Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo oa u Tsotella

Molimo oa u Tsotella

BIBELE e na le likeletso tse molemo haholo hobane e tsoa ho Molimo. Bibele ha se buka ea lingaka empa e na le likeletso tse ka re thusang ha re hlaheloa ke mathata, ha re nahana ka lintho tse re tšoenyang, ha re utloile bohloko, ha re sa phele hantle ’meleng le ha re e-na le khatello ea maikutlo.

Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Bibele ea re bolella hore ’Mopi oa rona e leng Jehova Molimo, a o utloisisa hantle tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona ho feta motho leha e le ofe. O ikemiselitse ho re thusa ka bothata leha e le bofe boo re nang le bona. Ka mohlala, bona kamoo litemana tsena tse peli li re tšelisang kateng:

“Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O pholosa ba khathetseng matla.”—PESALEME EA 34:18.

“’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na ea re’ng ho uena, ‘U se ke oa tšoha. Ke tla u thusa.’”—ESAIA 41:13.

Jehova o re thusa joang ho sebetsana le bothata ba ho ba le khatello ea maikutlo? Lihlooho tse latelang li tla bontša hore na Jehova o re bontša joang hore o re tsotella e le ka ’nete.

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.