Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ke ile ka Thabela ho Ithuta le ho Ruta ba Bang ka Jehova

Ke ile ka Thabela ho Ithuta le ho Ruta ba Bang ka Jehova

Ha ke ntse ke hola Easton, Pennsylvania, Amerika, ke ne ke amehile ka ho ya yunivesithi etswe ke ne ke batla ho ba motho wa bohlokwa. Ke ne ke rata ho ithuta mme ke ne ke sebetsa hantle haholo thutong ya dipalo le saense. Ka 1956 mokgatlo wa ditokelo tsa setjhaba o ile wa mpha didolara tse 25 hobane ho bana ba batho ba batsho bao ke neng ke kena sekolo le bona, e ne e le nna ya fumaneng dimaraka tse ka hodimodimo. Ha nako e ntse eya, ke ne ke se ke batla ho finyella dintho tse fapaneng. Hobaneng?

KA MOO KE ILENG KA ITHUTA KA JEHOVA

Qalong ya dilemo tsa bo1940, batswadi ba ka ba ile ba ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Thuto eo ha e a ka ya tswela pele empa mme wa ka o ile a tswela pele ho fumana dikopi tsa Tora ya ho Lebela le Fadimehang! Ka 1950 ho ile ha eba le kopano ya matjhaba New York City mme batswadi ba ka ba ile ba ya kopanong eo.

Nakwana ka mora moo, Morabo rona Lawrence Jeffries o ile a qala ho re etela. O ne a ikemiseditse ho nthusa ho ithuta nnete. Qalong ke ne ke sa dumellane le yena tabeng ya ho se nke lehlakore ha Dipaki Tsa Jehova dipolotiking le ho se kenele sesole. Ke ile ka mo bolella hore haeba motho e mong le e mong Amerika a ne a ka hana ho ya ntweng, dira di ne di tla tla mme di hape naha yohle. Ka mamello Morabo rona Jeffries o ile a behelana mabaka le nna. O ile a mpotsa a re: “O nahana hore Jehova Modimo o ne a tla etsang haeba batho ba Amerika kaofela ba ne ba mo sebeletsa ebe dira tsa bona di a tla mme di a ba hlasela?” Tsela eo a ileng a hlalosa taba ena ka yona e ile ya nthusa ho bona hore ke ne ke fositse. Seo se ile sa etsa hore ke batle ho ithuta nnete ya Bibele haholwanyane.

Ha ke ne ke kolobetswa

Ke ile ka qeta dihora ke ntse ke bala dikgatiso tsa nako e fetileng tsa Tora ya ho Lebela le Fadimehang! tseo mme wa ka a neng a di behile phaphosing e ka tlase. Ha nako e ntse eya, ke ile ka hlokomela hore seo ke ithutang sona ke nnete. Ka hoo, ka dumela ho ithuta Bibele le Morabo rona Jeffries. Ke ile ka boela ka ya dibokeng ka mehla. Ke ne ke rata seo ke ithutang sona yaba ke ba mmoledi wa ditaba tse molemo. Dintho tseo ke neng ke batla ho di finyella di ile tsa fetoha ha ke utlwa hore “letsatsi le leholo la Jehova le haufi.” (Sof. 1:14) Ke ne ke se ke sa batle ho ya yunivesithi, ho ena le hoo, ke ne ke se ke batla ho ruta batho ba bang Bibele.

Ke ile ka qeta sekolo ka di 13 tsa June, 1956 mme dilemo tse tharo ka mora moo, ke ile ka kolobetswa kopanong ya potoloho. Ka nako eo, ke ne ke eso tsebe hore ke tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata ho tswa ho Jehova ha ke kgethile ho nehela bophelo ba ka ho yena le ho ruta batho ba bang ka yena.

KE ILE KA ITHUTA KA BA KA RUTA BATHO BA BANG KA JEHOVA HA KE LE PULAMADIBOHO

Ka mora dikgwedi tse tsheletseng ke kolobeditswe, ke ile ka ba pulamadiboho ya ka mehla. Tshebeletso ya Mmuso ya December 1956 e ile ya re “Na o ka Sebeletsa Moo ho Nang le Tlhokahalo?” Ke ile ka hlokomela hore le nna ke ne nka etsa jwalo. Ke ne ke batla ho ya thusa moo ho hlokahalang baboledi ba eketsehileng ba ditaba tse molemo.​—Mat. 24:14.

