Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 40

Batho ba Tla Thuswa Hore ba Etse Dintho Tse Lokileng

Batho ba Tla Thuswa Hore ba Etse Dintho Tse Lokileng

“Ba tlisang ba bangata ho lokeng, ba tla kganya jwalo ka dinaledi ho isa nakong e sa lekanyetswang, esita le ka ho sa feleng.”​—DAN. 12:3.

PINA YA 151 O Tla Howa

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Keng e thabisang eo re e emetseng e tla etsahala nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete?

 E TLA ba nako e thabisang haholo ha bafu ba tsoswa mona lefatsheng nakong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete. Batho bohle ba hlokahalletsweng ke baratuwa ba bona ba labalabela ho ba bona hape. Jehova le yena o labalabela ho ba bona. (Jobo 14:15) A ko nahane feela hore na batho bohle ba tla be ba thabile hakae ha baratuwa ba bona ba tsoswa. Jwalo ka ha re se re ithutile sehloohong se fetileng, batho “ba lokileng” bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ba tla ya “tsohong ya bophelo.” (Lik. 24:15; Joh. 5:29) Mohlomong baratuwa ba rona ba bangata ba hlokahetseng ba tla ba hara batho ba tla tsoswa hanghang ka mora Armagedone. b Batho “ba sa lokang,” e leng ba sa kang ba fumana monyetla wa hore ba ithute ka Jehova le ho mo sebeletsa pele ba hlokahala, ba tla ya “tsohong ya kahlolo.”

2, 3. (a) Jwalo ka ha Esaia 11:9, 10 e bontsha, ke mosebetsi ofe o moholo wa ho ruta batho o tla etswa? (b) Re tlo ithutang sehloohong see?

2 Batho bohle ba tla tsoswa ba tla hloka hore ba rutwe. (Esa. 26:9; 61:11) Ka hoo, ho tla hlokahala hore ho etswe mosebetsi o moholo wa ho ruta o eso ka o etswa le ka mohla. (Bala Esaia 11:9, 10.) Hobaneng? Hobane batho ba sa lokang ba tla tsoswa ba lokela ho ithuta ka Jesu Kreste, Mmuso wa Modimo, sehlabelo sa thekollo sa Jesu, hore lebitso la Jehova ke la bohlokwa le hore na ke hobaneng ha e le yena feela ya nang le tokelo ya ho busa. Batho ba lokileng le bona ba lokela hore ba bolellwe hore na Jehova o ile a etsang ho phethahatsa morero wa hae ka lefatshe. Ba bang ba batho bana ba lokileng ba ile ba hlokahala pele Bibele e qetwa ho ngolwa. Batho ba lokileng le ba sa lokang ba tla lokela ho ithuta dintho tse ngata.

3 Sehlooho sena se tlo araba dipotso tsena: Mosebetsi ona o moholo wa ho ruta batho o tlo etswa jwang? Dintho tseo batho ba tla ithuta tsona di tla ba thusa jwang hore mabitso a bona a ngolwe le hore a se ke a hlakolwa bukeng ya bophelo? Dikarabo tsa dipotso tsena ke tsa bohlokwa haholo ho rona kajeno. Jwalo ka ha re tlo bona, bo bong ba boprofeta bo hlollang bo hlahang bukeng ya Daniele le ya Tšenolo bo tla re hlakisetsa le ho re thusa hore re utlwisise hore na ho tla etsahalang ha batho ba hlokahetseng ba tsoswa. A re qaleng pele ka ho bua ka diketsahalo tse thabisang tseo ho buuweng ka tsona boprofeteng bo ho Daniele 12:1, 2.

“BA ROBETSENG LEROLENG . . . BA TLA TSOHA”

4, 5. Daniele 12:1 e reng ka matsatsi a ho qetela?

4 Bala Daniele 12:1. Buka ya Daniele e a bontsha hore na dintho tse thabisang di tla etsahala ka tatellano jwang matsatsing a ho qetela. Ka mohlala, Daniele 12:1 e bua ka Mikaele, e leng Jesu Kreste ya “emeng molemong wa bara ba setjhaba sa [Modimo].” Karolo eo ya boprofeta e qadile ho phethahala ka 1914 ha Jesu a ne a kgethwa hore e be Morena wa Mmuso wa Modimo o lehodimong.

