Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 42

Na o “Itokiseditse ho Mamela”?

Na o “Itokiseditse ho Mamela”?

“Motho ya nang le bohlale bo tswang lehodimong . . . o itokiseditse ho mamela.”—JAK. 3:17.

PINA YA 101 Ho Sebetsa Mmoho

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore re mamele?

 NA O kile wa thatafallwa ke ho mamela? Morena Davida le yena o kile a utlwa ho le thata ho mamela yaba o rapela Modimo o re: “Etsa hore ke batle ho o mamela.” (Pes. 51:12) Davida o ne a rata Jehova. Ho ntse ho le jwalo, ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho mamela. Ho jwalo le ka rona. Hobaneng? Lebaka la pele ke hore re na le tlwaelo eo re e futsitseng ya ho se mamele. Lebaka la bobedi ke hore Satane o dula a re susumeletsa hore re be marabele jwalo ka yena. (2 Bakor. 11:3) Lebaka la boraro ke hore re potapotilwe ke batho ba nang le moya wa borabele, e leng “moya o hlohlelletsang batho hore ba se ke ba mamela Modimo.” (Baef. 2:2) Re lokela ho sebetsa ka thata ho lwantsha sebe sena seo re se futsitseng le hore re se ke ra dumella Diabolose le batho ba lefatshe la hae hore ba re susumeletse hore re se ke ra mamela. Re lokela ho etsa boiteko ba ho mamela Jehova le batho bao a ba fileng matla a bolaodi.

2. Ho bolelang ha ho thwe re ‘itokisetse ho mamela’? (Jakobo 3:17)

2 Bala Jakobo 3:17. Jakobo o ile a susumetswa ke moya o halalelang hore a ngole hore batho ba bohlale ba “itokiseditse ho mamela.” Nahana hore na mantswe ao a bolelang. Re lokela ho labalabela le ho ikemisetsa ho mamela batho bao Jehova a ba fileng matla a itseng a bolaodi. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a lebella hore re mamele batho ba reng re se ke ra mo mamela.—Dik. 4:​18-20.

3. Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re mamele batho ba nang le matla a bolaodi?

3 Re ka utlwa ho le bonolo ho mamela Jehova ho feta ho mamela motho hobane Jehova yena o dula a fana ka ditaelo tse phethahetseng. (Pes. 19:7) Empa batho ba nang le matla a bolaodi bona ha ba a phethahala. Ho ntse ho le jwalo, Ntate wa rona ya lehodimong o fana ka matla a itseng a bolaodi ho batswadi, diofisiri tsa mmuso le baholo. (Diprov. 6:20; 1 Bathes. 5:12; 1 Pet. 2:​13, 14) Ha re ba mamela, motho eo re hlileng re mo mamelang ke Jehova. Re tlo ithuta hore na re ka thuswa ke eng ho mamela batho bao Jehova a ba fileng matla a bolaodi, le hoja ka dinako tse ding re sa dumellane le tataiso ya bona kapa ho le thata ho e mamela.

MAMELA BATSWADI BA HAO

4. Ke hobaneng ha batjha ba bangata ba sa mamele batswadi ba bona?

4 Batjha ba potapotilwe ke dithaka tsa bona tse sa ‘mameleng batswadi.’ (2 Tim. 3:​1, 2) Ke hobaneng ha batjha ba bangata ba sa mamele? Ba bang ba nka hore batswadi ba bona ke baikaketsi hobane ba lebeletse hore bana ba etse dintho tseo bona ba hlolehang ho di etsa. Batjha ba bang ba nka hore dikeletso tsa batswadi ba bona di feletswe ke nako, ha di sebetse kapa hore batswadi ba ba tshwara ka thata haholo. Haeba o motjha, na o ye o ikutlwe jwalo? Batjha ba bangata ba thatafallwa ho mamela taelo ya Jehova e reng: “Le mamele batswadi ba lona feela jwalo ka ha Morena a batla hobane ho etsa jwalo ho nepahetse.” (Baef. 6:1) Wena o ka thuswa keng hore o mamele taelo eo?

