Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 35

Dula o Ena le Mamello

Dula o Ena le Mamello

“Ebang le . . . mamello.”​—BAKOL. 3:12.

PINA YA 114 Tiisetsang

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke hobaneng ha o rata batho ba nang le mamello?

 KAOFELA ha rona re rata batho ba nang le mamello. Re hlompha batho ba kgonang ho emela dintho ba sa fele pelo. Re a thaba ha batho ba bang ba re mamella ha re etsa diphoso. Hape re ananela hore ebe motho ya re rutileng Bibele o ile a re mamella ha re ne re thatafallwa ho utlwisisa, ho dumela kapa ho etsa ntho eo re ithutileng yona Bibeleng. Empa haholoholo re ananela hore ebe Jehova Modimo o a re mamella.​—Bar. 2:4.

2. Re ka thatafallwa ho ba le mamello maemong afe?

2 Le hoja re rata ha batho ba bang ba ena le mamello, ka dinako tse ding rona re ka thatafallwa ho ba le yona. Mohlala, re ka thatafallwa ho ba le mamello ha sephethephethe se le sengata tseleng, haholo haeba re le morao nakong. Re ka halefa ha batho ba bang ba etsa dintho tse re tenang. Hape re ka thatafallwa ho emela lefatshe le letjha leo Jehova a le tshepisitseng. Na o ka rata ho ntlafatsa tabeng ya ho ba le mamello? Sehloohong sena re tlo tshohla hore na ho bolelang ho ba le mamello le hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho ba le yona. Hape re tlo ithuta hore na re ka thuswa ke eng hore re ntlafatse tabeng ya ho ba le mamello.

HO BA LE MAMELLO HO BOLELANG?

3. Motho ya nang le mamello o itshwara jwang ha batho ba mo utlwisitse bohloko?

3 A re bueng ka dintho tse nne tseo re ka di etsang ho bontsha hore re na le mamello. Ya pele, motho ya nang le mamello o dieha ho halefa. O leka ho dula a kgobile matshwafo ebile ha a iphetetse ha batho ba mo utlwisitse bohloko. Hape ha a tshware batho hampe ha a imetswe kelellong. Polelwana e reng “ya diehang ho halefa” e hlaha ka lekgetlo la pele ka Bibeleng moo Jehova a hlaloswang e le “Modimo ya mohau le ya nang le kutlwelobohloko, ya diehang ho halefa le ya nang le lerato le nnete.”​—Ex. 34:6.

4. Motho ya nang le mamello o etsang ha ntho e nka nako e telele ho feta ka moo a lebeletseng?

4 Ya bobedi, motho ya nang le mamello ha a fele pelo. Haeba ntho e nka nako e telele ho feta ka moo a lebeletseng, o leka hore a se ke a dubeha kapa a teneha. (Mat. 18:​26, 27) Ho na le maemo a mangata a hlokang hore re se ke ra fela pelo. Mohlala, ha motho e mong a ntse a bua, re lokela ho mo mamela re sa mo kene hanong. (Jobo 36:2) Hape re ka hloka ho ba le mamello ha re thusa motho ya ithutang Bibele ho utlwisisa thuto e itseng ya Bibele kapa ho tlohela mokgwa o itseng o mobe.

5. Motho ya nang le mamello o etsa dintho jwang?

5 Ya boraro, motho ya nang le mamello ha a etse dintho a sa nahana. Ke nnete hore ka dinako tse ding re hloka ho nka kgato ka potlako. Empa ha motho ya nang le mamello a ena le mosebetsi wa bohlokwa oo a lokelang ho o etsa, ha a o potlakele kapa hona ho o etsa a tatile. Ho ena le hoo, o ipha nako e lekaneng ya ho rera hore na o tla o etsa jwang ebe o nka nako ya hae e le hore a o etse hantle.

6. Motho ya nang le mamello o etsang ha a ena le mathata?

6 Ya bone, motho ya nang le mamello o lwanela ho mamella mathata a sa tletlebe. Ha se phoso ho bua le motswalle ya haufi o mo bolella hore na o ikutlwa jwang ka bothata boo o nang le bona. Le ha ho le jwalo, motho ya nang le mamello o boetse o nahana ka dintho tse ntle tse mo etsahallang ebile o lwanela ho dula a sebeletsa Jehova a thabile le hoja a ena le mathata. (Bakol. 1:​11) Bahlanka ba Jehova ba lokela ho bontsha hore ba na le mamello ka ditsela tsena tsohle tseo re buileng ka tsona. Hobaneng? A re bueng ka mabaka a seng makae.

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HO BA LE MAMELLO?

Motho ya lemang o leta a sa fele pelo, a tshepile hore o tla kotula ka nako e nepahetseng. Le rona re leta ka mamello, re kgodisehile hore Jehova o tla phethahatsa dintho tsohle tseo a re tshepisitseng tsona ka nako e nepahetseng (Sheba serapa sa 7)

7. Ho ya ka Jakobo 5:​7, 8, ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho ba le mamello? (Sheba setshwantsho.)

7 Re hloka ho ba le mamello e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Re lokela ho ba le mamello jwalo ka bahlanka ba Modimo ba mehleng ya kgale mme re emele hore Modimo a phethahatse ditshepiso tsa hae. (Baheb. 6:​11, 12) Bibele e bapisa boemo ba rona le ba motho ya lemang. (Bala Jakobo 5:​7, 8.) Motho ya lemang o sebetsa ka thata ho lema le ho nosetsa dijalo tsa hae empa ha a tsebe hantle hore na di tla mela neng. Ka hoo, o leta a sa fele pelo, a tshepile hore o tla kotula. Ka tsela e tshwanang, le rona re dula re phathahane ka mosebetsi wa Morena le hoja re sa “tsebe hore na Morena wa [rona] o tla ka letsatsi lefe.” (Mat. 24:​42) Re leta ka mamello re kgodisehile hore ka nako e nepahetseng Jehova o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae kaofela. Haeba re fellwa ke mamello, re ka qetella re kgathetse ke ho leta yaba re tlohela ho sebeletsa Jehova butlebutle. Re ka boetse ra lelekisa dintho tseo re nahanang hore di tla re kgotsofatsa hona jwale. Empa haeba re sa fele pelo, re ka mamella ho fihlela qetellong yaba re a pholoha.​—Mik. 7:7; Mat. 24:13.

8. Ho ba le mamello ho re thusa jwang hore re sebedisane hantle le batho ba bang? (Bakolose 3:​12, 13)

8 Ho ba le mamello ho re thusa ho sebedisana hantle le batho ba bang. Ho re thusa ho mamela ka hloko ha batho ba bang ba bua. (Jak. 1:​19) Hape ho re thusa ho ba le kgotso le batho ba bang. Ho re thusa hore re se ke ra etsa dintho re sa nahana le hore re se ke ra buisa batho ba bang hampe ha re imetswe kelellong. Hape haeba re ena le mamello, re ke ke ra halefa kapele ha motho e mong a re utlwisitse bohloko. Ho ena le ho iphetetsa, re tla ‘tswela pele ho mamellana le ho tshwarelana.’​—Bala Bakolose 3:​12, 13.

9. Ho ba le mamello ho tla re thusa jwang ha re lokela ho etsa diqeto? (Diproverbia 21:5)

9 Ha re ena le mamello re tla etsa diqeto tse bohlale. Ho ena le ho etsa diqeto ka lepotlapotla, re tla ipha nako ya ho etsa dipatlisiso le ho etsa kgetho e molemo. (Bala Diproverbia 21:5.) Mohlala, haeba re ntse re batla mosebetsi, re ka nna ra batla ho amohela mosebetsi o mong le o mong feela o hlahang le haeba o tla re sitisa ho sebeletsa Jehova. Le ha ho le jwalo, haeba re ena le mamello, re tla ipha nako ya ho nahanisisa ka dintho tse kang hore na re tla nka nako e kae re ya mosebetsing, re tlo qeta nako e kae re sebetsa le hore na mosebetsi oo o tla ama lelapa la rona le kamano ya rona le Jehova jwang. Haeba re ena le mamello, re tla qoba ho etsa qeto e fosahetseng.

O KA ETSANG HORE O NTLAFATSE TABENG YA HO BA LE MAMELLO?

