Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 27

“Tshepa Jehova”

“Tshepa Jehova”

“Tshepa Jehova; eba sebete mme pelo ya hao e be matla.”​—PES. 27:14.

PINA YA 128 Mamella ho Isa Bofelong

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. (a) Jehova o re tshepisitse eng? (b) Re ka bontsha jwang hore re “tshepa Jehova”? (Sheba “Tlhaloso.”)

 JEHOVA o file batho bohle ba mo ratang tshepo e thabisang ya hore o tla fedisa ho kula, mesarelo le lefu. (Tšen. 21:3, 4) O tla thusa batho “ba bonolo” ba mo tshepang hore ba etse lefatshe paradeise. (Pes. 37:9-11) Hape o tla etsa hore setswalle sa rona le yena se be matla le ho feta. Ka nnete eo ke tshepo e thabisang. Empa ke eng e re kgodisang hore ditshepiso tsa Modimo di tla fela di phethahale? Re kgodiswa ke hore ka mehla Jehova o phethahatsa ditshepiso tsa hae, ke ka hoo re nang le lebaka le utlwahalang la ho “tshepa Jehova.” b (Pes. 27:14) Re ka bontsha hore re tshepa Jehova ha re leka ka hohlehohle hore re dule re thabile ha re ntse re mo emetse ka mamello hore a phethahatse ditshepiso tsa hae.​—⁠Esa. 55:10, 11.

2. Ke tshepiso efe eo Jehova a seng a e phethahaditse?

2 Haesale Jehova a phethahatsa ditshepiso tsa hae. Nahana ka mohlala o latelang. Lengolong la Tšenolo, Jehova o ile a tshepisa hore o tla kopanya batho ba tswang ditjhabeng tsohle, melokong yohle le malemeng ohle, hore ba mo sebeletse ba momahane. Mehleng ena sehlopha sena se ikgethang sa batho se tsebahala e le “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9, 10) Sehlopha sena ke lelapa le momahaneng le hoja se akarelletsa banna, basadi le bana ba tswang merabeng le dipuong tsohle. (Pes. 133:1; Joh. 10:16) Bongata bona bo boholo bo phatlalatsa molaetsa wa Modimo ka mafolofolo. Batho bana ba bongata bo boholo ba dula ba ikemiseditse ho bua le batho ba ka ba mamelang ka tshepo eo ba nang le yona ya hore lefatshe le letjha le a tla. (Mat. 28:19, 20; Tšen. 14:6, 7; 22:17) Haeba o wela hara ba bongata bo boholo, e tlameha ebe tshepo ya hore lefatshe le letjha le a tla ke ya bohlokwa haholo ho wena.

3. Satane o batla ho etsang?

3 Diabolose ha a batle hore o be le tshepo ya bokamoso boo Jehova a re tshepisang bona. Ha e le hantle, o batla o nahane hore Jehova ha a o tsotelle le hore a ke ke a phethahatsa ditshepiso tsa hae. Haeba Satane a ka atleha ho re lahlisa tshepo, re ka iphumana re se re se sebete mme re ka ba ra tlohella ho sebeletsa Jehova. Jwalo ka ha re tla ithuta, Diabolose o ile a leka ho etsa hore Jobo a se ke a ba le tshepo a be a kgaotse ho sebeletsa Jehova.

4. Re tla ithutang sehloohong see? (Jobo 1:9-12)

4 Sehloohong sena re tlo ithuta ka moo Satane a ileng a leka ho qobella Jobo hore a se ke a tshepahalla Jehova. (Bala Jobo 1:9-12.) Hape re tla hlahloba hore na re ka ithutang mohlaleng wa Jobo. Re tla boela re ithute hore na ke hobaneng ha re lokela ho hopola hore Modimo o a re rata le hore o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae.

SATANE O ILE A LEKA HO LAHLISA JOBO TSHEPO

5, 6. Jobo o ile a etsahallwa ke eng ka tshohanyetso?

