseha hore Jehova oa re rata. Ho ba le kholiseho eo ho tla re thusa hore re se ke ra tšosoa ke lintho tsena tse tharo e leng (1) ho tšaba hore re ke ke ra khona ho hlokomela lelapa, (2) ho tšaba batho le (3) ho tšaba lefu. Bara le barali babo rona bao ho buuoeng ka bona serapeng sa pele ba ile ba khona ho hlola tšabo eo ba neng ba e-na le eona hobane ba ne ba kholisehile hore Molimo oa ba rata.

HO TŠABA HORE RE KE KE RA KHONA HO HLOKOMELA LELAPA

Mor’abo rona o na le mora oa hae ’me ba cheha litlhapi, e leng mosebetsi oo mor’abo rona a o etsang ho hlokomela lelapa la hae (Sheba serapa sa 5)

5. Ke lintho life tseo hlooho ea lelapa e ka tšoenyehang ka tsona haholo? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

5 Mokreste eo e leng hlooho ea lelapa o nka boikarabelo ba hae ba ho hlokomela lelapa ka ho teba. (1 Tim. 5:8) Haeba u hlooho ea lelapa, e ka ’na eaba nakong ena ea seoa sa corona u ne u tšoenyehile ka hore u ka ’na oa lahleheloa ke mosebetsi oa hao. E ka ’na eaba u ne u tšoenyehile ka hore u tla thatafalloa ke ho hlokomela lelapa ka lijo le ho patalla bolulo. Hape e ka ’na eaba u ne u tšoenyehile ka hore haeba u ka lahleheloa ke mosebetsi oa hao, u ke ke oa khona ho fumana o mong. Kapa joaloka Nestor le María bao ho buuoeng ka bona qalong, e ka ’na eaba u ne u tšoenyehile ka hore u ke ke oa khona ho phela ka chelete e nyane. Satane o khonne ho etsa hore batho ba bangata ba khaotse ho sebeletsa Jehova hobane ba ikutloa ka tsela eo.

6. Satane o leka ho etsa hore re lumele eng?

6 Satane o leka ho etsa hore re lumele hore Jehova ha a re tsotelle ebile a ke ke a re thusa hore re hlokomele ba malapa a rona. Ka lebaka leo, re ka ’na ra nahana hore re tlameha ho etsa ntho efe kapa efe e le hore re se ke ra lahleheloa ke mosebetsi. Re ka ba ra qetella re entse ntho e tla senya setsoalle sa rona le Molimo.

7. Jesu o re kholisa ka eng?

7 Jesu, ea tsebang Ntate ho feta mang kapa mang o ile a re: “Ntat’a lona oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kopa.” (Mat. 6:8) Jesu oa tseba hore Jehova o malala-a-laotsoe ho re fa lintho tseo re li hlokang. Re le Bakreste, re litho tsa lelapa la Molimo. Jehova ke eena Hlooho ea lelapa lena ’me re ka kholiseha hore o tla etsa seo a reng lihlooho tsohle tsa malapa li lokela ho se etsa ho 1 Timothea 5:8.

Jehova o tla etsa bonnete ba hore re na le lintho tseo re li hlokang. A ka sebelisa bara le barali babo rona ho re thusa (Sheba serapa sa 8) d

8. (a)  Ke’ng e ka re thusang hore re se ke ra tšoha hore re ke ke ra khona ho hlokomela ba malapa a rona? (Matheu 6:31-33) (b) Mohlala o setšoantšong oa banyalani ba fang morali oabo rona lijo o re thusa joang?

8 Haeba re kholisehile hore Jehova oa re rata hammoho le ba malapa a rona, re ke ke ra ba le bothata ba ho lumela hore re tla ba le lintho tseo re li hlokang. (Bala Matheu 6:31-33.) Jehova o batla ho re hlokomela ’me ke Mohlokomeli ea lerato le ea fanang. Ha a bopa lefatše, ha aa ka a re fa feela lintho tseo re li hlokang bakeng sa bophelo. Ka lerato, o tlatsitse lefatše ka lintho tse ngata tse re thabisang. (Gen. 2:9) Ka linako tse ling re ka ’na ra ba le lintho tsa motheo feela, eseng lintho tse ling tse eketsehileng. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore re na le lintho tseo hobane Jehova a re file tsona. (Mat. 6:11) Re lokela ho lula re hopola hore nakong e tlang Molimo o tla re fa lintho tsa bohlokoa haholo ho feta tseo re li telang hona joale hape o tla re fa bophelo bo sa feleng nakong e tlang. Nestor le María ba ile ba hlokomela taba eo.​—Esa. 65:21, 22.