10. Re ka etsang hore re dule re ena le mamello?

10 Rapela Jehova hore a o thuse. Mamello ke e nngwe ya ditholwana tse behwang ke moya o halalelang. (Bagal. 5:​22, 23) Ka hoo, re ka kopa Jehova hore a re fe moya o halalelang le ho re thusa ho ba le ditholwana tse behwang ke wona. Haeba re le boemong boo ho bona ho leng thata ho ba le mamello, ‘re nne re kope’ hore a re fe moya o halalelang e le hore o re thuse ho ba le yona. (Luka 11:​9, 13) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse ho sheba ditaba ka tsela eo a di shebang ka yona. Ka mora hore re rapele, re lokela ho leka ho ba le mamello letsatsi le leng le le leng. Haeba re dula re kopa Jehova hore a re thuse ho ba le mamello ebile re etsa boiteko ba ho ba le yona, o tla re thusa ho ba le mamello le haeba ka tlhaho re se batho ba nang le yona.

11, 12. Jehova o bontshitse jwang hore o na le mamello?

11 Nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Bibeleng. Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata ya batho ba neng ba ena le mamello. Ho nahanisisa ka mehlala ya bona ho ka re thusa ho bona hore na re ka etsang ho bontsha hore re na le mamello. Pele re bua ka e meng ya mehlala eo, a re bueng ka mohlala o ikgethang ka ho fetisisa wa ho ba le mamello, e leng wa Jehova.

12 Ha Adama le Eva ba ntse ba le serapeng sa Edene, Satane o ile a senya Jehova lebitso ka ho etsa hore Eva a nahane hore Jehova ke Mmusi ya se nang toka le lerato. Ho ena le hore Jehova a fedise Satane hanghang, o ile a ithiba mme a ba le mamello hobane o ne a tseba hore ho tla nka nako e le hore ho bonahale hore puso ya hae ke yona e molemo ka ho fetisisa. Ha a ntse a emetse hore seo se etsahale, o mameletse ha lebitso la hae le ntse le senngwa. Hape haesale Jehova a letile ka mamello e le hore batho ba bangata ba ka fumana monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. (2 Pet. 3:​9, 15) Ka lebaka leo, batho ba dimilione ba se ba mo tseba. Haeba re dula re nahana ka melemo e tliswang ke mamello ya Jehova, re tla nolofallwa ho mo emela hore a tlise bofelo ka nako ya hae.

Ha re ena le mamello, re ke ke ra halefa kapele ha re utlwisitswe bohloko (Sheba serapa sa 13)

13. Jesu o ile a bontsha jwang hore o na le mamello e tshwanang hantle le ya Ntate wa hae? (Sheba setshwantsho.)

13 Jesu o na le mamello e tshwanang hantle le ya Ntate wa hae mme o ile a bontsha hore o na le mamello ha a ne a le lefatsheng. E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore a dule a ena le mamello, haholo ha a ne a sebedisana le bangodi le Bafarisi ba baikaketsi. (Joh. 8:​25-27) Le ha ho le jwalo, Jesu o ne a dieha ho halefa jwalo ka Ntate wa hae. Ha a ka a iphetetsa ha a ne a rohakwa kapa a utlwiswa bohloko. (1 Pet. 2:​23) Jesu o ile a mamella mathata a sa fele pelo ebile a sa tletlebe. Ha se feela Bibele e reng re “nahanisise ka ya mameletseng ha baetsadibe ba ne ba bua dintho tse hlabang.” (Baheb. 12:​2, 3) Le rona Jehova a ka re thusa ho mamella bothata bofe kapa bofe boo re kopanang le bona re sa fele pelo.

Haeba re ena le mamello jwalo ka Abrahama, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re putsa hona jwale a be a re putse le ho feta lefatsheng le letjha leo a re tshepisitseng lona (Sheba serapa sa 14)