5 Jobo o ne a phela ha monate. O ne a ena le setswalle se matla le Jehova, a ena le lelapa le leholo le thabileng a bile a ruile haholo. (Jobo 1:1-5) Empa ka letsatsi le le leng feela, Jobo o ile a lahlehelwa ke dintho tse ngata haholo. Qalong, leruo la hae le ile la fela. (Jobo 1:13-17) Ka mora moo, bana ba hae ba ile ba hlokahala. A ko leke ho nahana ka koduwa eo. Batswadi ba utlwa bohloko bo otlang pelo ha ba ka hlokahallwa ke ngwana a le mong. O se o ka nahana hore na Jobo le mosadi wa hae ba ile ba utlwa bohloko hakaakang ha ba utlwa hore bana ba bona ba leshome kaofela ba hlokahetse. Ha se feela Jobo a ileng a hahola diaparo tsa hae a ba a itihela fatshe a lla.​—Jobo 1:18-20.

6 Ka mora moo Satane o ile a otla Jobo ka bokudi bo bohloko le bo tlotlollang. (Jobo 2:6-8; 7:5) Pele ho moo, Jobo e ne e le motho ya hlomphehang haholo. Batho ba ne ba tla ho yena ba tlo kopa dikeletso. (Jobo 31:18) Empa jwale ba ne ba se ba mo kgesa. O ne a kgeloswa le ke bana babo, metswalle ya hae le bahlanka ba hae.​—Jobo 19:13, 14, 16.

Bakreste ba bangata mehleng ena ba ka kgona ho utlwisisa hantle hore na Jobo o ne a ikutlwa jwang ha a imetswe ke mathata (Sheba serapa sa 7) d

7. (a) Jobo o ne a nahana hore ke hobaneng ha a hlahelwa ke mathata empa o ile a hana ho etsang? (b) Mokreste a ka hlahelwa ke mathata afe a jwalo ka a hlahileng setshwantshong?

7 Satane o ne a batla hore Jobo a dumele hore o hlahelwa ke mathata hobane Jehova a mo halefetse. Satane o ile a etsa hore moya o matla o heletse ntlo eo bana ba leshome ba Jobo ba neng ba tshwaretse mokete ho yona. (Jobo 1:18, 19) O ile a boela a etsa hore mollo o theohe lehodimong, o bolaye mehlape ya Jobo le bahlanka ba hae ba neng ba e disitse. (Jobo 1:16) Ka ha mollo le moya di ne di tswa lehodimong, Jobo o ile a nahana hore di ne di tswa ho Jehova Modimo. Ke ka lebaka leo Jobo a ileng a nahana hore o ne a halefisitse Jehova. Ho ntse ho le jwalo, Jobo o ile a hana ho rohaka Ntate wa hae ya lehodimong. Jobo o ne a tseba hore ka dilemo tse ngata, Jehova o nnile a mo etsetsa dintho tse ngata tse ntle. O ne a dumela hore haeba a ile a amohela dintho tse ntle, o ne a tlameha ho amohela le tse mpe. Ka hoo o ile a re: “Lebitso la Jehova le ke le tswele pele ho bokwa.” (Jobo 1:20, 21; 2:10) Le hoja Jobo a ne a lahlehetswe ke leruo la hae, a hlokahalletswe ke bana a bile a kula, o ile a dula a tshepahalla Jehova. Empa Satane o ne a ntse a eso qete ka yena.

8. Satane o ile a boela a leka Jobo jwang?

8 Satane o ile a sebedisa batho ba bararo ba neng ba iketsa eka ke metswalle ya Jobo ho etsa hore a ikutlwe a se na thuso. Banna bao ba ile ba re Jobo o hlahelwa ke dintho tse bohloko hobane ho ena le ntho e fosahetseng eo a e entseng. (Jobo 22:5-9) Hape ba ile ba leka ho etsa hore Jobo a dumele hore Modimo ha a tsotelle dintho tse ntle tseo a di entseng. (Jobo 4:18; 22:2, 3; 25:4) Ba ne ba leka ho etsa hore Jobo a nahane hore Modimo ha a mo rate le hore a ke ke a mo hlokomela. Hape ba ne ba batla a nahane hore ho sebeletsa Modimo ha ho na thuso. Dintho tseo ba ileng ba di bua di ka be di entse hore Jobo a lahlehelwe ke tshepo ya hore dintho di tla loka.

