Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 1

Kgodiseha Hore Lentswe la Modimo ke Nnete

Kgodiseha Hore Lentswe la Modimo ke Nnete

TEMANA YA RONA YA SELEMO YA 2023: “Lentswe la hao kaofela ke nnete.”​—PES. 119:​160.

PINA YA 96 Buka ya Modimo ke Letlotlo

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba sa tshepe Bibele mehleng ee?

 BATHO ba bangata mehleng ena ha ba tsebe hore na ba ka tshepa mang. Ba a ipotsa hore na batho bao ba ba hlomphang ba kang boradipolotiki, borasaense le borakgwebo ehlile ba etsa sohle ho ba etsetsa dintho tse molemo ka dinako tsohle. Ho feta moo, ha ba hlomphe baetapele ba bodumedi ba reng ke Bakreste. Ka hoo, ha ho makatse hore ebe ha ba tshepe buka eo baetapele ba bodumedi ba reng ba a e sebedisa e leng Bibele.

2. Pesaleme ya 119:​160 e etsa hore re kgodisehe ka eng?

2 Batho bohle ba Jehova ba kgodisehile hore ke “Modimo wa nnete” le hore o re batlela se molemo. (Pes. 31:⁠5; Esa. 48:​17) Re a tseba hore re ka tshepa Bibele hobane “Lentswe la [Modimo] kaofela ke nnete.” (Bala Pesaleme ya 119:​160.) Re dumellana le seo setsebi se seng sa Bibele se ileng sa se bua ha se re: “Ha ho mohla Modimo a buang leshano ebile ntho e nngwe le e nngwe eo a e buang e a phethahala. Batho ba Modimo ba tshepa seo a se buang hobane ba a mo tshepa.”

3. Re tlo hlahloba eng sehloohong see?

3 Re ka thusa batho ba bang jwang hore ba tshepe Lentswe la Modimo jwalo ka rona? A re hlahlobeng mabaka a mararo a hore na ke hobaneng ha re ka tshepa Bibele. Re tla hlahloba hore molaetsa wa yona ha o eso fetohe, boprofeta ba yona bo ile ba phethahala le hore e na le matla a ho fetola bophelo ba batho.

MOLAETSA WA BIBELE HA O ESO FETOLWE

4. Ke hobaneng ha batho ba bang ba nahana hore molaetsa wa Bibele o fetotswe?

4 Jehova Modimo o ile a sebedisa banna ba 40 ba tshepahalang ho ngola Bibele. Le ha ho le jwalo, ha ho na meqolo eo ba ileng ba e ngola e ntseng e le teng mehleng ena. b Seo re nang le sona mehleng ena ke dikopi tsa meqolo eo. Batho ba bang ba ka nna ba ipotsa hore na molaetsa oo re o balang ka Bibeleng mehleng ena o tshwana hantle le o neng o ngotswe qalong. Na o kile wa ipotsa hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore ho fela ho le jwalo?

Bakopitsi ba rupetsweng hantle ba Mangolo a Seheberu ba ne ba le hlokolosi haholo ho etsa bonnete ba hore dikopi tsa Lentswe la Modimo di nepahetse (Sheba serapa sa 5)

5. Mangolo a Seheberu a ile a kopitswa jwang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

5 E le hore Jehova a ka sireletsa molaetsa wa Bibele, o ile a laela batho ba hae hore ba etse dikopi tsa wona. O ile a laela marena a Iseraele hore a iketsetse dikopi tsa Molao a ba a kgetha Balevi hore ba rute setjhaba Molao oo. (Deut. 17:​18; 31:​24-26; Neh. 8:⁠7) Ka mora hore Bajuda ba hapuwe ke Bababilona, sehlopha sa bakopitsi ba rupetsweng hantle se ile sa qala ho etsa dikopi tse ngata tsa Mangolo a Seheberu. (Esdr. 7:​6, dinal.) Bakopitsi bana ba ne ba le hlokolosi. Ba ile ba qetella ba bala mantswe le ditlhaku ho etsa bonnete ba hore dintho tsohle di kopiditswe hantle. Empa ka ha le bona ba ne ba sa phethahala, ho ne ho ntse ho eba le diphoso tse nyenyane dikoping tsa bona. Le ha ho le jwalo, ka ha ho ne ho entswe dikopi tse ngata, diphoso tse jwalo, di ile tsa bonwa ha morao. Di ile tsa fumanwa jwang?

6. Diphoso tse teng dikoping tsa meqolo ya Bibele di ka fumanwa jwang?

6 Ditsebi tsa Bibele tsa morao tjena di se di ena le tsela e ntle ya ho fumana diphoso tse ileng tsa etswa ke bakopitsi bao. Ka mohlala, a re nke hore banna ba lekgolo ba fuwe mosebetsi wa ho kopitsa. E mong wa banna bao o etsa phoso e nyenyane ha a kopitsa. Tsela eo re ka fumanang phoso eo ke ka ho bapisa kopi ya hae le tsa ba bang. Ka ho tshwanang, ka ho bapisa meqolo e mmalwa, ditsebi tsa Bibele di kgona ho hlokomela diphoso kapa dintho tse neng di siilwe ke e mong wa bakopitsi.

7. Batho ba bangata ba kopiditseng meqolo ya Bibele ba ne ba le hlokolosi hakae?

7 Batho ba kopiditseng meqolo ya Bibele, ba sebeditse ka thata hore ba kopitse ka tsela e nepahetseng. Mohlala o latelang o paka taba ena. Kopi e feletseng ya Mangolo a Seheberu ya kgale ka ho fetisisa e entswe ka selemo sa 1008 kapa 1009. E bitswa Leningrad Codex. Le ha ho le jwalo, dilemong tsa morao tjena ho fumanwe dikopi tsa meqolo ya Bibele kapa dikarolwana tsa yona tse ngotsweng dilemo tse ka bang 1 000 pele ho Leningrad Codex. Motho e mong a ka nahana hore ka mora hore meqolo ena e kopitswe ka dilemo tse ngata, ho ka etsahala hore ebe dintho tse ngotsweng ka hara Leningrad Codex di fapane haholo le tse ka hara meqolo e ngotsweng dilemo tse ka bang 1 000 pele ho yona. Empa ha ho jwalo. Ha ditsebi di bapisa meqolo ya kgale le e metjha, di fumane hore e fapane hanyane ka ho se tshwane ha mantswe empa molaetsa wona o ntse o tshwana.

8. Ho na le phapang efe pakeng tsa Mangolo a Segerike a Bakreste le dikopi tsa dibuka tse ding tse ngotsweng mehleng ya kgale?

8 Bakreste ba mehleng ya kgale le bona ba ile ba kopitsa Mangolo a Seheberu. Ba ile ba kopitsa dibuka tse 27 tsa Mangolo a Segerike ka hloko mme ba ne ba a sebedisa dibokeng le ha ba ruta batho ba bang. Setsebi se seng se ileng sa bapisa dikopi tsa meqolo ya Mangolo a Segerike le dibuka tse ding tse neng di ngotswe ka nako e tshwanang, se ile sa re: “Dikopi tsa meqolo ya Mangolo a Segerike tse teng hona jwale, di ngata ho feta tsa dibuka tse ding tse ngotsweng kgale, . . . hape boholo ba tsona di feletse.” Buka ya Anatomy of the New Testament e re: “Re ka kgodiseha hore ditaba tseo re di balang Mangolong a Segerike a mehleng ena a fetoletsweng hantle, di fetisa molaetsa o tshwanang le wa bangodi ba qalong.”   

9. Keng seo e leng nnete ka molaetsa wa Bibele ho latela Esaia 40:8?

9 Bakopitsi ba bangata ba ile ba sebetsa ka thata ba bile ba le hlokolosi ho etsa dikopi tsa Bibele ka dilemo tse makgolo. Ke ka hoo mehleng ena re nang le Bibele e nepahetseng eo re ka e balang le ho ithuta yona. c Re a tseba hore ke Jehova ya entseng bonnete ba hore re fumana Lentswe la hae mehleng ena le bile le nepahetse. (Bala Esaia 40:8.) Ke nnete hore batho ba bang ba ka nna ba re taba ya hore molaetsa wa Bibele ha o a fetoha ha e tiise hore Bibele e tswa ho Modimo. Hona jwale, a re hlahlobeng bopaki ba hore Bibele e tswa ho Modimo.

