Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 6

Bibele e re Rutang ka Mongodi wa Yona?

Bibele e re Rutang ka Mongodi wa Yona?

“Ngola mantswe ohle ao ke o bolellang ona bukeng.”​—JER. 30:2.

PINA YA 96 Buka ya Modimo ke Letlotlo

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke hobaneng ha re lokela ho ananela Bibele?

 RE ANANELA hore ebe Jehova Modimo o re file Bibele. Bibele e fana ka dikeletso tse re thusang hore na re ka etsang ha re ena le mathata mehleng ena. Jehova o boetse o re fa tshepo e babatsehang ka bokamoso. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore Jehova o sebedisa Bibele ho re bolella ka makgabane a hae. Ha re nahana ka makgabane a hae, sena se re ama maikutlo ebile se etsa hore re batle ho ba metswalle ya hae.​—Pes. 25:14.

2. Ke ka ditsela dife Jehova a entseng hore batho ba mo tsebe?

2 Jehova o batla hore batho ba mo tsebe. Nakong e fetileng, o ile a itsebahatsa ho ba bang ba bahlanka ba hae ka ho etsa hore ba lore ditoro, ba bone dipono mme a sebedisa le mangeloi hore a fetisetse molaetsa wa hae ho batho ba bang. (Num. 12:6; Dik. 10:3, 4) Re ne re sa tlo kgona ho ithuta ka dipono, ditoro le melaetsa eo e tswang ho mangeloi haeba e ne e sa ngolwa. Ke ka hoo Jehova a ileng a kgetha banna hore ba ngole seo a batlang hore re se tsebe ‘bukeng.’ (Jer. 30:2) Ka ha “dintho tsohle tseo Modimo wa nnete a di etsang di phethahetse,” re ka kgodiseha hore tsela ena eo re buisanang le yena ka yona e molemo ebile e ka re thusa.​—Pes. 18:30.

3. Jehova o ile a etsang e le hore Bibele e dule e le teng le mehleng ee? (Esaia 40:8)

3 Bala Esaia 40:8. Ka dilemo tse ngata, Lentswe la Modimo le ile la tataisa banna le basadi ba tshepahalang. Seo se ile sa etsahala jwang? Ena ke potso e ntle hobane qalong Mangolo a ne a ngotswe meqolong le matlalong a ho ngolla a ileng a senyeha ha nako e ntse e eya ebile ha a sa le yo hona jwale. Empa Jehova o ile a etsa bonnete ba hore Mangolo ao a neng a ngotswe qalong a a kopitswa. Le hoja bakopitsi ba ne ba sa phethahala, ba ne ba le hlokolosi haholo ha ba kopitsa. Ka mohlala, ha setsebi se seng se bua ka Mangolo a Seheberu se ile sa re: “Re kgodisehile hore ha ho na buka e nngwe ya kgale e ileng ya kopitswa ka tsela e nepahetseng jwalo ka Bibele.” Le hoja Bibele e ile ya ngolwa kgale meqolong le matlalong a ho ngolla a ileng a senyeha ebile e kopitswa ke batho ba sa phethahalang, re ka kgodiseha hore seo re se balang Bibeleng mehleng ena se tswa ho Mongodi wa yona e leng Jehova.

4. Re tlo bua kang sehloohong see?

4 Jehova o re file “mpho e nngwe le e nngwe e molemo le ntho e nngwe le e nngwe e phethahetseng.” (Jak. 1:17) Bibele ke e nngwe ya dimpho tsa bohlokwa tseo Jehova a re fileng tsona. Mpho e re bontsha hore na motho ya re fileng yona o re tseba hakae le hore o tseba dintho tseo re di hlokang. Ho jwalo le ka Bibele. Ha re e bala, re ithuta haholwanyane ka Jehova. Re ithuta hore o re tseba hantle ebile o tseba dintho tseo re di hlokang. Sehloohong sena re tlo ithuta ka makgabane a mararo a Jehova e leng bohlale, toka le lerato la hae. A re qaleng pele ka ho bua ka hore na Bibele e bontsha jwang hore Modimo o bohlale.

BIBELE E BONTSHA HORE MODIMO O BOHLALE

5. Bibele e bontsha jwang hore Modimo o bohlale?

5 Jehova o a tseba hore re hloka keletso ya hae. Mpho eo a re fileng yona e leng Bibele, e re ruta hore o bohlale. Dikeletso tsa Bibele di thusa batho hobane di fetola bophelo ba bona. Ha Moshe a ne a ngola dibuka tsa pele tsa Bibele, o ile a bolella bahlanka ba Modimo e leng Baiseraele a re: “Mantswe ana ke a bohlokwa, a bolela bophelo ba lona.” (Deut. 32:47) Ba neng ba tla mamela Mangolo ba ne ba tla thabela bophelo. (Pes. 1:2, 3) Le hoja Bibele e ngotswe kgale, e ntse e ena le matla a ho fetola bophelo ba batho. Ka mohlala, ho jw.org/st-za dihloohong tse reng “Bibele e Fetola Batho” o tla fumana mehlala ya batho ba ka hodimo ho 50 ba ileng ba fetola bophelo ba bona mehleng ena hobane ba ile ba mamela keletso ya Bibele.​—1 Bathes. 2:13.

