Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 9

Baballa Mpho ea Bophelo

Baballa Mpho ea Bophelo

“Ke ka eena re phelang, re sisinyehang ’me re leng teng.”—LIK. 17:28.

PINA EA 141 Mpho ea Bophelo

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Bophelo ba rona bo bohlokoa hakae ho Jehova?

 NKA hore motsoalle oa hao o u file ntlo. Ntlo ena ea nela ebile pente ea eona e thuntse. Ho sa tsotellehe mathata ana, ntlo ena e ka rekisoa limilione tsa Maluti. Ho hlakile hore u tla e ananela u be u e sireletse. Ka tsela e tšoanang, Jehova o re file mpho ea bohlokoa haholo e leng bophelo. Ha e le hantle, Jehova o bontša kamoo a nkang bophelo ba rona bo le bohlokoa kateng ka hore ebe o re file Mora oa hae hore a re lopolle.—Joh. 3:16.

2. Lengolo la 2 Bakorinthe 7:1 le re Jehova o lebeletse eng ho rona?

2 Jehova ke Mohloli oa bophelo. (Pes. 36:9) Moapostola Pauluse le eena o ne a lumela taba eo. O ile a re: “Ke ka eena re phelang, re sisinyehang ’me re leng teng.” (Lik. 17:25, 28) Kahoo, re ka cho ra re bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo. Ka ha oa re rata, o re fa lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re ’ne re phele. (Lik. 14:15-17) Empa Jehova ha a sireletse bophelo ba rona ka mohlolo. O lebeletse hore re etse sohle ho itlhokomela e le hore re lule re phetse hantle re be re mo sebeletse. (Bala 2 Bakorinthe 7:1.) Ke hobane’ng ha re lokela ho baballa bophelo ba rona, hona re ka etsa seo joang?

BABALLA BOPHELO

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho lula re phetse hantle?

3 Lebaka le leng leo re lokelang ho lula re phetse hantle ka lona ke hore haeba re etsa joalo, re tla khona ho sebeletsa Jehova haholoanyane. (Mar. 12:30) Re lokela ho fa Jehova ‘’mele ea rona le maphelo a rona joalokaha eka ke sehlabelo se halalelang seo a tla se amohela.’ Kahoo, re qobe ho etsa lintho tseo re tsebang hore li ka re kulisa. (Bar. 12:1) Ke ’nete hore ho sa tsotellehe hore na re etsa’ng e le hore re lule re phetse hantle, re ntse re ka ’na ra kula. Empa re etsa sohle seo re ka se khonang ho bontša Ntate oa rona ea leholimong hore re ananela mpho ea bophelo.

4. Davida o ne a ikemiselitse ho etsa’ng?

4 Morena Davida o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ananela mpho ea bophelo eo Molimo a mo fileng eona. O ile a re: “Ho na le molemo ofe haeba ke shoa, haeba ke theohela sekoting? Na lerole le tla u rorisa? Na le tla bua hore oa tšepahala?” (Pes. 30:9) E ka ’na eaba ha Davida a ngola mantsoe ana o ne a se a ntse a tl’o shoa. Empa o ne a ikemiselitse ho lula a phetse hantle nako e telele kamoo ho ka khonehang e le hore a ka sebeletsa Jehova. E tlameha ebe kaofela ha rona re ikutloa joaloka eena.

5. Re ka etsa eng ho sa tsotellehe hore na rea kula kapa re holile hakae?

5 Haeba re kula kapa re tsofala, re ka ’na ra se ke ra khona ho etsa lintho tse ngata tseo re neng re li etsa pele. Ntho eo e ka re ferekanya ea ba ea re utloisa bohloko. Empa re ntse re lokela ho leka ho etsa sohle e le hore re itlhokomele. Hobane’ng? Hobane ho sa tsotellehe hore na rea kula kapa re holile hakae, re ntse re ka khona ho sebeletsa Jehova joaloka Morena Davida. Hoa tšelisa ho tseba hore re batho ba bohlokoa ho Molimo leha re se re kula kapa re holile. (Mat. 10:29-31) Le haeba re ka shoa, o tla labalabela ho re tsosa. (Jobo 14:14, 15) Ha re sa ntse re phela, re batla ho etsa sohle ho baballa bophelo ba rona.

