Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 37

U ka Tšepa Bara le Barali Babo Rona

U ka Tšepa Bara le Barali Babo Rona

“Lerato . . . le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle.”​—1 BAKOR. 13:4, 7.

PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Ke hobane’ng ha re sa makale ha batho ba bangata mehleng ena ba sitoa ho tšepa batho ba bang?

 BATHO ba lefatše lena la Satane ha ba tsebe hore na ba lokela ho tšepa mang. Ba lula ba soetsoa ke boitšoaro ba bo-rakhoebo, bo-ralipolotiki le baeta-pele ba bolumeli. Taba ena e etsa hore ba qetelle ba sa tšepe metsoalle, baahisane hammoho le ba malapa a bona. Sena ha sea lokela ho re makatsa. Bibele e ile ea bolela esale pele ea re: “Matsatsing a ho qetela . . . , batho e tla ba . . . ba sa tšepahaleng, . . . baetselletsi, . . . baeki.” Taba ena e bolela hore batho ba ne ba tla ba joaloka Satane e leng molimo oa tsamaiso ena ea lintho ea ke keng a tšeptjoa.​—2 Tim. 3:1-4; 2 Bakor. 4:4.

2. (a) Re ka beha tšepo ea rona hokae? (b) Ba bang ba ka ipotsa eng?

2 Rea tseba hore re lokela ho tšepa Jehova ka ho felletseng kaha re Bakreste. (Jer. 17:7, 8) Re kholisehile hore oa re rata le hore a “ke ke a tlohela” metsoalle ea hae. (Pes. 9:10) Re ka boela ra tšepa Jesu Kreste hobane o fane ka bophelo ba hae bakeng sa rona. (1 Pet. 3:18) Re boetse re bone bophelong ba rona hore Bibele e fana ka tataiso e tšepahalang. (2 Tim. 3:16, 17) Rea tseba hore re ka tšepa Jehova, Jesu le Bibele. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ba lokela ho lula ba tšepa bara le barali babo rona ka phuthehong. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba tšepa?

RE HLOKA BARA LE BARALI BABO RONA

Lefatšeng lohle re na le bara le barali babo rona ba tšepahalang ba ratang Jehova joaloka rona (Sheba serapa sa 3)

3. Re na le tlotla efe e ikhethang? (Mareka 10:29, 30)

3 Jehova o re khethile hore re be karolo ea lelapa la hae le lefatšeng lohle. Ena ke tlotla e ikhethang haholo ’me ho na le melemo e mengata. (Bala Mareka 10:29, 30.) Re na le bara le barali babo rona lefatšeng lohle ba ratang Jehova joaloka rona le ba ikemiselitseng ho phela ka melao ea hae. Re ka ’na ra fapana le bona ka puo, setso le moaparo empa rea ba rata esita leha re qala ho kopana le bona. Re thabela haholo ho rapela le bona le ho rorisa Ntate oa rona ea leholimong.​—Pes. 133:1.

4. Ke hobane’ng ha re hloka bara le barali babo rona?

4 Hona joale re lokela ho momahana le bara le barali babo rona ho feta leha e le neng pele. Ka linako tse ling baa re thusa ha re imetsoe. (Bar. 15:1; Bagal. 6:2) Ba re khothalletsa ho lula re sebeletsa Jehova ka mafolo-folo le hore re lule re le metsoalle ea hae. (1 Bathes. 5:11; Baheb. 10:23-25) Nahana feela hore na re ne re tla ikutloa joang haeba re ne re se na phutheho e re thusang e le hore re ka hlola Satane Diabolose le lefatše la hae le khopo. Haufinyane Satane le bohle ba laoloang ke eena ba tla hlasela batho ba Molimo. Ka nako eo re tla thaba haholo ha bara le barali babo rona ba re tšehetsa.

5. Ke eng e ka etsang hore batho ba bang ba thatafalloe ke ho tšepa bara le barali babo rona?

5 Ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke ho tšepa bara le barali babo rona. E ka ’na eaba ba ile ba bolella motho e mong ka phuthehong lekunutu la bona eaba motho eo o le bolella batho ba bang. E ka ’na eaba motho e mong ka phuthehong ha aa ka a phethahatsa tšepiso e itseng. Kapa ho ka etsahala hore motho e mong o buile kapa o entse ntho e ba utloisang bohloko haholo. Lintho tsena li ka etsa hore re thatafalloe ho tšepa batho ba bang. Joale ke eng e ka re thusang ho tšepa bara le barali babo rona?