9. Ke eng e ileng ya thusa Jobo hore a dule a le sebete ebile a tshepahala?

9 Leka ho nahana ka boemo ba Jobo. O a opelwa ebile o dutse moloreng. (Jobo 2:8) Metswalle ya hae e mo emelletse ka hore ha se motho ya lokileng ebile e re ha ho letho le molemo leo a kileng a le etsa. Mathata a Jobo a boima haholo hape o ntse a utlwile bohloko haholo ka lebaka la ho hlokahallwa ke bana. Qalong Jobo ha a ba arabe. (Jobo 2:13–3:1) Haeba metswalle ya Jobo e ne e nahana hore o thotse hobane a se a batla ho fetohela Jehova, e ne e fositse haholo. Qetellong Jobo o araba metswalle ena ya hae ya bohata, o re: “Nke ke ka tlosa botshepehi ba ka ho nna ho fihlela ke shwa!” (Jobo 27:5) Ke eng e ileng ya etsa hore Jobo a be sebete hakaale mme a tshepahale ho sa tsotellehe mathata a hae? Nakong eo a neng a nyahame haholo, ha a ka a lahlehelwa ke tshepo ya hore Modimo wa hae ya lerato o tla mo imolla. O ne a tseba hore le ha a ka shwa, Jehova o tla mo tsosa.​—Jobo 14:13-15.

RE KA ETSISA JOBO JWANG?

10. Re ithutang paleng ya Jobo?

10 Paleng ena ya Jobo, re a ithuta hore Satane a ke ke a kgona ho re qobella hore re tlohelle ho sebeletsa Jehova le hore Jehova o tseba maemo a rona hantle. Dintho tse ileng tsa etsahalla Jobo di re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha re hlahelwa ke mathata. Nahana ka tse ding tsa dintho tseo re ithutang tsona ho Jobo.

11. Ho tla etsahalang haeba re sa tlohele ho tshepa Jehova? (Jakobo 4:7)

11 Jobo o ile a bontsha ka ho hlaka hore haeba re tswela pele ho tshepa Jehova, re ka kgona ho mamella mathata le ha e le afe ra ba ra hanyetsa Satane. Ho tla etsahalang ha re etsa jwalo? Bibele e re Diabolose o tla re baleha.​—Bala Jakobo 4:7.

12. Ke eng e ileng ya thusa Jobo hore a mamelle?

12 Re lokela ho ba le tumelo e matla ya hore bafu ba tla tsoha. Jwalo ka ha ho bontshitswe sehloohong se fetileng, Satane o re tshosa ka lefu e le ho leka ho etsa hore re se ke ra tshepahalla Jehova. O ile a re Jobo a ka etsa ntho le ha e le efe, esita le ho tlohela ho sebeletsa Jehova e le hore a nne a phele. Satane o ne a fositse. Le ha Jobo a ne a nahana hore o tlo shwa, o ile a dula a ntse a tshepahalla Jehova. Jobo o ne a kgodisehile hore Jehova o molemo hape o ne a ena le tshepo ya hore Jehova o tla lokisa dintho. Ho etsa jwalo ho ile ha mo thusa ho mamella. O ne a dumela hore haeba Jehova a sa lokise maemo ha a ntse a phela, o ne a tla mo tsosa nakong e tlang. Jobo o ne a ena le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha. Haeba le rona re ena le tshepo e tshwanang ya hore bafu ba tla tsoha, re ke ke ra tlohella ho tshepahalla Jehova le ha re tobane le lefu.

