Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 35

Lula u E-na le Mamello

Lula u E-na le Mamello

“E-bang le . . . mamello.”—BAKOL. 3:12.

PINA EA 114 Mamellang

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke hobane’ng ha u rata batho ba nang le mamello?

 KAOFELA ha rona re rata batho ba nang le mamello. Re hlompha batho ba khonang ho emela lintho ba sa fele pelo. Rea thaba ha batho ba bang ba re mamella ha re etsa liphoso. Hape re ananela hore ebe motho ea re rutileng Bibele o ile a re mamella ha re ne re thatafalloa ho utloisisa, ho lumela kapa ho etsa ntho eo re ithutileng eona Bibeleng. Empa haholo-holo re ananela hore ebe Jehova Molimo oa re mamella.—Bar. 2:4.

2. Re ka thatafalloa ho ba le mamello maemong afe?

2 Le hoja re rata ha batho ba bang ba e-na le mamello, ka linako tse ling rona re ka thatafalloa ho ba le eona. Mohlala, re ka thatafalloa ho ba le mamello ha sephethephethe se le sengata tseleng, haholo haeba re le morao nakong. Re ka halefa ha batho ba bang ba etsa lintho tse re tenang. Hape re ka thatafalloa ho emela lefatše le lecha leo Jehova a le tšepisitseng. Na u ka rata ho ntlafatsa tabeng ea ho ba le mamello? Sehloohong sena re tl’o tšohla hore na ho bolela’ng ho ba le mamello le hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ba le eona. Hape re tl’o ithuta hore na re ka thusoa ke eng hore re ntlafatse tabeng ea ho ba le mamello.

HO BA LE MAMELLO HO BOLELA’NG?

3. Motho ea nang le mamello o itšoara joang ha batho ba mo utloisitse bohloko?

3 A re bueng ka lintho tse ’nè tseo re ka li etsang ho bontša hore re na le mamello. Ea pele, motho ea nang le mamello o lieha ho halefa. O leka ho lula a khobile matšoafo ebile ha a iphetetse ha batho ba mo utloisitse bohloko. Hape ha a tšoare batho hampe ha a imetsoe kelellong. Poleloana e reng “ea liehang ho halefa” e hlaha ka lekhetlo la pele ka Bibeleng moo Jehova a hlalosoang e le “Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato le ’nete.”—Ex. 34:6.

4. Motho ea nang le mamello o etsa’ng ha ntho e nka nako e telele ho feta kamoo a lebeletseng?

4 Ea bobeli, motho ea nang le mamello ha a fele pelo. Haeba ntho e nka nako e telele ho feta kamoo a lebeletseng, o leka hore a se ke a lubeha kapa a teneha. (Mat. 18:26, 27) Ho na le maemo a mangata a hlokang hore re se ke ra fela pelo. Mohlala, ha motho e mong a ntse a bua, re lokela ho mo mamela re sa mo kene hanong. (Jobo 36:2) Hape re ka hloka ho ba le mamello ha re thusa motho ea ithutang Bibele ho utloisisa thuto e itseng ea Bibele kapa ho tlohela mokhoa o itseng o mobe.

5. Motho ea nang le mamello o etsa lintho joang?

5 Ea boraro, motho ea nang le mamello ha a etse lintho a sa nahana. Ke ’nete hore ka linako tse ling re hloka ho nka khato ka potlako. Empa ha motho ea nang le mamello a e-na le mosebetsi oa bohlokoa oo a lokelang ho o etsa, ha a o potlakele kapa hona ho o etsa a tatile. Ho e-na le hoo, o ipha nako e lekaneng ea ho rera hore na o tla o etsa joang ebe o nka nako ea hae e le hore a o etse hantle.

6. Motho ea nang le mamello o etsa’ng ha a e-na le mathata?

6 Ea bone, motho ea nang le mamello o loanela ho mamella mathata a sa tletlebe. Ha se phoso ho bua le motsoalle ea haufi u mo bolella hore na u ikutloa joang ka bothata boo u nang le bona. Leha ho le joalo, motho ea nang le mamello o boetse o nahana ka lintho tse ntle tse mo etsahallang ebile o loanela ho lula a sebeletsa Jehova a thabile le hoja a e-na le mathata. (Bakol. 1:11) Bahlanka ba Jehova ba lokela ho bontša hore ba na le mamello ka litsela tsena tsohle tseo re buileng ka tsona. Hobane’ng? A re bueng ka mabaka a seng makae.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HO BA LE MAMELLO?

