Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 38

Bontsha Hore o a Tshepahala

Bontsha Hore o a Tshepahala

“Ya tshepahalang . . . o kwahela taba.”​—LIPROV. 11:13.

PINA YA 101 Ho Sebetsa Mmoho

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Re ka bona kang ha motho e mong a tshepahala?

 MOTHO ya tshepahalang o lwanela ho phetha ditshepiso tsa hae hape o bua nnete. (Pes. 15:4) Batho ba a tseba hore ba ka mo tshepa. Re batla hore bara le baradibabo rona ba ikutlwe jwalo ka rona. Ke eng e ka re thusang hore ba re tshepe?

2. Re ka bontsha jwang hore re a tshepahala?

2 Re ke ke ra qobella batho bang hore ba re tshepe. Ha ho itlele feela hore batho ba re tshepe. Re lokela ho etsa ho hong. Botshepehi bo tshwana le ho batla tjhelete. Ho thata ho e fumana empa ho bonolo ho lahlehelwa ke yona. Jehova o entse hore re mo tshepe. Ha ho le ka mohla a ka etsang hore re se ke ra mo tshepa hobane “mosebetsi wohle wa hae o na le botshepehi.” (Pes. 33:4) Ka hoo, o lebelletse hore re mo etsise. (Baef. 5:1) A re hlahlobeng mehlala ya bahlanka ba Jehova ba ileng ba mo etsisa mme ba bontsha hore ba a tshepahala. Re tla boela re bone makgabane a mahlano a tla re thusa hore re be batho ba tshepahalang.

ITHUTE HO BAHLANKA BA TSHEPAHALANG BA JEHOVA

3, 4. Moprofeta Daniele o ile a bontsha jwang hore o a tshepahala, hona seo se ka etsa hore re ipotse dipotso dife?

3 Moprofeta Daniele o re behetse mohlala o motle wa ho tshepahala. Le hoja a ile a iswa botlamuweng Babylona, o ile a tuma ka ho tshepahala ha a le moo. O ile a ba le botumo bo botle le ho feta ba ho tshepahala ka mora hore Jehova a mo thuse ho hlalosa ditoro tsa Morena Nebukadnezare wa Babylona. Ka lekgetlo le leng Daniele o ile a bolella morena hore Jehova ha a thabele diketso tsa hae e leng molaetsa oo morena a neng a ke ke a thabela ho o utlwa. Ho etsa jwalo ho ne ho hloka hore a be sebete hobane Nebukadnezare o ne a tsebahala a le bohale haholo. (Dan. 2:12; 4:20-22, 25) Ho ntse ho le jwalo, dilemo ha morao Daniele o ile a bontsha hore o a tshepahala ka hore a hlalose mongolo oo ho neng ho se na motho ya kgonang ho o hlalosa ka tsela e nepahetseng. Mongolo oo o ne o le leboteng la paleise ya Babylona. (Dan. 5:5, 25-29) Ha morao Dariuse wa Momede le balaodi ba phahameng le bona ba ile ba hlokomela hore Daniele o na le “moya o sa tlwaelehang.” Ba ne ba dumela hore Daniele “e ne e le ya ka tsheptjwang mme ho hang ha ho a ka ha fumanwa ho se tsotelle kapa ntho e fosahetseng ho yena.” (Dan. 6:3, 4) Babusi ba bahetene le bona ba ne ba hlokomela hore morapedi enwa wa Jehova o a tshepahala.

4 Re nahanne ka mohlala wa Daniele, e ka ba hantle hore re ipotse: ‘Ke tsebahala ke le motho ya jwang ho batho bao e seng Dipaki? Na ke tsebahala ke le motho ya phethang boikarabello ba ka le ya tshepahalang?’ Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re ipotse dipotso tsee? Ke hobane ha re tshepahala re etsa hore Jehova a roriswe.

Nehemia o ile a kgetha banna ba tshepahalang ho phetha mesebetsi ya bohlokwa (Sheba serapa sa 5)

5. Keng e ileng ya thusa Hanania hore a dule a tshepahala?

5 Ka selemo sa 455 pele ho mehla ya Jesu ka mora hore Mmusisi Nehemia a hahe marako a Jerusalema, o ile a batla banna ba tshepahalang hore ba hlokomele motse. Hara banna ba ileng ba kgethwa ho ne ho ena le Hanania kgosana ya Qhobosheane. Bibele e hlalosa Hanania “e le monna ya tshepahalang haholo mme a tshaba Modimo wa nnete ho feta ba bang ba bangata.” (Neh. 7:2) Hanania o ne a tshaba Jehova ebile a batla ho mo kgahlisa mme seo se ile sa etsa hore a sebetse ka thata kabelong e nngwe le e nngwe eo a ileng a e fuwa. Haeba le rona re ena le makgabane a jwalo, re tla kgona ho tshepahala ha re ntse re sebeletsa Modimo.

