Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 28

’Muso oa Molimo oa Busa!

’Muso oa Molimo oa Busa!

“’Muso oa lefatše o fetohile ’Muso oa Morena oa rona le oa Kreste oa hae.”​—TŠEN. 11:15.

PINA EA 22 ’Muso o ke o Tle

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke’ng eo re kholisehileng ka eona, hona hobane’ng?

 NA U thatafalloa ke ho lumela hore lintho li tla loka ha u bona mathata ao lefatše le leng ka har’a ’ona hona joale? Litho tsa malapa ha li sa ratana joaloka pele. Batho ba se ba rata ntoa le ho feta ebile ke baithati. Batho ba bangata ba thatafalloa ke ho tšepa ba boholong pusong. Empa ’ona maemo ana a ka re kholisa hore lintho li tla loka. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Lebaka ke hobane batho ba etsa lintho joalokaha ho hlalositsoe boprofeteng bo mabapi le ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:​1-5) Motho ea nang le ’nete a ke ke a hana hore boprofeta bona boa phethahala. Ho phethahala ha bona ke bopaki ba hore Kreste Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo. Empa bona ha se bona feela boprofeta bo buang ka ’Muso oa Molimo. Tumelo ea rona e tla matlafatsoa ke ho hlahloba boprofeta bo bong bo phethahetseng lilemong tsa morao tjena.

Boprofeta bo hlahang lengolong la Daniele le la Tšenolo bo lumellana hantle ho re fa setšoantšo se hlakileng sa hore na re hokae liketsahalong tsa boprofeta ba Jehova. (Sheba sehlooho se ithutoang sa 28, serapa sa 2)

2. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see, hona hobane’ng? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

2 Sehloohong sena, re tl’o bua ka (1) boprofeta bo re thusang ho tseba hore na ’Muso oa Molimo o qalile ho busa neng, (2) boprofeta bo re thusang ho tseba hore Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo leholimong le (3) boprofeta bo re senolelang kamoo lira tsa ’Muso oa Molimo li tla felisoa kateng. Re tl’o bona kamoo boprofeta bona kaofela bo lumellanang hantle, ho re fa setšoantšo se hlakileng sa hore na re hokae liketsahalong tsa boprofeta ba Jehova.

RE TSEBA JOANG HORE NA ’MUSO OA JEHOVA O THEHILOE NENG?

3. Boprofeta bo ho Daniele 7:​13, 14 bo re tiisetsa eng?

3 Boprofeta bo ho Daniele 7:​13, 14 boa re kholisa hore Kreste Jesu e tla ba Morena ea ipabolang oa ’Muso oa Molimo. Batho ba tsoang lichabeng tsohle ba tla ‘mo sebeletsa’ ba thabile ’me ho ke ke ha e-ba le morena ea tla busa ka mor’a hae. Boprofeta bo bong hape ba Daniele bo ile ba bolela esale pele hore Jesu o tla busa ka mor’a hore ho fete linako tse supileng. Na re ka khona ho tseba hore na o qalile ho busa neng?

4. Hlalosa hore na Daniele 4:​10-17 e re thusa joang ho fumana selemo seo Kreste e ileng ea e-ba Morena ka sona. (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

4 Bala Daniele 4:​10-17. “Linako tse supileng” li emela lilemo tse 2 520. Nako eo e qalile ka selemo sa 607 pele Jesu a tla lefatšeng ha Bababylona ba tlosa morena oa ho qetela teroneng ea Jehova e Jerusalema. E ile ea fela ka 1914 ha Jehova a beha Jesu “ea nang le tokelo ea molao” e le Morena oa ’Muso oa Molimo. *​—Ezek. 21:​25-27.

5. Re rua molemo ofe ha re ithuta boprofeta bo mabapi le “linako tse supileng?”

5 Boprofeta boo bo ka re tsoela molemo joang? Ha re utloisisa boprofeta bo buang ka “linako tse supileng” re tla kholiseha hore Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae ka nako e nepahetseng. Jehova o ile a khetha nako eo a tla etsa Jesu Morena ka eona. Ha nako eo e fihla, o ile a fela a mo etsa Morena. Kahoo, rea tseba hore o tla boela a phethahatse boprofeta bo bong bohle ka nako eo a e behileng. Kannete letsatsi la Jehova le ‘ke ke la siuoa ke nako.’​—Hab. 2:3.

RE TSEBA JOANG HORE KRESTE E SE E LE MORENA OA ’MUSO OA MOLIMO?