5 Daniele o ile a boela a re Jesu o ne a “tla raoha” nakong ya “mahlomola eo e jwalo ka yona e eso ka e etswa hore e be teng ho tloha ha ho eba le setjhaba ho fihlela ka nako eo.” “Nako ya mahlomola” ke “matshwenyeho a maholo” ao ho buuweng ka ona ho Matheu 24:21. Qetellong ya nako ena ya mahlomola e leng ka Armagedone, Jesu o tla raoha kapa a sireletse batho ba Modimo. Ha buka ya Tšenolo e bua ka batho bana e ba bitsa bongata bo boholo bo “tswang matshwenyehong a maholo.”​—Tšen. 7:9, 14.

6. Ho tla etsahalang ka mora hore bongata bo boholo bo pholohe matshwenyeho a maholo? Hlalosa. (O ka boela wa bala sehlooho se reng, “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” se mabapi le tsoho ya bafu e tla ba teng lefatsheng.)

6 Bala Daniele 12:2. Ho tla etsahalang ka mora hore bongata bo boholo bo pholohe nako ya mahlomola? Boprofeta bona ha bo bue ka batho ba tla tsosetswa ho ya phela lehodimong matsatsing a ho qetela jwalo ka ha re ne re utlwisisa jwalo nakong e fetileng. c Le ha ho le jwalo, bo bua ka bafu ba tla tsoha lefatsheng le letjha. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Ho sebedisitswe lentswe ‘lerole’ ho Jobo 17:16 le ka boelang la bolela “Sheole,” ka hoo taba ena e bontsha hore Daniele 12:2 e bua ka batho ba tla tsoswa ka mora matsatsi a ho qetela le ka mora ntwa ya Armagedone.

7. (a) Ke ka tsela efe batho ba bang ba tla tsosetswa “bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetswang”? (b) Ke jwang re ka reng tsoho ee ke e molemo?

7 Daniele 12:2 e bolelang ha e re batho ba bang ba tla tsohela “bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetswang”? Sena se bolela hore nakong ya dilemo tse sekete, batho bohle ba tla beng ba tsositswe ba bile ba ithuta kapa ba tswele pele ba ithuta le ho mamela Jehova le Jesu, qetellong ba tla fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 17:3) Ena e tla ba “tsoho e molemo” ho feta ya pele e ileng ya eba teng eo ho ileng ha tsoswa batho ba itseng feela. (Baheb. 11:35) Hobaneng? Hobane batho bao ba ileng ba tsoswa nakong e fetileng ba ile ba hlokahala hape.

8. Ke jwang batho ba bang ba tla tsohela “dinyedisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetswang”?

8 Ha se batho bohle ba tsositsweng ba tla dumela ho rutwa ke Jehova. Boprofeta ba Daniele bo re batho ba bang ba tla tsohela “dinyedisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetswang.” Ka ha ba tla hana ho mamela, mabitso a bona a ke ke a ngolwa bukeng ya bophelo ebile ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. Ho ena le hoo, ba tla fediswa kapa ba fumane ‘ho nyonyeha ho hlolang ka nako e sa lekanyetswang.’ Daniele 12:2 e bua ka se tla etsahalla batho bohle ba tla tsoswa ho itshetlehile ka seo ba se etsang ka mora hore ba tsoswe. d (Tšen. 20:12) Ba bang ba tla fumana bophelo bo sa feleng mme ba bang ba ke ke ba bo fumana.

BATHO BA TLA THUSWA HORE BA ETSE DINTHO TSE LOKILENG

9, 10. Keng hape e tla etsahala ka mora matshwenyeho a maholo, hona ke bomang ba “tla kganya jwalo ka ho kganya ha sepakapaka”?

9 Bala Daniele 12:3. Keng hape e tla etsahala ka mora “nako ya mahlomola”? Ho ekelletsa dintlheng tse ho Daniele 12:2, temana ya boraro e bua ka dintho tse tla etsahala ka mora matshwenyeho a maholo.

10 Ke bomang ba “tla kganya jwalo ka ho kganya ha sepakapaka”? Re fumana karabo ya potso ena ho seo Jesu a ileng a se bua ho Matheu 13:43, ha a re: “Ba lokileng ba tla kganya ka ho phatsimang jwalo ka letsatsi mmusong wa Ntata bona.” Mona Jesu o ne a bua ka “bara ba mmuso,” e leng bara babo ba tlotsitsweng ba tla busa le yena lehodimong. (Mat. 13:38) Ka hoo, e tlameha ebe Daniele 12:3 e bua ka batlotsuwa le mosebetsi wa bona oo ba tla o etsa nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete.

Ba 144 000 ba tla sebetsa le Jesu Kreste hore ba etelle pele mosebetsi wa ho ruta o tla etswa nakong ya dilemo tse sekete (Sheba serapa sa 11)

11, 12. Ke mosebetsi ofe oo batho ba 144 000 ba tla o etsa nakong ya dilemo tse sekete?

