Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 3

Jehova o a o Thusa ha o Ena le Mathata

Jehova o a o Thusa ha o Ena le Mathata

“Jehova o ne a ena le Josefa . . . , a atlehisa dintho tsohle tseo a di etsang.”​—GEN. 39:​2, 3.

PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. (a) Ke hobaneng ha re sa makale ha re hlahelwa ke mathata? (b) Re tlo bua kang sehloohong see?

 RONA bahlanka ba Jehova ha re makale ha re hlahelwa ke mathata. Re a tseba hore Bibele e re: “Re tla hlahelwa ke mathata a mangata pele re kena Mmusong wa Modimo.” (Dik. 14:​22) Hape re a tseba hore mathata a mang a rona a ke ke a fela hona jwale empa a tla fela ha re se re phela lefatsheng le letjha la Modimo. Lefatsheng leo, “lefu ha le sa tla hlola le eba teng. Maswabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha di sa tla hlola di eba teng.”​—Tshen. 21:4.

2 Jehova ha a etse hore re se ke ra hlahelwa ke mathata empa o re thusa hore re a mamelle. Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a reng ho Bakreste ba neng ba dula Roma. O ile a qala ka ho bua ka mathata ao yena le bara babo ba ileng ba eba le ona, o ile a boela a re: “Re hlaha re hlotse ka lebaka la ya ileng a re rata.” (Bar. 8:​35-37) Taba ena e bolela hore Jehova a ka o thusa le ha o ntse o ena le mathata. A re boneng hore na Jehova o ile a thusa Josefa jwang le hore na wena a ka o thusa jwang.

HA DINTHO DI FETOHA KA HO PANYA HA LEIHLO

3. Bophelo ba Josefa bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo jwang?

3 Jakobo o ne a bontsha hore o rata mora wa hae Josefa haholo. (Gen. 37:​3, 4) Ka lebaka leo, bara ba Jakobo ba baholo ba ile ba eba mona. Ha ba fumana monyetla, ba ile ba rekisa Josefa ho borakgwebo ba Bamidiane. Borakgwebo bao ba ile ba isa Josefa hole Egepeta, moo a ileng a rekiswa hape ho molaodi wa balebedi ba Faro e leng Potifaro. Josefa e ne e le thatohatsi ya ntate wa hae empa bophelo ba hae bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo ha e eba lekgoba Egepeta.​—Gen. 39:1.

4. Re ka hlahelwa ke mathata afe a tshwanang le a Josefa?

4 Bibele e re “dintho tse mpe di etsahalla batho bohle.” (Moek. 9:​11, Holy Bible​—Easy-to-Read Version) Ka dinako tse ding, re hlahelwa ke mathata a ‘hlahelang batho ba bang.’ (1 Bakor. 10:​13) Athe ka dinako tse ding re hlahelwa ke mathata hobane feela re le barutuwa ba Jesu. Ka mohlala, re ka songwa, ra hanyetswa kapa ra hloriswa ka lebaka la tumelo ya rona. (2 Tim. 3:​12) Jehova a ka o thusa ho sa tsotellehe mathata ao o ka bang le ona. O ile a thusa Josefa jwang?

Jehova o ile a thusa Josefa ha a ne a rekiseditswe Potifaro e le lekgoba Egepeta (Sheba serapa sa 5)

5. Potifaro o ile a hlokomela eng ka ho atleha ha Josefa? (Genese 39:​2-6)

5 Bala Genese 39:​2-6. Potifaro o ile a hlokomela hore Josefa o ne a le bohlale a bile a sebetsa ka thata. O ne a boetse a tseba hore “Jehova o ne a atlehisa dintho tsohle tseo [Josefa] a di etsang.” b Ka mora nako e itseng, Potifaro o ile a etsa Josefa mohlokomedi wa hae. Hape o ile a etsa hore Josefa e be yena ya laolang ntlo ya hae. Seo se ile sa etsa hore Potifaro a atlehe.

6. E ka nna yaba Josefa o ne a ikutlwa jwang ka boemo boo a neng a le ho bona?

6 Nahana feela hore na Josefa o ne a ikutlwa jwang. Ke eng eo a neng a e batla ka ho fetisisa? Na o ne a batla hore Potifaro a mo bone le hore a mo putse ka tsela e itseng? Ho ka etsahala hore ebe ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa e ne e le hore a lokollwe e le hore a kgutlele ho ntate wa hae. Le hoja Josefa a ne a ena le maemo ntlong ya Potifaro, e ne e ntse e le lekgoba la motho ya sa sebeletseng Jehova. Jehova ha a ka a etsa hore Potifaro a lokolle Josefa. Hape Josefa o ne a ntse a tlo ba le mathata a mangata.