BOPROFETA BO KA BIBELENG BO A TSHEPAHALA

Left: C. Sappa/​DeAgostini/​Getty Images; right: Image © Homo Cosmicos/​Shutterstock

Boprofeta ba Bibele bo ile ba phethahala nakong e fetileng mme bo ntse bo phethahala le mehleng ena (Sheba serapa sa 10 le 11) e

10. Fana ka mohlala wa boprofeta bo ileng ba phethahala bo tiisang hore ditaba tseo re di balang ho 2 Petrose 1:​21 ke nnete. (Sheba ditshwantsho.)

10 Ka Bibeleng ho na le boprofeta bo bongata bo ileng ba phethahala. Bo bong ba boprofeta bona bo ile ba ngolwa dilemo tse makgolo pele bo ka phethahala. Histori e a paka hore boprofeta bona bo ile ba phethahala. Taba ena ha e makatse hobane re a tseba hore boprofeta bohle bo ka Bibeleng bo tswa ho Jehova. (Bala 2 Petrose 1:​21.) Nahana ka boprofeta bo buang ka ho wa ha Babilona. Dipakeng tsa selemo sa 778 le 732, Jehova o ile a susumeletsa moprofeta Esaia hore a bolele hore motse wa Babilona o neng o le matla ka nako eo o ne o tla haptjwa. O ile a ba a bolela lebitso la monna ya neng a tla hapa motse oo e leng Saeruse, a ba a hlalosa hore na o ne a tla hapa motse oo jwang. (Esa. 44:​27–45:⁠2) Hape Esaia o ile a bolela hore Babilona e ne e tla fediswa le hore e ne e ke ke ya hlola e eba le baahi. (Esa. 13:​19, 20) Ho ile ha fela ha etsahala jwalo. Bamede le Bapersia ba ile ba hlola Babilona ka 539 mme sebaka seo Babilona e neng e le ho sona ha se sa na baahi hona jwale.​—⁠Sheba video e reng Bibele e ile ya Bolela Esale Pele ka ho wa ha Babylona e fumanehang bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! kgaolong ya 3, ntlheng ya 5.

11. Hlalosa hore na boprofeta bo ho Daniele 2:​41-43 bo phethahala jwang mehleng ena.

11 Boprofeta ba Bibele ha bo a ka ba phethahala mehleng ya kgale feela, le mehleng ena ho na le boprofeta boo re bo bonang ha bo phethahala. Ka mohlala, nahana ka tsela e ikgethang eo boprofeta ba Daniele bo buang ka Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika bo phethahalang ka yona. (Bala Daniele 2:​41-43.) Boprofeta boo bo ile ba bolela hore mmuso ona o ne o tla ba le karolo e “thata” jwalo ka tshepe le e “fokolang” jwalo ka letsopa. Re a bona hore taba ena ke nnete. Brithani le Amerika di bontshitse hore di matla jwalo ka tshepe. Di ile tsa bapala karolo e kgolo tlholong ya dintwa tse pedi tsa lefatshe ebile di na le sesole se matla. Le ha ho le jwalo, matla a tsona a fokodiswa ke baahi ba tsona ba ipelaetsang kgahlanong le dikgwebo le mmuso. Haufinyane tjena setsebi se seng sa dipolotiki tsa lefatshe se ile sa re: “Ha ho na mmuso wa puso ya setjhaba ka setjhaba wa mehleng ena o arohaneng ho feta Amerika matsatsing ana.” Ka lehlakoreng le leng, Brithani le yona e arohane morao tjena ka lebaka la hore baahi ba yona ha ba dumellane hore na e lokela ho ba le ditshebedisano dife le dinaha tseo e leng karolo ya Mokgatlo wa Dinaha Tsa Europe. Dikarohano tsena di sitisa dinaha tsena tse pedi ho etsa diqeto.

