Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Na Baroma ba ne ba ka dumella hore motho ya kgokgothetsweng thupeng jwalo ka Jesu a patwe ka tsela e tlwaelehileng?

BATHO ba bangata ba tlwaelane le tlaleho ya hore Jesu o ne a kgokgothetswe thupeng pakeng tsa mashodu a mabedi. (Mat. 27:35-38) Le ha ho le jwalo, batho ba bang ha ba dumele tlaleho ya Bibele e bontshang hore ka mora moo Jesu o ile a patwa lebitleng.​—Mar. 15:42-46.

Batho ba bang ba hanyetsang Dikosepele ba belaella hore motho ya kgokgothetsweng thupeng o ne a ka patwa lebitleng. Ba dumela hore batho ba neng ba kgokgothelwa thupeng ba ne ba tshwarwa ka tsela e fapaneng. Ariel Sabar e leng mongodi wa makasine ya Smithsonian, o hlalosa hore na ke hobaneng ha batho ba bang ba nahana jwalo, o re: “Ho ne ho thakgiswa batho ba neng ba etsa dintho tse mpe haholo mme ditsebi tse ding di re e ne e le ntho e sa utlwahaleng hore Baroma ba dumelle hore batho bao hore ba patwe ka tsela e nepahetseng.” Baroma ba ne ba batla ho tlotlolla mashodu ao, ka hoo hangata ditopo tsa bona di ne di tlohellwa moo thupeng e le hore di jewe ke diphoofolo tse hlaha. Ka mora moo, masapo a bona a ne a lahlelwa lebitleng leo ho neng ho patwa batho ba bangata.

Baepolli ba dintho tsa kgale ba ile ba fumana ntho e fapaneng ka masapo a Bajuda ba bang ba ileng ba bolawa. Ka 1968 ba ile ba fumana masapo a monna ya ileng a kgokgothelwa thupeng mehleng ya Jesu. Ba ile ba a fumana lebitleng la lelapa la Bajuda haufi le Jerusalema. Masapo a monna eo a ne a le ka lebokoseng mme la serethe le ne le le hara ona. Le ne le kokotetswe thupeng ka sepekere se bolelele ba disenthimithara tse 11.5. Sabar o re: “Lesapo la serethe sa Yehochanan le ile la fana ka bopaki ba hore e ka nna yaba Dikosepele di bua nnete ha di re Jesu o patetswe lebitleng. Lesapo la serethe sa Yehochanan ke mohlala wa motho ya ileng a thakgiswa mehleng ya Jesu, eo Baroma ba ileng ba dumella hore a patwe ka tsela eo Bajuda ba neng ba patwa ka yona.”

Taba ena e entse hore batho ba be le maikutlo a fapaneng ka hore na Jesu o ne a kgokgothetswe thupeng jwang. Le ha ho le jwalo, ho hlakile hore mashodu a mang a neng a kgokgothetswe thupeng a ne a patwa ka tsela e tlwaelehileng mme a sa lahlelwe feela ka lebitleng leo ho neng ho patwa batho ba bangata. Ka hoo, taba ya hore Bibele e re Jesu o ile a patelwa lebitleng ke nnete mme bopaki bo fumanweng bo tiisa seo.

Ntho ya bohlokwa ke hore Jehova o ile a bua esale pele hore Jesu o ne a tla patelwa lebitleng la monna ya ruileng mme ha ho na motho ya ka thibelang seo Modimo a se buileng hore se phethahale.​—Esa. 53:9; 55:11.