11 Batlotsuwa ba tla thusa batho ‘ba bangata hore ba tle ho lokeng’ jwang? Batlotsuwa ba tla sebetsa le Jesu Kreste ho etella pele mosebetsi wa ho ruta o tla etswa mona lefatsheng nakong ya dilemo tse sekete. Ba 144 000 e tla ba marena hape e be baprista. (Tšen. 1:6; 5:10; 20:6) Ka hoo, ba tla “phekola ditjhaba” le ho thusa batho hore ba qetelle ba phethahetse. (Tšen. 22:1, 2; Ezek. 47:12) Mosebetsi ona o tla thabisa batlotsuwa haholo.

12 Ke bomang ba tla ba hara “ba bangata” ba tla thuswa hore ba etse dintho tse lokileng? Batho bana ba tla akareletsa ba tla tsoswa le ba tla pholoha Armagedone le bana ba ka nnang ba hlaha lefatsheng le letjha. Ha dilemo tse sekete di fela, batho bohle ba phelang lefatsheng ba tla be ba phethahetse. Ka hoo, ke neng moo mabitso a batho a tla ngolwa ka pene eseng ka pentshele bukeng ya bophelo?

TEKO YA HO QETELA

13, 14. Batho bohle ba tla lokela ho etsang pele ba fumana bophelo bo sa feleng?

13 Re lokela ho hopola hore ho phethahala ha ho bolele hore motho o se a ntse a fumane bophelo bo sa feleng. A ko nahane ka Adama le Eva. Ba ne ba phethahetse empa ba ne ba lokela hore ba mamele Jehova Modimo pele a ka ba fa bophelo bo sa feleng. Ka maswabi ba ile ba hloleha ho mo mamela.​—Bar. 5:12.

14 Ho tla etsahalang ka batho ba tla be ba le lefatsheng qetellong ya dilemo tse sekete? Kaofela ha bona ba tla be ba phetse hantle ba se na sebe. Na kaofela batho bao ba tla tshehetsa bobusi ba Jehova ka ho sa feleng? Kapa na ba bang ba tla tshwana le Adama le Eva ba sa kang ba tshepahala le hoja ba ne ba phethahetse? Re hloka ho fumana dikarabo tsa dipotso tsena. Empa re tla di fumana jwang?

15, 16. (a) Batho bohle ba tla fumana monyetla wa hore ba bontshe hore ba tshepahalla Jehova neng? (b) Qetello ya teko ya ho qetela e tla ba efe?

15 Satane o tla kwallwa ka dilemo tse sekete. Ka nako eo a ke ke a kgona ho kgelosa batho. Qetellong ya dilemo tse sekete Satane o tla lokollwa. Jwale o tla leka ho kgelosa batho ba phethahetseng. Ka nako eo, batho bohle ba tla ba le monyetla wa ho bontsha hore na ba hlompha lebitso la Modimo le hore na ba tshehetsa bobusi ba hae kapa tjhe. (Tšen. 20:7-10) Diketso tsa bona di tla bontsha hore na mabitso a bona a tla hlakolwa bukeng ya bophelo kapa tjhe.

16 Batho ba bang ba tla tshwana le Adama le Eva ka hore ba se ke ba tshehetsa bobusi ba Jehova. Jwale ho tla etsahalang ka bona? Tšenolo 20:15 e re: “Mang kapa mang ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo a dihelwa ka letsheng la mollo.” Batho bana ba sa mameleng ba tla fediswa. Empa batho ba bangata ba tla kgona ho hlola teko ya ho qetela. Mabitso a bona a tla ngolwa bukeng ya bophelo mme a ke ke a hlakolwa.

“NAKONG YA BOFELO”

17. Lengeloi le ile la bolella Daniele hore ho tla etsahalang mehleng ya rona? (Daniele 12:4, 8-10)

17 Ke ntho e thabisang haholo ha re nahana ka diketsahalo tsena tsa nakong e tlang. Lengeloi le ile la bolella Daniele ditaba tse ding tsa bohlokwa tse mabapi le mehla ya rona e leng “nako ya bofelo.” (Bala Daniele 12:4, 8-10; 2 Tim. 3:1-5) Lengeloi le ile la re ho Daniele: “Tsebo ya nnete e tla ba ngata.” Bahlanka ba Modimo ke bona ba ka utlwisisang boprofeta bona ba Daniele haholwanyane. Lengeloi le ile la boela la re nakong eo “ba kgopo ba tla etsa bokgopo, mme ho hang ha ho ba kgopo ba tla utlwisisa.”