12. Boprofeta ba Bibele bo etsa hore re kgodisehe ka eng?

12 Boprofeta bo bongata bo hlahang ka Bibeleng bo seng bo phethahetse, bo etsa hore re kgodisehe hore Modimo o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae tse eso ka di phethahala. Re ikutlwa jwalo ka mopesaleme ya ileng a rapela Jehova a re: “Ke labalabela ho pholoswa ke wena hobane ke tshepetse lentsweng la hao.” (Pes. 119:​81) Ka Bibeleng, ka mosa Jehova o re file “tshepo le bokamoso bo tjhabileng.” (Jer. 29:​11) Tshepo eo re nang le yona bakeng sa bokamoso e itshetlehile ka ditshepiso tsa Jehova eseng ka boiteko ba batho. E se eka re ka matlafatsa tshepo eo re nang le yona Lentsweng la Modimo ka hore re kgothalle ho ithuta boprofeta ba Bibele.

DIKELETSO TSA BIBELE DI THUSA BATHO BA DIMILIONE

13. Ho ya ka Pesaleme ya 119:​66, 138, ke lebaka lefe hape le etsang hore re tshepe Bibele?

13 Lebaka le leng leo re ka tshepang Bibele ka lona ke hobane e thusa batho ha ba sebedisa dikeletso tsa yona. (Bala Pesaleme ya 119:​66, 138.) Ka mohlala, banyalani ba bangata ba neng ba se ba ikemiseditse ho hlalana, hona jwale ba thabile hobane ba ile ba sebedisa dikeletso tsa Bibele. Bana ba bona ba thabile hobane ba hodiswa ke batswadi ba Bakreste ba ba ratang le ba ba tsotellang.​—⁠Baef. 5:​22-⁠29.

14. Fana ka mohlala o bontshang hore ho sebedisa dikeletso tsa Bibele ho ka thusa motho hore a fetohe.

14 Ka lebaka la ho sebedisa dikeletso tsa Bibele, esita le ditlokotsebe tse kotsi di ile tsa fetoha. Nahana hore na keletso ya Bibele e ile ya thusa motshwaruwa ya bitswang Jack d jwang. E ne e le setlokotsebe se ratang ntwa ebile o ne a tsebahala ka hore ke e mong wa batshwaruwa ba kotsi ka ho fetisisa ba neng ba ahloletswe lefu. Empa ka letsatsi le leng Jack o ile a ba teng ha ho kgannwa thuto ya Bibele. Jack o ile a kgahlwa ke mosa wa barababo rona ba neng ba kganna thuto mme le yena o ile a qala ho ithuta. Ha Jack a se a sebedisa dintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng, boitshwaro ba hae bo ile ba qala ho fetoha a ba a ba mosa. Ha nako e ntse e eya, Jack o ile a tshwaneleha hore e be mohweletsi a ba a kolobetswa. Ka mafolofolo o ile a bolella batshwaruwa ba bang ka Mmuso wa Modimo a ba a thusa ba ka bang bane ba bona ho ithuta Bibele. Ha letsatsi la hore Jack a bolawe le fihla, o ne a se a fetohile. E mong wa diakgente tsa hae o ile a re: “Jack ha a sa le ka moo ke neng ke mo tseba ka teng dilemo tse 20 tse fetileng. Dintho tseo Dipaki Tsa Jehova di mo rutileng tsona di mo fetotse.” Le hoja Jack a ile a qetella a bolailwe ho latela kahlolo ya hae, mohlala wa hae o a bontsha hore Lentswe la Modimo le na le matla a ho fetola batho le hore re ka le tshepa.​—Esa. 11:​6-9.

Dikeletso tsa Bibele di fetotse bophelo ba batho ba bangata ba sa tshwaneng (Sheba serapa sa 15) f

15. Ho sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona ka Bibeleng ho etsa hore batho ba Jehova ba fapane jwang le ba bang mehleng ee? (Sheba setshwantsho.)

