Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 38

Bontša Hore oa Tšepahala

Bontša Hore oa Tšepahala

“Ea tšepahalang . . . o koahela taba.”​—LIPROV. 11:13.

PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane

SEO RE TL’O ITHUTA SONA *

1. Re ka bona ka’ng ha motho e mong a tšepahala?

 MOTHO ea tšepahalang o loanela ho phetha litšepiso tsa hae hape o bua ’nete. (Pes. 15:4) Batho baa tseba hore ba ka mo tšepa. Re batla hore bara le barali babo rona ba ikutloe joalo ka rona. Ke eng e ka re thusang hore ba re tšepe?

2. Re ka bontša joang hore rea tšepahala?

2 Re ke ke ra qobella batho bang hore ba re tšepe. Ha ho itlele feela hore batho ba re tšepe. Re lokela ho etsa ho hong. Botšepehi bo tšoana le ho batla chelete. Ho thata ho e fumana empa ho bonolo ho lahleheloa ke eona. Jehova o entse hore re mo tšepe. Ha ho le ka mohla a ka etsang hore re se ke ra mo tšepa hobane “mosebetsi oohle oa hae o na le botšepehi.” (Pes. 33:4) Kahoo, o lebelletse hore re mo etsise. (Baef. 5:1) A re hlahlobeng mehlala ea bahlanka ba Jehova ba ileng ba mo etsisa ’me ba bontša hore baa tšepahala. Re tla boela re bone makhabane a mahlano a tla re thusa hore re be batho ba tšepahalang.

ITHUTE HO BAHLANKA BA TŠEPAHALANG BA JEHOVA

3, 4. Moprofeta Daniele o ile a bontša joang hore oa tšepahala, hona seo se ka etsa hore re ipotse lipotso life?

3 Moprofeta Daniele o re behetse mohlala o motle oa ho tšepahala. Le hoja a ile a isoa botlamuoeng Babylona, o ile a tuma ka ho tšepahala ha a le moo. O ile a ba le botumo bo botle le ho feta ba ho tšepahala ka mor’a hore Jehova a mo thuse ho hlalosa litoro tsa Morena Nebukadnezare oa Babylona. Ka lekhetlo le leng Daniele o ile a bolella morena hore Jehova ha a thabele liketso tsa hae e leng molaetsa oo morena a neng a ke ke a thabela ho o utloa. Ho etsa joalo ho ne ho hloka hore a be sebete hobane Nebukadnezare o ne a tsebahala a le bohale haholo. (Dan. 2:12; 4:20-22, 25) Ho ntse ho le joalo, lilemo hamorao Daniele o ile a bontša hore oa tšepahala ka hore a hlalose mongolo oo ho neng ho se na motho ea khonang ho o hlalosa ka tsela e nepahetseng. Mongolo oo o ne o le leboteng la paleise ea Babylona. (Dan. 5:5, 25-29) Hamorao Dariuse oa Momede le balaoli ba phahameng le bona ba ile ba hlokomela hore Daniele o na le “moea o sa tloaelehang.” Ba ne ba lumela hore Daniele “e ne e le ea ka tšeptjoang ’me ho hang ha hoa ka ha fumanoa ho se tsotelle kapa ntho e fosahetseng ho eena.” (Dan. 6:3, 4) Babusi ba bahetene le bona ba ne ba hlokomela hore morapeli enoa oa Jehova oa tšepahala.

4 Re nahanne ka mohlala oa Daniele, e ka ba hantle hore re ipotse: ‘Ke tsebahala ke le motho ea joang ho batho bao e seng Lipaki? Na ke tsebahala ke le motho ea phethang boikarabello ba ka le ea tšepahalang?’ Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re ipotse lipotso tsee? Ke hobane ha re tšepahala re etsa hore Jehova a rorisoe.

Nehemia o ile a khetha banna ba tšepahalang ho phetha mesebetsi ea bohlokoa (Sheba serapa sa 5)

5. Ke’ng e ileng ea thusa Hanania hore a lule a tšepahala?

5 Ka selemo sa 455 pele ho mehla ea Jesu ka mor’a hore ’Musisi Nehemia a hahe marako a Jerusalema, o ile a batla banna ba tšepahalang hore ba hlokomele motse. Har’a banna ba ileng ba khethoa ho ne ho e-na le Hanania khosana ea Qhobosheane. Bibele e hlalosa Hanania “e le monna ea tšepahalang haholo ’me a tšaba Molimo oa ’nete ho feta ba bang ba bangata.” (Neh. 7:2) Hanania o ne a tšaba Jehova ebile a batla ho mo khahlisa ’me seo se ile sa etsa hore a sebetse ka thata kabelong e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a e fuoa. Haeba le rona re e-na le makhabane a joalo, re tla khona ho tšepahala ha re ntse re sebeletsa Molimo.