13. Ke hobaneng ha re lokela ho tseba maqiti ao Satane a ileng a a sebedisa ho Jobo?

13 Re tlameha ho tseba maqiti ao Satane a ileng a a sebedisa ho Jobo hobane o ntse a a sebedisa le ho rona mehleng ena. Hlokomela hore Satane o ile a re: “Motho [eseng Jobo feela] o tla nehelana ka ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona bakeng sa moya wa hae.” (Jobo 2:4, 5) Satane o re ha re rate Jehova Modimo ebile re tla mo fetohela haeba re tobane le lefu. O boetse o re Modimo ha a re rate ebile ha a na taba le boikemisetso ba rona ba ho mo kgahlisa. Ka ha re a tseba hore na Satane o leka ho etsang, ha re kgolwe mashano a hae.

14. Mathata a ka etsa hore re hlokomele eng? Etsa mohlala.

14 Ha re hlahelwa ke mathata, re lokela ho nka hoo e le monyetla wa hore re itlhahlobe. Mathata a ileng a hlahela Jobo a ile a mo thusa hore a hlokomele hore na o fokola hokae a be a lokise. Ka mohlala, o ile a ithuta hore o lokela ho ikokobetsa haholwanyane. (Jobo 42:3) Ho a tshwana le ka rona, mathata a re hlahelang a ka re thusa hore re itsebe haholwanyane. Morabo rona Nikolay c ya neng a kwalletswe teronkong le hoja a ne a kula hampe, o ile a re: “Teronko e tshwana le seipone sa ngakeng kapa X-ray. X-ray e ka thusa motho ho bona ka hara mmele wa hae. Ka tsela e tshwanang, mathata a ka etsa hore re hlokomele hore na re lokela ho lokisa hokae.” Ha re hlokomela hore na re fokola hokae, re ka kgona ho lokisa.

15. Re lokela ho mamela mang, hona hobaneng?

15 Re lokela ho mamela Jehova eseng dira tsa rona. Jobo o ne a mametse ka hloko ha Jehova a bua le yena. Modimo o ile a botsa Jobo dipotso tse ileng tsa mo thusa ho bona ka moo a mo tsotellang ka teng. Jobo o ile a araba Jehova a ikokobeditse mme a bontsha hore o ananela dintho tse molemo tseo a mo etseditseng tsona. O ile a re: “Ke utlwile ka wena ka monyenyetsi empa jwale leihlo la ka le a o bona.” (Jobo 42:5) Mohlomong ha Jobo a ne a bua mantswe ao, o ne a ntse a dutse moloreng, mmele wa hae o tletse diso a bile a ntse a utlwile bohloko ka lebaka la ho hlokahallwa ke bana. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ile a bontsha Jobo hore o a mo rata a ba a mo kgodisa hore o ntse a mo amohela.​—Jobo 42:7, 8.

16. Ho latela Esaia 49:15, 16, ke eng eo re sa lokelang ho e lebala ha re thulana le mathata?

16 Le mehleng ena batho ba ka re soma le ho re tshwara jwalo ka ha eka ha re na thuso. Ba ka nna ba leka ho senya botumo ba rona kapa ba bua hampe ka mokgatlo wa rona. ‘Ka leshano ba ka bua ntho ya mofuta o mong le o mong e kgopo’ ka rona. (Mat. 5:11) Paleng ya Jobo, re ithuta hore Jehova o kgodisehile hore re ka dula re mo tshepahalla le ha re thulana le mathata. Jehova o a re rata ebile a ke ke a lebala bohle ba mo tshepahallang. (Bala Esaia 49:15, 16.) Ha re a lokela ho mamela dira tsa Modimo ha di bua hampe ka rona le ka mokgatlo wa rona. Morabo rona James wa Turkey le lelapa la hae, ba ile ba thulana le mathata a mangata. O re: “Re ile ra hlokomela hore re ka nyahama haeba re mamela mashano a buuwang ka batho ba Modimo. Ka hoo, re ile ra nahana haholo ka tshepo eo re nang le yona ka Mmuso wa Modimo yaba re phathahana ka ho sebeletsa Jehova. Ho etsa jwalo ho ile ha re thusa hore re dule re thabile.” Jwalo ka Jobo, re lokela ho mamela Jehova. Mashano ao dira tsa rona di a buang a ke ke a etsa hore re fellwe ke tshepo.

