Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

1923—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

1923—Lilemo Tse Lekholo Tse Fetileng

MOLULA-QHOOA oa Senyesemane oa January 1, 1923, o ile oa re: “Re lebeletse hore selemo sa 1923 e be se thabisang. Ke tlotla e kholo ho bolella batho ba hateletsoeng hore haufinyane maemo a tla ntlafala.” Ka selemo sa 1923, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa liphetoho tse thabisang tseleng eo li tšoarang liboka, likopano le tseleng eo li etsang mosebetsi oa boboleli ka eona. Ka lebaka leo, li ile tsa momahana le ho feta.

LIBOKA LI ILE TSA LI THUSA HO MOMAHANA

Almanaka e nang le mangolo le linomoro tsa lipina

Selemong seo, mokhatlo o ile oa etsa liphetoho tse ileng tsa thusa Liithuti Tsa Bibele hore li momahane haholoanyane. Molula-Qhooa o ile oa qala ho ba le litlhaloso tsa lengolo le neng le tla tšohloa Sebokeng sa Thapelo le Thoriso beke e ’ngoe le e ’ngoe. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa boela tsa hatisa almanaka e neng e e-na le lengolo le neng le tla tšohloa sebokeng bekeng eo. Ho ne ho boetse ho e-na le pina e neng e tla binoa letsatsi ka leng nakong ea thuto ea lelapa kapa ea motho ka mong.

Ha Liithuti Tsa Bibele li ne li le libokeng, li ne li bua ka lintho tse li etsahaletseng ha li le tšimong, li bua hore na li leboha Jehova ka eng, li bina pina kapa li rapela. Morali oa bo rona Eva Barney ea ileng a kolobetsoa ka 1923 a le lilemo li 15 o re: “Ha u ne u batla ho bua, u ne u ema ebe u re, ‘Ke rata ho leboha Morena ka lebaka la lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona.’” Bara ba bang ba bo rona ba ne ba thabela ho bua haholo. Morali oa bo rona Barney o re: “Mor’abo rona Godwin ea neng a se a holile o ne a e-na le lintho tse ngata tseo a neng a rata ho leboha Morena ka tsona. Empa ha mosali oa hae a hlokomela hore mor’abo rona ea neng a khanna seboka o se a sa tsitsa, o ne a hula Mor’abo rona Godwin hanyane ka baki ebe Mor’abo rona Godwin oa thola, o lula fatše.”

Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tšoara Seboka se khethehileng sa Thapelo le Thoriso hanngoe ka khoeli. Molula-Qhooa oa April 1, 1923, o ile oa hlalosa hore na seboka sena se lokela ho tšoaroa joang. O ile oa re: “Halofo ea seboka sena e lokela ho ba lintlha tse khothatsang tse etsahetseng tšimong e le ho khothatsa phutheho. . . . Re lumela hore liboka tsena tse khothatsang li tla etsa hore bara le barali ba bo rona ba momahane le ho feta.”

Mohoeletsi ea bitsoang Charles Martin ea neng a le lilemo li 19 oa Vancouver, Canada, o ile a rua molemo haholo libokeng tsena. Hamorao o ile a re: “Ke ile ka ithuta sebokeng sena hore na ke lokela ho bua joang ka ntlo le ntlo. Hangata ho ne ho e-na le motho ea buang hore na ho etsahetse’ng ha a ne a le mosebetsing oa ntlo le ntlo. Lintlha tsena li ne li mpha malebela a hore na ke re’ng le hore na ke arabele batho ba hanyetsang joang.”

HO BOLELLA BATHO KA ’MUSO HO ILE HA BA THUSA HO MOMAHANA

Bulletin ea May 1, 1923

Bara ba bo rona ba ile ba momahanngoa ke ho ba le matsatsi ao ka ’ona motho e mong le e mong a neng a khothaletsoa hore a ee tšimong. Molula-Qhooa oa April 1, 1923 o ile oa etsa tsebiso e reng: “E le hore re momahane kaofela mosebetsing o tšoanang . . . , Labobeli la la 1 May 1923 le khethiloe e le letsatsi la tšebeletso ea tšimo. Ka mor’a moo, Labobeli le qalang la khoeli e ’ngoe le e ’ngoe e se e tla ba letsatsi la tšebeletso ea tšimo . . . E mong le e mong ka phuthehong o lokela ho nka karolo mosebetsing ona.”

