Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta

Ka moo o ka Fumanang Dihlooho Tse Kileng Tsa Hlaha Leqepheng le Qalang la Websaete

Dihlooho tse hlahang leqepheng le qalang la websaete di thusa bara le baradibabo rona ba bangata ha ba etsa mosebetsi wa ho bolela. Ho bonolo ho di romella batho mme hangata di hlalosa ka moo dintho tse etsahalang lefatsheng di phethahatsang boprofeta ba Bibele ka teng. Morabo rona e mong o ile a re dihlooho tsena “di thusa haholo tseleng eo re etsang mosebetsi wa ho bolela ka yona hona jwale.”

  • Empa dihlooho tsena di fetolwa hangata. Ka hoo, o ka fumana dihlooho tse seng di sa hlahe leqepheng le qalang jwang? O ka kena ho jw.org/st-za kapa ho JW Library® ebe o kgetha “Laebrari,” ka mora moo o tobetse “Dihlooho” ebe qetellong o ya ho “Dihlooho Tse Ding.” Karolo ena e na le dihlooho tse ngata tse kileng tsa hlaha leqepheng le qalang la websaete.