Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintho Tse ka U Thusang ha U Ithuta

Lintho Tse ka U Thusang ha U Ithuta

Kamoo U ka Fumanang Lihlooho Tse Kileng Tsa Hlaha Leqepheng le Qalang la Websaete

Lihlooho tse hlahang leqepheng le qalang la websaete li thusa bara le barali ba bo rona ba bangata ha ba etsa mosebetsi oa ho bolela. Ho bonolo ho li romella batho ’me hangata li hlalosa kamoo lintho tse etsahalang lefatšeng li phethahatsang boprofeta ba Bibele ka teng. Mor’abo rona e mong o ile a re lihlooho tsena “li thusa haholo tseleng eo re etsang mosebetsi oa ho bolela ka eona hona joale.”

Empa lihlooho tsena li fetoloa hangata. Kahoo, u ka fumana lihlooho tse seng li sa hlahe leqepheng le qalang joang?

  • U ka kena ho jw.org/st kapa ho JW Library® ebe u khetha “Laebrari,” ka mor’a moo u tobetsa “Lihlooho” ebe qetellong u ea ho “Lihlooho Tse Ling.” Karolo ena e na le lihlooho tse ngata tse kileng tsa hlaha leqepheng le qalang la websaete.