QOBA LINTHO TSE KOTSI

6. Jehova o batla hore re etse eng ha re ja le ha re noa?

6 Le hoja Bibele e se buka ea bophelo bo botle kapa ea phepo e nepahetseng, ea re bolella hore na Jehova o ikutloa joang ka ho itlhokomela le ho ja hantle. Ka mohlala, o re eletsa hore re “qobe lintho tse kotsi” tse ka senyang ’mele ea rona. (Moek. 11:10) Bibele e re re qobe ho ja haholo le ho noa joala haholo. Ho etsa joalo ho ka re kulisa ha ba ha re bolaea. (Liprov. 23:20) Jehova o batla hore re bontše hore re na le boitšoaro ha re khetha le ha re lekanyetsa hore na re tla ja’ng le ho noa’ng.—1 Bakor. 6:12; 9:25.

7. Keletso e hlahang ho Liproverbia 2:11 e re thusa joang ho etsa liqeto tse nepahetseng ka bophelo ba rona?

7 Re ka etsa liqeto tse bontšang hore re ananela mpho ea bophelo eo Molimo a re fileng eona ka hore re sebelise bokhoni ba rona ba ho nahana hantle. (Pes. 119:99, 100; bala Liproverbia 2:11.) Ka mohlala, re khetha hantle hore na re ja eng. Haeba re rata lijo tse itseng empa re tseba hore lia re kulisa, re lokela ho li qoba. Hape re tla be re bontša hore re bohlale haeba re robala ka ho lekaneng, re ikoetlisa kamehla, re lula re hloekile ’meleng re bile re hloekisa mahae a rona.

LEKA HO QOBA LIKOTSI

8. Bibele e re Jehova o nka ho le bohlokoa hakae hore re leke ho qoba likotsi?

8 Jehova o ile a fa Baiseraele melao e ba thusang hore ba lule ba sireletsehile ha ba le mosebetsing le ha ba le hae. (Ex. 21:28, 29; Deut. 22:8) Motho o ne a tla fumana liphello tse bohloko haeba a ne a ka bolaea motho e mong ka phoso. (Deut. 19:4, 5) Molao o ne o re le haeba motho a ne a ka hlahisa ngoana ea e-s’o hlahe kotsi ka phoso, o ne a lokela ho fuoa kotlo. (Ex. 21:22, 23) Bibele e bontša ka ho hlakileng hore Jehova o batla hore re leke kahohle ho qoba likotsi.

Maemong a bontšitsoeng moo, ke joang re ka bontšang hore re hlompha bophelo? (Sheba serapa sa 9)

9. Re ka etsa’ng e le hore re qobe likotsi? (Sheba litšoantšo.)

9 Re bontša hore re ananela mpho ea bophelo eo Molimo a re fileng eona ha re leka kahohle ho qoba likotsi ha re le mosebetsing le ha re le hae. Ka mohlala, re ba hlokolosi ha re lahla lintho tse ka hlabang, lik’hemik’hale tse kotsi le meriana e le hore li se ke tsa ntša batho ba bang kotsi. Hape re beha lintho tsena moo bana ba ke keng ba li fihlela. Ha re besitse mollo, re belisitse metsi kapa re sebelisa mechini, ha re li siee feela. Re qoba ho khanna re noele joala kapa meriana e ka re sitisang ho khanna hantle. Hape re qoba ho khanna ha re khathetse haholo ebile re qoba ho tobetsa lifono ha re ntse re khanna.