Motho ea lemang o leta a sa fele pelo, a tšepile hore o tla kotula ka nako e nepahetseng. Le rona re leta ka mamello, re kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa lintho tsohle tseo a re tšepisitseng tsona ka nako e nepahetseng (Sheba serapa sa 7)

7. Ho ea ka Jakobo 5:7, 8, ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ba le mamello? (Sheba setšoantšo.)

7 Re hloka ho ba le mamello e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Re lokela ho ba le mamello joaloka bahlanka ba Molimo ba mehleng ea khale ’me re emele hore Molimo a phethahatse litšepiso tsa hae. (Baheb. 6:11, 12) Bibele e bapisa boemo ba rona le ba motho ea lemang. (Bala Jakobo 5:7, 8.) Motho ea lemang o sebetsa ka thata ho lema le ho nosetsa lijalo tsa hae empa ha a tsebe hantle hore na li tla mela neng. Kahoo, o leta a sa fele pelo, a tšepile hore o tla kotula. Ka tsela e tšoanang, le rona re lula re phathahane ka mosebetsi oa Morena le hoja re sa “tsebe hore na Morena oa [rona] o tla ka letsatsi lefe.” (Mat. 24:42) Re leta ka mamello re kholisehile hore ka nako e nepahetseng Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae kaofela. Haeba re felloa ke mamello, re ka qetella re khathetse ke ho leta eaba re tlohela ho sebeletsa Jehova butle-butle. Re ka boetse ra lelekisa lintho tseo re nahanang hore li tla re khotsofatsa hona joale. Empa haeba re sa fele pelo, re ka mamella ho fihlela qetellong eaba rea pholoha.—Mik. 7:7; Mat. 24:13.

8. Ho ba le mamello ho re thusa joang hore re sebelisane hantle le batho ba bang? (Bakolose 3:12, 13)

8 Ho ba le mamello ho re thusa ho sebelisana hantle le batho ba bang. Ho re thusa ho mamela ka hloko ha batho ba bang ba bua. (Jak. 1:19) Hape ho re thusa ho ba le khotso le batho ba bang. Ho re thusa hore re se ke ra etsa lintho re sa nahana le hore re se ke ra buisa batho ba bang hampe ha re imetsoe kelellong. Hape haeba re e-na le mamello, re ke ke ra halefa kapele ha motho e mong a re utloisitse bohloko. Ho e-na le ho iphetetsa, re tla ‘tsoela pele ho mamellana le ho tšoarelana.’—Bala Bakolose 3:12, 13.

9. Ho ba le mamello ho tla re thusa joang ha re lokela ho etsa liqeto? (Liproverbia 21:5)

9 Ha re e-na le mamello re tla etsa liqeto tse bohlale. Ho e-na le ho etsa liqeto ka lepotlapotla, re tla ipha nako ea ho etsa lipatlisiso le ho etsa khetho e molemo. (Bala Liproverbia 21:5.) Mohlala, haeba re ntse re batla mosebetsi, re ka ’na ra batla ho amohela mosebetsi o mong le o mong feela o hlahang le haeba o tla re sitisa ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, haeba re e-na le mamello, re tla ipha nako ea ho nahanisisa ka lintho tse kang hore na re tla nka nako e kae re ea mosebetsing, re tl’o qeta nako e kae re sebetsa le hore na mosebetsi oo o tla ama lelapa la rona le kamano ea rona le Jehova joang. Haeba re e-na le mamello, re tla qoba ho etsa qeto e fosahetseng.

U KA ETSA’NG HORE U NTLAFATSE TABENG EA HO BA LE MAMELLO?