6. Tykikase o ile a bontsha jwang hore ke motswalle ya tshepahalang ho moapostola Pauluse?

6 A re boneng mohlala wa Tykikase, motswalle ya tshepahalang wa moapostola Pauluse. Ha Pauluse a le ditlamong, Tykikase o ne a mo thusa haholo hoo Pauluse a ileng a re ke “mosebeletsi ya tshepahalang.” (Baef. 6:21, 22) Pauluse o ne a mo tshepetse hore a ise mangolo ho barababo ba Efese le ba Kolose le hore a ba kgothatse le ho ba tshedisa. Ha re nahana ka Tykikase, re hopola banna ba tshepahalang ba re hlokomelang tumelong mehleng ena.​—Bakol. 4:7-9.

7. O ka ithutang ka ho tshepahala ha baholo le bahlanka ba sebeletsang phuthehong ya heno?

7 Mehleng ena le rona re ananela baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tshepahalang. Jwalo ka Daniele, Hanania le Tykikase ba nka boikarabelo ba bona ka botebo. Ka mohlala, ha re ya dibokeng tsa hara beke, re ya re ena le kgodiseho ya hore dipuo tsohle di na le batho ba tla fana ka tsona. Baholo ba ananela haholo ha bara le baradibabo rona ba fuweng dipuo ba di lokisetsa hantle le ho fana ka tsona. Ka mohlala, ha ho mohla re tshabang ho mema dithuto tsa rona dibokeng tsa mafelobeke hobane re tshoha hore morabo rona o lebetse ho lokisetsa puo ya phatlalatsa. Hape re kgodisehile hore re tla dula re fumana dingolwa tseo re di hlokang bakeng sa tshimo. Re ananela hore ebe bara bana babo rona ba tshepahalang ba re thusa ho ba metswalle ya Jehova mme re leboha Jehova ka ho re fa bona. Empa ke ka ditsela dife re ka bontshang hore re a tshepahala?

TSHEPAHALA KA HORE O BOLOKE LEKUNUTU

8. Re ka bontsha hore re nahanela Bakrestemmoho le rona jwang ha re ntse re qoqa le bona? (Liproverbia 11:13)

8 Re rata bara le baradibabo rona mme re amehile ka bona. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho ba phenyaphenya le ho batla ho tseba ntho e nngwe le e nngwe ka bona. Bakreste ba bang lekgolong la pele la dilemo ba ne ba ‘kenakenana le ditaba tsa batho ba bang, ba bua ka dintho tseo ba sa tshwanelang ho bua ka tsona.’ (1 Tim. 5:13) Ka nnete ha re batle ho tshwana le bona. A re re mohlomong motho e mong o o bolella bothata boo a sa batleng hore o bo bolelle batho ba bang. Ka mohlala, moradiwabo rona a ka nna a re bolella bolwetse bo mo tshwereng kapa bothata bo bong boo a tobaneng le bona mme a re kopa hore ho se ke ha eba le motho eo re mo bolellang. Re lokela ho hlompha maikutlo a hae. b (Bala Liproverbia 11:13.) A re ke re hlahlobeng maemo ao ho leng bohlokwa hore re boloke lekunutu.

9. Ditho tsa lelapa di ka bontsha jwang hore di a tshepahala?

9 Eba motho ya ka tsheptjwang ka lapeng. Setho se seng le se seng sa lelapa se na le boikarabello ba ho boloka makunutu a lelapa. Ka mohlala ho ka nna ha eba le ntho eo moradiwabo rona a tlwaetseng ho e etsa e qabolang monna wa hae. Na morabo rona a ka hlabisa mosadi wa hae dihlong ka hore a bue ka taba eo ho batho ba bang? Le hanyenyane! Ka ha o rata mosadi wa hae a ke ke a batla ho mo utlwisa bohloko le ka mohla. (Baef. 5:33) Batjha le bona ba batla ho hlomphuwa. Ke ha bohlokwa hore batswadi ba hopole seo. Batswadi ha ba a lokela ho hlabisa bana ba bona dihlong ka hore ba bolelle batho ba bang diphoso tsa bona. (Bakol. 3:21) Bana le bona ba lokela ho ithuta ho boloka lekunutu. Ha ba a lokela ho bolella batho ba bang dintho tse ka hlabisang setho se seng sa lelapa dihlong. (Deut. 5:16) Ha setho se seng le se seng sa lelapa se phetha boikarabello ba sona ka ho boloka lekunutu, lelapa lohle le tla momahana.

