Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke ile ka Thabela ho Ithuta le ho Ruta ba Bang ka Jehova

Ke ile ka Thabela ho Ithuta le ho Ruta ba Bang ka Jehova

Ha ke ntse ke hola Easton, Pennsylvania, Amerika, ke ne ke amehile ka ho ea univesithi etsoe ke ne ke batla ho ba motho oa bohlokoa. Ke ne ke rata ho ithuta ’me ke ne ke sebetsa hantle haholo thutong ea lipalo le saense. Ka 1956 mokhatlo oa litokelo tsa sechaba o ile oa mpha lidolara tse 25 hobane ho bana ba batho ba batšo bao ke neng ke kena sekolo le bona, e ne e le ’na ea fumaneng limaraka tse ka holimo-limo. Ha nako e ntse e ea, ke ne ke se ke batla ho finyella lintho tse fapaneng. Hobaneng?

KAMOO KE ILENG KA ITHUTA KA JEHOVA

Mathoasong a lilemo tsa bo-1940, batsoali ba ka ba ile ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Thuto eo ha ea ka ea tsoela pele empa ’mè oa ka o ile a tsoela pele ho fumana likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka 1950 ho ile ha e-ba le kopano ea machaba New York City ’me batsoali ba ka ba ile ba ea kopanong eo.

Nakoana ka mor’a moo, Mor’abo rona Lawrence Jeffries o ile a qala ho re etela. O ne a ikemiselitse ho nthusa ho ithuta ’nete. Qalong ke ne ke sa lumellane le eena tabeng ea ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova lipolotiking le ho se kenele sesole. Ke ile ka mo bolella hore haeba motho e mong le e mong Amerika a ne a ka hana ho ea ntoeng, lira li ne li tla tla ’me li hape naha eohle. Ka mamello Mor’abo rona Jeffries o ile a behelana mabaka le ’na. O ile a mpotsa a re: “U nahana hore Jehova Molimo o ne a tla etsa’ng haeba batho ba Amerika kaofela ba ne ba mo sebeletsa ebe lira tsa bona lia tla ’me lia ba hlasela?” Tsela eo a ileng a hlalosa taba ena ka eona e ile ea nthusa ho bona hore ke ne ke fositse. Seo se ile sa etsa hore ke batle ho ithuta ’nete ea Bibele haholoanyane.

Ha ke ne ke kolobetsoa

Ke ile ka qeta lihora ke ntse ke bala likhatiso tsa nako e fetileng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tseo ’mè oa ka a neng a li behile phaphosing e ka tlaase. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore seo ke ithutang sona ke ’nete. Kahoo, ka lumela ho ithuta Bibele le Mor’abo rona Jeffries. Ke ile ka boela ka ea libokeng kamehla. Ke ne ke rata seo ke ithutang sona eaba ke ba ’moleli oa litaba tse molemo. Lintho tseo ke neng ke batla ho li finyella li ile tsa fetoha ha ke utloa hore “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi.” (Sof. 1:14) Ke ne ke se ke sa batle ho ea univesithi, ho e-na le hoo, ke ne ke se ke batla ho ruta batho ba bang Bibele.

Ke ile ka qeta sekolo ka li 13 tsa June, 1956 ’me lilemo tse tharo ka mor’a moo, ke ile ka kolobetsoa kopanong ea potoloho. Ka nako eo, ke ne ke e-s’o tsebe hore ke tla fumana litlhohonolofatso tse ngata ho tsoa ho Jehova ha ke khethile ho nehela bophelo ba ka ho eena le ho ruta batho ba bang ka eena.

KE ILE KA ITHUTA KA BA KA RUTA BATHO BA BANG KA JEHOVA HA KE LE PULAMALIBOHO

Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ke kolobelitsoe, ke ile ka ba pulamaliboho ea kamehla. Tšebeletso ea ’Muso ea December 1956 e ile ea re “Na u ka Sebeletsa Moo ho Nang le Tlhokahalo?” Ke ile ka hlokomela hore le ’na ke ne nka etsa joalo. Ke ne ke batla ho ea thusa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng ba litaba tse molemo.​—Mat. 24:14.

Ke ile ka fallela Edgefield, South Carolina. Phutheho ea moo e ne e-na le bahoeletsi ba bane feela. Ha ke fihla moo, ke ile ka ba oa bohlano. Re ne re tšoarela liboka phaposing e ka pele ea ntlo ea mor’abo rona. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke etsa lihora tse 100 tšebeletsong ea tšimo. Ke ne ke phathahane ka ho etella pele mosebetsi ona le ho fana ka lipuo ka phuthehong. Ho thabisang ke hore ha ke ntse ke tsoela pele ho etsa joalo, ke ile ka tsoela pele ho ithuta ka Jehova.