9. U ka ithuta’ng mohlaleng oa Nestor le María?

9 Nestor le María ba ne ba e-na le ntlo e ntle le mosebetsi o patalang haholo Colombia. Ba re: “Re ne re nahana hore haeba re nolofatsa bophelo ba rona ’me re sebeletsa Jehova haholoanyane, re ke ke ra thaba hobane re ne re tla phela ka chelete e nyane.” Ba thusitsoe ke’ng hore ba hlole tšabo eo? Ba ile ba nahanisisa ka litsela tse ngata tseo ka tsona Jehova a bontšitseng hore oa ba rata. Ka lebaka leo, ba ile ba tlohela mesebetsi ea bona e patalang hantle hobane ba ne ba kholisehile hore Jehova o tla lula a ba hlokomela. Ba ile ba rekisa ntlo ea bona eaba ba fallela karolong e ’ngoe ea naha moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. Ba ikutloa joang ka qeto eo? Nestor o re: “Re bone hore mantsoe a hlahang ho Matheu 6:33 ke ’nete. Ha ho mohla re kileng ra haelloa ke letho ebile re thabile.”

HO TŠABA BATHO

10. Ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang hore ebe batho ba tšaba batho ba bang?

10 Esale batho ba se na lerato ho tloha ha Adama le Eva ba fetohela Jehova. (Moek. 8:9) Mohlala, ba nang le matla a bolaoli ba sebelisa matla a bona hampe, linokoane li etsa liketso tse sehloho, sekolong bo-’mampoli ba rohaka bana ba bang ebile baa ba tšosa. Batho ba bang ba tšoara ba malapa a bona hampe. Ha ho makatse hore ebe batho ba tšaba ba bang. Ke joang Satane a lekang ho sebelisa tšabo eo khahlanong le rona?

11, 12. Satane o sebelisa leraba la ho tšaba batho joang khahlanong le rona?

11 Satane o etsa hore re tšabe batho hoo re ka emisang ho etsa mosebetsi oa boboleli kapa lintho tse ling tseo Jehova a reng re li etse. Satane o susumetsa mebuso hore e re hlorise e be e thibele mosebetsi oa rona. (Luka 21:12; Tšen. 2:10) Lefatšeng lena le laoloang ke Satane, batho ba bangata ba hasa mashano ka Lipaki Tsa Jehova. Batho ba lumelang mashano ao, ba ka re soma kapa ba re hlorisa. (Mat. 10:36) Na maraba a Satane aa re makatsa? Che. O ne a ntse a a sebelisa le mehleng ea Bakreste ba pele.​—Lik. 5:27, 28, 40.

Leha ba lelapa ba ka re hanyetsa, re ka kholiseha hore Jehova oa re rata (Sheba serapa sa 12-14) e

12 Ho tšaba hore re tla hlorisoa ke mebuso ha se lona feela leraba leo Satane a le sebelisang. Batho ba bang ba tšosoa ke hore na ha e e-ba Lipaki Tsa Jehova, ba malapa a bona ba tla ikutloa joang. Ka linako tse ling ntho ena e ba tšosa haholo ho feta ho tšoha hore ba tla tšoaroa hampe. Ba rata litho tsa malapa a bona haholo ’me ba batla hore ba ithute ka Jehova ba be ba mo rate. Ba utloisoa bohloko ke ha litho tsa malapa a bona li bua hampe ka Molimo oa ’nete le ka barapeli ba hae. Maemong a mang litho tsa malapa tseo pele li neng li hanyetsa, li ile tsa qetella li ithutile Bibele. Empa ho thoe’ng haeba litho tsa malapa li se li sa batle ho ikamahanya le rona ho hang ka lebaka la tumelo ea rona? Re tla etsa’ng?

13. Ho kholiseha hore Molimo oa re rata ho tla re thusa joang ha ba lelapa ba re lahla? (Pesaleme ea 27:10)

13 Re ka tšelisoa ke mantsoe a monate ao re a balang ho Pesaleme ea 27:10. (E bale.) Ha re hopola kamoo Jehova a re ratang kateng, re ke ke ra tšosoa ke ntho leha e le efe e ka re etsahallang leha ba lelapa ba ka re lahla. Hape re kholisehile hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re mamella. O tla re fa lintho tsohle tseo re li hlokang hore re phele, a re thuse ho lula re sa tšoenyeha ebile re thabile. Hape o tla re thusa hore re lule re le haufi le eena. O tla etsa joalo ka tsela e molemo ho feta eo ntate leha e le ofe a ka etsang ka eona. Biniam eo re buileng ka eena o ile a hlokomela taba ena.