HA RE RATA BARA LE BARALI BABO RONA RE TLA BA TŠEPA

6. Ke joang lerato le ka re thusang ho tšepa batho ba bang? (1 Bakorinthe 13:4-8)

6 Lerato ke motheo oa ho tšepana. Bakorinthe ba pele khaolo ea 13 e hlalosa lintho tse fapaneng tseo lerato le ka re thusang ho li etsa e le hore re ka tšepa batho ba bang. (Bala 1 Bakorinthe 13:4-8.) Ka mohlala, temana ea bone e re “lerato lea tiisetsa ’me le mosa.” Jehova oa re mamella leha re mo siteloa. Ka sebele re tla mamella bara le barali babo rona ha ba re utloisa bohloko ka lintho tseo ba li buang kapa tseo ba li etsang. Ho ekelletsa moo, temana ea bohlano e re: “[Lerato] ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng. Ha le boloke tlaleho ea bobe.” Kahoo, ha re batle ho ‘boloka tlaleho ea bobe’ ka ho hopola lintho tse bohloko tseo bara le barali babo rona ba ileng ba re etsa tsona nakong e fetileng. Moeklesia 7:9 e re re “se ke ra potlakela ho khopeha.” Ho bohlokoa haholo hore u sebelise keletso e hlahang ho Baefese 4:26 e reng: “Letsatsi le se ke la le likella le halefile.”

7. Molao-motheo o hlahang ho Matheu 7:1-5 o re thusa joang ho tšepa batho ba bang?

7 Ntho e ’ngoe e ka re thusang ho tšepa bara le barali babo rona ke ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona. Molimo oa ba rata ebile ha a boloke tlaleho ea liphoso tsa bona. Le rona ha rea lokela ho etsa joalo. (Pes. 130:3) Ho e-na le ho sheba liphoso tsa bona, re lokela ho sheba makhabane a bona le bokhoni ba bona ba ho etsa lintho tse nepahetseng. (Bala Matheu 7:1-5.) Re lumela hore ba batla ho etsa lintho tse ntle ’me ha baa ikemisetsa ho re utloisa bohloko etsoe lerato “le lumela lintho tsohle.” (1 Bakor. 13:7) Sena ha se bolele hore Jehova o batla re tšepe batho ka hlooho e ntšo feela. Ho e-na le hoo, o batla hore re ba tšepe hobane ba bontšitse hore baa tšepahala. *

8. U ka etsa’ng e le hore u tšepe bara le barali babo rona?

8 Ho nka nako ho tšepa batho ba bang feela joalokaha ho nka nako ho ba hlompha. Kahoo, u ka etsa’ng hore u tšepe bara le barali babo rona? Iphe nako ea ho ba tseba. Bua le bona ha le le libokeng tsa phutheho. E-ea tšebeletsong ea tšimo le bona. E-ba le mamello ’me u ba fe monyetla oa ho bontša hore ke batho ba ka tšeptjoang. Ke ’nete hore qalong u ka ’na oa khetha hore na u bua ka eng ho motho eo u ntseng u ithuta eena. Ha u ntse u ba tseba haholoanyane u ka nolofalloa ke ho ba phetlela sefuba. (Luka 16:10) Empa u ka etsa’ng haeba liketso tsa mora kapa morali oabo rona li etsa hore u se ke oa mo tšepa? Ha seo se etsahala, u se ke oa potlakela ho khaotsa setsoalle empa u mo fe nako. Hape u se ke oa lumella liketso tsa batho ba ’maloa feela hore li u sitise ho tšepa bara le barali babo rona kaofela. Re ntse re nahanne ka taba ena, re tla hlahloba mehlala ea ba bang ba bahlanka ba Jehova ba nang le tumelo, ba ileng ba lula ba tšepa batho ba bang le hoja ho e-na le ba ileng ba ba soetsa.