6. Tykikase o ile a bontša joang hore ke motsoalle ea tšepahalang ho moapostola Pauluse?

6 A re boneng mohlala oa Tykikase, motsoalle ea tšepahalang oa moapostola Pauluse. Ha Pauluse a le litlamong, Tykikase o ne a mo thusa haholo hoo Pauluse a ileng a re ke “mosebeletsi ea tšepahalang.” (Baef. 6:21, 22) Pauluse o ne a mo tšepetse hore a ise mangolo ho barab’abo ba Efese le ba Kolose le hore a ba khothatse le ho ba tšelisa. Ha re nahana ka Tykikase, re hopola banna ba tšepahalang ba re hlokomelang tumelong mehleng ena.​—Bakol. 4:7-9.

7. U ka ithuta’ng ka ho tšepahala ha baholo le bahlanka ba sebeletsang phuthehong ea heno?

7 Mehleng ena le rona re ananela baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tšepahalang. Joaloka Daniele, Hanania le Tykikase ba nka boikarabelo ba bona ka botebo. Ka mohlala, ha re ea libokeng tsa har’a beke, re ea re e-na le kholiseho ea hore lipuo tsohle li na le batho ba tla fana ka tsona. Baholo ba ananela haholo ha bara le barali babo rona ba fuoeng lipuo ba li lokisetsa hantle le ho fana ka tsona. Ka mohlala, ha ho mohla re tšabang ho mema lithuto tsa rona libokeng tsa mafelo-beke hobane re tšoha hore mor’abo rona o lebetse ho lokisetsa puo ea phatlalatsa. Hape re kholisehile hore re tla lula re fumana lingoloa tseo re li hlokang bakeng sa tšimo. Re ananela hore ebe bara bana babo rona ba tšepahalang ba re thusa ho ba metsoalle ea Jehova ’me re leboha Jehova ka ho re fa bona. Empa ke ka litsela life re ka bontšang hore rea tšepahala?

TŠEPAHALA KA HORE U BOLOKE LEKUNUTU

8. Re ka bontša hore re nahanela Bakreste-’moho le rona joang ha re ntse re qoqa le bona? (Liproverbia 11:13)

8 Re rata bara le barali babo rona ’me re amehile ka bona. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho ba phenya-phenya le ho batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bona. Bakreste ba bang lekholong la pele la lilemo ba ne ba ‘kena-kenana le litaba tsa batho ba bang, ba bua ka lintho tseo ba sa tšoanelang ho bua ka tsona.’ (1 Tim. 5:13) Kannete ha re batle ho tšoana le bona. A re re mohlomong motho e mong o u bolella bothata boo a sa batleng hore u bo bolelle batho ba bang. Ka mohlala, morali oabo rona a ka ’na a re bolella boloetse bo mo tšoereng kapa bothata bo bong boo a tobaneng le bona ’me a re kopa hore ho se ke ha e-ba le motho eo re mo bolellang. Re lokela ho hlompha maikutlo a hae. * (Bala Liproverbia 11:13.) A re ke re hlahlobeng maemo ao ho leng bohlokoa hore re boloke lekunutu.

9. Litho tsa lelapa li ka bontša joang hore lia tšepahala?

9 E-ba motho ea ka tšeptjoang ka lapeng. Setho se seng le se seng sa lelapa se na le boikarabello ba ho boloka makunutu a lelapa. Ka mohlala ho ka ’na ha e-ba le ntho eo morali oabo rona a tloaetseng ho e etsa e qabolang monna oa hae. Na mor’abo rona a ka hlabisa mosali oa hae lihlong ka hore a bue ka taba eo ho batho ba bang? Le hanyenyane! Kaha o rata mosali oa hae a ke ke a batla ho mo utloisa bohloko le ka mohla. (Baef. 5:33) Bacha le bona ba batla ho hlomphuoa. Ke habohlokoa hore batsoali ba hopole seo. Batsoali ha baa lokela ho hlabisa bana ba bona lihlong ka hore ba bolelle batho ba bang liphoso tsa bona. (Bakol. 3:21) Bana le bona ba lokela ho ithuta ho boloka lekunutu. Ha baa lokela ho bolella batho ba bang lintho tse ka hlabisang setho se seng sa lelapa lihlong. (Deut. 5:16) Ha setho se seng le se seng sa lelapa se phetha boikarabello ba sona ka ho boloka lekunutu, lelapa lohle le tla momahana.