5. Ke hobaneng ha re ka re Jesu o behile mohlala o motle ka ho fetisisa wa ho mamela batswadi ba hae? (Luka 2:​46-52)

5 O ka ithuta ho mamela ho Jesu. O behile mohlala o motle ka ho fetisisa tabeng ena. (1 Pet. 2:​21-24) O ne a phethahetse empa batswadi ba hae bona ba ne ba sa phethahala. Ho ntse ho le jwalo, o ile a ba hlompha le ha ba ne ba etsa diphoso ebile ba sa mo utlwisise ka dinako tse ding. (Ex. 20:12) Hlokomela hore na ho ile ha etsahalang ha Jesu a le dilemo di 12. (Bala Luka 2:​46-52.) Batswadi ba hae ba ile ba mo siya Jerusalema. Ha e le hantle, e ne e le boikarabelo ba Josefa le Maria ho etsa bonnete ba hore bana bohle ba bona ba teng sehlopheng se yang hae ka mora mokete. Ha Josefa le Maria ba qetella ba fumane Jesu, Maria o ile a mo beha molato ka ho etsa hore ba kgathatsehe. Jesu a ka be a ile a re ba mo hlokela toka. Ho ena le hoo, o ile a ba araba ka bonolo le ka tlhompho. Le ha ho le jwalo, Josefa le Maria “ba ne ba sa utlwisise hore na o bolelang.” Ho ntse ho le jwalo, Jesu “o ile a tswela pele ho mamela batswadi ba hae.”

6, 7. Batjha ba ka thuswa keng hore ba mamele batswadi ba bona?

6 Batjha, na ho na le nako eo le utlwang ho le thata ho mamela batswadi ba lona ha ba etsa diphoso kapa ba sa le utlwisise? Le ka thuswa keng? Ntlha ya pele, nahanang ka hore na Jehova o ikutlwa jwang. Bibele e re ha le mamela batswadi, “le thabisa Morena.” (Bakol. 3:20) Jehova o a tseba hore ka dinako tse ding batswadi ba lona ha ba le utlwisise kapa ba etsa melao eo le ka utlwang eka e a le hatella. Empa haeba le ba mamela ho ntse ho le jwalo, le a mo thabisa.

7 Ntlha ya bobedi, nahanang ka hore na batswadi ba lona ba ikutlwa jwang. Ha le ba mamela, ba tla thaba ba be ba le tshepe. (Diprov. 23:​22-25) Hape le tla utlwana le bona le ho feta. Morabo rona Alexandre wa Belgium o re: “Ha ke se ke qala ho etsa dintho tseo batswadi ba ka ba nkopileng hore ke di etse, re ile ra utlwana ra ba ra thaba le ho feta.” b Ntlha ya boraro, nahanang ka hore na ho mamela hona jwale ho tla le thusa jwang nakong e tlang. Paulo ya dulang Brazil o re: “Ho itlwaetsa ho mamela batswadi ba ka ho ile ha nthusa ho mamela Jehova le batho ba bang ba nang le matla a bolaodi.” Lentswe la Modimo le fana ka lebaka la bohlokwa la hore o mamele batswadi ba hao. Le re: “E le hore dintho di o tsamaele hantle le hore o phele nako e telele lefatsheng.”—Baef. 6:​2, 3.  

8. Ke hobaneng ha batjha ba bangata ba mamela batswadi ba bona?

8 Batjha ba bangata ba bone hore dintho di ba tsamaela hantle ha ba mamela. Qalong Luiza ya tswang Brazil o ne a thatafallwa ke ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ho ne ho ena le nako eo a neng a sa dumellwa ho ba le fono, haholo hobane dithaka tsa hae tse ngata di ne di ena le difono. Empa o ile a hlokomela hore batswadi ba hae ba ne ba mo sireletsa. Hona jwale o re: “Ke nka ho mamela batswadi ba ka ho tshwana le lebanta la pholoho le ka pholosang bophelo ba ka, eseng e le ntho e mphasang maoto le matsoho hoo ke sa kgoneng ho etsa letho.” Moradi wa bo rona e motjha wa United States ya bitswang Elizabeth o ntse a thatafallwa ke ho mamela batswadi ba hae ka dinako tse ding. O re: “Ha ke sa utlwisise hantle hore na ke hobaneng ha batswadi ba ka ba mpehela molao o itseng, ke nahana ka makgetlo ao ka ona melao ya bona e ileng ya ntshireletsa nakong e fetileng.” Monica ya dulang Armenia o re dintho di ne di mo tsamaela hantle ka dinako tsohle ha a ne a mamela batswadi ba hae ho feta ha a ne a sa ba mamele.

