Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 2

Fetola Tsela eo U Nahanang ka Eona

Fetola Tsela eo U Nahanang ka Eona

“Le lumelle Molimo hore a fetole tsela eo le nahanang ka eona e le hore le ka ikholisa hore thato ea Molimo e molemo, ea amoheleha hape e phethahetse.”​—BAR. 12:2.

PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Re lokela ho lula re etsa’ng ka mor’a hore re kolobetsoe ’me ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re etse joalo?

 U HLOEKISA ntlo ea hao hangata hakae? E ka ’na eaba pele u qala ho lula ho eona u ile oa e hloekisa haholo. Empa e ne e tla ba joang haeba u ne u ke ke oa hlola u e hloekisa ka mor’a moo? Kapele feela e ne e tla ba lerole ’me e be bohlasoa. U lokela ho hloekisa ntlo ea hao hangata e le hore e lule e hloekile.

2 Ka tsela e tšoanang, re lokela ho lula re lokisa tsela eo re etsang lintho ka eona le eo re nahanang ka eona. Pele re kolobetsoa, re ile ra sebetsa ka thata ho lokisa tsela eo re etsang lintho ka eona e le hore re ‘itlhoekise ’meleng le kelellong.’ (2  Bakor. 7:1) Leha ho le joalo, re lokela ho latela keletso ea moapostola Pauluse e reng ‘re ’ne re nchafatse tsela eo re nahanang ka eona.’ (Baef. 4:23) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re lokisa tsela eo re etsang lintho ka eona? Lebaka ke hore lefatše le ka etsa hore re silafale kapele feela. E le hore re qobe ho silafatsoa ke lefatše lena le hore re lule re khahlisa Jehova, re lokela ho lula re hlahloba lintho tseo re li ratang, tseo re li nahanang le botho ba rona.

LULANG LE ‘FETOLA TSELA EO LE NAHANANG KA EONA’

3. Ho fetola tsela eo re nahanang ka eona ho bolela’ng? (Baroma 12:2)

3 Re lokela ho etsa’ng e le hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona? (Bala Baroma 12:2.) Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le ‘ho fetola tsela eo le nahanang ka eona’ e ka boela ea bolela ho lokisa tsela eo re nahanang ka eona joalokaha motho a nchafatsa ntlo. Sena se bolela hore ha rea lokela ho etsa lintho tse seng kae feela tse ntle. Ho e-na le hoo, re lokela ho itseba hantle hore na re batho ba joang ’me re etse liphetoho tse hlokahalang e le hore re ka mamela melao ea Jehova kahohle kamoo re ka khonang. Re lokela ho etsa sena kamehla eseng hanngoe feela.

Na liqeto tseo ke li etsang mabapi le ho ea univesithi le mosebetsi oo ke o khethang li bontša hore ke beha lintho tse amanang le ’Muso oa Molimo pele? (Sheba serapa sa 4 le 5) c

4. Re ka etsa’ng hore tsela eo re nahanang ka eona e se ke ea susumetsoa ke lefatše lee?

4 Ha re se re phethahetse, re tla lula re etsa lintho tse khahlisang Jehova nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Empa hona joale ha re ntse re emetse nako eo, re lokela ho sebetsa ka thata hore re khahlise Jehova. Ho Baroma 12:2, Pauluse o re re lumelle Molimo hore a fetole tsela eo re nahanang ka eona e le hore re tsebe hore na thato ea hae ke efe. Ho e-na le ho lumella lefatše hore le susumetse tsela eo re etsang lintho ka eona, re lokela ho itlhahloba e le hore re bone hore na liqeto tseo re li etsang le lintho tseo re li labalabelang li susumetsoa ke Molimo kapa ke lefatše lena.

5. Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona ho bona hore na re nahana joang ka letsatsi la Jehova le haufi? (Sheba setšoantšo.)

5 Nahana ka mohlala ona. Jehova o batla hore ‘re ’ne re lebelle letsatsi la hae ’me re lule re le hopola.’ (2 Pet. 3:12) Ipotse: ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore kea utloisisa hore lefatše lee le khopo le haufi le ho fela? Na liqeto tseo ke li etsang mabapi le mosebetsi kapa ho ea univesithi li bontša hore ntho e tlang pele bophelong ba ka ke ho sebeletsa Jehova? Na ke lula ke tšoenyehile ka lintho tseo ke li hlokang ho e-na le ho ba le tumelo ea hore Jehova o tla ntlhokomela le lelapa la ka?’ Jehova o thaba haholo ha a bona re leka ho etsa thato ea hae nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang.​—Mat. 6:25-27, 33; Bafil. 4:12, 13.

