Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

2 | ‘Mangolo aa re Tšelisa’

2 | ‘Mangolo aa re Tšelisa’

BIBELE E RE: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa khale li ile tsa ngolloa ho re ruta e le hore re be le tšepo. Ha e le hantle, Mangolo ao aa re tšelisa ebile a re thusa hore re mamelle.”—BAROMA 15:4.

Taba ee e Bolela’ng?

Bibele e na le mantsoe a tšelisang a ka re thusang ha re nahana ka lintho tse re nyahamisang. Molaetsa oa Bibele o boetse o re fa tšepo ea hore haufinyane ha re sa tla hlola re utloa bohloko.

Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Joang?

Kaofela ha rona re ka ’na ra ba le nako eo re ka ikutloang re sa thaba empa batho ba nang le khatello ea maikutlo ba qeta nako e ngata ba sa thaba. Bibele e ka re thusa joang?

  • Bibele e bua ka lintho tse ngata tse khothatsang tse ka etsang hore re se ke ra qeta nako e ngata re nahana ka lintho tse nyahamisang. (Bafilipi 4:8) E ka re thusa hore re nahane ka lintho tse tšelisang le tse ka re thusang hore re khobe matšoafo e le hore re khone ho laola maikutlo a rona.—Pesaleme ea 94:18, 19.

  • Bibele e ka re thusa hore re tlohele ho nahana hore ha re na thuso.—Luka 12:6, 7.

  • Litemana tse ngata tse ka Bibeleng lia re kholisa hore ha re bang le hore Molimo e leng ’Mopi oa rona o utloisisa hantle kamoo re ikutloang kateng.—Pesaleme ea 34:18; 1 Johanne 3:19, 20.

  • Bibele ea re tšepisa hore nakong e tlang Molimo o tla etsa hore re se ke ra hlola re hopola lintho tse bohloko tse re etsahaletseng. (Esaia 65:17; Tšenolo 21:4) Tšepiso ena e re thusa hore re mamelle ha re nahana ka lintho tse re tšoenyang.