10. Motswalle wa nnete ke ya jwang? (Liproverbia 17:17)

10 Eba motho ya ka tsheptjwang ke metswalle ya hae. Ka dinako tse ding re utlwa re batla ho bolella metswalle ya rona hore na re ikutlwa jwang. Ka dinako tse ding ho ka ba thata ho etsa jwalo. E ka nna yaba re thatafallwa ke ho ntsha maikutlo mme re ka utlwa bohloko haholo haeba re ka utlwa hore motswalle wa rona o boleletse motho e mong makunutu a rona. Ka lehlakoreng le leng, re ananela haholo ha motswalle wa rona a boloka lekunutu. Eo ke “motswalle wa nnete.”​—Bala Liproverbia 17:17.

Baholo ha ba bue ditaba tseo ba sa lokelang ho bua ka tsona ho ba malapa a bona (Sheba serapa sa 11) c

11. (a) Baholo le balekane ba bona, ba bontsha jwang hore ba a tshepahala? (b) Re ithutang ho moholo ya ileng a boloka makunutu a mosadi wa hae le a bara le baradibabo rona ka phuthehong? (Sheba setshwantsho.)

11 Eba motho eo bara le baradibabo rona ba ka mo tshepang. Baholo ba bolokang makunutu a bara le baradibabo rona ke “sebaka sa ho ipatela moya le sebaka sa ho ipatela pula.” (Esa. 32:2) Re a tseba hore re ka bua le bona re lokolohile hobane sohle seo re se buang le bona ba tla se boloka e le lekunutu. Ha re ba qobelle ho bua dintho tseo ba sa lokelang ho re bolella tsona. Re ananela hore ebe balekane ba baholo ha ba botse banna ba bona ditaba tseo ba sa lokelang hore ba di tsebe. Ka nnete ke ntho e thabisang ha baholo ba sa bolelle basadi ba bona makunutu a bara le baradibabo rona. Moradiwabo rona e mong eo monna wa hae e leng moholo o re: “Ke ananela haholo hore ebe monna wa ka ha a mpolelle makunutu a batho bao a ba etsetsang maeto a bodisa le ba hlokang thuso ya baholo. Ke ananela haholo hore ebe ha a nkimetse ka ditaba tseo ke sa hlokeng hore ke di tsebe. Sena se etsa hore ho be bonolo ho bua le motho e mong le e mong ka phuthehong. Hape ke a tseba hore haeba le nna ke bolella monna wa ka makunutu kapa mathata a ka, a ke ke a bolella batho ba bang.” Ke nnete hore kaofela ha rona re batla ho tsheptjwa. Ke makgabane afe a tla re thusa hore re finyelle seo? A re hlahlobeng a mahlano.

EBA LE MAKHABANE A TLA O THUSA HORE O BE MOTHO YA TSHEPAHALANG

12. Ke hobaneng ha re lokela ho rata batho ba bang e le hore ba re tshepe? Fana ka mohlala.

12 Lerato le re thusa ho tshepahala. Jesu o ile a re ditaelo tse kgolo tse pedi ke ho rata Jehova le ho rata moahelani. (Mat. 22:37-39) Ka ha re rata Jehova, re batla ho etsisa mohlala wa hae o phethahetseng wa botshepehi. Ka mohlala, ho rata bara le baradibabo rona ho re susumelletsa ho boloka makunutu a bona. Re ke ke ra batla ho bua dintho tse ka ba utlwisang bohloko kapa tsa ba hlabisa dihlong.​—Joh. 15:12.

13. Boikokobetso bo re thusa jwang hore re tshepahale?

13 Boikokobetso bo tla etsa hore batho ba bang ba re tshepe. Mokreste ya ikokobeditseng ha a leke ho kgahlisa batho ba bang ka hore dintho di hlahe ka yena. (Bafil. 2:3) Ha a etse hore batho ba bang ba nahane hore o tseba makunutu ao a ke keng a bua ka ona. Ka hoo, ha re ena le boikokobetso re tla qoba ho bua maikutlo a rona ditabeng tse sa hlaloswang ka Bibeleng kapa dingolweng tse thehilweng Bibeleng.

14. Ho ba le temoho ho re thusa jwang hore re tshepahale?

14 Ho ba le temoho ho tla re thusa ho tseba “nako ya ho kgutsa le nako ya ho bua.” (Moek. 3:7) Ho na le maele a tlwaelehileng ditsong tse ding a reng: “Ho bua ke silevera empa ho thola ke kgauta.” Sena se bolela hore ho molemo ho thola ho feta ho bua. Ke ka lebaka leo Liproverbia 11:12 e fanang ka keletso ena: “Motho ya nang le temoho e batsi ke ya kgutsang.” Nahana ka mohlala ona. Ho na le moholo ya nang le boiphihlelo ya kopuwang hangata hore a thuse diphutheho tse ding ka mathata a tsona. Hlokomela seo moholo e mong a ileng a se bua ka yena. O ile a re: “O dula a le hlokolosi hore a se ke a bua dintho tseo batho ba bang ba sa lokelang ho di tseba ka diphutheho tseo.” Ho ba le temoho ha moholo eo ho ile ha mo thusa ho ikgapela tlhompho ho tswa ho baholommoho le yena phuthehong ya habo. Ba a tseba hore a ke ke a bua ditaba tsa baholo ho batho ba bang.

