Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 27

“Tšepa Jehova”

“Tšepa Jehova”

“Tšepa Jehova; e-ba sebete ’me pelo ea hao e be matla.”​—PES. 27:14.

PINA EA 128 Mamellang ho Fihlela Qetellong

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. (a) Jehova o re tšepisitse eng? (b) Re ka bontša joang hore re “tšepa Jehova”? (Sheba “Tlhaloso.”)

 JEHOVA o file batho bohle ba mo ratang tšepo e thabisang ea hore o tla felisa ho kula, mesarelo le lefu. (Tšen. 21:3, 4) O tla thusa batho “ba bonolo” ba mo tšepang hore ba etse lefatše paradeise. (Pes. 37:9-11) Hape o tla etsa hore setsoalle sa rona le eena se be matla le ho feta. Kannete eo ke tšepo e thabisang. Empa ke eng e re kholisang hore litšepiso tsa Molimo li tla fela li phethahale? Re kholisoa ke hore kamehla Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae, ke kahoo re nang le lebaka le utloahalang la ho “tšepa Jehova.” b (Pes. 27:​14) Re ka bontša hore re tšepa Jehova ha re leka kahohle-hohle hore re lule re thabile ha re ntse re mo emetse ka mamello hore a phethahatse litšepiso tsa hae.​—Esa. 55:10, 11.

2. Ke tšepiso efe eo Jehova a seng a e phethahalitse?

2 Haesale Jehova a phethahatsa litšepiso tsa hae. Nahana ka mohlala o latelang. Lengolong la Tšenolo, Jehova o ile a tšepisa hore o tla kopanya batho ba tsoang lichabeng tsohle, melokong eohle le malemeng ’ohle, hore ba mo sebeletse ba momahane. Mehleng ena sehlopha sena se ikhethang sa batho se tsebahala e le “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9, 10) Sehlopha sena ke lelapa le momahaneng le hoja se akarelletsa banna, basali le bana ba tsoang merabeng le lipuong tsohle. (Pes. 133:1; Joh. 10:16) Bongata bona bo boholo bo phatlalatsa molaetsa oa Molimo ka mafolo-folo. Batho bana ba bongata bo boholo ba lula ba ikemiselitse ho bua le batho ba ka ba mamelang ka tšepo eo ba nang le eona ea hore lefatše le lecha lea tla. (Mat. 28:19, 20; Tšen. 14:6, 7; 22:17) Haeba u oela har’a ba bongata bo boholo, e tlameha ebe tšepo ea hore lefatše le lecha lea tla ke ea bohlokoa haholo ho uena.

3. Satane o batla ho etsa’ng?

3 Diabolose ha a batle hore u be le tšepo ea bokamoso boo Jehova a re tšepisang bona. Ha e le hantle, o batla u nahane hore Jehova ha a u tsotelle le hore a ke ke a phethahatsa litšepiso tsa hae. Haeba Satane a ka atleha ho re lahlisa tšepo, re ka iphumana re se re se sebete ’me re ka ba ra tlohella ho sebeletsa Jehova. Joalokaha re tla ithuta, Diabolose o ile a leka ho etsa hore Jobo a se ke a ba le tšepo a be a khaotse ho sebeletsa Jehova.

4. Re tla ithuta’ng sehloohong see? (Jobo 1:9-12)

4 Sehloohong sena re tl’o ithuta kamoo Satane a ileng a leka ho qobella Jobo hore a se ke a tšepahalla Jehova. (Bala Jobo 1:9-12.) Hape re tla hlahloba hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jobo. Re tla boela re ithute hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hopola hore Molimo oa re rata le hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae.

SATANE O ILE A LEKA HO LAHLISA JOBO TŠEPO

5, 6. Jobo o ile a etsahalloa ke eng ka tšohanyetso?

5 Jobo o ne a phela hamonate. O ne a e-na le setsoalle se matla le Jehova, a e-na le lelapa le leholo le thabileng a bile a ruile haholo. (Jobo 1:1-5) Empa ka letsatsi le le leng feela, Jobo o ile a lahleheloa ke lintho tse ngata haholo. Qalong, leruo la hae le ile la fela. (Jobo 1:13-17) Ka mor’a moo, bana ba hae ba ile ba hlokahala. Ak’u leke ho nahana ka koluoa eo. Batsoali ba utloa bohloko bo otlang pelo ha ba ka hlokahalloa ke ngoana a le mong. U se u ka nahana hore na Jobo le mosali oa hae ba ile ba utloa bohloko hakaakang ha ba utloa hore bana ba bona ba leshome kaofela ba hlokahetse. Ha se feela Jobo a ileng a hahola liaparo tsa hae a ba a itihela fatše a lla.​—Jobo 1:18-20.