HA BOEMO BO MPEFALA

7. Ke ka tsela efe boemo ba Josefa bo ileng ba mpefala? (Genese 39:​14, 15)

7 Lengolo la Genese kgaolo ya 39 le bontsha hore mosadi wa Potifaro o ne a rata Josefa mme o ile a leka ho robala le yena ka makgetlo. Makgetlong ao kaofela, Josefa o ile a hana ho robala le yena. Mosadi eo o ile a halefela Josefa haholo yaba o mo qosa ka hore o ne a leka ho mo beta. (Bala Genese 39:​14, 15.) Ha Potifaro a utlwa sena, o ile a isa Josefa teronkong mme a dula moo dilemo tse mmalwa. (Gen. 39:​19, 20) Ho ne ho le jwang teronkong? Lentswe la Seheberu leo Josefa a le sebedisitseng le fetoletsweng e le ‘teronko’ le ka bolela ‘sekoti,’ ho bolelang hore o ne a le sebakeng se lefifi ebile a utlwa a se na tshepo. (Gen. 40:​15; nal.) Hape Bibele e re ho na le nako eo Josefa a ileng a tlangwa maoto ka diketane le molala wa hae wa tlangwa ka ditshepe. (Pes. 105:​17, 18) Boemo boo Josefa a neng a le ho bona bo ile ba mpefala. Qalong e ne e le lekgoba le tsheptjwang empa hona jwale e se e le motshwaruwa.

8. Re ka kgodiseha kang le hoja re le boemong bo ntseng bo mpefala?

8 Na o kile wa ba boemong bo ileng ba mpefala le hoja o ne o ntse o rapela? O ka iphumana o le boemong bo jwalo. Jehova ha a thibele hore re se ke ra hlahelwa ke mathata lefatsheng lena le buswang ke Satane. (1 Joh. 5:​19) Le ha ho le jwalo, o ka kgodiseha hore Jehova o bona mathata a o hlahelang ebile o a o tsotella. (Mat. 10:​29-31; 1 Pet. 5:​6, 7) O a tshepisa hore ‘ho hang a ke ke a o tlohela kapa a o furalla.’ (Baheb. 13:⁠5) Jehova a ka o thusa hore o mamelle le hoja boemo boo o leng ho bona bo bonahala eka bo ke ke ba loka. A re boneng hore na o ile a thusa Josefa jwang ha a ne a le boemong bo jwalo.

Jehova o ile a thusa Josefa ha a ne a le teronkong le ha e ne e le mookamedi wa batshwaruwa ba bang (Sheba serapa sa 9)

9. Ke eng e bontshang hore Jehova o ne a ena le Josefa ha a ne a le teronkong? (Genese 39:​21-23)

9 Bala Genese 39:​21-23. Jehova o ile a etsa hore Josefa a atlehe le hoja a ne a le maemong a boima teronkong. O ile a mo atlehisa jwang? Ha nako e ntse e eya, molaodi ya ka sehloohong o ile a tshepa Josefa a ba a mo hlompha jwalo ka ha Potifaro a ile a etsa. Ka mora nako e itseng, molaodi ya ka sehloohong o ile a etsa hore Josefa e be mookamedi wa batshwaruwa ba bang. Ha e le hantle, Bibele e re “molaodi ya ka sehloohong wa teronko o ne a sa tshwenyehe ka letho le neng le le taolong ya Josefa.” Josefa o ne a se a ena le mosebetsi oo a ka o etsang. Dintho di ile tsa fetoha a sa lebella. Motshwaruwa ya neng a qoswa ka ho beta mosadi wa molaodi wa lekgotla o ne a ka fuwa boemo boo jwang? Re fumana karabo ho Genese kgaolo ya 39 temana ya 23 e reng: “Jehova o ne a ena le Josefa mme Jehova a atlehisa dintho tsohle tseo a di etsang.”

10. Hlalosa hore na ke hobaneng ha e ka nna yaba Josefa o ne a sa bone eka o atlehile dinthong tsohle.

10 Nahana ka moo Josefa a neng a ikutlwa ka teng. Na o nahana hore o ile a ikutlwa a atlehile dinthong tsohle ka mora hore a qoswe a be a kenngwe teronkong? Ke eng ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa? Na e ne e le hore a ratwe ke molaodi ya ka sehloohong wa teronko? Ho ka etsahala hore ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa e ne e le hore a lokollwe. O ile a ba a kopa motshwaruwa e mong ya neng a le haufi le ho lokollwa hore a mo buelle ho Faro e le hore a ka lokollwa teronkong eo e nyahamisang. (Gen. 40:​14) Le ha ho le jwalo, motshwaruwa eo ha a ka a bua le Faro hanghang. Ka lebaka leo, Josefa o ile a dula teronkong dilemo tse ding tse pedi. (Gen. 40:​23; 41:​1, 14) Empa Jehova o ile a nna a etsa hore a atlehe. O ile a etsa seo jwang?

11. Jehova o ile a fa Josefa bokgoni bofe bo ikgethang, hona bo ne bo tla phethahatsa morero wa Jehova jwang?

11 Ha Josefa a ntse a le teronkong, Jehova o ile a etsa hore morena wa Egepeta a lore ditoro tse pedi tse mo tshwenyang. Faro o ne a batla ho tseba hore na di bolelang. Ha morena a utlwa hore Josefa o kgona ho hlalosa ditoro, o ile a re a bitswe. Jehova o ile a thusa Josefa ho hlalosa ditoro tseo mme Faro o ile a thabela keletso eo a ileng a mo fa yona. Faro o ile a bona hore Jehova o thusa Josefa mme o ile a mo kgetha hore e be yena ya laolang tsela eo dijo di tla fanwa ka yona. (Gen. 41:​38, 41-44) Ha morao ho ile ha eba le tlala e kgolo naheng ya Egepeta le ya Kanana e leng moo lelapa la bo Josefa le neng le dula teng. Josefa o ne a tla thusa lelapa labo hore le fumane dijo mme sena se ne se tla thusa hore ho bolokwe leloko leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona le phela.

12. Jehova o ile a atlehisa Josefa ka ditsela dife?

12 Ako nahane ka dintho tsena tse sa tlwaelehang tse ileng tsa etsahala bophelong ba Josefa. Ke mang ya ileng a etsa hore Potifaro a hlokomele bokgoni ba Josefa eo e neng e le lekgoba feela tjee? Ke mang ya ileng a etsa hore molaodi ya ka sehloohong wa teronko a rate Josefa eo e neng e le motshwaruwa? Ke mang ya ileng a etsa hore Faro a lore ditoro tse mo tshwenyang le ya ileng a fa Josefa bokgoni ba hore a di hlalose? Ke mang ya ileng a susumetsa Faro hore a kgethe Josefa hore e be yena ya tla laola tsela eo dijo di tla fanwa ka yona Egepeta? (Gen. 45:5) Ho hlakile hore ke Jehova ya neng a etsa hore Josefa a atlehe dinthong tsohle. Le hoja bara ba bo Josefa ba ne ba batla ho mo bolaya, Jehova o ile a fetola boemo boo e le hore a ka phethahatsa morero wa hae.

JEHOVA O O THUSA JWANG?

13. Na Jehova o laola dintho tsohle tse re hlahelang? Hlalosa.

13 Re ithutang paleng ya Josefa? Na Jehova o laola dintho tsohle tse re hlahelang? Na o etsa hore re hlahelwe ke dintho tse mpe e le hore qetellong di re tswele molemo? Tjhe, ha se seo Bibele e se rutang. (Moek. 8:9; 9:​11) Empa ntho eo re e tsebang ke hore Jehova o a bona ha re hlahelwa ke mathata ebile o a utlwa ha re kopa thuso. (Pes. 34:​15; 55:​22; Esa. 59:1) Hape Jehova a ka re thusa hore re mamelle ha re ena le mathata. A ka re thusa jwang?

14. Jehova o re thusa jwang ha re ena le mathata?

14 Tsela e nngwe eo Jehova a re thusang ka yona ke ka ho re tshedisa le ho re kgothatsa ka nako e nepahetseng. (2 Bakor. 1:​3, 4) Morabo rona Eziz ya dulang Turkmenistan, ya neng a kwalletswe teronkong ka dilemo tse pedi ka lebaka la tumelo ya hae, o ile a bona ha sena se etsahala. O re: “Hoseng pele ho nyewe ya ka, morabo rona e mong o ile a mpontsha lengolo la Esaia 30:​15 le reng: ‘Haeba le kgoba matshwafo mme le ntshepa le tla ba matla.’ Temana ena e ile ya nthusa hore ke dule ke kgobile matshwafo mme ke tshepe Jehova dinthong tsohle. Ho nahanisisa ka temana ena ho ile ha nthusa nakong eo ke neng ke le teronkong.” Na o ntse o hopola nako eo Jehova a ileng a o thusa ka ho o tshedisa le ho o kgothatsa ka nako e nepahetseng?