ITHUTE MOHLALENG OA BA ILENG BA LULA BA TŠEPA BATHO BA BANG

Ho sa tsotellehe hore na Eli o ile a araba Anna joang, Anna o ile a tsoela pele ho tšepa tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona (Sheba serapa sa 9)

9. (a) Anna o ile a etsa’ng ho bontša hore o tšepa tsela ea Jehova ea ho etsa lintho ho sa tsotellehe mefokolo ea baemeli ba hae? (b) Re ithuta’ng ho Anna mabapi le ho tšepa tsela eo Jehova a reng lintho li etsoe ka eona? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

9 Na u kile oa soetsoa ke boitšoaro ba mor’abo rona ea nang le boikarabelo? Haeba ho joalo, u ka ithuta mohlaleng oa Anna. Ka nako eo, Moprista ea Phahameng Eli e ne e le eena ea etellang pele borapeli ba Jehova Iseraele. Empa ba lelapa la hae ba ne ba sa behe mohlala o motle. Bara ba hae bao e neng e le baprista ba ne ba etsa lintho tse hlabisang lihlong le tse sa hloekang. Leha ho le joalo, ntate oa bona ha aa ka a ba khalemela ka matla. Jehova ha aa ka a etsa hore Eli a se ke a hlola a sebeletsa e le moprista ea phahameng hang-hang. Leha ho le joalo, Anna ha aa ka a furalla tsela eo Molimo a reng lintho li etsoe ka eona ka hore a hane ho rapella tabernakeleng ha Eli e ntse e le moprista ea phahameng. Ha Eli a bona Anna a rapela a le tlas’a khatello, o ile a etsa phoso ea ho nahana hore Anna o tahuoe empa a sa ipha nako ea ho batla hore na ho etsahala’ng. (1 Sam. 1:12-16) Leha ho le joalo, Anna o ile a etsa kano ea hore ha a ka ba le mora o tla mo tlisa tabernakeleng ho tla sebeletsa teng a le tlhokomelong ea Eli. (1 Sam. 1:11) Na taba e amanang le bara ba Eli e ne e hloka ho rarolloa? E, e ne e hloka ho rarolloa ’me Jehova o ile a nka khato ka nako e loketseng. (1 Sam. 4:17) Ka mor’a nako e itseng Molimo o ile a putsa Anna ka mora e leng Samuele.​—1 Sam. 1:17-20.

10. Ke eng e ileng ea thusa Morena Davida ho tšepa batho ba bang le hoja ho e-na le ba ileng ba mo fetohela?

10 Na u kile oa soetsoa ke motsoalle ea haufi? Haeba ho joalo, nahana ka lintho tse ileng tsa etsahalla Morena Davida. E mong oa metsoalle ea hae e ne e le monna ea bitsoang Akitofele. Ha mora oa Davida e leng Absalome a leka ho inkela borena ba ntate oa hae, Akitofele o ile a tšehetsa Absalome borabeleng boo ba hae. E tlameha ebe Davida o ile a utloa bohloko hakaakang ha ka nako e le ’ngoe a fetoheloa ke mora oa hae le monna eo a neng a mo nka e le motsoalle oa hae. Leha ho le joalo, Davida ha aa ka a lumella bofetoheli bona ho mo sitisa ho tšepa batho ba bang. O ile a tsoela pele ho tšepa motsoalle e mong oa hae ea tšepahalang e leng Hushai ea sa kang a mo fetohela. Davida o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho tšepa Hushai. Hushai o ile a ipaka e le motsoalle oa ’nete hoo a ileng a ba a beha bophelo ba hae kotsing e le ho thusa Davida.​—2 Sam. 17:1-16.

11. Mohlanka e mong oa Nabale o ile a bontša joang hore o tšepa batho ba bang?

11 Nahana hape ka mohlala oa e mong oa bahlanka ba Nabale. Ka mosa Davida le bahlanka ba hae ba ile ba sireletsa mohlape oa monna oa Moiseraele ea neng a ruile ea bitsoang Nabale. Hamorao Davida o ile a kopa Nabale lijo tseo a neng a ka khona ho mo fa tsona, eena le bahlanka ba hae. Ha Nabale a hana kopo ea Davida e utloahalang, Davida o ile a halefa haholo hoo a ileng a batla ho bolaea motho e mong le e mong e motona ntlong ea Nabale. E mong oa bahlanka ba Nabale o ile a tlalehela mosali oa Nabale e leng Abigaile boemo bona. Kaha e ne e le e mong oa bahlanka ba Nabale, o ne a tseba hore bophelo ba hae bo matsohong a Abigaile. Ho e-na le hore a balehe, o ile a tšepa hore Abigaile o tla lokisa lintho. O ne a ikutloa joalo hobane Abigaile o ne a tsebahala a le bohlale. O ne a nepile hobane ntho e ileng ea etsahala ka mor’a moo e ile ea paka hore a ka tšepa Abigaile. Abigaile o ile a bontša sebete ka ho thibela Davida ho phetha morero oa hae. (1 Sam. 25:2-35) O ne a tšepa hore Davida o tla etsa qeto e nepahetseng.

12. Jesu o ile a bontša joang hore o tšepa barutuoa ba hae ho sa tsotellehe mefokolo ea bona?

12 Jesu o ne a tšepa balateli ba hae ho sa tsotellehe liphoso tsa bona. (Joh. 15:15, 16) Ha Jakobo le Johanne ba kopa Jesu hore a ba fe boemo bo khethehileng ’Musong oa Molimo, Jesu ha aa ka a belaella mabaka ao ba sebeletsang Jehova ka ’ona ’me ha aa ka a re e se ke ea hlola e e-ba baapostola. (Mar. 10:35-40) Hamorao bosiung boo Jesu a ileng a tšoaroa ka bona, baapostola ba hae ba ile ba mo tlohela kaofela ’me ba baleha. (Mat. 26:56) Ho ntse ho le joalo, Jesu ha aa ka a khaotsa ho ba tšepa. O ne a tseba mefokolo ea bona hantle empa “o ile a ba rata ho isa bofelong.” (Joh. 13:1) Ka mor’a hore a tsosoe, o ile a ba a fa baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 boikarabello ba bohlokoa ba ho etella pele mosebetsi oa ho etsa barutuoa le ho hlokomela linku tsa hae. (Mat. 28:19, 20; Joh. 21:15-17) O ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho tšepa banna bana ba sa phethahalang. Kaofela ha bona ba ile ba tšepahala ho fihlela ba hlokahala. Ruri Anna, Davida, mohlanka oa Nabale, Abigaile le Jesu ba re behetse mohlala o motle oa ho tšepa batho ba sa phethahalang.

U KA TŠEPA BARA LE BARALI BABO RONA HAPE

13. Ke’ng e ka etsang hore ho be thata ho tšepa batho ba bang?

13 Na u kile oa bolella mor’abo rona eo u mo tšepang lekunutu empa a se ke a le boloka? Ntho eo e utloisa bohloko. Morali oabo rona e mong o ile a bolella moholo lekunutu a e-na le tšepo ea hore a ke ke a bolella batho ba bang. Letsatsing le hlahlamang mohats’a moholo eo o ile a letsetsa morali oabo rona a mo khothatsa. Ho hlakile hore moholo eo o ne a mo bolelletse. Morali oabo rona o ne a se a thatafalloa ke ho tšepa moholo enoa. Leha ho le joalo, o ile a etsa ntho e nepahetseng eaba o kopa thuso. O ile a bua le moholo e mong ka taba ena ’me moholo eo o ile a mo thusa hore a tšepe baholo hape.

14. Ke’ng e ileng ea thusa mor’abo rona hore a boele a tšepe ba bang hape?

14 Ka nako e telele mor’abo rona e mong o ne a koatetse baholo ba babeli bao a neng a utloa a se a sa ba tšepe. Leha ho le joalo, o ile a nahana ka mantsoe a bonolo empa a le matla a mor’abo rona eo a neng a mo hlompha haholo a reng: “Sera sa rona ke Satane eseng bara babo rona.” Ka mor’a ho nahanisisa ka hloko ka taba eo le ho e rapella, mor’abo rona o ile a khona ho bopa khotso le baholo bao ba babeli.

