Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke bo-mang ba tla tsosetsoa lefatšeng, hona e tla ba tsoho ea mofuta ofe?

Hlokomela hore na Bibele e araba lipotso tsena joang.

Liketso 24:15 e re bolella hore ho tla ba le “tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” Batho ba lokileng ke ba ileng ba mamela Molimo pele ba hlokahala ’me mabitso a bona a ngotsoe bukeng ea bophelo. (Mal. 3:16) Batho ba sa lokang ba akarelletsa ba hlokahetseng pele ba fumana monyetla oa ho ithuta ka Jehova, kahoo mabitso a bona ha aa ngoloa bukeng ea bophelo.

Johanne 5:28, 29 e buoa ka lihlopha tse peli tse tšoanang le tse hlahang ho Liketso 24:15. Jesu o ile a re “ba entseng lintho tse molemo” ba tla ea “tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.” Batho ba lokileng ba ile ba etsa lintho tse molemo pele ba hlokahala. Ba tla ea tsohong ea bophelo hobane mabitso a bona a ntse a ngotsoe bukeng ea bophelo. Leha ho le joalo, batho ba sa lokang ba ile ba tloaela ho etsa lintho tse mpe pele ba hlokahala. Ba tla ea tsohong ea kahlolo. Mabitso a bona ha a e-s’o ka a ngoloa bukeng ea bophelo ’me ho tla ba le nako eo ba ahloloang ka eona kapa nako eo ka eona boitšoaro ba bona bo tla shejoa le ho hlahlojoa. Ka nako eo, ba tla ba le monyetla oa hore ba ithute ka Jehova le hore mabitso a bona a ngoloe bukeng ea bophelo.

Tšenolo 20:12, 13 e hlalosa hore batho bohle ba tsositsoeng ba tla lokela hore ba mamele “lintho tse ngotsoeng meqolong,” e leng melao e mecha eo Molimo a tlang ho re fa eona lefatšeng le lecha. Batho ba sa mameleng ba tla felisoa.​—Esa. 65:20.

Daniele 12:2 e ile ea bolela hore batho ba bang ba hlokahetseng ba tla ‘tsohela bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang ’me [ba bang] ba tsohele linyelisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.’ Temana ena e bua ka kahlolo ea ho qetela ea batho ba tla tsosoa. Ba tla tsohela “bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” kapa ba tsohele “ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.” Kahoo, ha lilemo tse sekete li fela, batho ba bang ba tla fumana bophelo bo sa feleng ha ba bang bona ba tla felisoa ka ho sa feleng.​—Tšen. 20:15; 21:3, 4.

Nahana ka mohlala ona. Boemo ba lihlopha tsena tse peli tse tla tsosoa bo ka bapisoa le ba motho ea tlohang naheng ea habo a batla ho ilo lula naheng e ’ngoe. Batho ba lokileng ba tšoana le motho ea fumanang lengolo le mo lumellang hore a sebetse kapa a lule naheng e ’ngoe ’me lengolo leo le mo fa bolokolohi ebile le mo thusa hore a tsebahale e le motho ea lulang naheng eo. Ka lehlakoreng le leng, motho ea sa lokang o tšoana le motho ea tsoang naheng e ’ngoe ea ka fumanang lengolo le mo lumellang hore a lule naheng e ’ngoe ka nakoana. Motho eo o tla lokela hore a etse lintho tse lokileng pele a ka lumelloa hore a tsoele pele ho lula naheng eo. Ka tsela e tšoanang batho ba lokileng ba tla tsosoa ba tla lokela hore ba mamele melao ea Jehova ’me ba etse lintho tse lokileng e le hore ba lule ba le Paradeiseng. Ho sa tsotellehe hore na batho ba tsoang naheng e ’ngoe ba fumana lengolo lefe pele ba ka lumelloa hore ba kene naheng eo ba eang ho eona, ba bang ba ka lumelloa hore e be baahi ba naha eo ha ba bang bona ba ka khutlisetsoa linaheng tsa habo bona. Ho tla shejoa tsela eo ba itšoarang ka eona ho bona hore na ba tla tšoaneleha ho ba baahi ba naha eo kapa che. Ka tsela e tšoanang, kahlolo ea ho qetela ea batho bohle ba tla tsosoa e tla itšetleha ka tsela eo ba itšoarang ka eona lefatšeng le lecha le ka hore na baa tšepahala kapa che.

Jehova ke Molimo ea lerato le ea ratang toka. (Deut. 32:4; Pes. 33:5) O tla bontša hore o rata batho ka hore a tsose ba lokileng le ba sa lokang. Empa o tla lebella hore bohle ba mamele melao ea hae ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ke batho ba tla mo rata le ho mamela melao ea hae feela bao a tla ba lumella hore ba tsoele pele ba phela lefatšeng le lecha.