Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 42

Na u “Itokiselitse ho Mamela”?

Na u “Itokiselitse ho Mamela”?

“Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong . . . o itokiselitse ho mamela.”—JAK. 3:17.

PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata hore re mamele?

 NA U kile oa thatafalloa ke ho mamela? Morena Davida le eena o kile a utloa ho le thata ho mamela eaba o rapela Molimo o re: “Etsa hore ke batle ho u mamela.” (Pes. 51:12) Davida o ne a rata Jehova. Ho ntse ho le joalo, ka linako tse ling o ne a thatafalloa ke ho mamela. Ho joalo le ka rona. Hobane’ng? Lebaka la pele ke hore re na le tloaelo eo re e futsitseng ea ho se mamele. Lebaka la bobeli ke hore Satane o lula a re susumeletsa hore re be marabele joaloka eena. (2 Bakor. 11:3) Lebaka la boraro ke hore re pota-potiloe ke batho ba nang le moea oa borabele, e leng “moea o hlohlelletsang batho hore ba se ke ba mamela Molimo.” (Baef. 2:2) Re lokela ho sebetsa ka thata ho loantša sebe sena seo re se futsitseng le hore re se ke ra lumella Diabolose le batho ba lefatše la hae hore ba re susumeletse hore re se ke ra mamela. Re lokela ho etsa boiteko ba ho mamela Jehova le batho bao a ba fileng matla a bolaoli.

2. Ho bolela’ng ha ho thoe re ‘itokisetse ho mamela’? (Jakobo 3:17)

2 Bala Jakobo 3:17. Jakobo o ile a susumetsoa ke moea o halalelang hore a ngole hore batho ba bohlale ba “itokiselitse ho mamela.” Nahana hore na mantsoe ao a bolela’ng. Re lokela ho labalabela le ho ikemisetsa ho mamela batho bao Jehova a ba fileng matla a itseng a bolaoli. Leha ho le joalo, Jehova ha aa lebella hore re mamele batho ba reng re se ke ra mo mamela.—Lik. 4:18-20.

3. Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re mamele batho ba nang le matla a bolaoli?

3 Re ka utloa ho le bonolo ho mamela Jehova ho feta ho mamela motho hobane Jehova eena o lula a fana ka litaelo tse phethahetseng. (Pes. 19:7) Empa batho ba nang le matla a bolaoli bona ha baa phethahala. Ho ntse ho le joalo, Ntate oa rona ea leholimong o fana ka matla a itseng a bolaoli ho batsoali, liofisiri tsa ’muso le baholo. (Liprov. 6:20; 1 Bathes. 5:12; 1 Pet. 2:13, 14) Ha re ba mamela, motho eo re hlileng re mo mamelang ke Jehova. Re tl’o ithuta hore na re ka thusoa ke eng ho mamela batho bao Jehova a ba fileng matla a bolaoli, le hoja ka linako tse ling re sa lumellane le tataiso ea bona kapa ho le thata ho e mamela.

MAMELA BATSOALI BA HAO

4. Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba sa mamele batsoali ba bona?

4 Bacha ba pota-potiloe ke lithaka tsa bona tse sa ‘mameleng batsoali.’ (2 Tim. 3:1, 2) Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba sa mamele? Ba bang ba nka hore batsoali ba bona ke baikaketsi hobane ba lebeletse hore bana ba etse lintho tseo bona ba hlolehang ho li etsa. Bacha ba bang ba nka hore likeletso tsa batsoali ba bona li feletsoe ke nako, ha li sebetse kapa hore batsoali ba ba tšoara ka thata haholo. Haeba u mocha, na u ee u ikutloe joalo? Bacha ba bangata ba thatafalloa ho mamela taelo ea Jehova e reng: “Le mamele batsoali ba lona feela joalokaha Morena a batla hobane ho etsa joalo ho nepahetse.” (Baef. 6:1) Uena u ka thusoa ke’ng hore u mamele taelo eo?