Ke ne ke ithuta le ’mè e mong oa mohlolohali ea neng a e-na le ’moshara toropong ea Johnston e neng e le hojana. Ka mosa o ile a mpha mosebetsi oa nakoana, a ba a re lumella ho tšoara liboka moahong oa hae o monyenyane.

Jolly Jeffries, mora oa mor’abo rona ea ileng a ithuta Bibele le ’na o ile a tloha Brooklyn, New York. O ile a tla sebakeng seo ke leng ho sona ho tla ba pulamaliboho le ’na. Re ne re lula ka har’a tereilara e nyane eo mor’abo rona a neng a re alimile eona.

Bophelo bo ne bo le boima ka Boroa. Re ne re fumana lidolara tse peli kapa tse tharo bakeng sa mosebetsi oa letsatsi. Ho na le nako eo ke ileng ka sebelisa lisente tsa ka tsa ho qetela ho reka lijo lebenkeleng. Ha ke tsoa ka lebenkeleng, ntate e mong o ile a tla ho ’na ’me a re: “U batla mosebetsi? Ke tla u patala dolara ka hora e le ’ngoe.” O ile a mpha mosebetsi oa matsatsi a mararo ho hloekisa moo ho ntseng ho etsoa mosebetsi oa kaho. Sena e ne e le sesupo sa hore Jehova o nthusa hore ke tsoele pele ke sebeletsa Edgefield. Kahoo, ke ile ka khona ho ea kopanong ea machaba ea 1958 e neng e tšoaretsoe New York City.

On our wedding day

Ka letsatsi la bobeli la kopano eo, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ikhethang. Ke ile ka kopana le Ruby Wadlington eo e neng e le pulamaliboho ea kamehla Gallatin, Tennessee. Re ile ra ea sebokeng sa Gileade se neng se tšoaretsoe kopanong eo hobane ka bobeli re ne re batla ho ba baromuoa. Hamorao re ile ra qala ho ngollana melaetsa. Ke ile ka mengoa hore ke e’o fana ka puo ea phatlalatsa Gallatin ’me ke ile ka nka monyetla oo ho mo kopa hore re nyalane. Ka mor’a moo, ke ile ka fallela phuthehong eo Ruby a neng a kopanela ho eona eaba re nyalana ka 1959.

KE ILE KA ITHUTA KA BA KA RUTA KA PHUTHEHONG

Ha ke le lilemo li 23, ke ile ka khethoa ho ba mohlanka oa phutheho (eo hona joale a bitsoang mohokahanyi oa sehlopha sa baholo) Gallatin. Re ile ra ba phutheho ea pele eo Mor’abo rona Charles Thompson a ileng a e etela ka mor’a hore e be mopotolohi. O ne a e-na le boiphihlelo. Leha ho le joalo, o ile a kopa ho utloa maikutlo a ka tabeng ea hore na bara babo rona ba ne ba hloka eng le hore na bapotolohi ba bang ba ne ba ba thusa joang. Ke ile ka ithuta ho eena hore ho bohlokoa ho botsa lipotso e le hore u ka fumana lintlha kaofela pele u ka etsa qeto.

Ka May 1964, ke ile ka memeloa ho ea Sekolong sa Tšebeletso ea ’Muso South Lansing, New York se ileng sa nka khoeli. Bara babo rona ba neng ba khanna sekolo seo ba ile ba etsa hore ke batle ho ithuta haholoanyane ka Jehova le ho atamela haufi le eena.

KE ILE KA ITHUTA KA BA KA RUTA MOSEBETSING OA POTOLOHO LE OA SETEREKE

Ka January 1965, ’na le Ruby re ile ra kopuoa ho ba bapotolohi. Re ile ra fuoa potoloho e kholo ho tloha Knoxville, Tennessee ho ea fihla haufi le Richmond, le Virginia. E ne e akarelletsa liphutheho tsa North Carolina, Kentucky le West Virginia. Ke ne ke etela liphutheho tsa batho ba batšo feela hobane ka nako eo, karolong e ka boroa ea Amerika, molao o ne o sa lumelle batho ba batšo le ba basoeu ho kopana. Bara babo rona ba liphutheho tseo ba ne ba futsanehile. Kahoo, re ile ra ithuta ho arolelana lintho le ba bang. Mor’abo rona eo e leng khale a potoloha, o ile a nthuta thuto ea bohlokoa a re: “E-ba mor’abo bona. U se ke oa itšoara joaloka mookameli ha u fihla phuthehong eo u e etetseng. U tla khona ho ba thusa hafeela ba u nka joaloka ngoan’abo bona.”