6. (a) Ke lintho life tse etsahalang lefatšeng tse pakang hore Kreste oa busa leholimong? (b) Lintho tsee li lumellana joang le boprofeta bo ho Tšenolo 6:​2-8?

6 Ho elella qetellong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a bolela esale pele lintho tse neng li tla etsahala tse neng li tla thusa balateli ba hae hore ba tsebe ha a se a qalile ho busa leholimong. O ile a bua ka lintho tse kang tlala, lintoa le litšisinyeho tsa lefatše. O ile a boela a bolela hore ho tla ba le mafu a seoa “sebakeng se seng ka mor’a se seng” ’me seoa sa COVID-19 ke mohlala oa seo. Liketsahalo tsena ke karolo ea seo Bibele e se bitsang “pontšo” ea ho ba teng ha Kreste. (Mat. 24:​3, 7; Luka 21:​7, 10, 11) Lilemo tse fetang 60 ka mor’a hore Jesu a bolaoe a be a khutlele leholimong, o ile a kholisa moapostola Johanne hore lintho tseo li tla fela li etsahale. (Bala Tšenolo 6:​2-8.) Lintho tsena tsohle li etsahetse ho tloha ka 1914 ha Jesu e e-ba Morena.

7. Ke hobane’ng ha puso ea Jesu e entse hore ho be le mathata lefatšeng?

7 Ke hobane’ng ha maemo a lefatše a ile a mpefala ha Jesu e e-ba Morena? Tšenolo 6:2 e fana ka leseli la bohlokoa. E re ntho ea pele eo Jesu a ileng a e etsa ka mor’a hore e be Morena oa ’Muso oa Molimo ke ho loana. O ne a loantša mang? O ne a loantša Diabolose le bademona ba hae. Ho ea ka Tšenolo khaolo ea 12, Satane le bademona ba hae ba ile ba hloloa eaba ba lahleloa tlaase lefatšeng. Satane o ile a halefa haholo hoo a ileng a ntšetsa bohloko ho batho ba phelang lefatšeng e leng ho ileng ha fella ka ‘bomalimabe lefatšeng.’​—Tšen. 12:​7-12.

Le hoja re sa thabele ho bona lintho tse mpe li etsahala empa ho bona boprofeta ba Bibele bo phethahala hoa re kholisa hore ’Muso oa Molimo oa busa (Sheba serapa sa 8)

8. Re fumana molemo ofe ha re bona boprofeta bo mabapi le ’Muso oa Molimo bo phethahala?

8 Boprofeta boo bo re tsoela molemo joang? Liketsahalo tsa lefatše le boitšoaro ba batho bo ntseng bo mpefala, bo re thusa ho bona hore Jesu e se e le Morena. Kahoo ho e-na le hore re utloe bohloko ha re bona batho e le baithati ebile ba le khopo, re lokela ho hopola hore liketso tsa bona li phethahatsa boprofeta ba Bibele. ’Muso oa Molimo oa busa. (Pes. 37:1) Ha Armagedone e atamela, re ka lebella hore lintho li tla mpefala le ho feta. (Mar. 13:8; 2 Tim. 3:​13) Ka hona re leboha Ntate oa rona ea leholimong ka ho re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lefatše le tletse ka mathata a mangata hakana.

LIRA TSA ’MUSO OA MOLIMO LI TLA FELISOA JOANG?

9. Daniele 2:​28, 31-35 e hlalosa ’muso oa ho qetela joang, hona o qalile ho busa neng?

9 Bala Daniele 2:​28, 31-35. Boprofeta bona le bona boa phethahala mehleng ena. Toro ea Nebukadnezare e ile ea bontša hore na ho tla etsahala’ng “karolong e qetellang ea matsatsi” ka mor’a hore Kreste a qale ho busa. Lira tsa Jesu tse lefatšeng li ne li tla akarelletsa ’muso oa ho qetela oo Bibele e profetileng ka oona o tšoantšetsoang ke ‘maoto a tšepe le letsopa.’ ’Muso oo o se o ntse o busa. O qalile ho busa nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše ha Brithani le United States li theha setsoalle se haufi e leng ’muso o kopanetsoeng oa Manyesemane le Maamerika. Toro ea Nebukadnezare ea setšoantšo e ile ea bolela esale pele lintho tse peli ka ’muso ona tse etsang hore o fapane le mebuso e tlileng pele ho oona.