6. Ke’ng eo re lokelang ho lula re e etsa?

6 Re lokela ho lula re hlahloba tsela eo re nahanang ka eona ’me re etse liphetoho tse hlokahalang. Pauluse o ile a eletsa Bakorinthe a re: “Le ’ne le itlhahlobe hore na tumelo ea lona e tiile, le ’ne le itlhahlobe hore na le batho ba mofuta ofe.” (2 Bakor. 13:5) Ho ba le ‘tumelo e tiileng’ ha ho bolele feela ho ea libokeng tsa Bokreste kamehla le ho ea tšimong. Ho akareletsa lintho tseo re li nahanang, tseo re li labalabelang le sepheo sa rona sa ho etsa lintho. Kahoo, re lokela ho fetola likelello tsa rona ka ho bala Lentsoe la Molimo, re nahane ka tsela eo a nahanang ka eona ’me re etse lintho tsohle tse hlokahalang e le hore re mo khahlise.​—1 Bakor. 2:14-16.

“LE APARE BOTHO BO BOCHA”

7. Ho ea ka Baefese 4:31, 32, ke’ng hape eo re lokelang ho e etsa, hona ke hobane’ng ha ho ka ba thata?

7 Bala Baefese 4:31, 32. Ntle le ho fetola tsela eo re nahanang ka eona, re boetse re lokela ho ‘apara botho bo bocha.’ (Baef. 4:24) Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re etse joalo. Re lokela ho sebetsa ka thata ho hlola mekhoa e mebe joaloka bohale le lehloeo. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata? Hobane mekhoa e meng ho ka ba thata ho e tlohela. Ka mohlala, Bibele e re batho ba bang ‘ba bohale’ hape ‘ba rata ho halefa.’ (Liprov. 29:22) Ho ke ke ha e-ba bonolo ho laola mekhoa ena ha re se re e tloaetse. Kahoo, ho hlokahala hore re lule re sebetsa ka thata esita le ka mor’a hore re kolobetsoe. Re tla bona sena mohlaleng o latelang.

8, 9. Mohlala oa Mor’abo rona Stephen o bontša joang hore re lokela ho tsoela pele ho hlobola botho ba khale?

8 Mor’abo rona Stephen o ne a thatafalloa ke ho laola bohale. O re: “Ke ile ka ’na ka lokela ho sebetsa ka thata ho laola khalefo esita le ka mor’a hore ke kolobetsoe. Ka mohlala, ha re ntse re sebetsa ka ntlo le ntlo tšimong, ke ile ka lelekisa lesholu le neng le qeta ho utsoa radio koloing ea ka. Ha ke le haufi le ho fihla ho lona, le ile la lahla radio eo eaba lea baleha. Ha ke bolella batho ba bang hore na ke fumane radio ea ka joang, moholo e mong o ile a mpotsa a re: ‘Stephen, u ne u tl’o etsa’ng ha u ne u ka mo tšoara?’ Potso eo e ile ea etsa hore ke nahane ’me e ile ea nthusa ho sebetsa ka thata hore ke lule ke e-na le khotso le batho ba bang.” b

9 Mohlala oa Mor’abo rona Stephen o bontša hore mekhoa e mebe eo re ileng ra e loantša e ka khutla re sa hlokomele. Haeba seo se u etsahalla, u se ke oa nyahama ’me oa nahana hore u hlolehile. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ke batla ho etsa lintho tse nepahetseng, tse mpe li teng ho ’na.” (Bar. 7:21-23) Bakreste bohle ha baa phethahala ’me ba lokela ho lula ba loantša mekhoa e seng metle e joaloka lerole le litšila tse silafatsang ntlo. Re lokela ho lula re sebetsa ka thata e le hore re lule re hloekile. Re ka etsa seo joang?

10. Ke joang re ka loantšang mekhoa e mebe? (1 Johanne 5:14, 15)

10 Rapela Jehova hore a u thuse ho sebetsana le mekhoa e mebe eo ho leng thata ho e tlohela, u kholisehile hore o tla arabela thapelo ea hao ’me a u thuse. (Bala 1 Johanne 5:14, 15.) Jehova a ka u fa matla a ho loantša mekhoa e mebe eo u nang le eona le hoja a ke ke a e felisa ka mohlolo. (1 Pet. 5:10) Ho ntse ho le joalo, sebetsa ka thata hore u etse lintho tumellanong le lithapelo tsa hao ka hore u qobe lintho tse tla etsa hore u khutlele bothong ba khale. Ka mohlala, u se ke oa shebella li-movie, oa shebella mananeo a thelevishene kapa oa bala lipale tse ka etsang hore u khutlele bothong ba khale. Hape u se ke oa lumella kelello ea hao hore e lule e nahana ka lintho tse fosahetseng.​—Bafil. 4:8; Bakol. 3:2.