Ha re etetse phutheho e ’ngoe e nyane, Ruby o ile a ithuta le ’mè e mong e monyenyane lilemong. ’Mè eo o ne a e-na le morali ea nang le selemo se le seng. Ho ne ho se na motho ea khonang ho ithuta le eena ka phuthehong. Kahoo, Ruby o ile a ithuta le eena ka ho ngola mangolo. Ha re etela phutheho eo hape, re ile ra fumana ’mè eo a se a khona ho ba teng libokeng kamehla. Bo-pulamaliboho ba babeli ba khethehileng ba ile fihla eaba ba tsoela pele ho ithuta le ’mè eo. Ho e-s’o ee kae, o ile a kolobetsoa. Ka mor’a lilemo tse 30 ka 1995 ha re ntse re le Bethele e Patterson, morali oabo rona e mocha o ile a tla ho itsebisa Ruby. E ne e le morali oa ’mè eane eo Ruby a ileng a ithuta le eena. Eena le molekane oa hae, e ne e le baithuti tlelaseng ea bo100 Sekolong sa Gileade.

Potoloho ea rona ea bobeli e ne e le Florida. Ka nako eo re ne re hloka koloi ’me re ile ra e fumana ka theko e tlaase empa bekeng ea pele feela, ntho e ’ngoe ka har’a engine e ile ea robeha. Re ne re se na chelete ea ho e lokisa. Ke ile ka letsetsa mor’abo rona eo ke neng ke nahana hore a ka khona ho re thusa. Mor’abo rona o ile a kopa e mong oa basebetsi ba hae ho lokisa koloi. Ha koloi e se e lokile, mor’abo rona eo ha aa ka a batla hore re mo patale. O ile a re, “ha le nkolote.” O ile a ba a re fa chelete e le mpho. E bile mohlala o motle hakaakang oa kamoo Jehova a hlokomelang bahlanka ba hae. Ntho eo e ile ea re hopotsa hore re lokela ho ba batho ba fanang.

Re ne re fihlela malapeng a bara babo rona ha re etetse phutheho e itseng. Ka lebaka leo, re ile ra etsa metsoalle e mengata e molemo. Ka letsatsi le leng ke ile ka ngola repoto ka phutheho eaba ke e siea ka har’a mochini oa ka o thaepang ke sa e qeta. Mantsiboea ha ke khutla, ke ile ka hlokomela hore moshanyana ea lilemo li tharo oa moo re lulang teng, o nthusitse ho qetela repoto eo. Sena se bolela hore moshanyana eo o ile a senya repoto eo ’me ke ile ka lokela ho e qala qalong. Ka bosoasoi, ke ne ke lula ke mo hopotsa taba ena ka lilemo tse ngata.

Ka 1971, ke ile ka fumana memo ea hore ke e’o sebeletsa ke le molebeli oa setereke toropong ea New York. Re ile ra tšoha. Ke ne ke le lilemo li 34 ha re e-ea moo. Bara babo rona ba ile ba nkamohela ka mofuthu le hoja ke ne ke le molebeli oa setereke oa pele oa motho e motšo.

Ke le molebeli oa setereke, ke ile ka thabela ho ruta batho ba bang ka Jehova mafelo-beke a mang le a mang kopanong ea potoloho. Ho ne ho e-na le balebeli ba bangata ba potoloho ba neng ba e-na le boiphihlelo ho mpheta. E mong oa bona o ne a fana ka puo ha ke kolobetsoa. E mong e leng Mor’abo rona Theodore Jaracz eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang. Ho ne ho boetse ho e-na le bara babo rona ba bangata ba nang le boiphihlelo ba neng ba sebeletsa Bethele e Brooklyn. Ke ile ka ananela haholo hore ebe bara babo rona ba sebetsang Bethele le bapotolohi ba ne ba etsa hore ke phutholohe. Ke ile ka iponela ka ho hlaka hore balisa bana ba lerato ba ne ba itšetleha ka Lentsoe la Molimo le ho tšehetsa mokhatlo ka botšepehi. Boikokobetso ba bona bo ile ba etsa hore ke nolofalloe ke ho ba molebeli oa setereke.