10. (a) Ke’ng eo re e bonang ’musong oa Manyesemane le Maamerika eo boprofeta ba Daniele bo buileng ka eona? (b) Re lokela ho qoba kotsi efe? (Sheba lebokose le reng “ Hlokomela Letsopa!”)

10 Phapang ea pele ke hore mebuso e meng e tšoantšetsoa ke khauta feela kapa silevera. Empa ’muso o kopanetsoeng oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšetsoa ke tšepe e kopaneng le letsopa. Letsopa le emela “bana ba moloko oa batho.” (Dan. 2:​43) Kajeno re bona ka ho hlakileng tšusumetso eo batho ba nang le eona likhethong tsa lipolotiki, matšolong a boipelaetso a litokelo tsa botho, litoi-toing le mekhatlong ea basebetsi e leng ntho e etsang hore babusi ba ’muso ona ba sitoe ho finyella lintho tseo ba li batlang.

11. Taba ea hore ’muso oa Manyesemane le Maamerika ke oona o busang, e re kholisa joang hore re phela mehleng ea bofelo?

11 Phapang ea bobeli ke hore ’muso oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšetsoang ke maoto a setšoantšo se seholo ke oona oa ho qetela oo Bibele e buileng ka oona. Ho ke ke ha e-ba le ’muso o mong o tla busa ka mor’a oona. Ho e-na le hoo, ’Muso oa Molimo o tl’o o felisa hammoho le mebuso e meng ka Armagedone. *​—Tšen. 16:​13, 14, 16; 19:​19, 20.

12. Ke bopaki bofe bo bong boo boprofeta ba Daniele bo fanang ka bona bo re tšelisang le ho re fa tšepo?

12 Boprofeta boo bo ka re tsoela molemo joang? Boprofeta ba Daniele bo fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore re phela mehleng ea bofelo. Lilemo tse ka holimo ho 2 500 tse fetileng, Daniele o ile a bolela esale pele hore ka mor’a Babylona mebuso e meng e mene ea lefatše e ne e tla ba le matla ho batho ba Molimo. Ho feta moo, o ile a bolela hore ’muso oa ho qetela e ne e tla ba oa Manyesemane le Maamerika. Taba ena ea re tšelisa ebile e re fa tšepo ea hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso eohle ea batho ’me o buse lefatšeng lohle.​—Dan. 2:44.

13. “Morena oa borobeli” le “marena a leshome” ao ho buuoeng ka ’ona ho Tšenolo 17:​9-12 a tšoantšetsa eng, hona boprofeta boo bo phethahetse joang?

13 Bala Tšenolo 17:​9-12. Ka lebaka la tšenyo e bakiloeng ke Ntoa ea Pele ea Lefatše ho ile ha etsahala ho hong ho phethahatsang boprofeta ba Bibele bo mabapi le mehla ea bofelo. Baeta-pele ba lefatše ba ne ba batla hore ho be le khotso lefatšeng. Kahoo, ka January 1920, ba ile ba theha mokhatlo oa Selekane sa Lichaba o ileng oa nkeloa sebaka ke Machaba a Kopaneng ka October 1945. Mokhatlo oo o bitsoa “morena oa borobeli.” Empa ha se ’muso oa lefatše. O na le matla ka lebaka la mebuso e o tšehelitseng. Bibele e re mebuso eo ke “marena a leshome.”

14, 15. (a) Tšenolo 17:​3-5 e re’ng ka “Babylona e Moholo?” (b) Ho etsahala’ng ka batho ba tšehetsang bolumeli ba bohata?

14 Bala Tšenolo 17:​3-5. Ponong moapostola Johanne o ile a bona seotsoa e leng “Babylona e Moholo” e tšoantšetsang ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Pono eo e ile ea phethahala joang? Ka nako e telele bolumeli ba bohata bo ile ba sebelisana haufi-ufi le mebuso ea lefatše le ho e tšehetsa. Leha ho le joalo, haufinyane Jehova o tla ho kenya ka lipelong tsa mebuso ea lipolotiki “ho phetha monahano oa hae.” See se tla fella ka eng? Mebuso eo ea lipolotiki e leng “marena a leshome” e tla hlasela mekhatlo ea bolumeli ba bohata ’me e e felise.​—Tšen. 17:​1, 2, 16, 17.