5. Ke hobane’ng ha re ka re Jesu o behile mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho mamela batsoali ba hae? (Luka 2:46-52)

5 U ka ithuta ho mamela ho Jesu. O behile mohlala o motle ka ho fetisisa tabeng ena. (1 Pet. 2:21-24) O ne a phethahetse empa batsoali ba hae bona ba ne ba sa phethahala. Ho ntse ho le joalo, o ile a ba hlompha leha ba ne ba etsa liphoso ebile ba sa mo utloisise ka linako tse ling. (Ex. 20:12) Hlokomela hore na ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a le lilemo li 12. (Bala Luka 2:46-52.) Batsoali ba hae ba ile ba mo siea Jerusalema. Ha e le hantle, e ne e le boikarabelo ba Josefa le Maria ho etsa bonnete ba hore bana bohle ba bona ba teng sehlopheng se eang hae ka mor’a mokete. Ha Josefa le Maria ba qetella ba fumane Jesu, Maria o ile a mo beha molato ka ho etsa hore ba khathatsehe. Jesu a ka be a ile a re ba mo hlokela toka. Ho e-na le hoo, o ile a ba araba ka bonolo le ka tlhompho. Leha ho le joalo, Josefa le Maria “ba ne ba sa utloisise hore na o bolela’ng.” Ho ntse ho le joalo, Jesu “o ile a tsoela pele ho mamela batsoali ba hae.”

6, 7. Bacha ba ka thusoa ke’ng hore ba mamele batsoali ba bona?

6 Bacha, na ho na le nako eo le utloang ho le thata ho mamela batsoali ba lona ha ba etsa liphoso kapa ba sa le utloisise? Le ka thusoa ke’ng? Ntlha ea pele, nahanang ka hore na Jehova o ikutloa joang. Bibele e re ha le mamela batsoali, “le thabisa Morena.” (Bakol. 3:20) Jehova oa tseba hore ka linako tse ling batsoali ba lona ha ba le utloisise kapa ba etsa melao eo le ka utloang eka ea le hatella. Empa haeba le ba mamela ho ntse ho le joalo, lea mo thabisa.

7 Ntlha ea bobeli, nahanang ka hore na batsoali ba lona ba ikutloa joang. Ha le ba mamela, ba tla thaba ba be ba le tšepe. (Liprov. 23:22-25) Hape le tla utloana le bona le ho feta. Mor’abo rona Alexandre oa Belgium o re: “Ha ke se ke qala ho etsa lintho tseo batsoali ba ka ba nkopileng hore ke li etse, re ile ra utloana ra ba ra thaba le ho feta.” b Ntlha ea boraro, nahanang ka hore na ho mamela hona joale ho tla le thusa joang nakong e tlang. Paulo ea lulang Brazil o re: “Ho itloaetsa ho mamela batsoali ba ka ho ile ha nthusa ho mamela Jehova le batho ba bang ba nang le matla a bolaoli.” Lentsoe la Molimo le fana ka lebaka la bohlokoa la hore u mamele batsoali ba hau. Le re: “E le hore lintho li u tsamaele hantle le hore u phele nako e telele lefatšeng.”—Baef. 6:2, 3.

8. Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba mamela batsoali ba bona?

8 Bacha ba bangata ba bone hore lintho li ba tsamaela hantle ha ba mamela. Qalong Luiza ea tsoang Brazil o ne a thatafalloa ke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le nako eo a neng a sa lumelloa ho ba le fono, haholo hobane lithaka tsa hae tse ngata li ne li e-na le lifono. Empa o ile a hlokomela hore batsoali ba hae ba ne ba mo sireletsa. Hona joale o re: “Ke nka ho mamela batsoali ba ka ho tšoana le lebanta la pholoho le ka pholosang bophelo ba ka, eseng e le ntho e mphasang maoto le matsoho hoo ke sa khoneng ho etsa letho.” Morali oa bo rona e mocha oa United States ea bitsoang Elizabeth o ntse a thatafalloa ke ho mamela batsoali ba hae ka linako tse ling. O re: “Ha ke sa utloisise hantle hore na ke hobane’ng ha batsoali ba ka ba mpehela molao o itseng, ke nahana ka makhetlo ao ka ’ona melao ea bona e ileng ea ntšireletsa nakong e fetileng.” Monica ea lulang Armenia o re lintho li ne li mo tsamaela hantle ka linako tsohle ha a ne a mamela batsoali ba hae ho feta ha a ne a sa ba mamele.