14. U ithuta’ng mohlaleng oa Biniam?

14 Biniam e ile ea e-ba Paki ea Jehova le hoja a ne a tseba hore naheng ea habo Lipaki Tsa Jehova li hlorisoa ka sehloho. Hlokomela hore na taba ea hore Biniam o ne a tseba hore Jehova oa mo rata, e ile ea mo thusa joang hore a se ke a tšaba batho. O re: “Re ne re hlorisoa haholo ho feta kamoo ke neng ke nahanne kateng. Empa ntho e ileng ea ntšosa le ho feta ke ho hanyetsoa ke ba lelapa leso. Ke ne ke tšohile hore qeto eo ke e entseng ea ho ba Paki e ne e tl’o utloisa ntate oa ka eo e neng e se Paki bohloko le hore ba lelapa leso ba ne ba ke ke ba hlola ba ntlhompha.” Leha ho le joalo, Biniam o ne a kholisehile hore Jehova o lula a hlokomela batho bao a ba ratang. Biniam o re: “Ke ile ka nahana kamoo Jehova a thusitseng batho ba bang ho mamella ha ba ne ba e-na le mathata a lichelete, ba khetholloa ba bile ba hlorisoa ke batho ba mabifi. Ke ne ke tseba hore Jehova o tla ntlhohonolofatsa haeba ke lula ke mo tšepahalla. Makhetlong a mangata ao ka ’ona ke neng ke tšoaroa le ho shapuoa, ke ile ka bona hore kamehla Jehova oa re thusa ha re mo tšepahalla.” Jehova e ile ea e-ba Ntate ho Biniam ebile batho ba Jehova e ile ea e-ba lelapa ho Biniam.

HO TŠABA LEFU

15. Ke hobane’ng ha e le ntho e tloaelehileng ho tšaba lefu?

15 Bibele e re lefu ke sera. (1 Bakor. 15:25, 26) Re ka ’na ra tšoenyeha haholo ka lefu haeba re kula kapa ho kula batho bao re ba ratang. Ke hobane’ng ha re tšaba lefu? Hobane Jehova o re bopile re e-na le takatso ea ho batla ho phela ka ho sa feleng. (Moek. 3:11) Ho tšaba lefu ho ka re thusa hore re sireletse bophelo ba rona. Mohlala, ho ka re thusa hore re je hantle, re ikoetlise, re ee ngakeng re be re qobe ho beha bophelo ba rona kotsing ho sa hlokahale.

16. Ke joang Satane a lekang ho sebelisa tšabo eo ka tlhaho re nang le eona ka lefu?

16 Satane oa tseba hore re rata bophelo. O re re ka tela ntho leha e le efe, esita le setsoalle sa rona le Jehova hore feela re phele. (Jobo 2:4, 5) Empa ntho ena eo Satane a e buang ha se ’nete. Kaha ke eena “ea nang le mokhoa oa ho baka lefu,” o sebelisa tšabo eo re nang le eona ka lefu e le ho etsa hore re se ke ra sebeletsa Jehova. (Baheb. 2:14, 15) Ka linako tse ling batho ba susumetsoang ke Satane, ba leka ho re tšosa ka hore ba tla re bolaea haeba re sa furalle tumelo ea rona. Maemong a mang, Satane a ka nka monyetla haeba re kula ebe o leka ho etsa hore se ke ra mamela Molimo. Lingaka kapa litho tsa lelapa tseo eseng Lipaki li ka re hatella hore re tšele mali e leng ntho e khahlanong le melao ea Molimo. Kapa motho e mong a ka re susumetsa hore re amohele mokhoa oa phekolo o sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele.

17. Ho latela Baroma 8:​37-39, ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba lefu?

17 Le hoja re sa batle ho shoa, rea tseba hore Jehova a ke ke a tlohela ho re rata leha re ka shoa. (Bala Baroma 8:37-39.) Ha metsoalle ea Jehova e shoa oa e hopola. O e hopola joalokaha eka e ntse e phela. (Luka 20:​37, 38) Hape o hloloheloa ho e tsosa. (Jobo 14:​15) Jehova o re rekile ka theko e phahameng haholo e le hore re “be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:​16) Rea tseba hore Jehova o re rata haholo ebile oa re tsotella. Kahoo, ha re kula kapa re tšosoa ka hore re tla bolaoa, ha re fetohele Jehova empa re itšetleha ka eena hore a re tšelise a be a re fe bohlale le matla. Ke eona ntho eo Valérie le monna oa hae ba ileng ba e etsa.​—Pes. 41:3.