15. Fana ka mohlala o bontshang hore ho bua nnete ho ka etsa hore batho ba bang ba re tshepe.

15 Ho bua nnete ho bohlokwa e le hore batho ba re tshepe. Re ka tshepa motho ya buang nnete hobane o bontsha hore o a tshepahala. (Baef. 4:25; Baheb. 13:18) Ka mohlala, mohlomong o batla ho ntlafatsa tsela eo o rutang Bibele ka yona. Ka hoo, o kopa motho e mong hore a mamele puo ya hao e le hore a ka fana ka ditlhahiso tsa moo o ka ntlafatsang teng. Ke motho ya jwang eo o ka mo tshepelang hore a bue nnete? Ke mang eo o ka mo tshepelang hore a o fe keletso ya hore na o ka ntlafatsa hokae? Na o ka tshepa motho ya o bolellang dintho tseo o batlang ho di utlwa feela kapa ya buang nnete? Karabo e hlakile. Bibele e re: “Kgalemelo e senolehileng e molemo ho feta lerato le patehileng. Maqeba a bakwang ke moratuwa a a tshepahala.” (Liprov. 27:5, 6) Le hoja qalong ho ka ba thata ho amohela keletso ya motswalle e tswang botebong ba pelo, ha nako e ntse eya, re tla bona hore e tla re tswela molemo.

16. Liproverbia 10:19 e bontsha bohlokwa ba boitshwaro jwang?

16 Ho ba le boitshwaro ho bohlokwa e le hore batho ba re tshepe. Tshobotsi ena e re thusa ho thola haeba ho ena le ntho e re kgannelang hore re ntshe taba ya lekunutu. (Bala Liproverbia 10:19.) Ha re sebedisa metjha ya puisano re ka nna ra sitwa ho ba le boitshwaro. Haeba re se hlokolosi, re ka iphumana re buile ditaba tseo re sa lokelang ho di bua bathong ba bangata. Jwale ha re hasa ditaba ka marangrang, re ke ke ra kgona ho laola tsela eo di tla sebediswa ka yona hape re ke ke ra tseba hore na di tla baka tshenyo e kae. Ho ba le boitshwaro ho tla re thusa hore re thole haeba bahanyetsi ba rona ba leka ho re qhekella ka hore re bue dintho tse ka behang bara le baradibabo rona kotsing. Sena se ka etsahala haeba mapolesa a re botsa dipotso naheng eo mosebetsi wa rona o thibetsweng. Maemong ana le a mang re ka sebedisa molaomotheo o buang ka ho “beha ntho e tlamang molomo e le molebedi molomong.” (Pes. 39:1) Hore na re sebetsana le lelapa, metswalle, bara le baradibabo rona kapa motho le ha e le ofe, re lokela ho tshepahala. Re lokela ho ba le boitshwaro e le hore re tshepahale.

17. Re ka etsang e le hore re tshepane ka phuthehong?

17 Re leboha Jehova hore ebe o re huletse ka hara mokgatlo wa hae wa batho ba ratanang le ba tshepahalang. Kaofela ha rona re na le boikarabello ba ho etsa hore bara le baradibabo rona ba re tshepe. Haeba kaofela ha rona re ratana, re ikokobeditse, re ena le temoho, re bua nnete hape re ena le boitshwaro, re etsa hore ho be le botshepehi ka phuthehong. Re lokela ho dula re sebetsa ka thata e le hore batho ba bang ba ka re tshepa. E se eka re ka etsisa Jehova Modimo wa rona mme re dule re bontsha hore re a tshepahala.

PINA YA 123 Ikokobelletse Taolo ya Modimo ka Botshepehi

a Haeba re batla hore batho ba bang ba re tshepe, re lokela ho qala pele re bontshe hore re a tshepahala. Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho tshepana le hore na ke makgabane afe a ka re thusang hore re be batho ba ka tsheptjwang.

b Haeba re utlwa hore ho na le motho ya entseng sebe se tebileng ka phuthehong, re lokela ho mo kgothalletsa hore a kope thuso ho baholo. Empa haeba a sa etse jwalo, re lokela ho bontsha hore re tshepahalla Jehova le phutheho ya Bokreste ka hore re bolelle baholo taba eo.

c DITSHWANTSHO: Moholo ha a bolelle lelapa la hae lekunutu la taba eo a neng a ntse a e sebetsa.