Esita le bacha ba Liithuti Tsa Bibele ba ne ba etsa mosebetsi ona. Morali oa bo rona Hazel Burford ea neng a le lilemo li 16 o ile a re: “Sengoloa se bitsoang Bulletin se ne se fana ka mehlala ea seo re ka se buang le batho e le hore re e tšoare ka hlooho. a ’Na le ntate-moholo oa ka re ne re sebetsa ka thata mosebetsing ona.” Leha ho le joalo, Morali oa bo rona Burford o ile a makatsoa ke hore mor’abo rona e mong o ne a sa tšehetse taba ea hore o bua le batho ka ’Muso. O ile a re: “Mor’abo rona e mong ea holileng o ne a nyatsa ka matla taba ea hore ebe ke bua le batho. Ka nako eo, batho ba bang ba ne ba sa utloisise hore Liithuti Tsa Bibele tsohle, ho akareletsa ‘bahlankana le baroetsana,’ li ne li lokela ho rorisa ’Mopi oa rona e Moholo.” (Pes. 148:12, 13) Empa Morali oa bo rona Burford o ile a tsoela pele a bolela. Hamorao o ile a ba tlelaseng ea bobeli ea Sekolo sa Gileade ’me ka mor’a moo a sebetsa e le moromuoa Panama. Bara bao ba bo rona ba ile ba qetella ba fetotse pono ea bona ea hore bacha ba se ke ba ea tšimong.

LIKOPANO LI MOMAHANYA BARA BA BO RONA HAHOLOANYANE

Likopano le tsona li ile tsa thusa bara ba bo rona hore ba momahane haholoanyane. Likopano tse ngata li ne li e-na le letsatsi la tšebeletso ea tšimo. Ka mohlala, kopanong e neng e tšoaretsoe Winnipeg, Canada ka la 31 March, ho ile ha mengoa batho bohle ba neng ba tlile kopanong hore ba ee tšimong toropong eo. Batho ba bangata ba ile ba pakeloa nakong ea matsatsi ana a khethehileng a ho ea tšimong ’me ho ile ha e-ba le litholoana tse ntle. Ka la 5 August, batho ba ka bang 7 000 ba ile ba ea kopanong e ’ngoe hona Winnipeg. Ka nako eo, ena e ne e le palo e holimo ka ho fetisisa ea batho ba kileng ba ea kopanong Canada.

Kopano ea bohlokoa ka ho fetisisa ea batho ba Jehova ka 1923 e ne e tšoaretsoe Los Angeles, California, ka la 18-26 August. Libeke pele ho kopano, likoranta li ne li phatlalatsa kopano ’me Liithuti Tsa Bibele li ile tsa tsamaisa limemo tse fetang 500,000. Liphatlalatso tse ling tsa kopano li ne li behiloe likoloing tsa baeti le tsa beng ba tsona.

Kopano ea Liithuti Tsa Bibele e neng e tšoaretsoe Los Angeles ka 1923

Ka Moqebelo oa la 25 August, Mor’abo rona Rutherford o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Linku le Lipoli.” O ile a re “linku” ke batho ba lipelo li ntle ba tla phela paradeiseng lefatšeng. O ile a boela a fana ka puo e ’ngoe eo ho eona a ileng a bala qeto e bitsoang “Temoso.” Qeto eo e ile ea re Bokreste-’motoana bo fosahetse ea ba ea khothaletsa batho ba lipelo li ntle hore ba ikarole ho “Babilona e Moholo.” (Tšen. 18:2, 4) Hamorao Liithuti Tsa Bibele tse chesehang lefatšeng lohle li ile tsa tsamaisa lipampitšana tse limilione tse nang le qeto eo.

“Liboka tsena tse khothatsang li tla etsa hore bara le barali ba bo rona ba momahane le ho feta”

Ka letsatsi la ho qetela la kopano, batho ba fetang 30 000 ba ile ba mamela Mor’abo rona Rutherford ha a ne a fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Joale Lichaba Tsohle li Lebile Armagedone, Empa ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba Shoa.” Kaha Liithuti Tsa Bibele li ne li nahanne hore batho ba tl’o ba bangata, li ile tsa hira stadium se neng se le secha sa Los Angeles Coliseum. E le ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba utloa lenaneo hantle, bara ba bo rona ba ile ba sebelisa sebuela-hole sa stadium, e leng theknoloji e neng e le ncha ka nako eo. Batho ba bang ba bangata ba ile ba mamela lenaneo leo seea-le-moeeng.

MOSEBETSI OA BOBOLELI OA EKETSEHA LINAHENG TSE LING

Ka selemo sa 1923, mosebetsi oa boboleli o ile oa etsoa ka sekhahla le ho feta Afrika, Europe, India le Amerika Boroa. Naheng ea India, Mor’abo rona A. J. Joseph o ne a hlokomela mosali oa hae le bana ba tšeletseng ha ka nako e tšoanang a ne a thusa ho hlahisa lingoloa ka lipuo tsa Sehindi, Setamile, Setelugu le Seurdu.

