Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 9

Baballa Mpho ya Bophelo

Baballa Mpho ya Bophelo

“Ke ka yena re phelang, re sisinyehang mme re leng teng.”​—DIK. 17:28.

PINA YA 141 Mohlolo wa Bophelo

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Bophelo ba rona bo bohlokwa hakae ho Jehova?

 NKA hore motswalle wa hao o o file ntlo. Ntlo ena e a nela ebile pente ya yona e thuntse. Ho sa tsotellehe mathata ana, ntlo ena e ka rekiswa ka dimilione tsa Diranta. Ho hlakile hore o tla e ananela o be o e sireletse. Ka tsela e tshwanang, Jehova o re file mpho ya bohlokwa haholo e leng bophelo. Ha e le hantle, Jehova o bontsha ka moo a nkang bophelo ba rona bo le bohlokwa ka teng ka hore ebe o re file Mora wa hae hore a re lopolle.​—Joh. 3:16.

2. Lengolo la 2 Bakorinthe 7:1 le re Jehova o lebelletse eng ho rona?

2 Jehova ke Mohlodi wa bophelo. (Pes. 36:9) Moapostola Pauluse le yena o ne a dumela taba eo, o ile a re: “Ke ka yena re phelang, re sisinyehang mme re leng teng.” (Dik. 17:25, 28) Ka hoo, re ka tjho ra re bophelo ke mpho e tswang ho Modimo. Ka ha o a re rata, o re fa dintho tsohle tseo re di hlokang e le hore re nne re phele. (Dik. 14:15-17). Empa Jehova ha a sireletse bophelo ba rona ka mohlolo. O lebelletse hore re etse sohle ho itlhokomela e le hore re dule re phetse hantle re be re mo sebeletse. (Bala 2 Bakorinthe 7:1.) Ke hobaneng ha re lokela ho baballa bophelo ba rona, hona re ka etsa seo jwang?

BABALLA BOPHELO

3. Ke hobaneng ha re lokela ho leka ho dula re phetse hantle?

3 Lebaka le leng leo re lokelang ho dula re phetse hantle ka lona ke hore haeba re etsa jwalo, re tla kgona ho sebeletsa Jehova haholwanyane. (Mar. 12:30) Re batla ho fa Jehova ‘mmele ya rona le maphelo a rona jwalo ka ha eka ke sehlabelo se halalelang seo a tla se amohela.’ Ka hoo, re qoba ho etsa dintho tseo re tsebang hore di ka re kudisa. (Bar. 12:1) Ke nnete hore ho sa tsotellehe hore na re etsang e le hore re dule re phela hantle, re ntse re ka nna ra kula. Empa re etsa sohle seo re ka se kgonang ho bontsha Ntate wa rona ya lehodimong hore re ananela mpho ya bophelo.

4. David o ne a ikemiseditse ho etsang?

4 Morena Davida o ile a hlalosa hore na ke hobaneng ha a ananela mpho ya bophelo eo Modimo a mo fileng yona. O ile a re: “Ho na le molemo ofe haeba ke shwa, haeba ke theohela sekoting? Na lerole le tla o rorisa? Na le tla bua hore o a tshepahala?” (Pes. 30:9) E ka nna yaba ha Davida a ngola mantswe ana o ne a se a ntse a tlo shwa. Empa o ne a ikemiseditse ho dula a phetse hantle nako e telele ka moo ho ka kgonehang e le hore a ka sebeletsa Jehova. E tlameha ebe kaofela ha rona re ikutlwa jwalo ka yena.

5. Re ka etsa eng ho sa tsotellehe hore na re a kula kapa re hodile hakae?

5 Haeba re kula kapa re tsofala, re ka nna ra se ke ra kgona ho etsa dintho tse ngata tseo re neng re di etsa pele. Ntho eo e ka re ferekanya ya ba ya re utlwisa bohloko. Empa re ntse re lokela ho leka ho etsa sohle e le hore re itlhokomele. Hobaneng? Hobane ho sa tsotellehe hore na re a kula kapa re hodile hakae re ntse re ka kgona ho sebeletsa Jehova jwalo ka Morena Davida. Ho a tshedisa ho tseba hore re batho ba bohlokwa ho Modimo le ha re se re kula kapa re hodile. (Mat. 10:29-31) Le haeba re ka shwa, o tla labalabela ho re tsosa. (Jobo 14:14, 15) Ha re sa ntse re phela, re batla ho etsa sohle ho baballa bophelo ba rona.

QOBA DINTHO TSE KOTSI

6. Jehova o batla hore re etse eng ha re ja le ha re nwa?

6 Le hoja Bibele e se buka ya bophelo bo botle kapa ya phepo e nepahetseng, e a re bolella hore na Jehova o ikutlwa jwang ka ho itlhokomela le ho ja hantle. Ka mohlala, o re eletsa hore re “qobe dintho tse kotsi” tse ka senyang mmele ya rona. (Moek. 11:10) Bibele e re re qobe ho ja haholo le ho nwa jwala haholo. Ho etsa jwalo ho ka re kudisa ha ba ha re bolaya. (Diprov. 23:20) Jehova o batla hore re bontshe hore re na le boitshwaro ha re kgetha le ha re lekanyetsa hore na re tla jang le ho nwang.​—1 Bakor. 6:12; 9:25.

7. Keletso e hlahang ho Diproverbia 2:11 e re thusa jwang ho etsa diqeto tse nepahetseng ka bophelo ba rona?

7 Re ka etsa diqeto tse bontshang hore re ananela mpho ya bophelo eo Modimo a re fileng yona ka hore re sebedise bokgoni ba rona ba ho nahana hantle. (Pes. 119:99, 100; bala Diproverbia 2:11.) Ka mohlala, re tla kgetha hantle hore na re ja eng. Haeba re rata dijo tse itseng empa re tseba hore di a re kudisa, re etsa bonnete ba hore re a di qoba. Hape re tla be re bontsha hore re bohlale haeba re robala ka ho lekaneng, re ikwetlisa ka mehla, re dula re hlwekile mmeleng re bile re hlwekisa mahae a rona.

LEKA HO QOBA DIKOTSI

8. Bibele e re Jehova o nka ho le bohlokwa hakae hore re leke ho qoba dikotsi?

8 Jehova o ile a fa Baiseraele melao e ba thusang hore ba dule ba sireletsehile ha ba le mosebetsing le ha ba le hae. (Ex. 21:28, 29; Deut. 22:8) Motho o ne a tla fumana diphello tse bohloko haeba a ne a ka bolaya motho e mong ka phoso. (Deut. 19:4, 5) Molao o ne o re le haeba motho a ne a ka hlahisa ngwana ya eso hlahe kotsi ka phoso, o ne a lokela ho fuwa kotlo. (Ex. 21:22, 23) Bibele e bontsha ka ho hlakileng hore Jehova o batla hore re leke ka hohle ho qoba dikotsi.

Maemong a bontshitsweng moo, ke jwang re ka bontshang hore re hlompha bophelo? (Sheba serapa sa 9)

9. Re ka etsang e le hore re qobe dikotsi? (Sheba ditshwantsho.)

9 Re bontsha hore re ananela mpho ya bophelo eo Modimo a re fileng yona ha re leka ka hohle ho qoba dikotsi ha re le mosebetsing le ha re le hae. Ka mohlala, re ba hlokolosi ha re lahla dintho tse ka hlabang, dikhemikhale tse kotsi le meriana e le hore di se ke tsa ntsha batho ba bang kotsi. Hape re beha dintho tsena moo bana ba ke keng ba di fihlela. Ha re besitse mollo, re bedisitse metsi kapa re sebedisa metjhini, ha re di siye feela. Re qoba ho kganna re nwele jwala kapa meriana e ka re sitisang ho kganna hantle. Hape re qoba ho kganna ha re kgathetse haholo ebile re qoba ho tobetsa difono ha re ntse re kganna.

HA HO HLAHA KODUWA

10. Re ka etsang pele ho koduwa le nakong ya yona?

10 Ka dinako tse ding ha ho kgonehe ho qoba kotsi. Re ka nna ra ba boemong bo jwalo ha ho hlaha dikoduwa tsa tlhaho, mafu a sewa le merusu. Le ha ho le jwalo, ha dintho tse jwalo di etsahala re ka leka hore re dule re bolokehile ka hore re mamele ditaelo tse re thusang hore na re tlohe sebakeng seo jwang le ditaelo tse ding tse tswang mmusong. (Bar. 13:1, 5-7) Ka dinako tse ding re ka kgona ho itokisetsa dikoduwa tse ding ka hore re mamele ditaelo tse tswang mmusong tse re thusang hore re itokisetse tsona. Ka mohlala, ho ka ba molemo hore re dule re ena le metsi, dijo tse sa senyeheng le dintho tsa thuso ya pele.

11. Re lokela ho etsang haeba lefu le tshwaetsanwang le ata sebakeng seo re dulang ho sona?

11 Re lokela ho etsang haeba lefu le tshwaetsanwang le ata sebakeng seo re dulang ho sona? Re lokela ho mamela melao e tswang mmusong e kang ya hore re hlape matsoho, re se ke ra atamelana le batho ba bang, re rwale dimonkwana re be re se ke ra kopana le batho ba bang. Ha re etsa dintho tsena re tla be re bontsha hore re ananela haholo mpho ya bophelo eo Modimo a re fileng yona.

12. Diproverbia 14:15 e ka re thusa jwang ho etsa qeto ya hore na re mamela ditaba tse tswang hokae nakong ya koduwa?

12 Nakong eo ho nang le maemo a tshohanyetso, re ka nna ra utlwa ditaba tseo eseng nnete ho metswalle, baahisani le metjha ya diphatlalatso. E ka ba hantle hore re mamele ditaba tse tswang mmusong le ho dingaka ho ena le hore re mamele “lentswe le leng le le leng.” (Bala Diproverbia 14:15.) Sehlopha se Busang le diofisi tsa makala di etsa bonnete ba hore di fumana dintlha tse nepahetseng pele di fana ka tataiso e amanang le ho ya dibokeng le tshimong. (Baheb. 13:17) Ha re mamela tataiso eo re a itshireletsa ebile re sireletsa le batho ba bang. Hape re tla etsa hore batho ba kgahlwe ke tsela eo Dipaki Tsa Jehova di etsang dintho ka yona.​—1 Pet. 2:12.

ITOKISETSE HO HANA HO TSHELWA MADI

13. Re bontsha jwang hore re ananela bophelo ha re mamela molao wa Jehova o mabapi le tshebediso ya madi?

13 Batho ba bangata ba a tseba hore Dipaki Tsa Jehova di nka madi a halalela. Re mamela molao wa Jehova o amanang le tshebediso ya madi ka hore re hane ho tshelwa madi le haeba ka tshohanyetso re ka hloka thuso ya bongaka. (Dik. 15:28, 29) Empa taba eo ha e bolele hore re batla ho shwa. Ha e le hantle re ananela mpho ya bophelo eo Modimo a re fileng yona. Re batla ho thuswa ke dingaka tse nang le boiphihlelo tse tla re thusa ntle le ho sebedisa madi.

14. Re ka etsang e le hore re fokotse menyetla ya hore re etswe opereishene ke ngaka?

14 Haeba re itlhokomela ka hore re etse dintho tseo re buileng ka tsona sehloohong sena, mohlomong re ke ke ra kula haholo kapa ra hloka hore re etswe opereishene. Ha re phetse hantle, re tla fola kapele haeba ho ka hlokahala hore re etswe opereishene. Ha re etsa hore ho se ke ha eba le dintho tse ka re hlahisang kotsi malapeng a rona le moo re sebetsang teng, re bile re mamela melao ya tsela, re ka fokotsa menyetla ya hore re hloke ho etswa opereishene hobane re hlahetswe ke kotsi ka tshohanyetso.

Ka ha re nka mpho ya bophelo e le ya bohlokwa, re tlatsa karete ya madi ebile re tsamaya re e nkile hohle moo re yang teng (Sheba serapa sa 15) d

15. (a) Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re dule re nkile karete ya rona ya madi e nakong? (Sheba setshwantsho.) (b) Jwalo ka ha ho bontshitswe videong, keng e ka re thusang ho etsa qeto e nepahetseng mabapi le phekolo e amang madi?