6. Ke hobaneng ha re ka re Bibele ha e tshwane le dibuka tse ding?

6 Ha ho na buka e tshwanang le Bibele. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane Mongodi wa yona e leng Jehova Modimo ke ya matla ohle, o dula a le teng ka ho sa feleng ebile o bohlale ho feta motho le ha e le ofe. Dibuka tse ngata di ntse di balwa le hoja bangodi ba tsona ba se ba hlokahetse empa dikeletso tsa tsona ha di tswele batho molemo. Le ha ho le jwalo, dikeletso tse fumanwang Bibeleng haesale di ntse di sebetsa ebile di thusitse batho ho tloha kgale ho fihlela hona jwale. Ha re ntse re bala Bibele le ho nahanisisa ka yona, Jehova o sebedisa moya wa hae o halalelang ho re thusa hore re bone hore na re ka sebedisa seo re ithutileng sona jwang bophelong ba rona. (Pes. 119:27; Mal. 3:16; Baheb. 4:12) Mongodi wa Bibele e leng Jehova o batla ho o thusa. Taba eo e lokela ho etsa hore re batle ho bala Bibele ka mehla.

Bibele e entse hore bahlanka ba Jehova ba momahane jwang nakong e fetileng le mehleng ee? (Sheba serapa sa 7 le 8)

7. Ke jwang Bibele e ileng ya etsa hore batho ba Modimo ba momahane nakong e fetileng?

7 Ntho e nngwe e bontshang hore Modimo o bohlale ke tsela eo ka yona Bibele e etsang hore batho ba hae ba momahane. Ha Baiseraele ba ne ba kena Naheng e Tshepisitsweng, ba ile ba dula dibakeng tse fapaneng. Ba bang ba ne ba tshwasa ditlhapi, ba bang ba ruile dikgomo, ha ba bang bona ba lema. Ho ne ho ka ba bonolo hore Baiseraele ba dulang dibakeng tse ding ba kgaotse ho tsotella ba dulang ho tse ding. Jehova o ile a etsa hore Baiseraele ba kopane ka dinako tse sa tshwaneng e le hore ba tlo utlwa ha Lentswe la hae le balwa le ha le hlaloswa. (Deut. 31:10-13; Neh. 8:2, 8, 18) Nahana hore na Moiseraele o ne a tla ikutlwa jwang ha a fihla Jerusalema mme a bona badumedimmoho le yena ba bangata ba tswang dibakeng tse sa tshwaneng. Jehova o ile a sebedisa tokisetso eo ho ba thusa hore ba momahane. Ha morao ho ile ha thehwa phutheho ya Bokreste e neng e ena le banna la basadi ba buang dipuo tse sa tshwaneng ebile ba tswa maemong a sa tshwaneng. Le ha ho le jwalo, ba ne ba rata Mangolo ebile ba rapela Modimo ba momahane. Batho bao e ileng ya eba Bakreste, ba ne ba ka utlwisisa Lentswe la Modimo ha ba thuswa ke Bakrestemmoho le bona le ha ba kopane mmoho.​—Dik. 2:42; 8:30, 31.

8. Ke jwang Bibele e etsang hore batho ba Jehova ba momahane mehleng ee?

8 Modimo wa rona ya bohlale o ntse a tswela pele ho sebedisa Bibele ho ruta batho ba hae le ho etsa hore ba momahane. Bibele e na le dintlha tsohle tseo re lokelang ho di tseba ka Jehova. Re ya dibokeng, dikopanong tse kgolo le tse nyenyane e le hore re utlwe ha ho balwa Bibele le ha e hlaloswa. Ka hoo, Bibele ke ntho ya bohlokwa eo Jehova a e sebedisang ho thusa batho ba hae hore ba mo ‘sebeletse mahetla a bapile.’​—Sof. 3:9.

9. Re hloka ho ba batho ba jwang e le hore re utlwisise Bibele? (Luka 10:21)

9 A re bueng ka ntho e nngwe e bontshang hore Jehova o bohlale. O entse hore dikarolo tse ngata tsa Bibele di ngolwe ka tsela e neng e tla utlwisiswa ke batho ba ikokobeditseng feela. (Bala Luka 10:21.) Batho ba bangata ba bala Bibele. Setsebi se seng se ile sa re: “Batho ba bangata ba bala Bibele ho feta buka le ha e le efe ebile ba e bala ka hloko. Le ha ho le jwalo, ke batho ba ikokobeditseng feela ba e utlwisisang le ba etsang dintho tseo ba ithutileng tsona.​—2 Bakor. 3:15, 16.

10. Ke tsela efe e nngwe eo Bibele e bontshang ka yona hore Jehova o bohlale?

10 Ho na le tsela e nngwe eo ka yona Bibele e re bontshang hore Jehova o bohlale. Jehova o sebedisa Bibele ho re ruta re le sehlopha hape o ruta le ho kgothatsa e mong le e mong wa rona. Ha re bala Lentswe la Modimo, re kgona ho bona hore Jehova o tsotella e mong le e mong wa rona. (Esa. 30:21) Ha o na le bothata bo itseng, ke ka makgetlo a makae o kileng wa bala temana ya Bibele mme wa utlwa eka e ngolletswe wena? Bibele e ngolletswe hore batho ba bangata ba e utlwisise. Ka hoo, ho tla jwang hore e be le dintlha tseo wena o di hlokang? Lebaka ke hore Mongodi wa Bibele o bohlale ho feta motho le ha e le ofe.​—2 Tim. 3:16, 17.

BIBELE E BONTSHA HORE MODIMO O NA LE TOKA

11. Modimo o ile a bontsha jwang hore ha a leeme ha Bibele e ne e ngolwa?

11 Toka ke e nngwe ya makgabane ao Jehova a nang le ona. (Deut. 32:4) Hangata motho ya nang le toka ha a leeme mme Jehova le yena ha a leeme. (Dik. 10:34, 35; Bar. 2:11) Taba ya hore ebe Bibele e ile ya ngolwa ka puo eo batho ba neng ba e bua ka nako eo e bontsha hore Modimo ha a leeme. Boholo ba dibuka tsa pele tsa Bibele tse 39, di ne di ngotswe ka Seheberu e leng puo eo batho ba Modimo ba neng ba e utlwisisa ka nako eo. Le ha ho le jwalo, mehleng ya baapostola batho ba bangata ba ne ba bua Segerike. Ka hoo, boholo ba dibuka tsa ho qetela tse 27 tsa Bibele di ne di ngotswe ka puo ena. Jehova ha a ka a etsa hore Lentswe la hae le ngolwe ka puo e le nngwe feela. Mehleng ena, batho ba ka bang dibilione tse robedi ba bua dipuo tse ngata tse fapaneng. Ho tla jwang hore batho ba bangata hakana ba ithute ka Jehova?

12. Tsela e nngwe eo Daniele 12:4 e phethahetseng ka yona nakong ena ya bofelo ke efe?

12 Jehova o ile a sebedisa moprofeta Daniele ho tshepisa hore nakong ya bofelo, “tsebo ya nnete” e fumanehang ka Bibeleng e ne “e tla ba ngata.” Batho ba bangata ba ne ba tla e utlwisisa. (Bala Daniele 12:4.) Ntho e nngwe e ileng ya thusa batho ba bangata hore ba utlwisise Bibele ke hore yona le dingolwa tse thehilweng Bibeleng di ile tsa fetolelwa, tsa hatiswa le ho fuwa batho ba bangata. Bibele ke buka e fetolelwang haholo le ho fuwa batho ba bangata ho feta buka le ha e le efe lefatsheng lohle. Hangata Dibibele tse fetoletsweng ke dikhamphani di a tura. Bahlanka ba Jehova ba se ba fetoletse Bibele e felletse kapa e sa fella ka dipuo tse fetang 240 mme batho ba ka e fumana mahala. Ka hoo, batho ba ditjhaba tsohle ba ithuta “ditaba tse monate tsa Mmuso” pele bofelo bo tla. (Mat. 24:14) Modimo wa rona ya nang le toka o batla ho fa motho e mong le e mong monyetla wa hore a bale Lentswe la hae e le hore a mo tsebe. Lebaka ke hobane o re rata haholo.

BIBELE E BONTSHA HORE MODIMO O A RE RATA

13. Ke hobaneng ha re ka re Bibele e bontsha hore Jehova o a re rata? (Johanne 21:25)

13 Bibele e bontsha hore makgabaneng ao Mongodi wa yona a nang le ona lerato ke lona le ka sehloohong. (1 Joh. 4:8) Hlokomela dintho tseo Jehova a entseng hore di ngolwe ka Bibeleng le tseo a entseng hore di se ke tsa ngolwa. O entse hore re be le dintho tseo re di hlokang e le hore re be metswalle ya hae, re thabe hona jwale le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Le ha ho le jwalo, ka ha Jehova o a re rata, ha a re fa dintlha tse ngata tseo re sa di hlokeng empa o re file tseo re di hlokang e le hore re mo sebeletse.​—Bala Johanne 21:25.

14. Ke ka tsela efe e nngwe eo Bibele e bontshang hore Modimo o a re rata?

14 Jehova o boetse o bontsha hore o a re rata ka hore a bue le rona ka tsela e re sielang seriti. Ka Bibeleng Jehova ha a re fa melao e mengata ya hore na re etseng kapa re se ke ra etsang. Ho ena le hoo, o re file dipale tsa bophelo, boprofeta bo thahasellisang le dikeletso tse bohlale ho re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng. Lentswe la Modimo le re thusa ka ditsela tsena hore re rate Modimo le ho mo mamela ho tswa pelong.

Ke hobaneng ha re lokela ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a ileng a tshwara bahlanka ba hae ka yona nakong e fetileng? (Sheba serapa sa 15)

15. (a) Bibele e bontsha jwang hore Jehova o a re tsotella? (b) Setshwantshong, ke batho bafe ba hlahang ka Bibeleng bao ngwana, morabo rona le moradiwabo rona ya hodileng ba nahanisisang ka bona? (Gen. 39:1, 10-12; 2 Mar. 5:1-3; Luka 2:25-38)

15 Bibele e bontsha hore Jehova o re tsotella haholo. Re tseba seo jwang? Lentswe la hae Bibele le na le ditlaleho tse bontshang ka moo batho ba neng ba ikutlwa ka teng. Re kgona ho utlwisisa hore na batho bao Bibele e buang ka bona ba ne ba ikutlwa jwang hobane e ne e le ‘batho jwalo ka rona.’ (Jak. 5:17) Ha re bona tsela eo Jehova a neng a tshwara batho bao ka yona, re kgona ho utlwisisa haholwanyane hore “Jehova o lerato hape o mohau.”​—Jak. 5:11.

16. Re ithutang ka Jehova ha re bala ka batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba etsa diphoso? (Esaia 55:7)

16 Ho na le tsela e nngwe eo Bibele e bontshang ka yona hore Jehova o a re rata. Bibele e re kgodisa hore Modimo a ke ke a re lahla ha re etsa diphoso. Baiseraele ba ile ba fosetsa Jehova ka makgetlo a mangata empa o ile a ba tshwarela ha ba baka e le ka nnete. (Bala Esaia 55:7.) Bakreste ba mehleng ya baapostola le bona ba ne ba tseba hore Modimo o a ba rata. Modimo o ile a susumeletsa moapostola Pauluse hore a kgothaletse badumedimmoho le yena hore ba “tshwarele ho tswa pelong” le ho tshedisa monna ya neng a entse sebe se tebileng yaba o a baka. (2 Bakor. 2:6, 7; 1 Bakor. 5:1-5) Ke ho kgothatsang hore ebe Jehova ha a ka a lahla barapedi ba hae hobane ba ne ba entse diphoso. Ho ena le hoo, o ile a ba thusa, a ba kgalemela mme a ba mema hore e be metswalle ya hae hape. O tshepisa ho etsa se tshwanang ho baetsadibe ba bakileng mehleng ena.​—Jak. 4:8-10.

ANANELA LENTSWE LA MODIMO E LENG MPHO E MOLEMO

17. Ke hobaneng ha Bibele e le mpho e babatsehang hakana?

17 Jehova o re file mpho ya bohlokwa. Ke hobaneng ha Lentswe la hae e le le babatsehang hakana? Re ithutile hore Bibele e bontsha hore Modimo o bohlale, o na le toka ebile o re rata haholo. Bibele e bontsha hore Jehova o batla hore re mo tsebe ebile o batla hore re be metswalle ya hae.

18. Re ka bontsha jwang hore re ananela Bibele e leng mpho e molemo?

18 Re batla ho dula re ananela Bibele e leng mpho e molemo. (Jak. 1:17) Re ka tswela pele re bontsha hore re a e ananela ka hore re e bale re be re nahanisise ka yona. Haeba re etsa jwalo re tla kgodiseha hore Mongodi wa yona o tla re hlohonolofatsa ebile re “tla tseba Modimo.”​—Diprov. 2:5.

PINA YA 98 Mangolo a Buduletswe ke Modimo

a Bibele e re thusa hore re be metswalle ya Jehova. Ke eng eo re ka ithutang yona bukeng ee ka bohlale ba Modimo, toka ya hae le ka lerato leo a nang le lona? Seo re ithutang sona se ka re thusa hore re ananele Lentswe la Modimo Bibele haholo le ho utlwisisa hore ke mpho e tswang ho Ntate wa rona ya lehodimong.