15. Fana ka mohlala o bontšang hore ho ka nka nako ho tšepa batho ba bang hape.

15 Na u kile oa lahleheloa ke boikarabello ka phuthehong? Ke ntho e bohloko haholo. Grete le ’mè oa hae e ne e le Lipaki tse tšepahalang tsa Jeremane nakong eo Manazi a neng a thibetse mosebetsi oa rona lilemong tsa bo-1930. Grete o ne a fuoe boikarabello ba ho kopitsa Molula-Qhooa bakeng sa balumeli-’moho le eena. Ha bara babo rona ba utloa hore ntate oa hae o hanyetsa Lipaki, ba ile ba mo amoha boikarabello boo hobane ba ne ba tšoha hore ntate oa hae o tla bolella bahanyetsi ba Lipaki boitsebiso ba phutheho. Boo e ne e se bona feela bothata ba Grete. Ka Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, bara babo rona ba ne ba sa fe Grete le ’mè oa hae limakasine ebile ba sa bue le bona ha ba kopana tseleng. Seo se ile sa utloisa Grete bohloko haholo ’me ho ile ha mo nka nako hore a tšoarele le hore a boele a tšepe bara bao babo rona hape. Ha nako e ntse e ea, o ile a lumela hore Jehova o ba tšoaretse kahoo le eena o ile a ba tšoarela. *

“Sera sa rona ke Satane eseng bara babo rona”

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata hore re tšepe bara le barali babo rona hape?

16 Haeba u kile oa etsahalloa ke ntho e bohloko joaloka ena u lokela ho sebetsa ka thata hore u tšepe batho ba bang hape. Ho ka ’na ha nka nako empa boiteko ba hao e ke ke ea e-ba ba lefeela. Ka mohlala, haeba u kile oa ja lijo tse bolileng, u ka ’na oa ba hlokolosi hore na u ja eng. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore ha u sa tla ja. Ka ho tšoanang ha oa lokela ho lumella ntho e le ’ngoe e bohloko e kileng ea u etsahalla hore e u sitise ho tšepa bara le barali babo rona bao re tsebang hantle hore ha baa phethahala. Ha re sebetsa ka thata hore re boele re tšepe batho ba bang hape, re tla thaba ebile re tla tsepamisa likelello tsa rona tabeng ea hore na re ka etsa’ng hore ho be le khotso le hore re tšepane ka phuthehong.

17. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tšepana? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong se latelang?

17 Ha ho bonolo ho tšepana lefatšeng lena la Satane empa re ka tšepa bara le barali babo rona hobane rea ba rata ’me le bona baa re rata. Ha re tšepana re tla thaba, re tla ba bonngoeng hape seo se tla re sireletsa ha re kopana le mathata ka moso. U lokela ho etsa’ng haeba u ile oa phoqoa ke motho eo u neng u mo tšepa? Leka ho sheba lintho ka tsela ea Jehova, sebelisa melao-motheo ea Bibele, rata bara le barali beno hape u ithute mehlaleng e ka Bibeleng. Re ka fola haeba re ne re utloile bohloko ’me ra khona ho tšepa batho ba bang hape. Ha re etsa joalo re tla hlohonolofatsoa ka metsoalle e mengata e “khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” (Liprov. 18:24) Le hoja re lokela ho tšepa batho ba bang, le rona re lokela ho etsa hore ba re tšepe. Sehloohong se latelang re tla bona hore na re ka etsa’ng e le hore bara le barali babo rona ba re tšepe.

PINA EA 99 Bakreste-’moho le ’Na ba Limilione

^ Re lokela ho tšepa bara le barali babo rona. Ha se kamehla ho leng bonolo ho etsa joalo hobane ka linako tse ling ba ka re phoqa. Sehloohong sena re tl’o bua ka e meng ea melao-motheo ea Bibele e ka re thusang le mehlala e meng ea batho ba nakong e fetileng eo re ka nahanang ka eona. Ho etsa joalo ho tla re thusa ho tšepa bara le barali babo rona le ho feta kapa ho re thuse hore re ba tšepe hape haeba ba ile ba re phoqa.

^ Bibele ea re lemosa hore ho ka ’na ha e-ba le batho ba sa tšepahaleng ka phuthehong. (Juda 4) Maemong a mang ho ka ba le Bakreste ba sa tšepahaleng ka phuthehong ba ka lekang ho khelosa ba bang ka ho bua “lintho tse sothehileng.” (Lik. 20:30) Ha re tšepe batho ba joalo ebile ha re ba mamele.

^ Bakeng sa lintlha tse eketsehileng ka pale ea Grete, bala Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1974 ea Senyesemane, leq. 129-131.