MAMELA “BALAOLI BA PHAHAMENG”

9. Batho ba bangata ba ikutloa joang ka ho mamela melao?

9 Batho ba bangata ba lumellana le taba ea hore re hloka mebuso le hore re lokela ho mamela e meng ea melao ea “balaoli ba phahameng.” (Bar. 13:1) Leha ho le joalo, bona batho bao ba ka ’na ba e-ba leqe ho mamela molao oo ba sa o rateng kapa oo ba utloang eka ha o na toka. Ka mohlala, nahana ka taba ea ho patala lekhetho. Naheng e ’ngoe ea Europe, ho batho ba bang le ba bang ba bane ba ileng ba botsoa lipotso, a le mong o ne a lumela hore “ho nepahetse ho se patale lekhetho haeba u nahana hore ho le patala ke ho hloka toka.” Ha ho makatse hore ebe baahi ba naha eo ba patala karoloana e itseng feela ea lekhetho leo ba lokelang ho le patala ’muso.

Mohlala oa Josefa le Maria o re ruta eng ka ho mamela? (Sheba serapa sa 10-12) c

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela melao le haeba re sa e rate?

10 Bibele ea bontša hore mebuso ea lefatše e sotla batho, e laoloa ke Satane le hore haufinyane e tla felisoa. (Pes. 110:5, 6; Moek. 8:9; Luka 4:5, 6) E boetse e re “ea hanyetsang bolaoli o hanyetsa seo Molimo a se thehileng.” Hona joale Jehova o ntse a lumeletse balaoli ba phahameng hore ba buse e le hore lintho li ’ne li be taolong ’me o lebeletse hore re ba mamele. Ka hona, re lokela ho ‘fa bohle tse ba lokelang.’ Lintho tseo li akareletsa lekhetho, tlhompho le ho mamela. (Bar. 13:1-7) Re ka ’na ra utloa ho le thata ho mamela molao o itseng, ra bona o se na toka kapa o re hloka chelete e ngata hore re o mamele. Empa re mamela Jehova ’me ke eena ea reng re mamele balaoli bana ba phahameng hafeela ba sa re re tlole melao ea hae.—Lik. 5:29.

11, 12. Ho latela Luka 2:1-6, Josefa le Maria ba ile ba etsa’ng ha ’muso o fana ka taelo e thata, hona litholoana e ile ea e-ba life? (Sheba litšoantšo.)

11 Re ka ithuta ho mamela mohlaleng oa Josefa le Maria. Ba ne ba ikemiselitse ho mamela balaoli ba phahameng leha ho ne ho se bonolo ho etsa joalo. (Bala Luka 2:1-6.) Ha Maria a e-na le likhoeli tse ka bang robong e le moimana, ’muso o ile oa fana ka taelo e neng e tla tlama eena le Josefa hore ba etse ntho e boima haholo. Augustus ea neng a laola libaka tsohle tse tlas’a ’Muso ea Roma, o ile a laela hore batho bohle ba ngolisoe. Josefa le Maria ba ne ba lokela ho ea Bethlehema. Ba ne ba tl’o tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 150 libakeng tse maralla. E ne e tl’o ba leeto le boima, haholo-holo bakeng sa Maria. E ka ’na eaba Josefa le Maria ba ne ba tšoenyehile ka hore na Maria le lesea la bona le e-s’o hlahe ba tla sireletseha. Ho ne ho tla etsahala’ng ha ngoana a ne a ka hlaha ba ntse ba le tseleng? Ngoana eo e ne e le Mesia eo esale ba mo lebeletse. Na ba ne ba tla nka taba eo e le lebaka la ho se mamele taelo ea ’muso?

12 Le hoja Josefa le Maria ba ne ba e-na le mabaka a ho tšoenyeha, ba ile ba mamela ho ntse ho le joalo. Kaha ba ile ba mamela, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa. Maria o ile a fihla Bethlehema a bolokehile, lesea la hae la hlaha le phetse hantle a ba a kenya letsoho hore boprofeta ba Bibele bo phethahale.—Mik. 5:2.

13. Ha re mamela melao ea ’muso, taba eo e ka thusa bana ba bo rona joang?

13 Ho mamela balaoli ba phahameng ho tla tsoela rona le batho ba bang molemo. Joang? Molemo o mong ke hore ha re mamela re ke ke ra fumana kotlo. (Bar. 13:4) Ho mamela balaoli ba phahameng ho ka ama tsela eo ba shebang Lipaki Tsa Jehova ka eona. Ka mohlala, lilemo tse ngata tse fetileng naheng ea Nigeria, masole a ile a kena Holong e ’ngoe ea ’Muso nakong eo ho ntseng ho tšoeroe liboka, a ntse a batla batho ba hanang ho patala lekhetho. Empa lesole le neng le a okametse la re a tsamaee eaba le re: “Lipaki Tsa Jehova li patala lekhetho.” Kamehla ha u mamela melao ea ’muso, u etsa hore batho ba Jehova ba be le lebitso le letle. Ka le leng taba eo e ka sireletsa bana beno.—Mat. 5:16.