15 Ka ha re ananela mpho ya bophelo, re tlatsa karete ya madi (durable power of attorney) ebile re tsamaya re di nkile hohle moo re yang. b Karete ena e bontsha hore ha re batle ho tshelwa madi le hore na re batla ho phekolwa jwang. Na o na le karete ya madi e nakong? Haeba ha ho jwalo, potlakela ho e tlatsa. Ho ngola ka tsela e hlakileng hore na re batla ho phekolwa jwang ho tla etsa hore re thuswe kapele. Hape ho tla re thusa hore re se ke ra fuwa meriana kapa phekolo e ka re ntshang kotsi. c

16. Re ka etsang ha re sa tsebe hore na karete ya madi e tlatswa jwang?

16 E mong le e mong wa rona a ka hlahelwa ke kotsi kapa a kula ho sa tsotellehe hore na o phetse hantle kapa hore na o mokae. (Moek. 9:11) Ka hoo, ke bohlale hore re tlatse karete ya madi. Haeba ha o tsebe hore na karete ena e tlatswa jwang, kopa baholo hore ba o thuse. Ba leka ka matla ho ithuta hore na karete eo e tlatswa jwang empa ba ke ke ba o etsetsa diqeto. Ke wena ya tla iketsetsa qeto. (Bagal. 6:4, 5) Ba tla o thusa ho utlwisisa hore na o ka kgetha mefuta efe ya phekolo le hore na o ka tlatsa karete jwang.

EBA YA LEKALEKANYANG DINTHO

17. Re ka bontsha jwang hore re lekalekanya dintho ditabeng tse amanang le bophelo?

17 Bongata ba diqeto tseo re di etsang mabapi le bophelo ba rona le phekolo di thehilwe Bibeleng. (Dik. 24:16; 1 Tim. 3:9) Ha re etsa diqeto le ha re bua le batho ba bang ka diqeto tseo re di entseng, re lokela ho hopola mantswe a hlahang ho Bafilipi 4:5 a reng: “Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.” Ha re le batho ba lekalekanyang dintho, re ke ke ra tshwenyeha ka ho feteletseng ka bophelo ba rona kapa ra qobella batho ba bang hore ba etse diqeto tse tshwanang le tsa rona. Re rata bara le baradibabo rona ebile re a ba hlompha le ha ba entse diqeto tse fapaneng le tseo re di entseng.​—Bar. 14:10-12.

18. Re ka bontsha jwang hore re ananela mpho ya bophelo?

18 Re bontsha Jehova, Mohlodi wa bophelo hore re ananela bophelo boo a re fileng bona ka hore re bo sireletse hape re mo sebeletse ka hohle ka moo re ka kgonang. (Tshen. 4:11) Hona jwale re ka nna ra kula kapa ra hlahelwa ke dikoduwa. Empa bophelo bona ha se boo Mmopi wa rona a neng a re reretse bona. Haufinyane o tla re fa bophelo bo sa feleng re se re sa utlwe bohloko ebile re sa shwe. (Tshen. 21:4) Ha re ntse re emetse nako eo, re thabela ho phela le ho sebeletsa Jehova Ntate wa rona ya lehodimong ya re ratang.

PINA YA 140 Bophelo bo sa Feleng Qetellong!

a Sehloohong sena re tlo ithuta hore na re ka bontsha jwang hore re ananela mpho eo Modimo a re fileng yona e leng bophelo. Re tla bona hore na re ka etsang e le hore re dule re bolokehile nakong ya dikoduwa le hore na re ka qoba dikotsi jwang. Re tla boela re bue ka hore na re ka etsang haeba re ka hloka thuso ya tsa bongaka ka tshohanyetso.

b Karete ena e boetse e bitswa DPA.

c Shebella video ya Re ka Etsa Diqeto Tsa Phekolo Tse Amang Madi Jwang? e hlahang ho jw.org/st-za.

d DITSHWANTSHO: Morabo rona e motjha o tlatsa karete ya hae ya madi mme o etsa bonnete ba hore o dula a e nkile.