MAMELA “BALAODI BA PHAHAMENG”

9. Batho ba bangata ba ikutlwa jwang ka ho mamela melao?

9 Batho ba bangata ba dumellana le taba ya hore re hloka mebuso le hore re lokela ho mamela e meng ya melao ya “balaodi ba phahameng.” (Bar. 13:1) Le ha ho le jwalo, bona batho bao ba ka nna ba eba leqe ho mamela molao oo ba sa o rateng kapa oo ba utlwang eka ha o na toka. Ka mohlala, nahana ka taba ya ho patala lekgetho. Naheng e nngwe ya Europe, ho batho ba bang le ba bang ba bane ba ileng ba botswa dipotso, a le mong o ne a dumela hore “ho nepahetse ho se patale lekgetho haeba o nahana hore ho le patala ke ho hloka toka.” Ha ho makatse hore ebe baahi ba naha eo ba patala karolwana e itseng feela ya lekgetho leo ba lokelang ho le patala mmuso.

Mohlala wa Josefa le Maria o re ruta eng ka ho mamela? (Sheba serapa sa 10-12) c

10. Ke hobaneng ha re lokela ho mamela melao le haeba re sa e rate?

10 Bibele e a bontsha hore mebuso ya lefatshe e sotla batho, e laolwa ke Satane le hore haufinyane e tla fediswa. (Pes. 110:​5, 6; Moek. 8:9; Luka 4:​5, 6) E boetse e re “ya hanyetsang bolaodi o hanyetsa seo Modimo a se thehileng.” Hona jwale Jehova o ntse a dumeletse balaodi ba phahameng hore ba buse e le hore dintho di nne di be taolong mme o lebelletse hore re ba mamele. Ka hona, re lokela ho ‘fa bohle tse ba lokelang.’ Dintho tseo di akareletsa lekgetho, tlhompho le ho mamela. (Bar. 13:​1-7) Re ka nna ra utlwa ho le thata ho mamela molao o itseng, ra bona o se na toka kapa o re hloka tjhelete e ngata hore re o mamele. Empa re mamela Jehova mme ke yena ya reng re mamele balaodi bana ba phahameng ha feela ba sa re re tlole melao ya hae.—Dik. 5:29.

11, 12. Ho latela Luka 2:​1-6, Josefa le Maria ba ile ba etsang ha mmuso o fana ka taelo e thata, hona ditholwana e ile ya eba dife? (Sheba ditshwantsho.)

11 Re ka ithuta ho mamela mohlaleng wa Josefa le Maria. Ba ne ba ikemiseditse ho mamela balaodi ba phahameng le ha ho ne ho se bonolo ho etsa jwalo. (Bala Luka 2:​1-6.) Ha Maria a ena le dikgwedi tse ka bang robong e le moimana, mmuso o ile wa fana ka taelo e neng e tla tlama yena le Josefa hore ba etse ntho e boima haholo. Augustus ya neng a laola dibaka tsohle tse tlasa Mmuso wa Roma, o ile a laela hore batho bohle ba ngodiswe. Josefa le Maria ba ne ba lokela ho ya Bethlehema. Ba ne ba tlo tsamaya leeto la dikhilomithara tse 150 dibakeng tse maralla. E ne e tlo ba leeto le boima, haholoholo bakeng sa Maria. E ka nna yaba Josefa le Maria ba ne ba tshwenyehile ka hore na Maria le lesea la bona le eso hlahe ba tla sireletseha. Ho ne ho tla etsahalang ha ngwana a ne a ka hlaha ba ntse ba le tseleng? Ngwana eo e ne e le Mesia eo esale ba mo lebelletse. Na ba ne ba tla nka taba eo e le lebaka la ho se mamele taelo ya mmuso?

12 Le hoja Josefa le Maria ba ne ba ena le mabaka a ho tshwenyeha, ba ile ba mamela ho ntse ho le jwalo. Ka ha ba ile ba mamela, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa. Maria o ile a fihla Bethlehema a bolokehile, lesea la hae la hlaha le phetse hantle a ba a kenya letsoho hore boprofeta ba Bibele bo phethahale.—Mik. 5:2.

13. Ha re mamela melao ya mmuso, taba eo e ka thusa bana ba bo rona jwang?

13 Ho mamela balaodi ba phahameng ho tla tswela rona le batho ba bang molemo. Jwang? Molemo o mong ke hore ha re mamela re ke ke ra fumana kotlo. (Bar. 13:4) Ho mamela balaodi ba phahameng ho ka ama tsela eo ba shebang Dipaki Tsa Jehova ka yona. Ka mohlala, dilemo tse ngata tse fetileng naheng ya Nigeria, masole a ile a kena Holong e nngwe ya Mmuso nakong eo ho ntseng ho tshwerwe diboka, a ntse a batla batho ba hanang ho patala lekgetho. Empa lesole le neng le a okametse la re a tsamaye yaba le re: “Dipaki Tsa Jehova di patala lekgetho.” Ka mehla ha o mamela melao ya mmuso, o etsa hore batho ba Jehova ba be le lebitso le letle. Ka le leng taba eo e ka sireletsa bana beno.—Mat. 5:16.

14. Moradi wa bo rona Joanna o ile a etsang e le hore a nolofallwe ho mamela balaodi ba phahameng?

14 Ha se ka mehla re ka nolofallwang ho mamela balaodi ba phahameng. Moradi wa bo rona Joanna wa United States o re: “Ho ne ho le thata haholo hore ke mamele melao ya mmuso hobane ba bang lelapeng leso ba ne ba kile ba tshwarwa ka ho hloka toka ke mmuso.” Empa Moradi wa bo rona Joanna o ile a etsa qeto ya hore o tla fetola tsela eo a nkang mmuso ka yona, a ba a etsa dintho tse latelang ho mo thusa. O ile a tlohela ho bala dintho tseo batho ba bang ba di ngotseng Inthaneteng tse etsang hore a be le maikutlo a fosahetseng ka balaodi ba phahameng. (Diprov. 20:3) O ile a boela a kopa Jehova hore a mo thuse e le hore a mo tshepe ho ena le ho tshepa mebuso ya batho. (Pes. 9:​9, 10) Hape o ile a bala dihlooho tse hlahang dingolweng tsa rona tse buang ka ho se nke lehlakore. (Joh. 17:16) Hona jwale o re ho mamela le ho hlompha balaodi ba phahameng ho entse hore a be le “kgotso eo a sitwang ho e hlalosa.”

MAMELA TATAISO E TSWANG MOKGATLONG WA JEHOVA

15. Ke eng e ka etsang hore re thatafallwe ke ho mamela tataiso e tswang mokgatlong wa Jehova?

15 Jehova o re re ‘mamele ba re etellang pele’ ka phuthehong. (Baheb. 13:17) Moetapele wa rona Jesu o phethahetse empa batho bao a ba kgethileng hore ba etelle bahlanka ba hae pele mona lefatsheng ha ba a phethahala. Ho ka ba thata ho ba mamela, haholo ha ba re kopa ho etsa ntho eo re sa batleng ho e etsa. Ka nako e nngwe moapostola Petrose le yena o ile a thatafallwa ke ho mamela. Ha lengeloi le ne le mo laela hore a je diphoofolo tse neng di sa hlweka ho ya ka Molao wa Moshe, o ile a hana ka makgetlo a mararo kaofela. (Dik. 10:​9-16) Hobaneng? O ne a utlwa taelo ena e ntjha e sa utlwahale hobane o ne a tlwaetse ho etsa dintho ka tsela e fapaneng. Haeba Petrose o ile a utlwa ho le thata hore a mamele taelo ya lengeloi le phethahetseng, nahana feela hore na ho ka ba thata hakae hore re mamele tataiso ya batho ba sa phethahalang.

16. Pauluse o ile a etsang le hoja a ne a ka bona eka tataiso eo banna ba baholo ba mo fang yona ha e utlwahale? (Diketso 21:​23, 24, 26)

16 Moapostola Pauluse o ne a “itokiseditse ho mamela” tataiso le ha a ne a ka utlwa eka ha e utlwahale. Bakreste ba Bajuda ba ne ba utlwile menyenyetsi ya hore Pauluse ha a hlomphe Molao wa Moshe ebile o ntse a ruta batho “hore ba kgaotse ho [o] mamela.” (Dik. 21:21) Banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba re Pauluse a ye tempeleng le banna ba bane, ba itlhwekise ho ya ka molao e le hore a bontshe hore o a o mamela. Empa Pauluse o ne a tseba hore Bakreste ha ba a tlameha ho mamela Molao ebile o ne a sa etsa letho le phoso. Ho ntse ho le jwalo, ha a ka a tsilatsila ho mamela. O ile “a tsamaya le banna bao ka le hlahlamang mme a itlhwekisa le bona ho ya ka molao.” (Bala Diketso 21:​23, 24, 26.) Ho mamela ha Pauluse ho ile ha etsa hore Bakreste ba momahane.—Bar. 14:​19, 21.