18. U ithuta’ng mohlaleng oa Valérie?

18 Ha Valérie a ne a le lilemo li 35, o ile a tšoaroa ke mofuta oa kankere o kotsi le o sa tloaelehang. Hlokomela hore na lerato le ile la mo thusa joang hore a se ke a tšaba lefu. O re: “Na le monna oa ka re ne re tšohile haholo ha re utloa hore ke na le kankere. Ke ne ke hloka ho etsoa opereishene e le hore ke phele. Ke ile ka ea lingakeng tse ngata tse etsang opereishene empa li ile tsa re li ke ke tsa nthusa haeba ke sa batle ho tšela mali. Ke ne ke tšohile. Leha ho le joalo, ke ile ka mamela melao ea Molimo eaba ke hana ho tšeloa mali. Esale bophelong ba ka Jehova a mpontša hore oa nthata. Kahoo, e ne e le monyetla oa ka oa hore ke mo bontše hore le ’na kea mo rata. Kamehla ha ke ne ke fumana litaba tse bohloko, ke ne ke ikemisetsa ho thabisa Jehova ’me ke sa lumelle Satane hore a hlole. Qetellong ke ile ka sebetsoa ntle le hore ke tšeloe mali. Le hoja ke ntse ke kula, Jehova o re fa lintho tseo re li hlokang. Mohlala, nakoana pele ke utloa hore ke na le kankere, libokeng ho ne ho buuoa ka sehlooho se reng ‘Ho Sebetsana le Mathata a Kajeno ka Sebete.’ c Sehlooho seo se ile sa re khothatsa haholo. Re ne re se bala hangata. Ho bala sehlooho seo le tse ling tse tšoanang le sona ho ile ha thusa ’na le monna oa ka hore re se ke ra tšoha le hore re etse liqeto tse nepahetseng. Re ile ra thusoa hape ke ho ea tšimong le libokeng.”

HO HLOLA TŠABO

19. Ho tla etsahala’ng haufinyane?

19 Jehova o thusitse Bakreste lefatšeng lohle hore ba hlole mathata ’me ba atlehile ho hanyetsa Diabolose. (1 Pet. 5:8, 9) Le uena u ka atleha. Haufinyane, Jehova o tla laela Jesu le babusi-’moho le eena hore ba ‘qhaqhe mesebetsi ea Diabolose.’ (1 Joh. 3:8) Ka mor’a moo, batho ba sebeletsang Molimo ba le lefatšeng ba ‘ke ke ba tšaba [motho] le ea mong, le ntho leha e le efe e tšosang.’ (Esa. 54:14; Mik. 4:4) Ho fihlela nako eo e fihla, re lokela ho sebetsa ka thata ho hlola tšabo.

20. Re tla thusoa ke’ng hore re hlole tšabo?

20 Re lokela ho kholiseha haholoanyane hore Jehova oa re rata ebile o sireletsa bahlanka ba hae. Re tla thusoa ke haeba re nahanisisa re bile re bua ka kamoo Jehova a thusitseng bahlanka ba hae ba mehleng ea khale kateng. Hape re lokela ho hopola kamoo a re thusitseng kateng ha re kopana le mathata. Ka thuso ea Jehova, re ka khona ho hlola tšabo.​—Pes. 34:4.

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

a Ho tloaelehile hore batho ba tšohe ebile ka linako tse ling hoa re sireletsa. Empa ha se ntho e nepahetseng ho tšoha ka ho feteletseng. Hobane’ng? Satane a ka etsa hore re tšohe hoo re ka etsang liqeto tse fosahetseng. Ho hlakile hore re lokela ho sebetsa ka thata hore re qobe ho tšoha ka tsela eo. Ke’ng e ka re thusang? Joalokaha re tla bona sehloohong sena, ha re kholisehile hore Jehova o ka lehlakoreng la rona ebile oa re rata, re ka khona ho hlola tšabo leha e le efe.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

d LITŠOANTŠO: Banyalani ba phuthehong e le ’ngoe le morali oabo rona ea sebetsang ka thata ba tlisetsa morali oabo rona eo lijo.

e LITŠOANTŠO: Batsoali ba mor’abo rona e mocha ha ba batle ha a sebeletsa Jehova empa o kholisehile hore Molimo o tla mo thusa.