14. Morali oa bo rona Joanna o ile a etsa’ng e le hore a nolofalloe ho mamela balaoli ba phahameng?

14 Ha se kamehla re ka nolofalloang ho mamela balaoli ba phahameng. Morali oa bo rona Joanna oa United States o re: “Ho ne ho le thata haholo hore ke mamele melao ea ’muso hobane ba bang lelapeng leso ba ne ba kile ba tšoaroa ka ho hloka toka ke ’muso.” Empa Morali oa bo rona Joanna o ile a etsa qeto ea hore o tla fetola tsela eo a nkang ’muso ka eona, a ba a etsa lintho tse latelang ho mo thusa. O ile a tlohela ho bala lintho tseo batho ba bang ba li ngotseng Inthaneteng tse etsang hore a be le maikutlo a fosahetseng ka balaoli ba phahameng. (Liprov. 20:3) O ile a boela a kopa Jehova hore a mo thuse e le hore a mo tšepe ho e-na le ho tšepa mebuso ea batho. (Pes. 9:9, 10) Hape o ile a bala lihlooho tse hlahang lingoloeng tsa rona tse buang ka ho se nke lehlakore. (Joh. 17:16) Hona joale o re ho mamela le ho hlompha balaoli ba phahameng ho entse hore a be le “khotso eo a sitoang ho e hlalosa.”

MAMELA TATAISO E TSOANG MOKHATLONG OA JEHOVA

15. Ke eng e ka etsang hore re thatafalloe ke ho mamela tataiso e tsoang mokhatlong oa Jehova?

15 Jehova o re re ‘mamele ba re etellang pele’ ka phuthehong. (Baheb. 13:17) Moeta-pele oa rona Jesu o phethahetse empa batho bao a ba khethileng hore ba etelle bahlanka ba hae pele mona lefatšeng ha baa phethahala. Ho ka ba thata ho ba mamela, haholo ha ba re kopa ho etsa ntho eo re sa batleng ho e etsa. Ka nako e ’ngoe moapostola Petrose le eena o ile a thatafalloa ke ho mamela. Ha lengeloi le ne le mo laela hore a je liphoofolo tse neng li sa hloeka ho ea ka Molao oa Moshe, o ile a hana ka makhetlo a mararo kaofela. (Lik. 10:9-16) Hobane’ng? O ne a utloa taelo ena e ncha e sa utloahale hobane o ne a tloaetse ho etsa lintho ka tsela e fapaneng. Haeba Petrose o ile a utloa ho le thata hore a mamele taelo ea lengeloi le phethahetseng, nahana feela hore na ho ka ba thata hakae hore re mamele tataiso ea batho ba sa phethahalang.

16. Pauluse o ile a etsa’ng le hoja a ne a ka bona eka tataiso eo banna ba baholo ba mo fang eona ha e utloahale? (Liketso 21:23, 24, 26)

16 Moapostola Pauluse o ne a “itokiselitse ho mamela” tataiso leha a ne a ka utloa eka ha e utloahale. Bakreste ba Bajuda ba ne ba utloile menyenyetsi ea hore Pauluse ha a hlomphe Molao oa Moshe ebile o ntse a ruta batho “hore ba khaotse ho [o] mamela.” (Lik. 21:21) Banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba re Pauluse a ee tempeleng le banna ba bane, ba itlhoekise ho ea ka molao e le hore a bontše hore oa o mamela. Empa Pauluse o ne a tseba hore Bakreste ha baa tlameha ho mamela Molao ebile o ne a sa etsa letho le phoso. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a tsila-tsila ho mamela. O ile “a tsamaea le banna bao ka le hlahlamang ’me a itlhoekisa le bona ho ea ka molao.” (Bala Liketso 21:23, 24, 26.) Ho mamela ha Pauluse ho ile ha etsa hore Bakreste ba momahane.—Bar. 14:19, 21.