15 Batho ba Jehova ba momahane hobane ba sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona ka Bibeleng. (Joh. 13:​35; 1 Bakor. 1:​10) Kgotso le bonngwe tseo re nang le tsona di bonahala haholo hobane hona jwale batho ba bangata ba arotswe ke dipolotiki, merabe le maemo setjhabeng. Mohlankana e mong ya bitswang Jean o ile a hlollwa ha a bona ka moo Dipaki Tsa Jehova di momahaneng ka teng. O holetse naheng e nngwe Afrika. Ho ile ha qhoma ntwa naheng eo mme o ile a kena sesoleng empa ha morao o ile a balehela naheng e nngwe ya boahelani. Ha a le moo o ile a kopana le Dipaki Tsa Jehova. Jean o re: “Ke ile ka ithuta hore barapedi ba nnete ha ba kenelle dipolotiking ebile ba momahane. Hape ba a ratana.” Jean o ile a boela a re: “Ke ne ke iteletse ho lwanela naha. Empa ha ke ithuta Bibele, ke ile ka etsa qeto ya ho itella ho sebeletsa Jehova.” Jean o ile a fetoha ka ho feletseng. Ha pele a ne a lwantsha batho ba sa tshwaneng le yena, hona jwale o bolella motho e mong le e mong eo a kopanang le yena molaetsa wa Bibele wa kgotso. Taba ya hore dikeletso tsa Bibele di thusa batho ba bangata ba tswang ditsong tse sa tshwaneng ke bopaki bo matla ba hore re ka tshepa Lentswe la Modimo.

LENTSWE LA MODIMO KE NNETE, O DULE O LE TSHEPA

16. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re matlafatse tsela eo re tshepang Lentswe la Modimo ka yona?

16 Ha dintho di ntse di mpefala le ho feta lefatsheng lena, ho tla ba thata le ho feta ho tshepa Lentswe la Modimo. Batho ba ka nna ba leka ho etsa hore re belaele hore Bibele ke nnete le hore Jehova o kgethile mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale hore a tataise batho ba mo sebeletsang mehleng ena. Empa haeba re kgodisehile hore ka mehla Lentswe la Jehova ke nnete, re ke ke ra dumella dintho tse jwalo ho senya tumelo ya rona. Re tla ‘ikemisetsa ho mamela melao ya Jehova ka dinako tsohle ho fihlela qetellong.’ (Pes. 119:​112) Re ke ke ra “hlajwa ke dihlong” ho bolella ba bang ka nnete ya Bibele le ho ba kgothaletsa ho e sebedisa bophelong ba bona. (Pes. 119:​46) Re tla kgona ho mamella maemo a thata ka ho fetisisa ho akareletsa le mahloriso ‘re tiiseditse ebile re thabile.’​—Bakol. 1:​11; Pes. 119:​143, 157.

17. Temana ya rona ya selemo e tla re hopotsa eng?

17 Re leboha haholo hore ebe Jehova o re senoletse nnete. Nnete ena e re thusa hore re dule re kgobile matshwafo re bile re tsitsitse. Hape e a re ruta hore na re lokela ho phela jwang lefatsheng lena le ntseng le ferekana le ho feta. E etsa hore re be le tshepo ya bokamoso bo molemo tlasa Mmuso wa Modimo. E se eka temana ya rona ya selemo ya 2023 e ka re thusa hore re dule re kgodisehile hore Lentswe la Modimo kaofela ke nnete.​—Pes. 119:​160.

PINA YA 94 Re Ananela Lentswe la Modimo

a Ho kgethilwe temana e matlafatsang tumelo bakeng sa 2023 e reng: “Lentswe la hao kaofela ke nnete.” (Pes. 119:​160) Ha ho pelaelo hore o dumellana le mantswe ao. Batho ba bangata ha ba dumele hore molaetsa wa Bibele ke nnete le hore e ka re fa keletso e molemo. Sehloohong sena, re tlo ithuta dintho tse tharo tseo re ka di sebedisang ho kgodisa batho ba dipelo di ntle hore ba ka tshepa Bibele le dikeletso tsa yona.

b Ha re bua ka “moqolo” re bua ka tokomane ya kgale e neng e ngotswe ka letsoho.

c Ho fumana dintlha tse eketsehileng tabeng ya hore na Bibele e ile ya sireletswa jwang, kena ho jw.org/st-za ebe o ngola “Histori le Bibele” karolong ya batla.

d Mabitso a mang a fetotswe.

e DITSHWANTSHO: Modimo o ile a bolela esale pele hore motse wa Babilona o ne o tla fediswa.

f DITSHWANTSHO: Ditshwantsho tsa se kileng sa etsahala: Mohlankana ya neng a lwantsha batho ba bang, hona jwale o se a ithutile hore na Bibele e re o lokela ho phela jwang ka kgotso ebile o thusa batho ba bang hore le bona ba etse se tshwanang.