TSHEPO E TLA O FA MATLA

Jobo o ile a hlohonolofatswa ka lebaka la ho tshepahala. Yena le mosadi wa hae ba ile ba phela nako e telele ba bile ba thabile (Sheba serapa sa 17) e

17. Re ka ithutang mohlaleng wa banna le basadi ba neng ba ena le tumelo bao ho buuwang ka bona ho Baheberu kgaolo ya 11?

17 Ha se Jobo feela ya ileng a dula a le sebete a bile a tshepahala ha a kopana le mathata a boima. Ho na le bahlanka ba Jehova ba bangata ba ileng ba etsa seo. Lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Baheberu, o ile a ba bitsa “leru le leholo . . . la dipaki.” (Baheb. 12:1) Kaofela ha bona ba ile ba kopana le mathata a mangata empa ba ile ba dula ba tshepahalla Jehova. (Baheb. 11:36-40) Na e ile ya eba ha lefeela hore ebe ba ile ba mamella le ho sebetsa ka thata? Tjhe! Le hoja ditshepiso tsa Modimo di sa ka tsa phethahala kaofela nakong eo ba ntseng ba phela, ba ile ba dula ba ntse ba tshepa Jehova. Ka ha ba ne ba kgodisehile hore Jehova o a ba rata, ba ile ba eba le tumelo ya hore ba tla bona ha ditshepiso tsa hae di phethahala. (Baheb. 11:4, 5) Mohlala wa bona o ka re thusa hore re tswele pele ho tshepa Jehova.

18. O ikemiseditse ho etsang? (Baheberu 11:6)

18 Mehleng ena dintho di ntse di tloha bobeng ho ya bobeng bo fetisisang. (2 Tim. 3:13) Satane o ntse a bakela batho ba Modimo mathata. Ke nnete hore re tla kopana le mathata a mangata empa re lokela ho dula re ikemiseditse ho sebetsa ka thata bakeng sa Jehova. Hape re lokela ho ba sebete ka ha “re behile tshepo ya rona ho Modimo ya phelang.” (1 Tim. 4:10) Ditlhohonolofatso tseo Modimo a ileng a di fa Jobo, di paka hore “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo mme o mohau.” (Jak. 5:11) Le rona a re duleng re tshepahalla Jehova mme re kgodisehe hore o tla putsa “ba mo batlang ka tiyo.”​—Bala Baheberu 11:6.

PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe

a Hangata ha re nahana ka motho ya kileng a mamella mathata a boima, re hopola Jobo. Re ithutang dinthong tse ileng tsa mo etsahalla? Re ithuta hore Satane a ke ke a re qobella hore re kgaotse ho sebeletsa Jehova. Hape re ithuta hore Jehova o hlokomela dintho tsohle tse re etsahallang. Re boetse re ithuta hore ka le leng Jehova o tla fedisa mathata ohle a rona jwalo ka ha a ile a fedisa a Jobo. Re tla be re bontsha hore re “tshepa Jehova” e le ka nnete haeba re phela ka tsela e bontshang hore re kgodisehile ka dintho tsena.

b TLHALOSO: Lentswe la Seheberu le fetoletsweng mona e le “tshepa” le bolela “ho emela” ntho e itseng ka tjantjello.​—Pes. 25:2, 3; 62:5.

c Mabitso a mang a fetotswe.

d DITSHWANTSHO: Jobo le mosadi wa hae ba hlahetswe ke koduwa ya ho hlokahallwa ke bana.

e DITSHWANTSHO: Jobo o ile a mamella ho fihlela mathata a hae a fedile. Yena le mosadi wa hae ba bua ka moo Jehova a ba hlohonolofaditseng ha mmoho le lelapa la bona.