17. U ithuta’ng paleng ea Morali oa bo rona Stephanie?

17 Morali oa bo rona Stephanie o ile a thatafalloa ke ho amohela qeto eo bara ba bo rona ba etellang pele naheng ea habo ba ileng ba e etsa. Eena le mohats’ae ba ne ba thusetsa sehlopheng se buang puo e ’ngoe ’me ba ne ba thabile. Ofisi ea lekala e ile ea qhala sehlopha seo eaba Morali oa bo rona Stephanie le mohats’ae ba kopuoa ho khutlela phuthehong ea puo ea habo bona. Morali oa bo rona Stephanie o re: “Ke ne ke utloile bohloko hona hoo! Ke ne ke sa bone ho e-na le tlhoko e kaalo liphuthehong tsa puo eo re e antseng letsoeleng.” Ho ntse ho le joalo, o ile a mamela tataiso e tsoang ofising ea lekala. O ile a boela a re: “Ha nako e ntse e ea, ke ile ka bona hore bara ba bo rona ba ne ba entse qeto e bohlale. Phuthehong ea rona ho na le bana ba bo rona ba bangata bao e leng bona feela Lipaki malapeng a habo bona. Kahoo, re se re le haufi le bona hoo e kang re lelapa labo bona ebile rea ba khothatsa. Ke ntse ke ithuta Bibele le morali oa bo rona e mong ea sa tsoa tsosolosa kamano ea hae le Jehova. Hape hona joale ke se ke e-na le nako e ngata ea ho ithuta Bibele. Ke na le letsoalo le khutsitseng hobane kea tseba hore ke entse sohle se matleng a ka ho mamela.”

18. Ho mamela ho tla re tsoela molemo joang?

18 Re ka ithuta ho mamela. Jesu “o ile a ithuta ho mamela linthong tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela,” eseng linthong tse monate. (Baheb. 5:8) Le rona hangata re ithuta ho mamela ha ho le thata. Ka mohlala, ha COVID-19 e sa tsoa qala, re ile ra kopuoa ho khaotsa ho kopana Liholong Tsa ’Muso le ho ruta batho Bibele ka ntlo le ntlo. Na u ile oa utloa ho le thata hore u mamele tataiso eo? Empa kaha u ile oa mamela, u ile oa sireletseha, oa etsa hore phutheho e momahane oa ba oa thabisa Jehova. Hona joale kaofela ha rona re se re itokiselitse le ho feta ho mamela litaelo leha e le life tseo re tla li fuoa nakong ea mahlomola a maholo. Re ka pholoha haeba re li mamela.—Jobo 36:11.

19. Ke hobane’ng ha u lokela ho mamela?

19 Re ithutile hore haeba re mamela, Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo. Empa lebaka le ka sehloohong leo re mamelang Jehova ka lona ke hobane rea mo rata ’me re batla ho mo thabisa. (1 Joh. 5:3) Re ke ke ra khona ho patala Jehova bakeng sa lintho tsohle tseo a re etselitseng tsona. (Pes. 116:12) Empa re ka khona ho mo mamela ra ba ra mamela batho bao a ba fileng matla a ho re laola. Ha re mamela, rea bontša hore re bohlale ’me ha re le bohlale re thabisa pelo ea Jehova.—Liprov. 27:11.

PINA EA 89 Mamela ’me U Hlohonolofatsoe

a Kaofela ha rona re thatafalloa ke ho mamela ka linako tse ling hobane ha rea phethahala. Ho thata ho mamela le haeba motho ea re fang litaelo a e-na le tokelo ea ho etsa joalo. Sehloohong sena re tl’o bua ka melemo ea ho mamela batsoali, “balaoli ba phahameng” le bara ba bo rona ba etellang pele ka phuthehong.

b E le hore u fumane litlhahiso tsa hore na u ka bua le batsoali ba hao joang ka melao eo u utloang ho le thata ho e mamela, sheba sehlooho se reng “Ke Joang Nka Bolellang Batsoali ba ka ho re na ke Ikutloa Joang ka Melao eo ba e Behang?” se hlahang ho jw.org/st-za.

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Josefa le Maria ba ile ba mamela taelo ea Sesare ea hore ba ee Bethlehema ho ea ngolisoa. Le kajeno Bakreste ba mamela melao ea tsela, ba patala makhetho ebile ba mamela tataiso ea tsa bophelo bo botle e tsoang ’musong.