10. Motsoalle oa ’nete ke ea joang? (Liproverbia 17:17)

10 E-ba motho ea ka tšeptjoang ke metsoalle ea hae. Ka linako tse ling re utloa re batla ho bolella metsoalle ea rona hore na re ikutloa joang. Ka linako tse ling ho ka ba thata ho etsa joalo. E ka ’na eaba re thatafalloa ke ho ntša maikutlo ’me re ka utloa bohloko haholo haeba re ka utloa hore motsoalle oa rona o boleletse motho e mong makunutu a rona. Ka lehlakoreng le leng, re ananela haholo ha motsoalle oa rona a boloka lekunutu. Eo ke “motsoalle oa ’nete.”​—Bala Liproverbia 17:17.

Baholo ha ba bue litaba tseo ba sa lokelang ho bua ka tsona ho ba malapa a bona (Sheba serapa sa 11) *

11. (a) Baholo le balekane ba bona, ba bontša joang hore baa tšepahala? (b) Re ithuta’ng ho moholo ea ileng a boloka makunutu a mosali oa hae le a bara le barali babo rona ka phuthehong? (Sheba setšoantšo.)

11 E-ba motho eo bara le barali babo rona ba ka mo tšepang. Baholo ba bolokang makunutu a bara le barali babo rona ke “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula.” (Esa. 32:2) Rea tseba hore re ka bua le bona re lokolohile hobane sohle seo re se buang le bona ba tla se boloka e le lekunutu. Ha re ba qobelle ho bua lintho tseo ba sa lokelang ho re bolella tsona. Re ananela hore ebe balekane ba baholo ha ba botse banna ba bona litaba tseo ba sa lokelang hore ba li tsebe. Kannete ke ntho e thabisang ha baholo ba sa bolelle basali ba bona makunutu a bara le barali babo rona. Morali oabo rona e mong eo monna oa hae e leng moholo o re: “Ke ananela haholo hore ebe monna oa ka ha a mpolelle makunutu a batho bao a ba etsetsang maeto a bolisa le ba hlokang thuso ea baholo. Ke ananela haholo hore ebe ha a nkimetse ka litaba tseo ke sa hlokeng hore ke li tsebe. Sena se etsa hore ho be bonolo ho bua le motho e mong le e mong ka phuthehong. Hape kea tseba hore haeba le ’na ke bolella monna oa ka makunutu kapa mathata a ka, a ke ke a bolella batho ba bang.” Ke ’nete hore kaofela ha rona re batla ho tšeptjoa. Ke makhabane afe a tla re thusa hore re finyelle seo? A re hlahlobeng a mahlano.

E-BA LE MAKHABANE A TLA U THUSA HORE U BE MOTHO EA TŠEPAHALANG

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata batho ba bang e le hore ba re tšepe? Fana ka mohlala.

12 Lerato le re thusa ho tšepahala. Jesu o ile a re litaelo tse kholo tse peli ke ho rata Jehova le ho rata moahelani. (Mat. 22:37-39) Kaha re rata Jehova, re batla ho etsisa mohlala oa hae o phethahetseng oa botšepehi. Ka mohlala, ho rata bara le barali babo rona ho re susumelletsa ho boloka makunutu a bona. Re ke ke ra batla ho bua lintho tse ka ba utloisang bohloko kapa tsa ba hlabisa lihlong.​—Joh. 15:12.

13. Boikokobetso bo re thusa joang hore re tšepahale?

13 Boikokobetso bo tla etsa hore batho ba bang ba re tšepe. Mokreste ea ikokobelitseng ha a leke ho khahlisa batho ba bang ka hore lintho li hlahe ka eena. (Bafil. 2:3) Ha a etse hore batho ba bang ba nahane hore o tseba makunutu ao a ke keng a bua ka ’ona. Kahoo, ha re e-na le boikokobetso re tla qoba ho bua maikutlo a rona litabeng tse sa hlalosoang ka Bibeleng kapa lingoloeng tse thehiloeng Bibeleng.

14. Ho ba le temoho ho re thusa joang hore re tšepahale?

14 Ho ba le temoho ho tla re thusa ho tseba “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moek. 3:7) Ho na le maele a tloaelehileng litsong tse ling a reng: “Ho bua ke silevera empa ho thola ke khauta.” Sena se bolela hore ho molemo ho thola ho feta ho bua. Ke ka lebaka leo Liproverbia 11:12 e fanang ka keletso ena: “Motho ea nang le temoho e batsi ke ea khutsang.” Nahana ka mohlala ona. Ho na le moholo ea nang le boiphihlelo ea kopuoang hangata hore a thuse liphutheho tse ling ka mathata a tsona. Hlokomela seo moholo e mong a ileng a se bua ka eena. O ile a re: “O lula a le hlokolosi hore a se ke a bua lintho tseo batho ba bang ba sa lokelang ho li tseba ka liphutheho tseo.” Ho ba le temoho ha moholo eo ho ile ha mo thusa ho ikhapela tlhompho ho tsoa ho baholo-’moho le eena phuthehong ea habo. Baa tseba hore a ke ke a bua litaba tsa baholo ho batho ba bang.

