Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 8

“Ebang Bohlale Mme le Fadimehe”

“Ebang Bohlale Mme le Fadimehe”

“Ebang bohlale mme le fadimehe.”​—1 PET. 5:8.

PINA YA 144 Tadima Moputsong!

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae eng mabapi le bofelo ba lefatshe, hona o ile a ba fa temoso efe?

 MATSATSI a seng makae pele Jesu a shwa, barutuwa ba hae ba bane ba ile ba mo botsa ba re: “Re tla bona kang hore . . . lefatshe lee le a fela?” (Mat. 24:3) E ka nna yaba barutuwa bao ba ne ba ipotsa hore na Jerusalema le tempele ya yona di tla fediswa neng. Ha Jesu a ba araba ha a ka a bua feela ka ho fediswa ha Jerusalema le tempele ya yona empa o ile a bua hape le ka bofelo ba lefatshe. Ha Jesu a bua ka bofelo ba lefatshe o ile a re: “Ha ho ya tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a mahodimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ya le tsebang.” Ka mora moo, o ile a lemosa barutuwa ba hae hore ‘ba dule ba hlaphohetswe’ ba be ‘ba fadimehe.’​—Mar. 13:32-37.

2. Ke hobaneng ha ho ne ho le bohlokwa hore Bakreste ba mehleng ya pele ba dule ba fadimehile?

2 Bakreste ba pele ba Bajuda ba ne ba lokela ho dula ba fadimehile e le hore ba pholohe. Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore na ba shebe eng e le hore ba tle ba tsebe ha Jerusalema le tempele ya yona di le haufi le ho fediswa. O ile a re: “Ha le bona Jerusalema e potapotilwe ke masole, le tsebe hore e haufi le ho timetswa.” Hang ha ba bona dintho tseo di etsahala, ba ne ba lokela ho mamela temoso ya Jesu mme “ba balehele dithabeng.” (Luka 21:20, 21) Batho ba ileng ba mamela temoso eo ba ile ba pholoha ha Baroma ba fedisa Jerusalema.

3. Re tlo ithuta eng sehloohong see?

3 Re phela nakong eo lefatshe lena le kgopo le leng haufi le ho fediswa. Ka hoo, le rona re lokela ho ba bohlale mme re fadimehe. Sehloohong sena re tlo ithuta hore na re ka ba hlokolosi jwang ha re bona dintho tse etsahalang lefatsheng. Re tla boela re bone hore na re ka itlhokomela jwang le hore na re ka etsang hore re sebedise nako e setseng hantle.

EBA HLOKOLOSI HA O BONA DINTHO TSE ETSAHALANG LEFATSHENG

4. Ke hobaneng ha re lokela ho thahasella ho bona ka moo dintho tse etsahalang lefatsheng di phethahatsang boprofeta ba Bibele ka teng?

4 Re na le mabaka a utlwahalang a ho thahasella ho bona hore na dintho tse etsahalang lefatsheng di phethahatsa boprofeta ba Bibele jwang. Ka mohlala, Jesu o ile a bua ka dintho tse tla etsahala tse tla re thusa ho bona ha lefatshe lena la Satane le le haufi le ho timetswa. (Mat. 24:3-14) Moapostola Petrose o ile a re kgothaletsa hore re ele hloko ka moo boprofeta bo phethahalang ka teng e le hore tumelo ya rona e ka dula e le matla. (2 Pet. 1:19-21) Lengolo la ho qetela la Bibele le qala ka mantswe a reng: “Tsena ke dintho tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona. O ile a di bolellwa ke Modimo e le hore a bontshe bahlanka ba Modimo dintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tshen. 1:1) Ka hoo, re thahasella ho bona dintho tse etsahalang lefatsheng le ho tseba hore na e ka nna yaba di phethahatsa boprofeta ba Bibele jwang. Hape re ka nna ra batla ho bua le batho ba bang ka dintho tsena.

Re lokela ho etsang ha re buisana ka boprofeta ba Bibele, hona re lokela ho qoba eng? (Sheba serapa sa 5) b

5. Re lokela ho qoba ho etsang, hona re lokela ho etsang? (Sheba ditshwantsho.)

5 Le ha ho le jwalo, ha re buisana ka boprofeta ba Bibele ha re a lokela ho inahanela hore na ho tla etsahalang. Hobaneng? Hobane ha re batle ho bua letho le ka etsang hore ho be le ho se utlwane ka phuthehong. Ka mohlala, re ka nna ra utlwa baetapele ba lefatshe ba bua ka moo ba ka rarollang bothata bo itseng ka teng mme ba etsa hore ho be le kgotso le tshireletseho. Ho ena le ho nahana hore seo ba se buang se phethahatsa boprofeta bo hlahang ho 1 Bathesalonika 5:3, re lokela ho tseba hore na dingolwa tsa moraorao di reng ka taba eo. Haeba dintho tseo re di buang di thehilwe ka hara dingolwa tsa rona, re tla etsa hore phutheho e momahane hape e ‘shebe dintho ka tsela e tshwanang.’​—1 Bakor. 1:10; 4:6.