6 Ka mor’a moo Satane o ile a otla Jobo ka bokuli bo bohloko le bo tlotlollang. (Jobo 2:​6-8; 7:5) Pele ho moo, Jobo e ne e le motho ea hlomphehang haholo. Batho ba ne ba tla ho eena ba tl’o kopa likeletso. (Jobo 31:​18) Empa joale ba ne ba se ba mo khesa. O ne a khesoa le ke bana babo, metsoalle ea hae le bahlanka ba hae.​—Jobo 19:13, 14, 16.

Bakreste ba bangata mehleng ena ba ka khona ho utloisisa hantle hore na Jobo o ne a ikutloa joang ha a imetsoe ke mathata (Sheba serapa sa 7) d

7. (a) Jobo o ne a nahana hore ke hobane’ng ha a hlaheloa ke mathata empa o ile a hana ho etsa’ng? (b)  Mokreste a ka hlaheloa ke mathata afe a joaloka a hlahileng setšoantšong?

7 Satane o ne a batla hore Jobo a lumele hore o hlaheloa ke mathata hobane Jehova a mo halefetse. Satane o ile a etsa hore moea o matla o heletse ntlo eo bana ba leshome ba Jobo ba neng ba tšoaretse mokete ho eona. (Jobo 1:18, 19) O ile a boela a etsa hore mollo o theohe leholimong, o bolaee mehlape ea Jobo le bahlanka ba hae ba neng ba e lisitse. (Jobo 1:16) Kaha mollo le moea li ne li tsoa leholimong, Jobo o ile a nahana hore li ne li tsoa ho Jehova Molimo. Ke ka lebaka leo Jobo a ileng a nahana hore o ne a halefisitse Jehova. Ho ntse ho le joalo, Jobo o ile a hana ho rohaka Ntate oa hae ea leholimong. Jobo o ne a tseba hore ka lilemo tse ngata, Jehova o ’nile a mo etsetsa lintho tse ngata tse ntle. O ne a lumela hore haeba a ile a amohela lintho tse ntle, o ne a tlameha ho amohela le tse mpe. Kahoo o ile a re: “Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.” (Jobo 1:20, 21; 2:10) Le hoja Jobo a ne a lahlehetsoe ke leruo la hae, a hlokahalletsoe ke bana a bile a kula, o ile a lula a tšepahalla Jehova. Empa Satane o ne a ntse a e-s’o qete ka eena.

8. Satane o ile a boela a leka Jobo joang?

8 Satane o ile a sebelisa batho ba bararo ba neng ba iketsa eka ke metsoalle ea Jobo ho etsa hore a ikutloe a se na thuso. Banna bao ba ile ba re Jobo o hlaheloa ke lintho tse bohloko hobane ho e-na le ntho e fosahetseng eo a e entseng. (Jobo 22:5-9) Hape ba ile ba leka ho etsa hore Jobo a lumele hore Molimo ha a tsotelle lintho tse ntle tseo a li entseng. (Jobo 4:18; 22:2, 3; 25:4) Ba ne ba leka ho etsa hore Jobo a nahane hore Molimo ha a mo rate le hore a ke ke a mo hlokomela. Hape ba ne ba batla a nahane hore ho sebeletsa Molimo ha ho na thuso. Lintho tseo ba ileng ba li bua li ka be li entse hore Jobo a lahleheloe ke tšepo ea hore lintho li tla loka.

9. Ke eng e ileng ea thusa Jobo hore a lule a le sebete ebile a tšepahala?

9 Leka ho nahana ka boemo ba Jobo. Oa opeloa ebile o lutse moloreng. (Jobo 2:8) Metsoalle ea hae e mo emelletse ka hore ha se motho ea lokileng ebile e re ha ho letho le molemo leo a kileng a le etsa. Mathata a Jobo a boima haholo hape o ntse a utloile bohloko haholo ka lebaka la ho hlokahalloa ke bana. Qalong Jobo ha a ba arabe. (Jobo 2:13–3:1) Haeba metsoalle ea Jobo e ne e nahana hore o thotse hobane a se a batla ho fetohela Jehova, e ne e fositse haholo. Qetellong Jobo o araba metsoalle ena ea hae ea bohata, o re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Ke eng e ileng ea etsa hore Jobo a be sebete hakaale ’me a tšepahale ho sa tsotellehe mathata a hae? Nakong eo a neng a nyahame haholo, ha aa ka a lahleheloa ke tšepo ea hore Molimo oa hae ea lerato o tla mo imolla. O ne a tseba hore leha a ka shoa, Jehova o tla mo tsosa.​—Jobo 14:13-15.

RE KA ETSISA JOBO JOANG?