15, 16. O ithutang boemong boo Moradiwabo rona Tori a fetileng ho bona?

15 Hangata re bona tsela eo Jehova a re thusitseng ka yona ha mathata a rona a se a fetile. Moradiwabo rona Tori o ile a bona hore taba ena ke nnete. Mora wa hae Mason o ile a tshwarwa ke kankere ka dilemo tse tsheletseng ho fihlela a hlokahala. Moradiwabo rona Tori o ne a utlwile bohloko haholo. O re: “Ha ke dumele hore ho na le bohloko bo fetang bona boo nkileng ka bo utlwa. Ke a kgolwa batswadi ba bang ba ka dumellana le nna hore ha ho na bohloko bo otlang pelo ho feta ho bona ngwana wa hao a utlwa bohloko.”   

16 Le hoja Moradiwabo rona Tori a ne a utlwile bohloko ha ngwana wa hae a ntse a kula, ha morao o ile a nahana ka ditsela tseo Jehova a mo thusitseng ka tsona hore a mamelle. O re: “Ha ke nahana ka nako eo, ke bona ka moo Jehova a neng a ntsheheditse ka teng ha mora wa ka a ne a kula. Ka mohlala, le hoja Mason a ne a kula haholo hoo a neng a sa kgone ho bona baeti, Bakrestemmoho le rona ba ne ba tsamaya dihora tse pedi kaofela ho tla sepetlele. Ho ne ho dula ho ena le motho ya tlileng sepetlele ho tla re tshehetsa. Bakrestemmoho le rona ba ne ba boetse ba re thusa ka dintho tseo re di hlokang. Re ne re dula re ena le dintho tseo re di hlokang esita le maemong a thata.” Jehova o file Moradiwabo rona Tori le Mason dintho tsohle tseo ba di hlokang e le hore ba mamelle.​—Sheba lebokose le reng “ Jehova o Ile a re fa Dintho Tseo re di Hlokang.”

DULA O HOPOLA TSELA EO JEHOVA A O THUSITSENG KA YONA

17, 18. Keng e tla re thusa hore re hlokomele re be re ananele tsela eo Jehova a re thusang ka yona ha re ena le mathata? (Pesaleme ya 40:5)

17 Bala Pesaleme ya 40:5. Ntho eo motho ya hlwang thaba a e batlang ke ho ipona a le ka hodimo. Le ha ho le jwalo, ho na le dibaka tse ngata tseo a ka emang ho tsona ha a ntse a hlwa thaba mme a thabela dintho tse ntle tseo a di bonang. Ka tsela e tshwanang, iphe nako ya ho nahana ka moo Jehova a o thusang ka teng hore o atlehe le hoja o mamelletse bothata bo itseng. Qetellong ya letsatsi le leng le le leng ipotse: ‘Jehova o nthusitse jwang kajeno? Le hoja bothata boo bo ntse bo le teng, Jehova o nthusa jwang hore ke mamelle?’ Leka ho fumana ntho e le nngwe eo Jehova a e entseng ho o thusa hore o mamelle.

18 E ka nna yaba o ntse o rapella hore bothata boo o nang le bona bo fete. Ha se phoso ho etsa jwalo. (Bafil. 4:6) Le ha ho le jwalo, re lokela ho ela hloko tsela eo Jehova a re thusang ka yona hona jwale. Jehova o re tshepisa hore o tla re matlafatsa le ho re thusa hore re mamelle. Ka hoo, dula o ananela hore ebe Jehova o a o tshehetsa. Ha o etsa jwalo, o tla bona ka moo Jehova a o thusang ka teng jwalo ka ha a ile a thusa Josefa ha a ne a ena le mathata.​—Gen. 41:​51, 52.

PINA YA 32 Emang le Jehova!

a Ha re ena le mathata, re ka nna ra nahana hore Jehova ha a re thuse. Re ka nna ra nahana hore ha mathata a rona a fela, ke hona ha Jehova a re thusa. Le ha ho le jwalo, dintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba Josefa di re ruta hore Jehova a ka re thusa ha re ena le mathata. Sehlooho sena se tla hlalosa hore na Jehova o re thusa jwang.

b Le hoja Bibele e bua ka diphetoho tse ileng tsa etsahala bophelong ba Josefa e le lekgoba ditemaneng tse mmalwa feela, e ka nna yaba diphetoho tseo di nkile dilemo ho etsahala.