14. Re ka ithutang mohlaleng wa Abrahama? (Baheberu 6:​15) (Sheba setshwantsho.)

14 E ka nna yaba ba bang ba rona re ne re lebeletse hore e tla ba ke kgale bofelo bo fihlile. Jwale ha bo sa fihle, re ka nna ra tshwenyeha ka hore na ebe bo ke ke ba fihla re se re shwele. Keng e tla re thusa hore re nne re lete ka mamello? Nahana ka mohlala wa Abrahama. Ha a ne a le dilemo di 75 mme a se na bana, Jehova o ile a re ho yena: “Ke tla o etsa setjhaba se seholo.” (Gen. 12:​1-4) Na Abrahama o ile a bona ha tshepiso eo e phethahala? O ile a bona ha ho phethahala karolwana ya yona feela. Ka mora hore a tshele Noka ya Eufrate, o ile a ema dilemo tse 25 yaba o bona ha mora wa hae Isaka a tswalwa ka mohlolo. Ka mora dilemo tse ding tse 60, o ile a ba le ditloholo tse pedi e leng Esau le Jakobo. (Bala Baheberu 6:​15.) Empa Abrahama ha a ka a bona ha bana ba hae ba fetoha setjhaba se seholo mme ba fumana naha eo Modimo a neng a ba tshepisitse yona. Le ha ho le jwalo, e ne e le motswalle ya haufi wa Mmopi wa hae. (Jak. 2:​23) Ha Abrahama a se a tsositswe bafung, o tlo thaba haholo ha a utlwa hore ditjhaba tsohle di ile tsa hlohonolofatswa ka lebaka la tumelo le mamello ya hae. (Gen. 22:​18) Re ithutang tabeng ee? Le rona hona jwale re ka nna ra se ke ra bona ha dintho tsohle tseo Jehova a di tshepisitseng di phethahala. Empa haeba re ena le mamello jwalo ka Abrahama, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re putsa hona jwale a be a re putse le ho feta lefatsheng le letjha leo a re tshepisitseng lona.​—Mar. 10:​29, 30.

15. Ke eng eo re ka ithutang yona?

15 Ka Bibeleng ho na le mehlala e meng e mengata ya batho ba neng ba ena le mamello. (Jak. 5:​10) Ho ithuta ka bona ho ka o tswela molemo. b Ka mohlala, le hoja Davida a ile a kgethwa hore e be morena wa Iseraele a sa le monyenyane, o ile a tlameha ho ema dilemo tse ngata pele a ka qala ho busa. Simeone le Anna ba ile ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ha ba ntse ba emetse hore Mesia a fihle. (Luka 2:​25, 36-38) Ha o ntse o ithuta ka batho ba kang bana, batla dikarabo tsa dipotso tsena: E ka nna yaba motho eo o ile a thuswa ke eng ho ba le mamello? Ho ba le mamello ho ile ha mo thusa jwang? Nka mo etsisa jwang? Ntho e nngwe e ka o thusang ke ho ithuta ka mehlala ya batho ba neng ba se na mamello. (1 Sam. 13:​8-14) O ka ipotsa dipotso tsena: ‘E ka nna yaba ke eng e entseng hore ba se ke ba eba le mamello? Ditlamorao e ile ya eba dife?’

16. Re tla fumana melemo efe ha re ena le mamello?

16 Nahana ka melemo e tliswang ke ho mamella. Ha re ena le mamello, re tla ba le kgotso le kgutso. Ka lebaka leo, ho ba le mamello ho ka re thusa hore re dule re phetse hantle mmeleng le kelellong. Ha re mamella batho ba bang, re kgona ho sebedisana hantle le bona. Phutheho ya habo rona e tla momahana le ho feta. Haeba re dieha ho halefa ha motho e mong a entse ntho e re tenang, re tla qoba ho mpefatsa boemo. (Pes. 37:​8, nal.; Diprov. 14:​29) Ka hodimo ho tsohle, ha re ena le mamello, re tla be re etsisa Ntate wa rona ya lehodimong ebile setswalle sa rona le yena se tla tiya le ho feta.

17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

17 Ho ba le mamello ke ntho e ntle ebile ho tla re tswela molemo. Ha se ka mehla ho leng bonolo hore re be le mamello empa Jehova o tla re thusa hore re dule re ena le yona. Ha re ntse re emetse hore lefatshe le letjha le fihle, re ka kgodiseha hore “leihlo la Jehova le shebile ba mo tshabang, ba emetseng hore a ba bontshe hore o a ba rata.” (Pes. 33:​18) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho dula re ena le mamello.

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka

a Lefatsheng lena la Satane, batho ba bangata ha ba na mamello. Le ha ho le jwalo, Bibele e re re be le mamello. Sehlooho sena se tla re bontsha hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho ba le mamello le hore na re ka etsang hore re be le yona haholwanyane.

b E le hore o fumane mehlala ya batho ba hlahang ka Bibeleng ba neng ba ena le mamello, o ka ya sehloohong sa Patience se hlahang ho Watch Tower Publications Index.