10. Re ithuta’ng paleng ea Jobo?

10 Paleng ena ea Jobo, rea ithuta hore Satane a ke ke a khona ho re qobella hore re tlohelle ho sebeletsa Jehova le hore Jehova o tseba maemo a rona hantle. Lintho tse ileng tsa etsahalla Jobo li re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata. Nahana ka tse ling tsa lintho tseo re ithutang tsona ho Jobo.

11. Ho tla etsahala’ng haeba re sa tlohele ho tšepa Jehova? (Jakobo 4:7)

11 Jobo o ile a bontša ka ho hlaka hore haeba re tsoela pele ho tšepa Jehova, re ka khona ho mamella mathata leha e le afe ra ba ra hanyetsa Satane. Ho tla etsahala’ng ha re etsa joalo? Bibele e re Diabolose o tla re baleha.​—Bala Jakobo 4:7.

12. Ke eng e ileng ea thusa Jobo hore a mamelle?

12 Re lokela ho ba le tumelo e matla ea hore bafu ba tla tsoha. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, Satane o re tšosa ka lefu e le ho leka ho etsa hore re se ke ra tšepahalla Jehova. O ile a re Jobo a ka etsa ntho leha e le efe, esita le ho tlohela ho sebeletsa Jehova e le hore a ’ne a phele. Satane o ne a fositse. Leha Jobo a ne a nahana hore o tl’o shoa, o ile a lula a ntse a tšepahalla Jehova. Jobo o ne a kholisehile hore Jehova o molemo hape o ne a e-na le tšepo ea hore Jehova o tla lokisa lintho. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa ho mamella. O ne a lumela hore haeba Jehova a sa lokise maemo ha a ntse a phela, o ne a tla mo tsosa nakong e tlang. Jobo o ne a e-na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha. Haeba le rona re e-na le tšepo e tšoanang ea hore bafu ba tla tsoha, re ke ke ra tlohella ho tšepahalla Jehova leha re tobane le lefu.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho tseba maqiti ao Satane a ileng a a sebelisa ho Jobo?

13 Re tlameha ho tseba maqiti ao Satane a ileng a a sebelisa ho Jobo hobane o ntse a a sebelisa le ho rona mehleng ena. Hlokomela hore Satane o ile a re: “Motho [eseng Jobo feela] o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” (Jobo 2:​4, 5) Satane o re ha re rate Jehova Molimo ebile re tla mo fetohela haeba re tobane le lefu. O boetse o re Molimo ha a re rate ebile ha a na taba le boikemisetso ba rona ba ho mo khahlisa. Kaha rea tseba hore na Satane o leka ho etsa’ng, ha re kholoe mashano a hae.

14. Mathata a ka etsa hore re hlokomele eng? Etsa mohlala.

14 Ha re hlaheloa ke mathata, re lokela ho nka hoo e le monyetla oa hore re itlhahlobe. Mathata a ileng a hlahela Jobo a ile a mo thusa hore a hlokomele hore na o fokola hokae a be a lokise. Ka mohlala, o ile a ithuta hore o lokela ho ikokobetsa haholoanyane. (Jobo 42:3) Hoa tšoana le ka rona, mathata a re hlahelang a ka re thusa hore re itsebe haholoanyane. Mor’abo rona Nikolay c ea neng a koalletsoe teronkong le hoja a ne a kula hampe, o ile a re: “Teronko e tšoana le seipone sa ngakeng kapa X-ray. X-ray e ka thusa motho ho bona ka har’a ’mele oa hae. Ka tsela e tšoanang, mathata a ka etsa hore re hlokomele hore na re lokela ho lokisa hokae.” Ha re hlokomela hore na re fokola hokae, re ka khona ho lokisa.

15. Re lokela ho mamela mang, hona hobane’ng?

15 Re lokela ho mamela Jehova eseng lira tsa rona. Jobo o ne a mametse ka hloko ha Jehova a bua le eena. Molimo o ile a botsa Jobo lipotso tse ileng tsa mo thusa ho bona kamoo a mo tsotellang kateng. Jobo o ile a araba Jehova a ikokobelitse ’me a bontša hore o ananela lintho tse molemo tseo a mo etselitseng tsona. O ile a re: “Ke utloile ka uena ka monyenyetsi empa joale leihlo la ka lea u bona.” (Jobo 42:5) Mohlomong ha Jobo a ne a bua mantsoe ao, o ne a ntse a lutse moloreng, ’mele oa hae o tletse liso a bile a ntse a utloile bohloko ka lebaka la ho hlokahalloa ke bana. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a bontša Jobo hore oa mo rata a ba a mo kholisa hore o ntse a mo amohela.​—Jobo 42:7, 8.

