Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke bomang ba tla tsosetswa lefatsheng, hona e tla ba tsoho ya mofuta ofe?

Hlokomela hore na Bibele e araba dipotso tsena jwang.

Liketso 24:15 e re bolella hore ho tla ba le “tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.” Batho ba lokileng ke ba ileng ba mamela Modimo pele ba hlokahala mme mabitso a bona a ngotswe bukeng ya bophelo. (Mal. 3:16) Batho ba sa lokang ba akarelletsa ba hlokahetseng pele ba fumana monyetla wa ho ithuta ka Jehova, ka hoo mabitso a bona ha a ngolwa bukeng ya bophelo.

Johanne 5:28, 29 e buwa ka dihlopha tse pedi tse tshwanang le tse hlahang ho Liketso 24:15. Jesu o ile a re “ba entseng dintho tse molemo” ba tla ya “tsohong ya bophelo, ba ileng ba tlwaela ho etsa dintho tse mpe ba ye tsohong ya kahlolo.” Batho ba lokileng ba ile ba etsa dintho tse molemo pele ba hlokahala. Ba tla ya tsohong ya bophelo hobane mabitso a bona a ntse a ngotswe bukeng ya bophelo. Le ha ho le jwalo, batho ba sa lokang ba ile ba tlwaela ho etsa dintho tse mpe pele ba hlokahala. Ba tla ya tsohong ya kahlolo. Mabitso a bona ha a eso ka a ngolwa bukeng ya bophelo mme ho tla ba le nako eo ba ahlolwang ka yona kapa nako eo ka yona boitshwaro ba bona bo tla shejwa le ho hlahlojwa. Ka nako eo, ba tla ba le monyetla wa hore ba ithute ka Jehova le hore mabitso a bona a ngolwe bukeng ya bophelo.

Tšenolo 20:12, 13 e hlalosa hore batho bohle ba tsositsweng ba tla lokela hore ba mamele “dintho tse ngotsweng meqolong,” e leng melao e metjha eo Modimo a tlang ho re fa yona lefatsheng le letjha. Batho ba sa mameleng ba tla fediswa.—Esa. 65:20.

Daniele 12:2 e ile ya bolela hore batho ba bang ba hlokahetseng ba tla ‘tsohela bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetswang mme [ba bang] ba tsohele dinyedisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetswang.’ Temana ena e bua ka kahlolo ya ho qetela ya batho ba tla tsoswa. Ba tla tsohela “bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetswang” kapa ba tsohele “ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetswang.” Ka hoo, ha dilemo tse sekete di fela, batho ba bang ba tla fumana bophelo bo sa feleng ha ba bang bona ba tla fediswa ka ho sa feleng.—Tšen. 20:15; 21:3, 4.

Nahana ka mohlala ona. Boemo ba dihlopha tsena tse pedi tse tla tsoswa bo ka bapiswa le ba motho ya tlohang naheng ya habo a batla ho yo dula naheng e nngwe. Batho ba lokileng ba tshwana le motho ya fumanang lengolo le mo dumellang hore a sebetse kapa a dule naheng e nngwe mme lengolo leo le mo fa bolokolohi ebile le mo thusa hore a tsebahale e le motho ya dulang naheng eo. Ka lehlakoreng le leng, motho ya sa lokang o tshwana le motho ya tswang naheng e nngwe ya ka fumanang lengolo le mo dumellang hore a dule naheng e nngwe ka nakwana. Motho eo o tla lokela hore a etse dintho tse lokileng pele a ka dumellwa hore a tswele pele ho dula naheng eo. Ka tsela e tshwanang batho ba lokileng ba tla tsoswa ba tla lokela hore ba mamele melao ya Jehova mme ba etse dintho tse lokileng e le hore ba dule ba le Paradeiseng. Ho sa tsotellehe hore na batho ba tswang naheng e nngwe ba fumana lengolo lefe pele ba ka dumellwa hore ba kene naheng eo ba yang ho yona, ba bang ba ka dumellwa hore e be baahi ba naha eo ha ba bang bona ba ka kgutlisetswa dinaheng tsa habo bona. Ho tla shejwa tsela eo ba itshwarang ka yona ho bona hore na ba tla tshwaneleha ho ba baahi ba naha eo kapa tjhe. Ka tsela e tshwanang, kahlolo ya ho qetela ya batho bohle ba tla tsoswa e tla itshetleha ka tsela eo ba itshwarang ka yona lefatsheng le letjha le ka hore na ba a tshepahala kapa tjhe.

Jehova ke Modimo ya lerato le ya ratang toka. (Deut. 32:4; Pes. 33:5) O tla bontsha hore o rata batho ka hore a tsose ba lokileng le ba sa lokang. Empa o tla lebella hore bohle ba mamele melao ya hae ya se nepahetseng le se fosahetseng. Ke batho ba tla mo rata le ho mamela melao ya hae feela bao a tla ba dumella hore ba tswele pele ba phela lefatsheng le letjha.