10. Re ka etsa’ng hore re lule re e-na le mamello?

10 Rapela Jehova hore a u thuse. Mamello ke e ’ngoe ea litholoana tse behoang ke moea o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Kahoo, re ka kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang le ho re thusa ho ba le litholoana tse behoang ke oona. Haeba re le boemong boo ho bona ho leng thata ho ba le mamello, ‘re ’ne re kope’ hore a re fe moea o halalelang e le hore o re thuse ho ba le eona. (Luka 11:9, 13) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho sheba litaba ka tsela eo a li shebang ka eona. Ka mor’a hore re rapele, re lokela ho leka ho ba le mamello letsatsi le leng le le leng. Haeba re lula re kopa Jehova hore a re thuse ho ba le mamello ebile re etsa boiteko ba ho ba le eona, o tla re thusa ho ba le mamello le haeba ka tlhaho re se batho ba nang le eona.

11, 12. Jehova o bontšitse joang hore o na le mamello?

11 Nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Bibeleng. Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ea batho ba neng ba e-na le mamello. Ho nahanisisa ka mehlala ea bona ho ka re thusa ho bona hore na re ka etsa’ng ho bontša hore re na le mamello. Pele re bua ka e meng ea mehlala eo, a re bueng ka mohlala o ikhethang ka ho fetisisa oa ho ba le mamello, e leng oa Jehova.

12 Ha Adama le Eva ba ntse ba le serapeng sa Edene, Satane o ile a senya Jehova lebitso ka ho etsa hore Eva a nahane hore Jehova ke ’Musi ea se nang toka le lerato. Ho e-na le hore Jehova a felise Satane hang-hang, o ile a ithiba ’me a ba le mamello hobane o ne a tseba hore ho tla nka nako e le hore ho bonahale hore puso ea hae ke eona e molemo ka ho fetisisa. Ha a ntse a emetse hore seo se etsahale, o mameletse ha lebitso la hae le ntse le senngoa. Hape haesale Jehova a letile ka mamello e le hore batho ba bangata ba ka fumana monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. (2 Pet. 3:9, 15) Ka lebaka leo, batho ba limilione ba se ba mo tseba. Haeba re lula re nahana ka melemo e tlisoang ke mamello ea Jehova, re tla nolofalloa ho mo emela hore a tlise bofelo ka nako ea hae.

Ha re e-na le mamello, re ke ke ra halefa kapele ha re utloisitsoe bohloko (Sheba serapa sa 13)

13. Jesu o ile a bontša joang hore o na le mamello e tšoanang hantle le ea Ntate oa hae? (Sheba setšoantšo.)

13 Jesu o na le mamello e tšoanang hantle le ea Ntate oa hae ’me o ile a bontša hore o na le mamello ha a ne a le lefatšeng. E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore a lule a e-na le mamello, haholo ha a ne a sebelisana le bangoli le Bafarisi ba baikaketsi. (Joh. 8:25-27) Leha ho le joalo, Jesu o ne a lieha ho halefa joaloka Ntate oa hae. Ha aa ka a iphetetsa ha a ne a rohakoa kapa a utloisoa bohloko. (1 Pet. 2:23) Jesu o ile a mamella mathata a sa fele pelo ebile a sa tletlebe. Ha se feela Bibele e reng re “nahanisise ka ea mameletseng ha baetsalibe ba ne ba bua lintho tse hlabang.” (Baheb. 12:2, 3) Le rona Jehova a ka re thusa ho mamella bothata bofe kapa bofe boo re kopanang le bona re sa fele pelo.

Haeba re e-na le mamello joaloka Abrahama, re ka kholiseha hore Jehova o tla re putsa hona joale a be a re putse le ho feta lefatšeng le lecha leo a re tšepisitseng lona (Sheba serapa sa 14)

14. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Abrahama? (Baheberu 6:15) (Sheba setšoantšo.)