KE ILE KA BA MOPOTOLOHI HAPE

Ka 1974, Sehlopha se Busang se ile sa khetha balebeli ba bang ba potoloho hore ba sebeletse e le balebeli ba setereke. Ke ile ka lokela ho ba molebeli oa potoloho hape ’me lekhetlong lena ke ile ka potoloha South Carolina. Ho thabisang ke hore liphutheho tsa batho ba basoeu le tsa batho ba batšo li ne li se li sa aroloa. Kahoo, bara babo rona ba ile ba thaba haholo.

Mafelong a 1976, ke ile ka kopuoa ho ea potolohong ea Georgia e lipakeng tsa Atlanta le Columbus. Ke hopola hantle ha ke fana ka puo ea lepato la bana ba bahlano ba batšo ba ileng ba hlokahala ha batho ba bang ba ne ba chesa ntlo eabo bona. Batsoali ba bona ba ile ba tlameha ho ea sepetlele ka lebaka la maqeba. Bara le barali babo rona ba batšo le ba basoeu ba ile ba ’na ba ea sepetlele e le hore ba ka ba tšelisa. Ke ile ka bona hore bara le barali babo rona ba lerato e le kannete. Ha bahlanka ba Molimo ba utloelana bohloko ka tsela ena, ba ka khona ho mamella mathata a boima.

KE ILE KA ITHUTA KA BA KA RUTA HA KE LE BETHELE

Ka 1977 ke ile ka kopuoa ho tla Bethele e Brooklyn bakeng sa likhoeli tse ’maloa ho tla thusa ka projeke. Ha projeke e se e ntse e tl’o fela, bara babo rona ba babeli ba Sehlopha se Busang ba ile ba kopana le ’na eaba baa mpotsa hore na re ka thabela ho sebeletsa Bethele ho ea ho ile. Re ile ra lumela.

Ke ile ka sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ka lilemo tse 24 moo bara babo rona hangata ba rarollang lipotso tse thata. Ka lilemo tse ngata, Sehlopha se Busang se ’nile sa fana ka tataiso e lumellanang le melao-motheo ea Bibele. Sena se thusa Lefapha la Tšebeletso ho araba lipotso hape se koetlisa balebeli ba potoloho, baholo le bo-pulamaliboho. Koetliso ena e thusitse batho ba bangata hore e be Bakreste ba tiileng. Sena se matlafalitse mokhatlo oa Jehova.

Ho tloha ka 1995 ho ea ka 2018, ke ile ka etela liofisi tsa makala ke le moemeli oa ntlo-kholo eo ha e le hantle a bitsoang molebeli ea etelang makala. Ke ne ke kopana le Likomiti Tsa Makala, basebeletsi ba Bethele le baromuoa ’me ke ne ke ba khothatsa le ho ba thusa ka mathata leha e le afe. Ka lehlakoreng le leng, bara le barali babo rona ba ile ba qoqela ’na le Ruby lintho tse ileng tsa ba etsahalla ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. Seo se ne se re khothatsa. Ka mohlala, ka selemo sa 2000 re ile ra ea Rwanda. Re ile ra ameha maikutlo ha re utloa kamoo lelapa la Bethele le bara babo rona ba ileng ba pholoha lipolao tse sehloho tse ileng tsa ba ka 1994. Ba bangata ba bona ba ile ba hlokahalloa ke baratuoa ba bona. Empa bara babo rona bao ba ne ba thabile, ba e-na le tšepo le tumelo, ho sa tsotellehe maemo ao ba ileng ba feta ho ’ona.

Selemong sa rona sa bo50 re nyalane

Re ka holimo ho lilemo tse 80 hona joale. Lilemong tse 20 tse fetileng, ke sebelitse le Komiti ea Lekala ea Amerika. Ha kea ea univesithi. Leha ho le joalo, ke ile ka fumana thuto e phahameng ho Jehova le ho mokhatlo oa hae. Sena se ile sa nthusa hore ke rute batho ba bang ’nete ea Bibele e ka ba tsoelang molemo ho ea ho ile. (2 Bakor. 3:5; 2 Tim. 2:2) Ke ile ka bona kamoo molaetsa oa Bibele o ileng oa thusa batho ho ba le kamano e ntle le ’Mopi oa bona le ho ba thusa ho ntlafatsa maphelo a bona. (Jak. 4:8) ’Na le Ruby re leka ka matla ho thusa bara le barali babo rona ho ananela tlotla eo ba nang le eona ea ho ithuta ka Jehova le ho ruta batho ba bang ’nete ea Bibele. Ena ke tlotla e ikhethang ka ho fetisisa eo mohlanka oa Jehova a ka bang le eona.