Ke ile ka fallela Edgefield, South Carolina. Phutheho ya moo e ne ena le bahweletsi ba bane feela. Ha ke fihla moo, ke ile ka ba wa bohlano. Re ne re tshwarela diboka phaposing e ka pele ya ntlo ya morabo rona. Kgwedi e nngwe le e nngwe ke ne ke etsa dihora tse 100 tshebeletsong ya tshimo. Ke ne ke phathahane ka ho etella pele mosebetsi ona le ho fana ka dipuo ka phuthehong. Ho thabisang ke hore ha ke ntse ke tswela pele ho etsa jwalo, ke ile ka tswela pele ho ithuta ka Jehova.

Ke ne ke ithuta le mme e mong wa mohlolohadi ya neng a ena le mmoshara toropong ya Johnston e neng e le hojana. Ka mosa o ile a mpha mosebetsi wa nakwana, a ba a re dumella ho tshwara diboka moahong wa hae o monyenyane.

Jolly Jeffries, mora wa morabo rona ya ileng a ithuta Bibele le nna o ile a tloha Brooklyn, New York. O ile a tla sebakeng seo ke leng ho sona ho tla ba pulamadiboho le nna. Re ne re dula ka hara tereilara e nyane eo morabo rona a neng a re adimile yona.

Bophelo bo ne bo le boima ka Borwa. Re ne re fumana didolara tse pedi kapa tse tharo bakeng sa mosebetsi wa letsatsi. Ho na le nako eo ke ileng ka sebedisa disente tsa ka tsa ho qetela ho reka dijo lebenkeleng. Ha ke tswa ka lebenkeleng, ntate e mong o ile a tla ho nna mme a re: “O batla mosebetsi? Ke tla o patala dolara ka hora e le nngwe.” O ile a mpha mosebetsi wa matsatsi a mararo ho hlwekisa moo ho ntseng ho etswa mosebetsi wa kaho. Sena e ne e le sesupo sa hore Jehova o nthusa hore ke tswele pele ke sebeletsa Edgefield. Ka hoo, ke ile ka kgona ho ya kopanong ya matjhaba ya 1958 e neng e tshwaretswe New York City.

Letsatsing la rona la lenyalo

Ka letsatsi la bobedi la kopano eo, ho ile ha etsahala ntho e nngwe e ikgethang. Ke ile ka kopana le Ruby Wadlington eo e neng e le pulamadiboho ya ka mehla Gallatin, Tennessee. Re ile ra ya sebokeng sa Gileade se neng se tshwaretswe kopanong eo hobane ka bobedi re ne re batla ho ba baromuwa. Ha morao re ile ra qala ho ngollana melaetsa. Ke ile ka mengwa hore ke yo fana ka puo ya phatlalatsa Gallatin mme ke ile ka nka monyetla oo ho mo kopa hore re nyalane. Ka mora moo, ke ile ka fallela phuthehong eo Ruby a neng a kopanela ho yona yaba re nyalana ka 1959.

KE ILE KA ITHUTA KA BA KA RUTA KA PHUTHEHONG

Ha ke le dilemo di 23, ke ile ka kgethwa ho ba mohlanka wa phutheho (eo hona jwale a bitswang mohokahanyi wa sehlopha sa baholo) Gallatin. Re ile ra ba phutheho ya pele eo Morabo rona Charles Thompson a ileng a e etela ka mora hore e be mopotolohi. O  ne a ena le boiphihlelo. Le ha ho le jwalo, o ile a kopa ho utlwa maikutlo a ka tabeng ya hore na barababo rona ba ne ba hloka eng le hore na bapotolohi ba bang ba ne ba ba thusa jwang. Ke ile ka ithuta ho yena hore ho bohlokwa ho botsa dipotso e le hore o ka fumana dintlha kaofela pele o ka etsa qeto.

Ka May 1964, ke ile ka memelwa ho ya Sekolong sa Tshebeletso ya Mmuso South Lansing, New York se ileng sa nka kgwedi. Barababo rona ba neng ba kganna sekolo seo ba ile ba etsa hore ke batle ho ithuta haholwanyane ka Jehova le ho atamela haufi le yena.

KE ILE KA ITHUTA KA BA KA RUTA MOSEBETSING WA POTOLOHO LE WA SETEREKE

Ka January 1965, nna le Ruby re ile ra kopuwa ho ba bapotolohi. Re ile ra fuwa potoloho e kgolo ho tloha Knoxville, Tennessee ho ya fihla haufi le Richmond, le Virginia. E ne e akarelletsa diphutheho tsa North Carolina, Kentucky le West Virginia. Ke ne ke etela diphutheho tsa batho ba batsho feela hobane ka nako eo, karolong e ka borwa ya Amerika, molao o ne o sa dumelle batho ba batsho le ba basweu ho kopana. Barababo rona ba diphutheho tseo ba ne ba futsanehile. Ka hoo, re ile ra ithuta ho arolelana dintho le ba bang. Morabo rona eo e leng kgale a potoloha, o ile a nthuta thuto ya bohlokwa a re: “Eba morabo bona. O se ke wa itshwara jwalo ka mookamedi ha o fihla phuthehong eo o e etetseng. O tla kgona ho ba thusa hafeela ba o nka jwalo ka ngwanabo bona.”

Ha re etetse phutheho e nngwe e nyane, Ruby o ile a ithuta le mme e mong e monyenyane dilemong. Mme eo o ne a ena le moradi ya nang le selemo se le seng. Ho ne ho se na motho ya kgonang ho ithuta le yena ka phuthehong. Ka hoo, Ruby o ile a ithuta le yena ka ho ngola mangolo. Ha re etela phutheho eo hape, re ile ra fumana mme eo a se a kgona ho ba teng dibokeng ka mehla. Bopulamadiboho ba babedi ba kgethehileng ba ile fihla yaba ba tswela pele ho ithuta le mme eo. Ho eso ye kae, o ile a kolobetswa. Ka mora dilemo tse 30 ka 1995 ha re ntse re le Bethele e Patterson, moradiwabo rona e motjha o ile a tla ho itsebisa Ruby. E ne e le moradi wa mme yane eo Ruby a ileng a ithuta le yena. Yena le molekane wa hae, e ne e le baithuti tlelaseng ya bo100 Sekolong sa Gileade.

Potoloho ya rona ya bobedi e ne e le Florida. Ka nako eo re ne re hloka koloi mme re ile ra e fumana ka theko e tlase empa bekeng ya pele feela, ntho e nngwe ka hara engine e ile ya robeha. Re ne re se na tjhelete ya ho e lokisa. Ke ile ka letsetsa morabo rona eo ke neng ke nahana hore a ka kgona ho re thusa. Morabo rona o ile a kopa e mong wa basebetsi ba hae ho lokisa koloi. Ha koloi e se e lokile, morabo rona eo ha a ka a batla hore re mo patale. O ile a re, “ha le nkolote.” O ile a ba a re fa tjhelete e le mpho. E bile mohlala o motle hakaakang wa ka moo Jehova a hlokomelang bahlanka ba hae. Ntho eo e ile ya re hopotsa hore re lokela ho ba batho ba fanang.

Re ne re fihlela malapeng a barababo rona ha re etetse phutheho e itseng. Ka lebaka leo, re ile ra etsa metswalle e mengata e molemo. Ka letsatsi le leng ke ile ka ngola repoto ka phutheho yaba ke e siya ka hara motjhini wa ka o thaepang ke sa e qeta. Mantsiboya ha ke kgutla, ke ile ka hlokomela hore moshanyana ya dilemo di tharo wa moo re dulang teng, o nthusitse ho qetela repoto eo. Sena se bolela hore moshanyana eo o ile a senya repoto eo mme ke ile ka lokela ho e qala qalong. Ka boswaswi, ke ne ke dula ke mo hopotsa taba ena ka dilemo tse ngata.

Ka 1971, ke ile ka fumana memo ya hore ke yo sebeletsa ke le molebedi wa setereke toropong ya New York. Re ile ra tshoha. Ke ne ke le dilemo di 34 ha re eya moo. Barababo rona ba ile ba nkamohela ka mofuthu le hoja ke ne ke le molebedi wa setereke wa pele wa motho e motsho.

Ke le molebedi wa setereke, ke ile ka thabela ho ruta batho ba bang ka Jehova mafelobeke a mang le a mang kopanong ya potoloho. Ho ne ho ena le balebedi ba bangata ba potoloho ba neng ba ena le boiphihlelo ho mpheta. E mong wa bona o ne a fana ka puo ha ke kolobetswa. E mong e leng Morabo rona Theodore Jaracz eo ha morao e ileng ya eba setho sa Sehlopha se Busang. Ho ne ho boetse ho ena le barababo rona ba bangata ba nang le boiphihlelo ba neng ba sebeletsa Bethele e Brooklyn. Ke ile ka ananela haholo hore ebe barababo rona ba sebetsang Bethele le bapotolohi ba ne ba etsa hore ke phutholohe. Ke ile ka iponela ka ho hlaka hore badisa bana ba lerato ba ne ba itshetleha ka Lentswe la Modimo le ho tshehetsa mokgatlo ka botshepehi. Boikokobetso ba bona bo ile ba etsa hore ke nolofallwe ke ho ba molebedi wa setereke.

KE ILE KA BA MOPOTOLOHI HAPE

Ka 1974, Sehlopha se Busang se ile sa kgetha balebedi ba bang ba potoloho hore ba sebeletse e le balebedi ba setereke. Ke ile ka lokela ho ba molebedi wa potoloho hape mme lekgetlong lena ke ile ka potoloha South Carolina. Ho thabisang ke hore diphutheho tsa batho ba basweu le tsa batho ba batsho di ne di se di sa arolwa. Ka hoo, barababo rona ba ile ba thaba haholo.

Mafelong a 1976, ke ile ka kopuwa ho ya potolohong ya Georgia e dipakeng tsa Atlanta le Columbus. Ke hopola hantle ha ke fana ka puo ya lepato la bana ba bahlano ba batsho ba ileng ba hlokahala ha batho ba bang ba ne ba tjhesa ntlo yabo bona. Batswadi ba bona ba ile ba tlameha ho ya sepetlele ka lebaka la maqeba. Bara le baradibabo rona ba batsho le ba basweu ba ile ba nna ba ya sepetlele e le hore ba ka ba tshedisa. Ke ile ka bona hore bara le baradibabo rona ba lerato e le ka nnete. Ha bahlanka ba Modimo ba utlwelana bohloko ka tsela ena, ba ka kgona ho mamella mathata a boima.

KE ILE KA ITHUTA KA BA KA RUTA HA KE LE BETHELE

Ka 1977 ke ile ka kopuwa ho tla Bethele e Brooklyn bakeng sa dikgwedi tse mmalwa ho tla thusa ka projeke. Ha projeke e se e ntse e tlo fela, barababo rona ba babedi ba Sehlopha se Busang ba ile ba kopana le nna yaba ba a mpotsa hore na re ka thabela ho sebeletsa Bethele ho ya ho ile. Re ile ra dumela.

Ke ile ka sebetsa Lefapheng la Tshebeletso ka dilemo tse 24 moo barababo rona hangata ba rarollang dipotso tse thata. Ka dilemo tse ngata, Sehlopha se Busang se nnile sa fana ka tataiso e dumellanang le melaomotheo ya Bibele. Sena se thusa Lefapha la Tshebeletso ho araba dipotso hape se kwetlisa balebedi ba potoloho, baholo le bopulamadiboho. Kwetliso ena e thusitse batho ba bangata hore e be Bakreste ba tiileng. Sena se matlafaditse mokgatlo wa Jehova.

Ho tloha ka 1995 ho ya ka 2018, ke ile ka etela diofisi tsa makala ke le moemedi wa ntlokgolo eo ha e le hantle a bitswang molebedi ya etelang makala. Ke ne ke kopana le Dikomiti Tsa Makala, ba basebeletsi ba Bethele le baromuwa mme ke ne ke ba kgothatsa le ho ba thusa ka mathata le ha e le afe. Ka lehlakoreng le leng, bara le baradibabo rona ba ile ba qoqela nna le Ruby dintho tse ileng tsa ba etsahalla ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. Seo se ne se re kgothatsa. Ka mohlala, ka selemo sa 2000 re ile ra ya Rwanda. Re ile ra ameha maikutlo ha re utlwa ka moo lelapa la Bethele le barababo rona ba ileng ba pholoha dipolao tse sehloho tse ileng tsa ba ka 1994. Ba bangata ba bona ba ile ba hlokahallwa ke baratuwa ba bona. Empa barababo rona bao ba ne ba thabile, ba ena le tshepo le tumelo, ho sa tsotellehe maemo ao ba ileng ba feta ho ona.

Selemong sa rona sa bo50 re nyalane

Re ka hodimo ho dilemo tse 80 hona jwale. Dilemong tse 20 tse fetileng, ke sebeditse le Komiti ya Lekala ya Amerika. Ha ke a ya yunivesithi. Le ha ho le jwalo, ke ile ka fumana thuto e phahameng ho Jehova le ho mokgatlo wa hae. Sena se ile sa nthusa hore ke rute batho ba bang nnete ya Bibele e ka ba tswelang molemo ho ya ho ile. (2 Bakor. 3:5; 2 Tim. 2:2) Ke ile ka bona ka moo molaetsa wa Bibele o ileng wa thusa batho ho ba le kamano e ntle le Mmopi wa bona le ho ba thusa ho ntlafatsa maphelo a bona. (Jak. 4:8) Nna le Ruby re leka ka matla ho thusa bara le baradibabo rona ho ananela tlotla eo ba nang le yona ya ho ithuta ka Jehova le ho ruta batho ba bang nnete ya Bibele. Ena ke tlotla e ikgethang ka ho fetisisa eo mohlanka wa Jehova a ka bang le yona.