Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Moapostola Pauluse o ne a bolelang ha a ne a re o ‘hlahile pele ho nako’? (1 Bakorinthe 15:8)

Ho 1 Bakorinthe 15:8, Pauluse o ile a re: “Qetellong ho bohle a bonahala le ho nna jwalo ka ha eka ke ho ya hlahileng pele ho nako.” Pele re ne re utlwisisa hore temaneng ena Pauluse o ne a bua ka ketsahalo ya ha a ne a bona pono ya moo Jesu a neng a le lehodimong. E ne eka o se a ntse a fuwe monyetla wa ho tswalwa kapa ho tsosetswa ho ya phela lehodimong pele ho nako, dilemo pele batho ba bang ba ka tsosetswa lehodimong. Le ha ho le jwalo, ka mora ho hlahloba temana ena hantle, re ile ra hlokomela hore re lokela ho fetola tsela eo e neng e hlaloswa ka yona pele.

Ke nnete hore temaneng ena Pauluse o bua ka se ileng sa etsahala ha a ne a sokoloha. Empa o ne a bolelang ha a ne a re o ‘hlahile pele ho nako’? Mohlomong o ne a bolela dintho tse mmalwa.

Ho sokoloha ha hae ho etsahetse ka mohlolo ebile ho sa lebellwa. Hangata ngwana ya hlahang pele ho nako o hlaha a sa lebellwa. Ha Saule (eo ha morao a ileng a bitswa Pauluse) a ya Damaseka ho yo hlorisa Bakreste ba moo, o ne a sa lebella hore o tla bona pono ya Jesu a tsositswe a le lehodimong. Ho sokoloha ha Pauluse ho ile ha mo makatsa ha ba ha makatsa le Bakreste bao a neng a rerile ho yo ba hlorisa motseng oo. Ketsahalo eo e ne e le mohlolo hobane Pauluse o ile a ba a foufala ka nakwana.​—Lik. 9:1-9, 17-19.

O ile a sokoloha ka “nako e fosahetseng.” Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ho tswalwa pele ho nako” le ka boela la fetolelwa e le “ho tswalwa ka nako e fosahetseng.” The Jerusalem Bible e re: “E ne eka ke hlahile ka nako eo batho ba sa e lebellang.” Jesu o ne a se a kgutletse lehodimong nakong eo Pauluse a neng a sokoloha. Ho fapana le batho bao Pauluse a ileng a bua ka bona ditemaneng tse fetileng, Pauluse yena o ne a eso ka a bona Jesu pele a nyolohela lehodimong. (1 Bakor. 15:4-8) Jesu o ile a hlaha ho Pauluse a sa lebella mme seo sa mo fa monyetla wa hore a bone Jesu ka mora hore a tsoswe le hoja ho ne ho bonahala eka ke ka “nako e fosahetseng.”

O ne a sa nke hore o phahametse batho ba bang. Ho ya ka ditsebi tse ding, lentswe leo Pauluse a le sebedisitseng mona le ka utlwahala eka o ne a itshwaya diphoso. Haeba ke sona seo Pauluse a neng a se bolela, o ne a dumela hore ha a tshwanelehe ho ba moapostola. Ha e le hantle, o ile a tswela pele a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke tshwanelehe ho bitswa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ya Modimo. Empa ke seo ke leng sona ka mosa o sa tshwanelang wa Modimo.”​—1 Bakor. 15:9, 10.

Ho bonahala eka Pauluse o ne a bua ka tsela e sa lebellwang eo Jesu a ileng a hlaha ho yena ka yona, ho sokoloha ha hae ho neng ho sa lebellwa kapa taba ya hore o ne a sa tshwanelehe hore ebe o bone pono eo e hlollang. Ho sa tsotellehe hore na Pauluse o ne a bua kang, seo a se boneng e ne e le sa bohlokwa haholo ho yena. Ketsahalo eo e ile ya mo tiisetsa hore Jesu o tsositswe bafung. Ke ka hoo a neng a dula a bua ka ntho ena e ileng ya etsahala a sa lebella ha a bolella batho ba bang ka tsoho ya Jesu.​—Lik. 22:6-11; 26:13-18.