Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

1923—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

1923—Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng

TORA YA HO LEBELA ya Senyesemane ya January 1, 1923, e ile ya re: “Re lebeletse hore selemo sa 1923 e be se thabisang. Ke tlotla e kgolo ho bolella batho ba hateletsweng hore haufinyane maemo a tla ntlafala.” Ka selemo sa 1923, Diithuti Tsa Bibele di ile tsa etsa diphetoho tse thabisang tseleng eo di tshwarang diboka, dikopano le tseleng eo di etsang mosebetsi wa boboledi ka yona. Ka lebaka leo, di ile tsa momahana le ho feta.

DIBOKA DI ILE TSA DI THUSA HO MOMAHANA

Almanaka e nang le mangolo le dinomoro tsa dipina

Selemong seo, mokgatlo o ile wa etsa diphetoho tse ileng tsa thusa Diithuti Tsa Bibele hore di momahane haholwanyane. Tora ya ho Lebela e ile ya qala ho ba le ditlhaloso tsa lengolo le neng le tla tshohlwa Sebokeng sa Thapelo le Thoriso beke e nngwe le e nngwe. Diithuti Tsa Bibele di ile tsa boela tsa hatisa almanaka e neng e ena le lengolo le neng le tla tshohlwa sebokeng bekeng eo. Ho ne ho boetse ho ena le pina e neng e tla binwa letsatsi ka leng nakong ya thuto ya lelapa kapa ya motho ka mong.

Ha Diithuti Tsa Bibele di ne di le dibokeng, di ne di bua ka dintho tse di etsahaletseng ha di le tshimong, di bua hore na di leboha Jehova ka eng, di bina pina kapa di rapela. Moradi wa bo rona Eva Barney ya ileng a kolobetswa ka 1923 a le dilemo di 15 o re: “Ha o ne o batla ho bua, o ne o ema ebe o re, ‘Ke rata ho leboha Morena ka lebaka la dintho tsohle tse molemo tseo a nketseditseng tsona.’” Bara ba bang ba bo rona ba ne ba thabela ho bua haholo. Moradi wa bo rona Barney o re: “Morabo rona Godwin ya neng a se a hodile o ne a ena le dintho tse ngata tseo a neng a rata ho leboha Morena ka tsona. Empa ha mosadi wa hae a hlokomela hore morabo rona ya neng a kganna seboka o se a sa tsitsa, o ne a hula Morabo rona Godwin hanyane ka baki ebe Morabo rona Godwin o a thola, o dula fatshe.”

Phutheho e nngwe le e nngwe e ne e tshwara Seboka se kgethehileng sa Thapelo le Thoriso hanngwe ka kgwedi. Tora ya ho Lebela ya April 1, 1923, e ile ya hlalosa hore na seboka sena se lokela ho tshwarwa jwang. E ile ya re: “Halofo ya seboka sena e lokela ho ba dintlha tse kgothatsang tse etsahetseng tshimong e le ho kgothatsa phutheho. . . . Re dumela hore diboka tsena tse kgothatsang di tla etsa hore bara le baradi ba bo rona ba momahane le ho feta.”

Mohweletsi ya bitswang Charles Martin ya neng a le dilemo di 19 wa Vancouver, Canada, o ile a rua molemo haholo dibokeng tsena. Ha morao o ile a re: “Ke ile ka ithuta sebokeng sena hore na ke lokela ho bua jwang ka ntlo le ntlo. Hangata ho ne ho ena le motho ya buang hore na ho etsahetseng ha a ne a le mosebetsing wa ntlo le ntlo. Dintlha tsena di ne di mpha malebela a hore na ke reng le hore na ke arabele batho ba hanyetsang jwang.”

HO BOLELLA BATHO KA MMUSO HO ILE HA BA THUSA HO MOMAHANA

Bulletin ya May 1, 1923

Bara ba bo rona ba ile ba momahanngwa ke ho ba le matsatsi ao ka ona motho e mong le e mong a neng a kgothaletswa hore a ye tshimong. Tora ya ho Lebela ya April 1, 1923 e ile ya etsa tsebiso e reng: “E le hore re momahane kaofela mosebetsing o tshwanang . . . , Labobedi la la 1 May 1923 le kgethilwe e le letsatsi la tshebeletso ya tshimo. Ka mora moo, Labobedi le qalang la kgwedi e nngwe le e nngwe e se e tla ba letsatsi la tshebeletso ya tshimo . . . E mong le e mong ka phuthehong o lokela ho nka karolo mosebetsing ona.”