11. Re ka etsa’ng e le hore re tsoele pele ho apara botho bo bocha?

11 Ka mor’a hore re hlobole botho ba khale, ke habohlokoa hore re apare botho bo bocha. Re ka etsa seo joang? Ikemisetse ho etsisa Jehova ha u ntse u ithuta ka makhabane a hae. (Baef. 5:1, 2) Ka mohlala, ha u bala tlaleho ea Bibele e bontšang kamoo Jehova a tšoarelang kateng, ipotse: ‘Na ke tšoarela batho ba bang?’ Ha u bala tlaleho e buang kamoo Jehova a utloelang batho ba futsanehileng bohloko kateng, ipotse: ‘Na ke bontša boikutlo bo tšoanang ho Bakreste-’moho le ’na ba hlokang, hona na ke etsa ho hong ho ba thusa?’ Lula u fetola tsela eo u nahanang ka eona ka ho apara botho bo bocha ’me u be le mamello ha u ntse u etsa joalo.

12. Mor’abo rona Stephen o ile a bona joang hore Bibele e fetola batho?

12 Mor’abo rona Stephen eo re buileng ka eena o re o ile a hlokomela hore o atlehile ho apara botho bo bocha butle-butle. O re: “Ho tloha ha ke kolobetsoa, ke ile ka ba maemong ao ho ’ona ke ileng ka tlameha ho laola khalefo. Ke ile ka ithuta hore ke lokela ho tloha ho batho ba nkhalefisang kapa ke fumane tsela ea ho thibela boemo boo ho mpefala. Batho ba bangata ho akareletsa le mosali oa ka, ba ile ba mpabatsa kamoo ke ileng ka sebetsana le maemo ana kateng. Le ’na ke ne ke sa ikholoe. Ha ke ithorise ka liphetoho tsena tseo ke li entseng. Ho e-na le hoo, ke lumela hore ke bopaki ba hore Bibele e khona ho fetola batho.”

LULA U LOANTŠA LITAKATSO TSE FOSAHETSENG

13. Ke’ng e ka re thusang hore re etse lintho tse nepahetseng? (Bagalata 5:16)

13 Bala Bagalata 5:16. Jehova o fana ka moea oa hae o halalelang ho re thusa ho atleha ho etsa se nepahetseng. Ha re bala Lentsoe la Molimo, re lumella moea oo o halalelang hore o re susumetse. Re boetse re fumana moea o halalelang ha re le libokeng. Re ba le bara le barali ba bo rona ba lekang ka thata ho etsa se nepahetseng joaloka rona ’me taba eo ea re khothatsa. (Baheb. 10:24, 25; 13:7) Hape Jehova o re fa moea o halalelang ha re mo kopa hore a re thuse ho loantša mefokolo ea rona. Moea oo o halalelang o re fa matla ’me o re thusa hore re se ke ra tela. Le hoja lintho tsena li ke ke tsa felisa litakatso tse fosahetseng, li ka re thusa hore re se ke ra hloloa ke litakatso tseo. Joalokaha Bagalata 5:16 e bontša, ba tataisoang ke moea o halalelang ‘ba ke ke ba batla ho etsa lintho tse mpe.’

14. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lula re loanela ho etsa lintho tse nepahetseng?

14 Ha re se re qalile ho etsa lintho tse tla re thusa ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova, ho bohlokoa hore re lule re etsa lintho tseo. Hape re lule re batla ho etsa lintho tse nepahetseng. Hobane’ng? Hobane ka linako tsohle, re tla lula re lekeha ho etsa lintho tse fosahetseng. Le ka mor’a hore re kolobetsoe, re ka ’na ra ba le takatso ea ho etsa lintho tse fosahetseng. Ka mohlala, lintho tseo e ka ba ho becha, botahoa le pornography. (Baef. 5:3, 4) Mor’abo rona e mong e mocha o re: “E ’ngoe ea lintho tse thata tseo ke ileng ka loantšana le tsona, ke ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba ka. Ke ne ke nahana hore maikutlo ao a tla fela empa ke ntse ke e-na le ’ona.” U ka thusoa ke’ng haeba u e-na le takatso e matla e fosahetseng?

Ha u e-ba le litakatso tse fosahetseng, u se ke oa lahla tšepo. Batho ba bang ba ile ba e-ba le litakatso tse fosahetseng ’me ba li hlola. (Sheba serapa sa 15 le 16)

15. Ke hobane’ng ha ho khothatsa ho tseba hore “batho ba bang” ba ntse ba e-ba le litakatso tse fosahetseng? (Sheba setšoantšo.)