15. Fana ka mohlala o bontšang hore ho bua ’nete ho ka etsa hore batho ba bang ba re tšepe.

15 Ho bua ’nete ho bohlokoa e le hore batho ba re tšepe. Re ka tšepa motho ea buang ’nete hobane o bontša hore oa tšepahala. (Baef. 4:25; Baheb. 13:18) Ka mohlala, mohlomong u batla ho ntlafatsa tsela eo u rutang Bibele ka eona. Kahoo, u kopa motho e mong hore a mamele puo ea hao e le hore a ka fana ka litlhahiso tsa moo u ka ntlafatsang teng. Ke motho ea joang eo u ka mo tšepelang hore a bue ’nete? Ke mang eo u ka mo tšepelang hore a u fe keletso ea hore na u ka ntlafatsa hokae? Na u ka tšepa motho ea u bolellang lintho tseo u batlang ho li utloa feela kapa ea buang ’nete? Karabo e hlakile. Bibele e re: “Khalemelo e senolehileng e molemo ho feta lerato le patehileng. Maqeba a bakoang ke moratuoa aa tšepahala.” (Liprov. 27:5, 6) Le hoja qalong ho ka ba thata ho amohela keletso ea motsoalle e tsoang botebong ba pelo, ha nako e ntse e ea, re tla bona hore e tla re tsoela molemo.

16. Liproverbia 10:19 e bontša bohlokoa ba boitšoaro joang?

16 Ho ba le boitšoaro ho bohlokoa e le hore batho ba re tšepe. Tšobotsi ena e re thusa ho thola haeba ho e-na le ntho e re khannelang hore re ntše taba ea lekunutu. (Bala Liproverbia 10:19.) Ha re sebelisa mecha ea puisano re ka ’na ra sitoa ho ba le boitšoaro. Haeba re se hlokolosi, re ka iphumana re buile litaba tseo re sa lokelang ho li bua bathong ba bangata. Joale ha re hasa litaba ka marang-rang, re ke ke ra khona ho laola tsela eo li tla sebelisoa ka eona hape re ke ke ra tseba hore na li tla baka tšenyo e kae. Ho ba le boitšoaro ho tla re thusa hore re thole haeba bahanyetsi ba rona ba leka ho re qhekella ka hore re bue lintho tse ka behang bara le barali babo rona kotsing. Sena se ka etsahala haeba mapolesa a re botsa lipotso naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Maemong ana le a mang re ka sebelisa molao-motheo o buang ka ho “beha ntho e tlamang molomo e le molebeli molomong.” (Pes. 39:1) Hore na re sebetsana le lelapa, metsoalle, bara le barali babo rona kapa motho leha e le ofe, re lokela ho tšepahala. Re lokela ho ba le boitšoaro e le hore re tšepahale.

17. Re ka etsa’ng e le hore re tšepane ka phuthehong?

17 Re leboha Jehova hore ebe o re huletse ka har’a mokhatlo oa hae oa batho ba ratanang le ba tšepahalang. Kaofela ha rona re na le boikarabello ba ho etsa hore bara le barali babo rona ba re tšepe. Haeba kaofela ha rona re ratana, re ikokobelitse, re e-na le temoho, re bua ’nete hape re e-na le boitšoaro, re etsa hore ho be le botšepehi ka phuthehong. Re lokela ho lula re sebetsa ka thata e le hore batho ba bang ba ka re tšepa. E se eka re ka etsisa Jehova Molimo oa rona ’me re lule re bontša hore rea tšepahala.

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

^ Haeba re batla hore batho ba bang ba re tšepe, re lokela ho qala pele re bontše hore rea tšepahala. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tšepana le hore na ke makhabane afe a ka re thusang hore re be batho ba ka tšeptjoang.

^ Haeba re utloa hore ho na le motho ea entseng sebe se tebileng ka phuthehong, re lokela ho mo khothalletsa hore a kope thuso ho baholo. Empa haeba a sa etse joalo, re lokela ho bontša hore re tšepahalla Jehova le phutheho ea Bokreste ka hore re bolelle baholo taba eo.

^ LITŠOANTŠO: Moholo ha a bolelle lelapa la hae lekunutu la taba eo a neng a ntse a e sebetsa.