Esita le batjha ba Diithuti Tsa Bibele ba ne ba etsa mosebetsi ona. Moradi wa bo rona Hazel Burford ya neng a le dilemo di 16 o ile a re: “Sengolwa se bitswang Bulletin se ne se fana ka mehlala ya seo re ka se buang le batho e le hore re e tshware ka hlooho. a Nna le ntatemoholo wa ka re ne re sebetsa ka thata mosebetsing ona.” Le ha ho le jwalo, Moradi wa bo rona Burford o ile a makatswa ke hore morabo rona e mong o ne a sa tshehetse taba ya hore o bua le batho ka Mmuso. O ile a re: “Morabo rona e mong ya hodileng o ne a nyatsa ka matla taba ya hore ebe ke bua le batho. Ka nako eo, batho ba bang ba ne ba sa utlwisise hore Diithuti Tsa Bibele tsohle, ho akareletsa ‘bahlankana le barwetsana,’ di ne di lokela ho rorisa Mmopi wa rona e Moholo.” (Pes. 148:​12, 13) Empa Moradi wa bo rona Burford o ile a tswela pele a bolela. Ha morao o ile a ba tlelaseng ya bobedi ya Sekolo sa Gileade mme ka mora moo a sebetsa e le moromuwa Panama. Bara bao ba bo rona ba ile ba qetella ba fetotse pono ya bona ya hore batjha ba se ke ba ya tshimong.

DIKOPANO DI MOMAHANYA BARA BA BO RONA HAHOLWANYANE

Dikopano le tsona di ile tsa thusa bara ba bo rona hore ba momahane haholwanyane. Dikopano tse ngata di ne di ena le letsatsi la tshebeletso ya tshimo. Ka mohlala, kopanong e neng e tshwaretswe Winnipeg, Canada ka la 31 March, ho ile ha mengwa batho bohle ba neng ba tlile kopanong hore ba ye tshimong toropong eo. Batho ba bangata ba ile ba pakelwa nakong ya matsatsi ana a kgethehileng a ho ya tshimong mme ho ile ha eba le ditholwana tse ntle. Ka la 5 August, batho ba ka bang 7 000 ba ile ba ya kopanong e nngwe hona Winnipeg. Ka nako eo, ena e ne e le palo e hodimo ka ho fetisisa ya batho ba kileng ba ya kopanong Canada.

Kopano ya bohlokwa ka ho fetisisa ya batho ba Jehova ka 1923 e ne e tshwaretswe Los Angeles, California, ka la 18-26 August. Dibeke pele ho kopano, dikoranta di ne di phatlalatsa kopano mme Diithuti Tsa Bibele di ile tsa tsamaisa dimemo tse fetang 500 000. Diphatlalatso tse ding tsa kopano di ne di behilwe dikoloing tsa baeti le tsa beng ba tsona.

Kopano ya Diithuti Tsa Bibele e neng e tshwaretswe Los Angeles ka 1923

Ka Moqebelo wa la 25 August, Morabo rona Rutherford o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Dinku le Dipodi.” O ile a re “dinku” ke batho ba dipelo di ntle ba tla phela paradeiseng lefatsheng. O ile a boela a fana ka puo e nngwe eo ho yona a ileng a bala qeto e bitswang “Temoso.” Qeto eo e ile ya re Bokrestemmotwana bo fosahetse ya ba ya kgothaletsa batho ba dipelo di ntle hore ba ikarole ho “Babilona e Moholo.” (Tshen. 18:​2, 4) Ha morao Diithuti Tsa Bibele tse tjhesehang lefatsheng lohle di ile tsa tsamaisa dipampitshana tse dimilione tse nang le qeto eo.

“Diboka tsena tse kgothatsang di tla etsa hore bara le baradi ba bo rona ba momahane le ho feta”

Ka letsatsi la ho qetela la kopano, batho ba fetang 30 000 ba ile ba mamela Morabo rona Rutherford ha a ne a fana ka puo ya phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Jwale Ditjhaba Tsohle di Lebile Armagedone, Empa ba Dimilione ba Phelang Hona Jwale ba ke ke ba Hlola ba Shwa.” Ka ha Diithuti Tsa Bibele di ne di nahanne hore batho ba tlo ba bangata, di ile tsa hira stadium se neng se le setjha sa Los Angeles Coliseum. E le ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba utlwa lenaneo hantle, bara ba bo rona ba ile ba sebedisa sebuelahole sa stadium, e leng theknoloji e neng e le ntjha ka nako eo. Batho ba bang ba bangata ba ile ba mamela lenaneo leo seyalemoyeng.

MOSEBETSI WA BOBOLEDI O A EKETSEHA DINAHENG TSE DING

Ka selemo sa 1923, mosebetsi wa boboledi o ile wa etswa ka sekgahla le ho feta Afrika, Europe, India le Amerika Borwa. Naheng ya India, Morabo rona A. J. Joseph o ne a hlokomela mosadi wa hae le bana ba tsheletseng ha ka nako e tshwanang a ne a thusa ho hlahisa dingolwa ka dipuo tsa Sehindi, Setamile, Setelugu le Seurdu.