HA HO HLAHA KOLUOA

10. Re ka etsa’ng pele ho koluoa le nakong ea eona?

10 Ka linako tse ling ha ho khonehe ho qoba kotsi. Re ka ’na ra ba boemong bo joalo ha ho hlaha likoluoa tsa tlhaho, mafu a seoa le merusu. Leha ho le joalo, ha lintho tse joalo li etsahala re ka leka hore re lule re bolokehile ka hore re mamele litaelo tse re thusang hore na re tlohe sebakeng seo joang le litaelo tse ling tse tsoang ’musong. (Bar. 13:1, 5-7) Ka linako tse ling, re ka khona ho itokisetsa likoluoa tse ling ka hore re mamele litaelo tse tsoang ’musong tse re thusang hore re itokisetse tsona. Ka mohlala, ho ka ba molemo hore re lule re e-na le metsi, lijo tse sa senyeheng le lintho tsa thuso ea pele.

11. Re lokela ho etsa’ng haeba lefu le tšoaetsanoang le ata sebakeng seo re lulang ho sona?

11 Re lokela ho etsa’ng haeba lefu le tšoaetsanoang le ata sebakeng seo re lulang ho sona? Re lokela ho mamela melao e tsoang ’musong e kang ea hore re hlape matsoho, re se ke ra atamelana le batho ba bang, re roale limonkoana re be re qobe ho kopana le batho ba bang. Ha re etsa lintho tsena re tla be re bontša hore re ananela haholo mpho ea bophelo eo Molimo a re fileng eona.

12. Liproverbia 14:15 e ka re thusa joang ho etsa qeto ea hore na re mamela litaba tse tsoang hokae nakong ea koluoa?

12 Nakong eo ho nang le maemo a tšohanyetso, re ka ’na ra utloa litaba tseo eseng ’nete ho metsoalle, baahisani le mecha ea liphatlalatso. E ka ba hantle hore re mamele litaba tse tsoang ’musong le ho lingaka ho e-na le hore re mamele “lentsoe le leng le le leng.” (Bala Liproverbia 14:15.) Sehlopha se Busang le liofisi tsa makala li etsa bonnete ba hore li fumana lintlha tse nepahetseng pele li fana ka tataiso e amanang le ho ea libokeng le tšimong. (Baheb. 13:17) Ha re mamela tataiso eo rea itšireletsa ebile re sireletsa le batho ba bang. Hape re tla etsa hore batho ba khahloe ke tsela eo Lipaki Tsa Jehova li etsang lintho ka eona.—1 Pet. 2:12.

ITOKISETSE HO HANA HO TŠELOA MALI

13. Re bontša joang hore re ananela bophelo ha re mamela molao oa Jehova o mabapi le tšebeliso ea mali?

13 Batho ba bangata baa tseba hore Lipaki Tsa Jehova li nka mali a halalela. Re mamela molao oa Jehova o amanang le tšebeliso ea mali ka hore re hane ho tšeloa mali le haeba ka tšohanyetso re ka hloka thuso ea bongaka. (Lik. 15:28, 29) Empa taba eo ha e bolele hore re batla ho shoa. Ha e le hantle re ananela mpho ea bophelo eo Molimo a re fileng eona. Re batla ho thusoa ke lingaka tse nang le boiphihlelo tse tla re thusa ntle le ho sebelisa mali.

14. Re ka etsa’ng e le hore re fokotse menyetla ea hore re etsoe opereishene ke ngaka?

14 Haeba re itlhokomela ka hore re etse lintho tseo re buileng ka tsona sehloohong sena, mohlomong re ke ke ra kula haholo kapa ra hloka hore re etsoe opereishene. Ha re phetse hantle, re tla fola kapele haeba ho ka hlokahala hore re etsoe opereishene. Ha re etsa hore ho se ke ha e-ba le lintho tse ka re hlahisang kotsi malapeng a rona le moo re sebetsang teng, re bile re mamela melao ea tsela, re ka fokotsa menyetla ea hore re hloke ho etsoa opereishene hobane re hlahetsoe ke kotsi ka tšohanyetso.

Kaha re nka mpho ea bophelo e le ea bohlokoa, re tlatsa karete ea mali ebile re tsamaea re e nkile hohle moo re eang teng (Sheba serapa sa 15) d

15. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re lule re nkile karete ea rona ea mali e nakong? (Sheba setšoantšo.) (b) Joalokaha ho bontšitsoe videong, ke’ng e ka re thusang ho etsa qeto e nepahetseng mabapi le phekolo e amang mali?