15 Re tseba joang hore ho felisoa ha Babylona e Moholo ho atametse? E le hore re arabe potso eo, ke habohlokoa ho hopola hore motse oa Babylona ea boholo-holo o ne o sirelelitsoe ke metsi a noka e kholo ea Eufrate. Lengolo la Tšenolo le tšoantša batho ba limilione ba tšehelitseng Babylona e Moholo le “metsi” a e sirelelitseng. (Tšen. 17:​15) Empa le boetse le re metsi ao a tla “psha” e leng ho bontšang hore ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tla lahleheloa ke batšehetsi ba oona ba bangata. (Tšen. 16:​12) Mehleng ena boprofeta bona boa phethahala hobane batho ba bangata ha ba sa rata bolumeli ’me ba batla tharollo ea mathata a bona linthong tse ling.

16. Ho utloisisa boprofeta bo mabapi le ho thehoa ha Machaba a Kopaneng le ho felisoa ha Babylona e Moholo ho re tsoela molemo joang?

16 Boprofeta boo bo ka re tsoela molemo joang? Ho thehoa ha Machaba a Kopaneng le hore ebe batho ba bangata ha ba sa tšehetsa bolumeli ba bohata, ho paka hore re phela mehleng ea bofelo. Taba ea hore batho ba bangata ha ba sa tšehetsa Babylona ha se eona e tla felisa mekhatlo ea bolumeli ba bohata. Joalokaha ho bontšitsoe lirapeng tse fetileng, Jehova o tla ho kenya ka hare ho lipelo tsa “marena a leshome” e leng mebuso ea lipolotiki e tšehetsang Machaba a Kopaneng “ho phetha monahano oa hae.” Ka tšohanyetso mebuso eo e tla hlasela Babylona e Moholo e leng ho tla makatsa lefatše lohle. * (Tšen. 18:​8-10) Ho felisoa ha Babylona e Moholo ho tla sisinya lefatše lohle ho be ho bake mathata a mangata empa batho ba Molimo ba tla be ba e-na le bonyane mabaka a mabeli a ho lula ba thabile. Bolumeli ba bohata boo esale e e-ba sera sa Jehova Molimo ka nako e telele, bo tla be bo felisitsoe ’me re tla be re le haufi le ho lokolloa lefatšeng lena le khopo.​—Luka 21:28.

E-BA LE TUMELO EA HORE JEHOVA O TLA SIRELETSA BATHO BA HAE NAKONG E TLANG

17, 18. (a) Re ka tsoela pele ho matlafatsa tumelo ea rona joang? (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong se latelang?

17 Daniele o ile a bolela esale pele hore “tsebo ea ’nete” e ne “e tla ba ngata.” Ho ile ha fela ha etsahala joalo. Hona joale re utloisisa boprofeta bo mabapi le mehla ea rona. (Dan. 12:​4, 9, 10) Ho nepahala ha boprofeta bona ho etsa hore re hlomphe Jehova le Lentsoe la hae ka ho tebileng. (Esa. 46:​10; 55:​11) Kahoo, tsoela pele ho matlafatsa tumelo ea hao ka ho ithuta Mangolo ka hloko le ho thusa ba bang ho ba le setsoalle le Jehova. O tla sireletsa bohle ba mo tšepang ka ho feletseng ’me o tla ba fa “khotso e sa khaotseng.”​—Esa. 26:3.

18 Sehloohong se latelang re tl’o bua ka boprofeta bo mabapi le se tla etsahala ka phutheho ea Bokreste matsatsing a ho qetela. Joalokaha re tla bona, boprofeta bona le bona bo tiisa hore re phela matsatsing a ho qetela. Re tla bona bopaki bo bong ba hore hona joale Jesu ke Morena oa rona ea etellang pele balateli ba hae ba tšepahalang.

PINA EA 61 Lulang le le Sebete

^ Re phela nakong e thabisang haholo. Joalokaha boprofeta bo bongata ba Bibele bo bontša, hona joale ’Muso oa Molimo oa busa. Sehloohong sena re tl’o hlahloba bo bong ba boprofeta boo e le hore re matlafatse tumelo ea rona ho Jehova. Hape ho hlahloba boprofeta bona ho tla re thusa ho lula re khobile matšoafo ’me re tšepe Jehova hona joale le nakong e tlang.

^ Sheba khaolo ea 32 ntlha ea bone bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! le video ea ’Muso oa Molimo o Qalile ho Busa ka 1914, ho jw.org.

^ Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka boprofeta ba Daniele, sheba Molula-Qhooa oa June 15, 2012, leq 14-19.

^ Ho fumana lintlha tsa hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang, sheba khaolo ea 21 bukeng ea ’Muso oa Molimo oa Busa!