William R. Brown le lelapa la hae

Naheng ya Sierra Leone, Diithuti Tsa Bibele tse pedi e leng Alfred Joseph le Leonard Blackman di ile tsa ngolla ntlokgolo e Brooklyn, New York, di kopa thuso. Di ile tsa fumana karabo ka la 14 April 1923. Alfred o re: “Ka Moqebelo o mong bosiu, motho e mong o ile a ntetsetsa ke sa lebella.” O ile a utlwa lentswe le phahameng le re: “Na ke wena ya ileng a ngolla Mokgatlo wa Watch Tower a kopa batho ba ka bolelang ditaba tse molemo?” Alfred o ile a re: “E, ke nna.” Motho eo o ile a re: “Ba rometse nna.” Motho eo e ne e le William R. Brown. Yena, mosadi wa hae Antonia le baradi ba bona ba banyenyane Louise le Lucy, ba ne ba fihlile letsatsing leo ba tswa Caribbean. Kapele ka mora moo, bara ba bo rona ba ile ba kopana le Morabo rona Brown le lelapa la hae.

Alfred o re: “Hoseng ho latelang, nna le Leonard re ne re tshwere thuto ya Bibele ya beke le beke ha ho fihla senatlahadi sa monna. E ne e le Morabo rona Brown. O ne a tjhesehela nnete hoo a neng a batla ho fana ka puo ya phatlalatsa letsatsing le latelang.” Le pele kgwedi e fela, Morabo rona Brown o ne a se a tsamaisitse dingolwa tsohle tseo a neng a tlile le tsona. Ka mora moo, o ile a fumana dibuka tse 5 000 mme ho eso ye kae o ne a se a hloka tse ding. Empa Morabo rona Brown o ne a sa tuma e le morekisi wa dibuka. Nakong e telele eo a e qetileng a sebeletsa Jehova ka tjheseho, o ne a dula a sebedisa Bibele dipuong tsa hae. Ka lebaka leo, batho ba ile ba mo bitsa Bible Brown.

Bethele e Magdeburg ka 1923

Naheng ya Jeremane, bara ba bo rona ba ile ba etsa qeto ya ho falla ofising ya lekala e Barmen ka ha e ne e se e le nyenyane haholo. Hape ba ne ba utlwile hore mabotho a naha ya Fora a ne a le haufi le ho hapa toropo eo. Diithuti Tsa Bibele di ile tsa fumana mohaho o loketseng bakeng sa ho hatisa dingolwa Magdeburg. Ka la 19 June, bara ba bo rona ba ile ba qeta ho paka thepa e hatisang le thepa e nngwe mme ba fallela Bethele e ntjha e Magdeburg. Letsatsi ka mora hore ntlokgolo e bolellwe hore bara ba bo rona ba se ba qetile ho falla, dikoranta di ile tsa phatlalatsa hore Fora e se e hapile toropo ya Barmen. Bara ba bo rona ba ile ba bona hore ho falla hona ke bopaki ba hore Jehova o a ba hlohonolofatsa ebile o a ba sireletsa.

George Young le Sarah Ferguson (ka ho le letona) le ausi wa hae

Naheng ya Brazil, Morabo rona George Young ya neng a tsamaya haholo a bolela ditaba tse monate, o ile a hlophisa ofisi e ntjha ya lekala yaba o qala ho hatisa Tora ya ho Lebela ka puo ya Sepotoketsi. Ka dikgwedi tse seng kae feela, o ne a se a tsamaisitse dingolwa tse fetang 7 000. Sarah Ferguson o ne a thabile haholo ha Morabo rona Young a etela lelapa la hae. Haesale a bala Tora ya ho Lebela ho tloha ka 1899, empa o ne a eso ka a fumana monyetla wa ho kolobetswa. Dikgwedi tse mmalwa ha morao, Moradi wa bo rona Ferguson le bana ba hae ba bane ba ile ba kolobetswa.

“HO TSWELA PELE RE SEBELETSA MODIMO KA TJHESEHO RE BILE RE THABILE”

Ha selemo se fela, Tora ya ho Lebela ya December 15, 1923 e ile ya hlalosa hore na diphetoho tse entsweng dibokeng, tshimong le dikopanong di ile tsa ama Diithuti Tsa Bibele jwang. E ile ya re: “Ho hlakile hore diphutheho . . . di na le tumelo e matla . . . A re itokisetseng mosebetsi o eketsehileng le ho tswela pele re sebeletsa Modimo ka tjheseho re bile re thabile selemong se tlang sa 1924.”

Selemo sa 1924 le sona e ile ya eba se thabisang ho Diithuti Tsa Bibele. Bara ba bo rona ba Bethele ba ne ba nkile dikgwedi ba haha setsheng se Sehlekehlekeng sa Staten, se neng se le haufi le ntlokgolo e Brooklyn. Mehaho e ileng ya hahwa setsheng seo e ile ya fela ha selemo sa 1924 se sa tswa qala. E ile ya thusa bara ba bo rona ho momahana le ho bolela ditaba tse monate ka ditsela tse neng di ke ke tsa kgoneha pele.

Batho ba neng ba haha Sehlekehlekeng sa Staten

a Hona jwale e se e bitswa Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona.