Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o tla etsa hore lebitso la hae le rorisoe ka ho sa feleng

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Sehlooho se reng “Lebitso la Hao le ke le Halaletsoe” se ho Molula-Qhooa oa June 2020 se ile sa ntlafatsa tsela eo re utloisisang taba ea lebitso la Jehova le bobusi ba hae joang?

Sehloohong seo re ithutile hore taba ea bohlokoa e amang batho bohle le mangeloi ke ho halaletsoa ha lebitso la Jehova. Taba ea hore Jehova o busa ka tsela e molemo e amana le ho halaletsoa ha lebitso la hae. Hape taba ea hore batho ba lokela ho tšepahalla Jehova le eona e amana le ho halaletsoa ha lebitso la hae.

A re bueng ka mabaka a mararo a etsang hore hona joale re utloisise hore taba ea bohlokoa ke lebitso la Jehova le hore le halaletsoe.

Haesale Satane a ntse a senya Molimo lebitso ho tloha serapeng sa Edene ho fihlela hona joale

Lebaka la pele ke hore Satane o ile a senya Jehova lebitso serapeng sa Edene. Satane o ile a botsa Eva potso e neng e fana ka maikutlo a hore Jehova oa timana le hore litaelo tsa hae ha li utloahale. Hamorao Satane o ile a fetola mantsoe a Jehova ’me a fana ka maikutlo a hore Molimo o leshano. Satane o ile a bitsoa “Diabolose,” e bolelang “moetselletsi” hobane o ile a senya Jehova lebitso. (Joh. 8:44) Ka lebaka la hore Eva o ile a kholoa mashano a Satane, ha aa ka a mamela Molimo ’me o ile a fetohela bobusi ba Jehova. (Gen. 3:1-6) Le kajeno Satane o ntse a senya Molimo lebitso ka hore a phatlalatse mashano ka eena. Batho ba lumelang mashano ao a Satane hangata ha ba mamele Jehova. Batho ba Molimo ba nka hore ho senya Jehova lebitso ke ho hloka toka. Taba ea hore ebe Satane o senya Jehova lebitso, ke lebaka le ka sehloohong leo ho etsahalang lintho tse bohloko lefatšeng.

Lebaka la bobeli ke molemong oa lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng. Jehova o ikemiselitse ho halaletsa lebitso la hae. Ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho Jehova. Ke ka lebaka leo a reng: “Ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo.” (Ezek. 36:23) Jesu o ile a hlakisa hore na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo bahlanka ba Jehova ba lokelang ho e rapella ke efe ha a ne a re: “Lebitso la hao le halaletsoe.” (Mat. 6:9) Hangata Bibele e bontša hore ke habohlokoa hore lebitso la Jehova le tlotlisoe. Hlokomela mehlala e latelang: “Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso.” (1 Likron. 16:29; Pes. 96:8) “Binelang lebitso la hae le khanyang lipina tsa thoriso.” (Pes. 66:2) “Ke tla tlotlisa lebitso la hao ka ho sa feleng.” (Pes. 86:12) Le leng la makhetlo ao lentsoe la Jehova le ileng la utloahala ka ’ona e ne e le tempeleng e Jerusalema ha Jesu a ne a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Jehova o ile a mo araba ka ho re: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.”—Joh. 12:28. a

Lebaka la boraro ke hore morero oa Jehova o tla lula o ama lebitso la hae kapa botumo ba hae. Na lebitso la Jehova e tla ’ne e be la bohlokoa ka mor’a teko ea ho qetela qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete? Mangeloi le batho ba tla ikutloa joang ka lebitso la Jehova ka nako eo? E le hore re fumane likarabo tsa lipotso tsena, a re ke re bueng ka lintho tse peli e leng ho tšepahala ha batho le bobusi ba Jehova. Ka nako eo ho tla be ho sa hlokahale hore batho ba bontše hore baa tšepahala. Ba tla be ba se na sebe ’me ba lekiloe ka litsela tsohle. Ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Ka nako eo re ke ke ra hloka bopaki ba hore puso ea Jehova ke eona feela e molemo. Mangeloi le batho bohle ba tla lumela ho busoa ke Jehova. Empa na lebitso la Jehova e tla ’ne e be la bohlokoa ho batho ba hae?

Ka nako eo batho bohle ba tla be ba tseba ’nete ka Jehova ’me Jehova o tla be a halalelitse lebitso la hae. Empa lebitso la Jehova le tla lula e le la bohlokoa ho bahlanka ba hae kaofela leholimong le lefatšeng. Lebaka ke hobane Jehova o tla lula a etsa lintho tse molemo. Jesu o tla khutlisetsa puso ho Jehova ’me “Molimo o tla busa batho bohle.” (1 Bakor. 15:28) Ka mor’a moo, batho ba tla thabela “tokoloho joaloka bana ba Molimo.” (Bar. 8:21) Jehova o tla etsa hore morero oa hae oa hore mangeloi le batho e be lelapa le le leng o phethahale.—Baef. 1:10.

Ka mor’a hore lintho tsena kaofela li etsahale, lelapa la Jehova le leholimong le lefatšeng le tla ikutloa joang? Re tla ’ne re batle ho rorisa lebitso la Jehova. Mopesaleme Davida o ile a re: “Ho ke ho rorisoe Jehova Molimo . . . Lebitso la hae le khanyang le ke le rorisoe ka ho sa feleng.” (Pes. 72:18, 19) Re tla ’ne re be le mabaka a mangata a ho rorisa lebitso la Jehova ka ho sa feleng.

Lebitso la Jehova le emela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena. Ka ho khetheha lebitso la hae le re hopotsa tsela eo a re ratang ka eona. (1 Joh. 4:8) Re tla lula re hopola hore Jehova o re bopile hobane a re rata le hore o ile a fana ka mora oa hae hore a re shoele hobane a re rata. Hape re tla lula re hopola hore o busa ka toka le lerato. Re tla tsoela pele re bona kamoo Jehova a re ratang kateng. Re tla lula re batla ho ba metsoalle ea Ntate oa rona le ho rorisa lebitso la hae kamehla.—Pes. 73:28.

a Bibele e boetse e bontša hore ho na le lintho tse ngata tseo Jehova a li etsang “ka lebaka la lebitso la hae.” Ka mohlala, Jehova o tataisa batho ba hae, oa ba thusa, oa ba pholosa, oa ba tšoarela ebile oa ba sireletsa ka lebaka la lebitso hae.—Pes. 23:3; 31:3; 79:9; 106:8; 143:11.