Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

[Ka lehlakoreng le letshehadi ho ya ka ho le letona] Marcelo, Yomara le Hiver. E mong le e mong o tshwere Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Spanish ya braille

Phutheho e Ile ya ba Bontsha Lerato

Phutheho e Ile ya ba Bontsha Lerato

NGWANANA e mong ya bitswang Yomara le bo abuti ba hae ba babedi e leng Marcelo le Hiver ba dula motseng o monyane naheng ya Guatemala. Yomara o ile a qalella ho ithuta Bibele le Dipaki mme ha morao bo abuti ba hae le bona ba ile ba ithuta. Bothata ke hore kaofela ha bona ba ne ba sa bone ba bile ba sa kgone ho bala dibuka tsa braille. Motho ya neng a ithuta Bibele le bona o ne a ba balla dirapa le mangolo a Bibele.

Bothata bo bong ke hore ba ne ba sa kgone ho ikisa dibokeng hobane Holo ya Mmuso e ne e le hole. Bara le baradibabo rona ba ne ba ba thusa ka hore ba ba late ka matsatsi a diboka. Ha Marcelo le Hiver ba qala ho fana ka dipuo tsa hara beke, barababo rona ba ile ba ba thusa ho tshwara dipuo tsa bona ka hlooho.

Diboka di ile tsa qalella ho tshwarelwa motseng wa habo bona ka May 2019. Ka nako eo, banyalani ba bang ba bopulamadiboho ba ka mehla ba ile ba tla motseng oo. Ba ne ba batla ho thusa Yomara, Hiver le Marcelo ho bala le ho ngola braille le hoja banyalani bana ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola braille. Ba ile ba ya laebrari ho fumana dibuka tsa braille e le hore ba ka kgona ho ruta ba bang.

Marcelo o a araba dibokeng

Ka mora dikgwedi tse mmalwa, boraro ba bona ba ne ba se ba kgona ho bala dibuka tsa braille mme sena se ile sa ba thusa hore e be metswalle ya Jehova. a Hona jwale e se e le bopulamadiboho ba ka mehla. Marcelo ke mohlanka ya sebeletsang. Ba dula ba phathahane beke e nngwe le e nngwe ba sebeletsa Jehova. Tjheseho ya bona e ile ya etsa hore batho ba bang le bona ba tjhesehele ho sebeletsa Jehova.

Yomara, Marcelo le Hiver ba ananela tsela eo phutheho e ba thusang ka yona. Yomara o re: “Dipaki di ile tsa re bontsha lerato di qala ho kopana le rona.” Marcelo o re: “Re na le metswalle e re ratang phuthehong ya habo rona hape re karolo ya lelapa la Bakrestemmoho le rona ba dinaheng tse ding.” Yomara le bo abuti ba hae ba lebeletse nako eo ka yona Jehova a tla etsa lefatshe lena paradeise.​—Pes. 37:10, 11; Esa. 35:5.

a Bukana ya Learn to Read Braille e etseditswe ho thusa batho ba sa boneng kapa ba sa boneng hantle ho ithuta ho bala le ho ngola braille.