16. Ho latela Esaia 49:15, 16, ke eng eo re sa lokelang ho e lebala ha re thulana le mathata?

16 Le mehleng ena batho ba ka re soma le ho re tšoara joalokaha eka ha re na thuso. Ba ka ’na ba leka ho senya botumo ba rona kapa ba bua hampe ka mokhatlo oa rona. ‘Ka leshano ba ka bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo’ ka rona. (Mat. 5:11) Paleng ea Jobo, re ithuta hore Jehova o kholisehile hore re ka lula re mo tšepahalla leha re thulana le mathata. Jehova oa re rata ebile a ke ke a lebala bohle ba mo tšepahallang. (Bala Esaia 49:15, 16.) Ha rea lokela ho mamela lira tsa Molimo ha li bua hampe ka rona le ka mokhatlo oa rona. Mor’abo rona James oa Turkey le lelapa la hae, ba ile ba thulana le mathata a mangata. O re: “Re ile ra hlokomela hore re ka nyahama haeba re mamela mashano a buuoang ka batho ba Molimo. Kahoo, re ile ra nahana haholo ka tšepo eo re nang le eona ka ’Muso oa Molimo eaba re phathahana ka ho sebeletsa Jehova. Ho etsa joalo ho ile ha re thusa hore re lule re thabile.” Joaloka Jobo, re lokela ho mamela Jehova. Mashano ao lira tsa rona li a buang a ke ke a etsa hore re felloe ke tšepo.

TŠEPO E TLA U FA MATLA

Jobo o ile a hlohonolofatsoa ka lebaka la ho tšepahala. Eena le mosali oa hae ba ile ba phela nako e telele ba bile ba thabile (Sheba serapa sa 17) e

17. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa banna le basali ba neng ba e-na le tumelo bao ho buuoang ka bona ho Baheberu khaolo ea 11?

17 Ha se Jobo feela ea ileng a lula a le sebete a bile a tšepahala ha a kopana le mathata a boima. Ho na le bahlanka ba Jehova ba bangata ba ileng ba etsa seo. Lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Baheberu, o ile a ba bitsa “leru le leholo . . . la lipaki.” (Baheb. 12:1) Kaofela ha bona ba ile ba kopana le mathata a mangata empa ba ile ba lula ba tšepahalla Jehova. (Baheb. 11:36-40) Na e ile ea e-ba ha lefeela hore ebe ba ile ba mamella le ho sebetsa ka thata? Che! Le hoja litšepiso tsa Molimo li sa ka tsa phethahala kaofela nakong eo ba ntseng ba phela, ba ile ba lula ba ntse ba tšepa Jehova. Kaha ba ne ba kholisehile hore Jehova oa ba rata, ba ile ba e-ba le tumelo ea hore ba tla bona ha litšepiso tsa hae li phethahala. (Baheb. 11:​4, 5) Mohlala oa bona o ka re thusa hore re tsoele pele ho tšepa Jehova.

18. U ikemiselitse ho etsa’ng? (Baheberu 11:6)

18 Mehleng ena lintho li ntse li tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang. (2 Tim. 3:13) Satane o ntse a bakela batho ba Molimo mathata. Ke ’nete hore re tla kopana le mathata a mangata empa re lokela ho lula re ikemiselitse ho sebetsa ka thata bakeng sa Jehova. Hape re lokela ho ba sebete kaha “re behile tšepo ea rōna ho Molimo ea phelang.” (1 Tim. 4:10) Litlhohonolofatso tseo Molimo a ileng a li fa Jobo, li paka hore “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jak. 5:​11) Le rona a re luleng re tšepahalla Jehova ’me re kholisehe hore o tla putsa “ba mo batlang ka tieo.”​—Bala Baheberu 11:6.

PINA EA 150 Batlang Molimo Hore a le Lopolle

a Hangata ha re nahana ka motho ea kileng a mamella mathata a boima, re hopola Jobo. Re ithuta’ng linthong tse ileng tsa mo etsahalla? Re ithuta hore Satane a ke ke a re qobella hore re khaotse ho sebeletsa Jehova. Hape re ithuta hore Jehova o hlokomela lintho tsohle tse re etsahallang. Re boetse re ithuta hore ka le leng Jehova o tla felisa mathata ’ohle a rona joalokaha a ile a felisa a Jobo. Re tla be re bontša hore re “tšepa Jehova” e le kannete haeba re phela ka tsela e bontšang hore re kholisehile ka lintho tsena.

b TLHALOSO: Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng mona e le “tšepa” le bolela “ho emela” ntho e itseng ka tjantjello.​—Pes. 25:2, 3; 62:5.

c Mabitso a mang a fetotsoe.

d LITŠOANTŠO: Jobo le mosali oa hae ba hlahetsoe ke koluoa ea ho hlokahalloa ke bana.

e LITŠOANTŠO: Jobo o ile a mamella ho fihlela mathata a hae a felile. Eena le mosali oa hae ba bua kamoo Jehova a ba hlohonolofalitseng hammoho le lelapa la bona.