6. Re ithutang ho 2 Petrose 3:11-13?

6 Bala 2 Petrose 3:11-13. Moapostola Petrose o re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha re lokela ho hlahloba boprofeta ba Bibele. O re kgothaletsa hore ‘re dule re hopola’ letsatsi la Jehova. Hobaneng? Ha se hobane re batla ho tseba ‘letsatsi kapa hora’ eo Jehova a tla tlisa Armagedone ka yona empa lebaka ke hobane re batla ho sebedisa nako ya rona hantle hore re ‘halalele le ho sebeletsa Modimo ka botshepehi.’ (Mat. 24:36; Luka 12:40) Ka mantswe a mang, re batla ho etsa dintho tse nepahetseng le ho etsa bonnete ba hore re etsa ntho e nngwe le e nngwe hobane re rata Jehova haholo. Re lokela ho itlhokomela e le hore re kgone ho etsa jwalo.

HO BOLELWANG HA HO THWE RE ITLHOKOMELE?

7. Re ka bontsha jwang hore re a itlhokomela? (Luka 21:34)

7 Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae hore ba se ke ba sheba feela dintho tse etsahalang lefatsheng empa le bona ba itlhokomele. Ntlha ena e hlakisitswe hantle keletsong e hlahang ho Luka 21:34. (E bale.) Hlokomela hore Jesu o ile a re: “Le itlhokomele.” Motho ya itlhokomelang o hlokolosi ka dintho tse ka senyang setswalle sa hae le Jehova mme o a di qoba. Ha a etsa jwalo, Modimo o tla dula a mo rata.​—Diprov. 22:3; Juda 20, 21.

8. Ke keletso efe eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakreste?

8 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba itlhokomele. Ka mohlala, o ile a re ho Bakreste ba Efese: “Le itjhebe hore na le itshwere jwang. Le se ke la itshwara jwalo ka batho ba se nang kelello empa le itshware jwalo ka ba bohlale.” (Baef. 5:15, 16) Satane o dula a batla ho senya setswalle sa rona le Jehova. Ka hoo, Bibele e re eletsa hore ‘re utlwisise hore na thato ya Jehova ke efe’ e le hore re kgone ho itshireletsa kgahlanong le Satane.​—Baef. 5:17.

9. Re ka utlwisisa thato ya Jehova jwang?

9 Bibele ha e re bolelle ntho e nngwe le e nngwe e ka senyang setswalle sa rona le Jehova. Hangata re lokela ho etsa diqeto ka dintho tseo ho sa buuwang ka tsona ka ho toba ka Bibeleng. E le hore re kgone ho etsa diqeto tse bohlale, re lokela ho utlwisisa “thato ya Jehova.” Re ka etsa jwalo ka ho ithuta Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka lona ka mehla. Ha re ntse re utlwisisa thato ya Jehova haholwanyane re bile re leka ho “nahana jwalo ka Kreste,” ho tla ba bonolo hore re etse dintho ka bohlale le haeba ho se na molao o tobileng wa hore na re etse eng. (1 Bakor. 2:14-16) Ka dinako tse ding ho bonolo ho bona hore na ke dintho dife tseo re lokelang ho di qoba empa ka dinako tse ding ho ka ba thata.

10. Re lokela ho qoba dintho dife tse kotsi?

10 Tse ding tsa dintho tse kotsi tseo re lokelang ho di qoba di akarelletsa ho bapala ka maikutlo a motho wa bong bo fapaneng ka ho etsa dintho tse ka etsang hore a nahane hore re a mo rata, ho nwa haholo, ho ja ho tlola, ho bua dintho tse utlwisang batho ba bang bohloko, ho shebella dintho tse nang le ntwa, pornography le dintho tse ding tse kang tseo. (Pes. 101:3) Sera sa rona Diabolose se dula se batla menyetla ya ho senya setswalle sa rona le Jehova. (1 Pet. 5:8) Haeba re se hlokolosi, Satane a ka re susumetsa hore re be le mekgwa e mebe e kang mohono, ho se tshepahale, meharo, lehloyo, boikakaso le bohale. (Bagal. 5:19-21) Qalong re ka nna ra nahana hore dintho tsena ha di kotsi hakaalo. Empa haeba re sa potlakele ho tlohela mekgwa ena, e ka hola kapele jwalo ka lehola yaba e re bakela mathata.​—Jak. 1:14, 15.