William R. Brown le lelapa la hae

Naheng ea Sierra Leone, Liithuti Tsa Bibele tse peli e leng Alfred Joseph le Leonard Blackman li ile tsa ngolla ntlo-kholo e Brooklyn, New York, li kopa thuso. Li ile tsa fumana karabo ka la 14 April 1923. Alfred o re: “Ka Moqebelo o mong bosiu, motho e mong o ile a ntetsetsa ke sa lebella.” O ile a utloa lentsoe le phahameng le re: “Na ke uena ea ileng a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower a kopa batho ba ka bolelang litaba tse molemo?” Alfred o ile a re: “E, ke ’na.” Motho eo o ile a re: “Ba rometse ’na.” Motho eo e ne e le William R. Brown. Eena, mosali oa hae Antonia le barali ba bona ba banyenyane Louise le Lucy, ba ne ba fihlile letsatsing leo ba tsoa Caribbean. Kapele ka mor’a moo, bara ba bo rona ba ile ba kopana le Mor’abo rona Brown le lelapa la hae.

Alfred o re: “Hoseng ho latelang, ’na le Leonard re ne re tšoere thuto ea Bibele ea beke le beke ha ho fihla senatlahali sa monna. E ne e le Mor’abo rona Brown. O ne a chesehela ’nete hoo a neng a batla ho fana ka puo ea phatlalatsa letsatsing le latelang.” Le pele khoeli e fela, Mor’abo rona Brown o ne a se a tsamaisitse lingoloa tsohle tseo a neng a tlile le tsona. Ka mor’a moo, o ile a fumana libuka tse 5 000 ’me ho e-s’o ee kae o ne a se a hloka tse ling. Empa Mor’abo rona Brown o ne a sa tuma e le morekisi oa libuka. Nakong e telele eo a e qetileng a sebeletsa Jehova ka cheseho, o ne a lula a sebelisa Bibele lipuong tsa hae. Ka lebaka leo, batho ba ile ba mo bitsa Bible Brown.

Bethele e Magdeburg ka 1923

Naheng ea Jeremane, bara ba bo rona ba ile ba etsa qeto ea ho falla ofising ea lekala e Barmen kaha e ne e se e le nyenyane haholo. Hape ba ne ba utloile hore mabotho a naha ea Fora a ne a le haufi le ho hapa toropo eo. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa fumana mohaho o loketseng bakeng sa ho hatisa lingoloa Magdeburg. Ka la 19 June, bara ba bo rona ba ile ba qeta ho paka thepa e hatisang le thepa e ’ngoe ’me ba fallela Bethele e ncha e Magdeburg. Letsatsi ka mor’a hore ntlo-kholo e bolelloe hore bara ba bo rona ba se ba qetile ho falla, likoranta li ile tsa phatlalatsa hore Fora e se e hapile toropo ea Barmen. Bara ba bo rona ba ile ba bona hore ho falla hona ke bopaki ba hore Jehova oa ba hlohonolofatsa ebile oa ba sireletsa.

George Young le Sarah Ferguson (ka ho le letona) le ausi oa hae

Naheng ea Brazil, Mor’abo rona George Young ea neng a tsamaea haholo a bolela litaba tse monate, o ile a hlophisa ofisi e ncha ea lekala eaba o qala ho hatisa Molula-Qhooa ka puo ea Sepotoketsi. Ka likhoeli tse seng kae feela, o ne a se a tsamaisitse lingoloa tse fetang 7 000. Sarah Ferguson o ne a thabile haholo ha Mor’abo rona Young a etela lelapa la hae. Haesale a bala Molula-Qhooa ho tloha ka 1899, empa o ne a e-s’o ka a fumana monyetla oa ho kolobetsoa. Likhoeli tse ’maloa hamorao, Morali oa bo rona Ferguson le bana ba hae ba bane ba ile ba kolobetsoa.

“HO TSOELA PELE RE SEBELETSA MOLIMO KA CHESEHO RE BILE RE THABILE”

Ha selemo se fela, Molula-Qhooa oa December 15, 1923 o ile oa hlalosa hore na liphetoho tse entsoeng libokeng, tšimong le likopanong li ile tsa ama Liithuti Tsa Bibele joang. O ile oa re: “Ho hlakile hore liphutheho . . . li na le tumelo e matla . . . A re itokisetseng mosebetsi o eketsehileng le ho tsoela pele re sebeletsa Molimo ka cheseho re bile re thabile selemong se tlang sa 1924.”

Selemo sa 1924 le sona e ile ea e-ba se thabisang ho Liithuti Tsa Bibele. Bara ba bo rona ba Bethele ba ne ba nkile likhoeli ba haha setšeng se Sehlekehlekeng sa Staten, se neng se le haufi le ntlo-kholo e Brooklyn. Mehaho e ileng ea hahoa setšeng seo e ile ea fela ha selemo sa 1924 se sa tsoa qala. E ile ea thusa bara ba bo rona ho momahana le ho bolela litaba tse monate ka litsela tse neng li ke ke tsa khoneha pele.

Batho ba neng ba haha Sehlekehlekeng sa Staten

a Hona joale e se e bitsoa Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona.