Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re o ‘hlahile pele ho nako’? (1 Bakorinthe 15:8)

Ho 1 Bakorinthe 15:8, Pauluse o ile a re: “Qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako.” Pele re ne re utloisisa hore temaneng ena Pauluse o ne a bua ka ketsahalo ea ha a ne a bona pono ea moo Jesu a neng a le leholimong. E ne eka o se a ntse a fuoe monyetla oa ho tsoaloa kapa ho tsosetsoa ho ea phela leholimong pele ho nako, lilemo pele batho ba bang ba ka tsosetsoa leholimong. Leha ho le joalo, ka mor’a ho hlahloba temana ena hantle, re ile ra hlokomela hore re lokela ho fetola tsela eo e neng e hlalosoa ka eona pele.

Ke ’nete hore temaneng ena Pauluse o bua ka se ileng sa etsahala ha a ne a sokoloha. Empa o ne a bolela’ng ha a ne a re o ‘hlahile pele ho nako’? Mohlomong o ne a bolela lintho tse ’maloa.

Ho sokoloha ha hae ho etsahetse ka mohlolo ebile ho sa lebelloa. Hangata ngoana ea hlahang pele ho nako o hlaha a sa lebelloa. Ha Saule (eo hamorao a ileng a bitsoa Pauluse) a ea Damaseka ho e’o hlorisa Bakreste ba moo, o ne a sa lebella hore o tla bona pono ea Jesu a tsositsoe a le leholimong. Ho sokoloha ha Pauluse ho ile ha mo makatsa ha ba ha makatsa le Bakreste bao a neng a rerile ho e’o ba hlorisa motseng oo. Ketsahalo eo e ne e le mohlolo hobane Pauluse o ile a ba a foufala ka nakoana.​—Lik. 9:1-9, 17-19.

O ile a sokoloha ka “nako e fosahetseng.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tsoaloa pele ho nako” le ka boela la fetoleloa e le “ho tsoaloa ka nako e fosahetseng.” The Jerusalem Bible e re: “E ne eka ke hlahile ka nako eo batho ba sa e lebellang.” Jesu o ne a se a khutletse leholimong nakong eo Pauluse a neng a sokoloha. Ho fapana le batho bao Pauluse a ileng a bua ka bona litemaneng tse fetileng, Pauluse eena o ne a e-s’o ka a bona Jesu pele a nyolohela leholimong. (1 Bakor. 15:4-8) Jesu o ile a hlaha ho Pauluse a sa lebella ’me seo sa mo fa monyetla oa hore a bone Jesu ka mor’a hore a tsosoe le hoja ho ne ho bonahala eka ke ka “nako e fosahetseng.”

O ne a sa nke hore o phahametse batho ba bang. Ho ea ka litsebi tse ling, lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng mona le ka utloahala eka o ne a itšoaea liphoso. Haeba ke sona seo Pauluse a neng a se bolela, o ne a lumela hore ha a tšoanelehe ho ba moapostola. Ha e le hantle, o ile a tsoela pele a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo. Empa ke seo ke leng sona ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”​—1 Bakor. 15:9, 10.

Ho bonahala eka Pauluse o ne a bua ka tsela e sa lebelloang eo Jesu a ileng a hlaha ho eena ka eona, ho sokoloha ha hae ho neng ho sa lebelloa kapa taba ea hore o ne a sa tšoanelehe hore ebe o bone pono eo e hlollang. Ho sa tsotellehe hore na Pauluse o ne a bua ka’ng, seo a se boneng e ne e le sa bohlokoa haholo ho eena. Ketsahalo eo e ile ea mo tiisetsa hore Jesu o tsositsoe bafung. Ke kahoo a neng a lula a bua ka ntho ena e ileng ea etsahala a sa lebella ha a bolella batho ba bang ka tsoho ea Jesu.​—Lik. 22:6-11; 26:13-18.