15 Ha u ntse u loantšana le takatso e matla e fosahetseng, hopola hore ha u mong. Bibele e re: “Liteko tsohle tse le hlahelang li kile tsa hlahela batho ba bang.” (1 Bakor. 10:13a) Phetolelo e ’ngoe ea Bibele ha e fetolela temana ena e re: “Ha ho moleko o le hlahetseng o sa tloaelehang ho batho.” Mantsoe ao a ne a lebisitsoe ho banna le basali ba Bakreste phuthehong ea Korinthe. Ba bang pele e e-ba Bakreste ba ne ba phela ka boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano, ba tahoa hape banna ba robala le banna ba bang. (1 Bakor. 6:9-11) Na u nahana hore ka mor’a hore ba kolobetsoe ba ne ba se ba se na litakatso tse fosahetseng tseo ba lokelang ho li loantša? E ke ke ea ba ho joalo. Ke ’nete hore kaofela ha bona e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng empa le bona ba ne ba sa phethahala. Ha ho pelaelo hore ba ile ba tlameha ho lula ba ntse ba loantšana le litakatso tse fosahetseng. Taba eo e lokela ho u khothatsa. Hobane’ng? Hobane e bontša hore takatso efe kapa efe e fosahetseng eo u loantšanang le eona, motho e mong o khonne ho e hlola. Ho hlakile hore u ka khona ho lula u e-na le ‘tumelo e matla, u tseba hore lintho tse bohloko tse u hlahelang li ntse li hlahela bana beno bohle lefatšeng.’​—1 Pet. 5:9.

16. Ke kotsi efe eo re lokelang ho e qoba, hona hobane’ng?

16 Qoba kotsi ea ho nahana hore ha ho na motho ea ka utloisisang bothata bo itseng boo u tobaneng le bona. Ho nahana ka tsela eo ho ka etsa hore u se ke oa ba le tšepo hape u nahane hore ha u na matla a ho loantša litakatso tse fosahetseng. Empa Bibele eona e re: “Molimo oa tšepahala ’me a ke ke a lumella hore le hlaheloe ke liteko tseo le ke keng la khona ho li mamella. Ha le lekoa, o tla le thusa e le hore le khone ho mamella.” (1 Bakor. 10:13b) Kahoo, leha takatso e fosahetseng e ka ba matla, re ka khona ho lula re tšepahalla Jehova. A ka re thusa hore re se ke ra inehela.

17. Le hoja re ke ke ra qoba ho ba le litakatso tse fosahetseng, ke’ng eo re ka e etsang?

17 Lula u hopola hore re ke ke ra qoba ho ba le litakatso tse fosahetseng hobane ha rea phethahala. Empa re ka khona ho li hanela kapele feela joalokaha Josefa a ile a etsa ha a baleha mosali oa Potifaro. (Gen. 39:12) Ha ho hlokahale hore u inehele litakatsong tse fosahetseng.

TSOELA PELE HO SEBETSA KA THATA

18, 19. Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona ha re ntse re loanela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona?

18 Ho fetola tsela eo re nahanang ka eona ho bolela ho lula re etsa bonnete ba hore menahano ea rona le liketso tsa rona li khahlisa Jehova. Kahoo, re lokela ho itlhahloba ’me re ipotse: ‘Na tsela eo ke etsang lintho ka eona e bontša hore kea hlokomela hore re phela matsatsing a ho qetela? Na ke ntse ke tsoela pele ho apara botho bo bocha? Na ke lumella moea o halalelang oa Jehova ho ntataisa bophelong e le hore nka hanela litakatso tse fosahetseng?’

19 Ha u itlhahloba, u se ke oa lebella hore u ke ke oa ba le liphoso, empa u thabele liphetoho tseo u seng u li entse. U se ke oa nyahama ha u hlokomela hore u lokela ho etsa liphetoho. Ho e-na le hoo, latela keletso e ho Bafilipi 3:16 e reng: “A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.” Ha u ntse u etsa joalo, kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho fetola tsela eo u nahanang ka eona.

PINA EA 36 Re Lebela Lipelo Tsa Rona

a Moapostola Pauluse o ile a eletsa balumeli-’moho le eena hore ba se ke ba etsa lintho ka tsela eo batho ba sa sebeletseng Molimo ba li etsang ka eona. Keletso ena e bohlokoa haholo le ho rona mehleng ena. Re lokela ho etsa bonnete ba hore tsela eo re etsang lintho ka eona ha e susumetsoe ke batho ba sa rapeleng Molimo. E le hore re atlehe, re lokela ho lula re lokisa tsela eo re nahanang ka eona haeba re hlokomela hore ha e khahlise Molimo. Sehloohong sena re tla hlahloba hore na re ka thusoa ke’ng ho etsa joalo.

b Sheba sehlooho se reng “Bophelo ba ka bo ne bo Ntse bo Mpefala” ho Molula-Qhooa oa July 1, 2015.

c LITŠOANTŠO: Mor’abo rona e mocha o ntse a nahana ka hore na o tla ea univesithi kapa e tla ba pula-maliboho.