11. Ke kotsi efe e nngwe e poteletseng eo re lokelang ho e qoba, hona hobaneng?

11 Kotsi e nngwe e poteletseng ke ho tlwaelana le batho ba etsang dintho tse mpe. Nahana ka boemo bona. A re re o sebetsa le motho e mong eo e seng Paki ya Jehova. Ha o batle hore mosebetsimmoho le wena a nke Dipaki Tsa Jehova hampe. Ka hoo, o ba mosa ebile o a mo thusa. Mohlomong o bile o ja le yena ka dinako tse ding ka nako ya kgefu. Ho eso ye kae, le qalella ho ja ha mmoho hangata. Ka dinako tse ding a ka nna a bua ka dintho tse tswileng tseleng. Qalong o ka nna wa se ke wa rata dintho tseo a di buang empa ha nako e ntse e eya o ka nna wa utlwa di se di se mpe hakaalo. Ka letsatsi le leng ka mora mosebetsi, o o kopa hore le yo nwa mme wa dumela. Qetellong o iphumana o se o nahana jwalo ka yena. O qalella le ho etsa dintho jwalo ka yena. Le hoja re lokela ho ba mosa le ho hlompha batho bohle, re lokela ho hopola hore ho ka ba bonolo hore re iphumane re etsa dintho jwalo ka batho bao re qetang nako re ena le bona. (1 Bakor. 15:33) Jwalo ka ha Jesu a re kgothaleditse, re tla be re itlhokomela haeba re qoba ho tlwaelana le batho ba sa pheleng ka melaomotheo ya Jehova. (2 Bakor. 6:15) Re tla bona kotsi ebe re a e qoba.

SEBEDISA NAKO YA HAO HANTLE

12. Barutuwa ba Jesu ba ne ba lokela ho etsang ha ba ntse ba emetse bofelo?

12 Barutuwa ba Jesu ba ne ba lokela ho phathahana ha ba ntse ba emetse hore bofelo bo fihle. O ile a ba fa mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa. O ile a ba laela hore ba bolele ditaba tse monate “Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.” (Dik. 1:6-8) Ka nnete oo e ne e le mosebetsi o mongata. Ba ne ba sebedisa nako ya bona hantle ha ba ne ba etsa sohle ho bolela ditaba tse monate.

13. Ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa nako ya rona hantle? (Bakolose 4:5)

13 Bala Bakolose 4:5. E le hore re itlhokomele, re lokela ho nahana ka ho teba hore na re sebedisa nako ya rona jwang. E mong le e mong wa rona a ka “hlahelwa ke dintho ka tshohanyetso.” (Moek. 9:11) Re ka shwa ka tshohanyetso.

Re ka sebedisa nako ya rona hantle jwang? (Sheba serapa sa 14 le 15)

14, 15. Re ka sebedisa nako ya rona hantle jwang? (Baheberu 6:11, 12) (Sheba setshwantsho.)

14 Re ka sebedisa nako ya rona hantle ka hore re etse thato ya Jehova le ho matlafatsa setswalle sa rona le yena. (Joh. 14:21) Re lokela ho ‘ema re tiile, re sa sisinyehe. Re dule re phathahane ka mosebetsi wa Morena.’ (1 Bakor. 15:58) Ho sa tsotellehe hore na bofelo bo a fihla kapa re kgaoletswa ke lefu, re tla be re tseba hore re entse sohle ho sebeletsa Jehova.​—Mat. 24:13; Bar. 14:8.

15 Le mehleng ena Jesu o tataisa barutuwa ba hae ha ba bolela ka Mmuso wa Modimo lefatsheng lohle. O phethahaditse tshepiso ya hae. Jesu o sebedisa mokgatlo wa Jehova ho re fa dintho tsohle tseo re di hlokang le ho re kwetlisa e le hore re ka bolela ditaba tse monate. (Mat. 28:18-20) Re tla be re etsa seo Jesu a lebeletseng hore re se etse haeba re ruta le ho bolella batho ka Mmuso wa Modimo, le ka ho dula re fadimehile ha re ntse re emetse hore Jehova a tlise bofelo ba lefatshe lena. Haeba re mamela keletso e hlahang ho Baheberu 6:11, 12, re tla dula re ena le tshepo e matla “ho fihlela qetellong.”​—E bale.

16. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

16 Jehova o se a entse qeto ya hore na o tla fedisa lefatshe lena la Satane neng. Ha nako eo e fihla, Jehova o tla phethahatsa boprofeta bohle bo hlahang ka Lentsweng la hae. Empa ka dinako tse ding re ka bona eka bofelo ba lefatshe lena bo dieha ho fihla. Le ha ho le jwalo, letsatsi la Jehova ‘le ke ke la siuwa ke nako.’ (Hab. 2:3) E se eka re ka ikemisetsa ho mamella le ho letela Jehova, Modimo wa rona ya pholosang.​—Mik. 7:7.

PINA YA 139 Ipone o le Teng ha Tsohle di se di le Ntjha

a Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na re ka dula re le hlokolosi jwang ha re bona dintho tse etsahalang lefatsheng. Re tla boela re ithute hore na re ka etsang e le hore re itlhokomele le hore re sebedise nako ya rona hantle.

b DITSHWANTSHO: (Ka hodimo) Banyalani ba shebeletse ditaba. Ha ba le dibokeng, ba bolella batho ba bang hore na ba nahana hore dintho tseo ba di boneng ditabeng di bolelang. (Ka tlase) Banyalani ba shebeletse tlaleho ya Sehlopha se Busang e le hore ba tsebe hore na mokgatlo o hlalosa boprofeta ba Bibele jwang morao tjena. Ba fa motho sengolwa se thehilweng Bibeleng se tswang ho mohlanka ya tshepahalang.