14 E ka ’na eaba ba bang ba rona re ne re lebeletse hore e tla ba ke khale bofelo bo fihlile. Joale ha bo sa fihle, re ka ’na ra tšoenyeha ka hore na ebe bo ke ke ba fihla re se re shoele. Ke’ng e tla re thusa hore re ’ne re lete ka mamello? Nahana ka mohlala oa Abrahama. Ha a ne a le lilemo li 75 ’me a se na bana, Jehova o ile a re ho eena: “Ke tla u etsa sechaba se seholo.” (Gen. 12:1-4) Na Abrahama o ile a bona ha tšepiso eo e phethahala? O ile a bona ha ho phethahala karoloana ea eona feela. Ka mor’a hore a tšele Noka ea Eufrate, o ile a ema lilemo tse 25 eaba o bona ha mora oa hae Isaka a tsoaloa ka mohlolo. Ka mor’a lilemo tse ling tse 60, o ile a ba le litloholo tse peli e leng Esau le Jakobo. (Bala Baheberu 6:15.) Empa Abrahama ha aa ka a bona ha bana ba hae ba fetoha sechaba se seholo ’me ba fumana naha eo Molimo a neng a ba tšepisitse eona. Leha ho le joalo, e ne e le motsoalle ea haufi oa ’Mopi oa hae. (Jak. 2:23) Ha Abrahama a se a tsositsoe bafung, o tl’o thaba haholo ha a utloa hore lichaba tsohle li ile tsa hlohonolofatsoa ka lebaka la tumelo le mamello ea hae. (Gen. 22:18) Re ithuta’ng tabeng ee? Le rona hona joale re ka ’na ra se ke ra bona ha lintho tsohle tseo Jehova a li tšepisitseng li phethahala. Empa haeba re e-na le mamello joaloka Abrahama, re ka kholiseha hore Jehova o tla re putsa hona joale a be a re putse le ho feta lefatšeng le lecha leo a re tšepisitseng lona.—Mar. 10:29, 30.

15. Ke eng eo re ka ithutang eona?

15 Ka Bibeleng ho na le mehlala e meng e mengata ea batho ba neng ba e-na le mamello. (Jak. 5:10) Ho ithuta ka bona ho ka u tsoela molemo. b Ka mohlala, le hoja Davida a ile a khethoa hore e be morena oa Iseraele a sa le monyenyane, o ile a tlameha ho ema lilemo tse ngata pele a ka qala ho busa. Simeone le Anna ba ile ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ha ba ntse ba emetse hore Mesia a fihle. (Luka 2:25, 36-38) Ha u ntse u ithuta ka batho ba kang bana, batla likarabo tsa lipotso tsena: E ka ’na eaba motho eo o ile a thusoa ke eng ho ba le mamello? Ho ba le mamello ho ile ha mo thusa joang? Nka mo etsisa joang? Ntho e ’ngoe e ka u thusang ke ho ithuta ka mehlala ea batho ba neng ba se na mamello. (1 Sam. 13:8-14) U ka ipotsa lipotso tsena: ‘E ka ’na eaba ke eng e entseng hore ba se ke ba e-ba le mamello? Litla-morao e ile ea e-ba life?’

16. Re tla fumana melemo efe ha re e-na le mamello?

16 Nahana ka melemo e tlisoang ke ho mamella. Ha re e-na le mamello, re tla ba le khotso le khutso. Ka lebaka leo, ho ba le mamello ho ka re thusa hore re lule re phetse hantle ’meleng le kelellong. Ha re mamella batho ba bang, re khona ho sebelisana hantle le bona. Phutheho ea habo rona e tla momahana le ho feta. Haeba re lieha ho halefa ha motho e mong a entse ntho e re tenang, re tla qoba ho mpefatsa boemo. (Pes. 37:8, nal.; Liprov. 14:29) Ka holimo ho tsohle, ha re e-na le mamello, re tla be re etsisa Ntate oa rona ea leholimong ebile setsoalle sa rona le eena se tla tiea le ho feta.

17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

17 Ho ba le mamello ke ntho e ntle ebile ho tla re tsoela molemo. Ha se kamehla ho leng bonolo hore re be le mamello empa Jehova o tla re thusa hore re lule re e-na le eona. Ha re ntse re emetse hore lefatše le lecha le fihle, re ka kholiseha hore “leihlo la Jehova le shebile ba mo tšabang, ba emetseng hore a ba bontše hore oa ba rata.” (Pes. 33:18) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho lula re e-na le mamello.

PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea ka

a Lefatšeng lena la Satane, batho ba bangata ha ba na mamello. Leha ho le joalo, Bibele e re re be le mamello. Sehlooho sena se tla re bontša hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ba le mamello le hore na re ka etsa’ng hore re be le eona haholoanyane.

b E le hore u fumane mehlala ea batho ba hlahang ka Bibeleng ba neng ba e-na le mamello, u ka ea sehloohong sa “Patience” se hlahang ho Watch Tower Publications Index.