18. Batho ba kgopo ba tla etsahallwa keng haufinyane?

18 Mehleng ena ho ka nna ha bonahala eka batho ba kgopo ha ba fumane kotlo ka lebaka la diketso tsa bona tse mpe. (Mal. 3:14, 15) Haufinyane Jesu o tla arola ba kang dipodi ho ba kang dinku ebe o fana ka kahlolo. (Mat. 25:31-33) Batho bana ba kgopo ba ke ke ba pholoha matshwenyeho a maholo ebile ba ke ke ba tsoswa e le hore ba phele lefatsheng le letjha. Mabitso a bona a ke ke a ngolwa ‘bukeng ya kgopotso’ eo Malakia 3:16 e buang ka yona.

19. Keng eo re lokelang ho e etsa hona jwale, hona hobaneng? (Malakia 3:16-18)

19 Hona jwale re lokela ho bontsha ka dintho tseo re di etsang hore ha re hara batho ba kgopo. (Bala Malakia 3:16-18.) Jehova o ntse a bokella batho bao a ba nkang e le “thepa e kgethehileng,” e leng batho ba bohlokwa ho yena. Ka nnete re batla ho ba hara batho bao.

Re tla thaba haholo ha re bona Daniele, batho bao re ba ratang ba hlokahetseng le ba bang ba bangata ba phela hape mme ba fuwa lefa la bona lefatsheng le letjha (Sheba serapa sa 20)

20. Jehova o ile a tshepisa Daniele eng, hona ke hobaneng ha re lebelletse ka tjantjello hore tshepiso eo e phethahale?

20 Re phela nakong e thabisang haholo. Haufinyane ho tlo etsahala dintho tse thabisang le ho feta. Re tla bona ha dintho tsohle tse mpe di fediswa. Hape re tla bona ha Jehova a phethahatsa ditshepiso tseo a ileng a di tshepisa Daniele ha a ne a re: “O tla ema bakeng sa kabelo ya hao bofelong ba matsatsi.” (Dan. 12:13) Na o emetse ho bona ha Daniele le batho bao o ba ratang ba hlokahetseng ba “ema” hape kapa ba tsoha? Haeba ho jwalo etsa sohle seo o ka se kgonang hore o tshepahale hona jwale mme ha o etsa jwalo o ka kgodiseha hore Jehova a ke ke a hlakola lebitso la hao bukeng ya bophelo.

PINA YA 80 “Latswang Mme le Bone Hore Jehova o Molemo”

a Sehloohong sena re tlo ithuta ka tsela e ntjha eo re seng re utlwisisa mosebetsi o moholo wa ho ruta batho oo ho buuwang ka wona ho Daniele 12:2, 3. Re tlo bona hore na mosebetsi ona o tlo etswa neng le hore na ke bomang ba tla o etsa. Re tla boela re bone hore na mosebetsi ona o moholo wa ho ruta o tla thusa batho ba tla be ba phela lefatsheng ka nako eo jwang hore ba itokisetse teko ya ho qetela e tla ba qetellong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete.

b Mohlomong ho tla tsoswa batho ba ileng ba hlokahala ba tshepahala nakong ya matsatsi a ho qetela pele ebe ka mora moo ho tsoswa meloko e ileng ya hlokahala pele ho bona. Haeba sena ke sona se tla etsahala, se tla fa motho e mong le e mong monyetla wa hore a amohele batho ba ileng ba hlokahala bao a neng a ba tseba. Ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahalang, Mangolo a bua ka hore batho ba tsosetswang lehodimong e mong le e mong o tla ba “boemong ba hae.” Ka hoo, re ka hakanya hore tsoho e tla ba teng lefatsheng e tla etsahala ka tsela e hlophisehileng.​—1 Bakor. 14:33; 15:23.

c Tlhaloso ena e fetola kutlwisiso eo re neng re ena le yona e hlahang bukeng ya Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! kgaolong ya 17 le e ho Molula-Qhooa wa July 1, 1987 leq. 21-25.

d Ho fapana le hoo, polelo e reng “ba lokileng” le e reng “ba sa lokang” tse hlahang ho Liketso 24:15 le mantswe a reng “ba entseng dintho tse molemo” le a reng “ba ileng ba tlwaela ho etsa dintho tse mpe” a hlahang ho Johanne 5:29 a bua ka dintho tseo batho ba tsositsweng ba neng ba di etsa pele ba hlokahala.