15 Kaha re ananela mpho ea bophelo, re tlatsa karete ea mali (durable power of attorney) ebile re tsamaea re e nkile hohle moo re eang. b Karete ena ea bontša hore ha re batle ho tšeloa mali le hore na re batla ho phekoloa joang. Na u na le karete ea mali e nakong? Haeba ha ho joalo, potlakela ho e tlatsa. Ho ngola ka tsela e hlakileng hore na re batla ho phekoloa joang ho tla etsa hore re thusoe kapele. Hape ho tla re thusa hore re se ke ra fuoa meriana kapa phekolo e ka re ntšang kotsi. c

16. Re ka etsa’ng ha re sa tsebe hore na karete ea mali e tlatsoa joang?

16 E mong le e mong oa rona a ka hlaheloa ke kotsi kapa a kula ho sa tsotellehe hore na o phetse hantle kapa hore na o mokae. (Moek. 9:11) Kahoo, ke bohlale hore re tlatse karete ea mali. Haeba ha u tsebe hore na karete ena e tlatsoa joang, kopa baholo hore ba u thuse. Ba leka ka matla ho ithuta hore na karete eo e tlatsoa joang empa ba ke ke ba u etsetsa liqeto. Ke uena ea tla iketsetsa qeto. (Bagal. 6:4, 5) Ba tla u thusa ho utloisisa hore na u ka khetha mefuta efe ea phekolo le hore na u ka tlatsa karete joang.

E-BA EA LEKA-LEKANYANG LINTHO

17. Re ka bontša joang hore re leka-lekanya lintho litabeng tse amanang le bophelo?

17 Bongata ba liqeto tseo re li etsang mabapi le bophelo ba rona le phekolo li thehiloe Bibeleng. (Lik. 24:16; 1 Tim. 3:9) Ha re etsa liqeto le ha re bua le batho ba bang ka liqeto tseo re li entseng, re lokela ho hopola mantsoe a hlahang ho Bafilipi 4:5 a reng: “Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.” Ha re le batho ba leka-lekanyang lintho, re ke ke ra tšoenyeha ka ho feteletseng ka bophelo ba rona kapa ra qobella batho ba bang hore ba etse liqeto tse tšoanang le tsa rona. Re rata bara le barali ba bo rona ebile rea ba hlompha leha ba entse liqeto tse fapaneng le tseo re li entseng.—Bar. 14:10-12.

18. Re ka bontša joang hore re ananela mpho ea bophelo?

18 Re bontša Jehova, Mohloli oa bophelo hore re ananela bophelo boo a re fileng bona ka hore re bo sireletse hape re mo sebeletse kahohle kamoo re ka khonang. (Tšen. 4:11) Hona joale re ka ’na ra kula kapa ra hlaheloa ke likoluoa. Empa bophelo bona ha se boo ’Mopi oa rona a neng a re reretse bona. Haufinyane o tla re fa bophelo bo sa feleng re se re sa utloe bohloko ebile re sa shoe. (Tšen. 21:4) Ha re ntse re emetse nako eo, re thabela ho phela le ho sebeletsa Jehova, Ntate oa rona ea leholimong ea re ratang.

PINA EA 140 Joale re Thabile

a Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na re ka bontša joang hore re ananela mpho eo Molimo a re fileng eona e leng bophelo. Re tla bona hore na re ka etsa’ng e le hore re lule re bolokehile nakong ea likoluoa le hore na re ka qoba likotsi joang. Re tla boela re bue ka hore na re ka etsa’ng haeba re ka hloka thuso ea tsa bongaka ka tšohanyetso.

b Karete ena e boetse e bitsoa DPA.

c Shebella video ea Re ka Etsa Liqeto Tsa Phekolo Tse Amang Mali Joang? e hlahang ho jw.org/st.

d LITŠOANTŠO: Mor’abo rona e mocha o tlatsa karete ea hae ea mali ’me o etsa bonnete ba hore o lula a e nkile.