17. O ithutang paleng ya Moradi wa bo rona Stephanie?

17 Moradi wa bo rona Stephanie o ile a thatafallwa ke ho amohela qeto eo bara ba bo rona ba etellang pele naheng ya habo ba ileng ba e etsa. Yena le mohatsae ba ne ba thusetsa sehlopheng se buang puo e nngwe mme ba ne ba thabile. Ofisi ya lekala e ile ya qhala sehlopha seo yaba Moradi wa bo rona Stephanie le mohatsae ba kopuwa ho kgutlela phuthehong ya puo ya habo bona. Moradi wa bo rona Stephanie o re: “Ke ne ke utlwile bohloko hona hoo! Ke ne ke sa bone ho ena le tlhoko e kaalo diphuthehong tsa puo eo re e antseng letsweleng.” Ho ntse ho le jwalo, o ile a mamela tataiso e tswang ofising ya lekala. O ile a boela a re: “Ha nako e ntse e ya, ke ile ka bona hore bara ba bo rona ba ne ba entse qeto e bohlale. Phuthehong ya rona ho na le bana ba bo rona ba bangata bao e leng bona feela Dipaki malapeng a habo bona. Ka hoo, re se re le haufi le bona hoo e kang re lelapa labo bona ebile re a ba kgothatsa. Ke ntse ke ithuta Bibele le moradi wa bo rona e mong ya sa tswa tsosolosa kamano ya hae le Jehova. Hape hona jwale ke se ke ena le nako e ngata ya ho ithuta Bibele. Ke na le letswalo le kgutsitseng hobane ke a tseba hore ke entse sohle se matleng a ka ho mamela.”

18. Ho mamela ho tla re tswela molemo jwang?

18 Re ka ithuta ho mamela. Jesu “o ile a ithuta ho mamela dinthong tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela,” eseng dinthong tse monate. (Baheb. 5:8) Le rona hangata re ithuta ho mamela ha ho le thata. Ka mohlala, ha COVID-19 e sa tswa qala, re ile ra kopuwa ho kgaotsa ho kopana Diholong Tsa Mmuso le ho ruta batho Bibele ka ntlo le ntlo. Na o ile wa utlwa ho le thata hore o mamele tataiso eo? Empa ka ha o ile wa mamela, o ile wa sireletseha, wa etsa hore phutheho e momahane wa ba wa thabisa Jehova. Hona jwale kaofela ha rona re se re itokiseditse le ho feta ho mamela ditaelo le ha e le dife tseo re tla di fuwa nakong ya mahlomola a maholo. Re ka pholoha haeba re di mamela.—Jobo 36:11.

19. Ke hobaneng ha o lokela ho mamela?

19 Re ithutile hore haeba re mamela, Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo. Empa lebaka le ka sehloohong leo re mamelang Jehova ka lona ke hobane re a mo rata mme re batla ho mo thabisa. (1 Joh. 5:3) Re ke ke ra kgona ho patala Jehova bakeng sa dintho tsohle tseo a re etseditseng tsona. (Pes. 116:12) Empa re ka kgona ho mo mamela ra ba ra mamela batho bao a ba fileng matla a ho re laola. Ha re mamela, re a bontsha hore re bohlale mme ha re le bohlale re thabisa pelo ya Jehova.—Diprov. 27:11.

PINA YA 89 Mamela Mme o Putswe

a Kaofela ha rona re thatafallwa ke ho mamela ka dinako tse ding hobane ha re a phethahala. Ho thata ho mamela le haeba motho ya re fang ditaelo a ena le tokelo ya ho etsa jwalo. Sehloohong sena re tlo bua ka melemo ya ho mamela batswadi, “balaodi ba phahameng” le bara ba bo rona ba etellang pele ka phuthehong.

b E le hore o fumane ditlhahiso tsa hore na o ka bua le batswadi ba hao jwang ka melao eo o utlwang ho le thata ho e mamela, sheba sehlooho se reng “Ke Jwang Nka Bolellang Batswadi ba ka ho re na ke Ikutlwa Jwang ka Melao eo ba e Behang?” se hlahang ho jw.org/st-za.

c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Josefa le Maria ba ile ba mamela taelo ya Sesare ya hore ba ye Bethlehema ho ya ngodiswa. Le kajeno Bakreste ba mamela melao ya tsela, ba patala makgetho ebile ba mamela tataiso ya tsa bophelo bo botle e tswang mmusong.