Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 44

Etsa Lipatlisiso ha u Ithuta Lentsoe la Molimo

Etsa Lipatlisiso ha u Ithuta Lentsoe la Molimo

“Utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo.”—BAEF. 3:18.

PINA EA 95 Leseli Lea Eketseha

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. Fana ka mohlala oa hore na tsela e molemo ea ho bala le ho ithuta Bibele ke efe.

 A RE re u batla ho reka ntlo. Ke’ng seo u ka batlang ho se bona pele u ka nka qeto ea ho e reka? Na u ka batla ho bona setšoantšo sa ntlo eo feela? Ha ho pelaelo hore u ka batla ho bona ntlo eo ’me u e potolohe e le hore u ka bona mahlakore ’ohle a eona le ho hlahloba likamore tsohle tsa eona. Hape u ka ’na oa batla ho bona le ho hlahloba polane ea ntlo eo e le hore u bone hore na e hahiloe joang. Ho hlakile hore u tla batla ho tseba lintlha tsohle ka ntlo eo u tla lula ho eona.

2 Re ka etsa ntho e tšoanang ha re bala le ho ithuta Bibele. Mongoli e mong oa Bibele o tšoantša molaetsa oa Bibele le “mohaho o moholo, o molelele le o hahuoeng motheong o tebileng.” Ke joang re ka tsebang lintho tse ngotsoeng ka Bibeleng hantle? Haeba u e bala kapele feela, u ka ’na oa ithuta linnete tse bonolo tsa Bibele e leng “lintho tsa motheo tsa lentsoe la Molimo le halalelang.” (Baheb. 5:12) Ho e-na le ho e bala u potlakile, iphe nako ’me u hlahlobe lintlha tsohle joalokaha eka u hlahloba ntlo ka hare. Tsela e molemo ea ho ithuta Bibele ke hore u leke ho hlahloba hore na litaba tsa eona li amana joang. U se ke oa leka feela ho utloisisa lithuto tseo u li lumelang empa u hlahlobe hore na ke hobane’ng ha u lumela lithuto tseo.

3. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena ho etsa’ng, hona hobane’ng? (Baefese 3:14-19)

3 E le hore u utloisise Lentsoe la Molimo ka ho feletseng, u lokela hore u ithute lithuto tsa lona tse tebileng. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena hore ba ithute Lentsoe la Molimo ka ho feletseng e le hore ba ka “utloisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo” ba lona. Ha ba etsa joalo, tumelo ea bona e ne e tla tiea “joaloka sefate se metseng ka metso.” (Bala Baefese 3:14-19.) Re hloka ho etsa se tšoanang. A re boneng hore na re ka ithuta Lentsoe la Molimo joang e le hore re le utloisise ka ho feletseng.

ITHUTE LINTHO TSE TEBILENG TSE KA BIBELENG

4. Fana ka mehlala e bontšang hore na re ka etsa’ng hore re be metsoalle ea Jehova.

4 Kaha re Bakreste, ha rea lokela ho ithuta feela lithuto tse bonolo tse ka Bibeleng. Moea oa Molimo o halalelang o re thusa hore re ithute “le lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakor. 2:9, 10) U ka boela oa etsa lipatlisiso ka lintho tse tla u thusa hore u lule u le motsoalle oa Jehova. Ka mohlala, u ka ithuta ka hore na Molimo o ile a bontša joang hore o rata bahlanka ba hae ba nakong e fetileng le hore na seo se bontša joang hore le uena oa u rata. U ka ’na oa hlahloba hore na Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba mo rapele joang ’me oa bapisa seo le kamoo a batlang hore Bakreste ba mo rapele kateng mehleng ena. Kapa u ka ithuta ka ho tebileng ka boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatšeng.

5. Na ho na le ntho eo u ka ratang ho etsa lipatlisiso ka eona?

5 Batho ba bang ba ratang ho etsa lipatlisiso ka lintho tseo ba ithutileng tsona Bibeleng ba ile ba bua ka lintho tseo ba ka ratang ho etsa lipatlisiso ka tsona. Lintho tseo li hlaha lebokoseng le reng “ Lintho Tseo u ka Etsang Lipatlisiso ka Tsona.” Ha u etsa lipatlisiso, u ka thusoa ke Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha u ithuta Bibele ka ho tebileng, u tla matlafatsa tumelo ea hao ’me e tla u thusa hore u ‘tsebe Molimo.’ (Liprov. 2:4, 5) A re ke re hlahlobeng tse ling tsa lithuto tse tebileng tsa Bibele tseo re ka ithutang tsona.

NAHANA KA MORERO OA MOLIMO

6. (a) Ho na le phapang efe pakeng tsa moralo le morero? (b) Ke hobane’ng ha re ka re morero oa Jehova ka batho le lefatše o tla ‘lula o le teng ka ho sa feleng’? (Baefese 3:11)

6 A re ke re nahane ka seo Bibele e se buang ka morero oa Molimo. Ho na le phapang pakeng tsa moralo le morero. Moralo o tšoana le tsela e hlakileng e lebisang motho moo a batlang ho ea teng. Leha ho le joalo, haeba ho na le ntho e thibileng tsela, a ka ’na a se ke a fihla moo a eang teng. Re ka re morero o tšoana le sebaka seo re batlang ho ea ho sona. Re tseba hantle hore na re hloka eng e le hore re fihle moo re eang teng empa re se re tla bona pele hore na re nka tsela efe hobane tsela eo re tla khetha ho e nka e ka ’na ea fetoha. Jehova o senotse “morero oa hae o lulang o le teng ka ho sa feleng” ka Bibeleng hanyane ka hanyane. (Baef. 3:11) Kamehla merero ea Molimo ea phethahala hobane “o etsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethe morero oa hae.” (Liprov. 16:4) Lintho tseo Jehova a li etsang li tla lula li le teng ka ho sa feleng. Morero oa Jehova ke ofe ’me o ile a etsa liphetoho life hore a o phethahatse?

7. Jehova o ile a fetola tsela eo a tla phethahatsa morero oa hae ka eona joang ka mor’a hore batho ba pele ba mo fetohele? (Matheu 25:34)

7 Molimo o ile a bolella Adama le Eva morero oa hae. O ile a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, le laole . . . liphoofolo” tse lefatšeng. (Gen. 1:28) Ha Adama le Eva ba fetohela Molimo ’me ba etsa hore batho e be baetsalibe, morero oa Jehova ha oa ka oa sitiseha. Jehova o ile a fetola tsela eo a tla phethahatsa morero oa hae ka eona. Hang-hang o ile a rera hore ho be le ’Muso o leholimong o tla phethahatsa morero oa hae bakeng sa batho le lefatše. (Bala Matheu 25:34.) Ka nako e tšoanetseng, Jehova o ile a romela Mora oa hae oa letsibolo lefatšeng e le hore a rute batho ka ’Muso oa hae ’me a fane ka bophelo ba hae ho re lopolla sebeng le lefung. Ka mor’a moo, Jesu o ile a tsosetsoa leholimong hore a e’o busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Ho na le lintho tse ling tseo re ka nahanang ka tsona mabapi le morero oa Molimo.

Nahana hore na ho tla ba joang ha bahlanka ba Jehova ba leholimong le lefatšeng ba mo sebeletsa ka botšepehi. (Sheba serapa sa 8)

8. (a) Bibele e bua ka’ng? (b) Lengolo la Baefese 1:8-11 le re morero o mong oa Jehova ke ofe? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

8 Molaetsa o ka sehloohong o ka Bibeleng ke hore lebitso la Jehova le tla halaletsoa le hore morero oa Jehova ka lefatše o tla phethahala a sebelisa ’Muso oa hae tlas’a puso ea Kreste. Morero oa Jehova o ke ke oa fetoha. O ile a tšepisa hore o tla o phethahatsa. (Esa. 46:10, 11, linal.; Baheb. 6:17, 18) Ha nako e ntse e ea, lefatše e tla ba paradeise ’me batho ba phethahetseng e leng litloholo tsa Adama le Eva ba tla “thabela bophelo ka ho sa feleng.” (Pes. 22:26) Ho ekelletsa moo, Jehova o na le ntho e kholo eo a batlang ho e etsa e leng ho etsa hore bahlanka ba hae ba leholimong le ba lefatšeng ba mo sebeletse ba momahane. Ka nako eo, bahlanka bohle ba Molimo ba tšepahalang ba tla ikokobeletsa eena e le ’Musi. (Bala Baefese 1:8-11.) Rea hlolloa ha re bona tsela eo Jehova a phethahatsang morero oa hae ka eona.

NAHANA KA BOKAMOSO BA HAO

9. Ho ithuta Bibele ho ka re thusa hore re tsebe lintho life ka bokamoso?

9 Nahana ka boprofeta bo tlalehiloeng lengolong la Genese 3:15 b boo Jehova a ileng a bua ka bona serapeng sa Edene. Bo ne bo bua ka liketsahalo tse neng li tla phethahatsa morero oa Jehova empa li ne li tla etsahala ka mor’a lilemo tse likete. Liketsahalo tseo li akareletsa hore na bana ba Abrahama ba ne ba tla ba teng joang e leng leloko leo Kreste a neng a tla hlaha ho lona. (Gen. 22:15-18) Ka selemo sa 33 C.E., Jesu o ile a longoa serethe joalokaha ho ne ho boletsoe. (Lik. 3:13-15) Ketsahalo ea ho qetela ea boprofeta boo ke ha Satane a khojoa hlooho ’me ke hona e tl’o etsahala ka mor’a lilemo tse sekete. (Tšen. 20:7-10) Bibele e fana ka lintlha tsa hore na ho tla etsahala’ng nakong eo Satane le mokhatlo oa hae ba hlaselang batho ba Jehova.

10. (a) Ke liketsahalo life tse tl’o etsahala haufinyane? (b) Re ka itokisetsa liketsahalo tseo joang? (Sheba naletsana.)

10 Ak’u nahane ka liketsahalo tse sa tloaelehang tse etsahalang tseo Bibele e ileng ea bua ka tsona. Ea pele, mebuso e tla etsa phatlalatso e reng “khotso le tšireletseho!” (1 Bathes. 5:2, 3) “Hang-hang” ka mor’a hore ho etsoe phatlalatso eo, mahlomola a maholo a tla qala ha mebuso e hlasela bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:16) Ka mor’a moo, ho ka ’na ha e-ba le ketsahalo e hlollang ha “Mor’a motho a tla ka maru, matla le khanya e kholo.” (Mat. 24:30) Jesu o tla ahlola batho, a arole linku ho lipoli. (Mat. 25:31-33, 46) Leha ho le joalo, Satane o tla be a ntse a hlasela batho ba Molimo. Kaha o ba hloile, o tla susumetsa lichaba tse ikopantseng tseo Bibele e li bitsang Gogo oa naha ea Magogo ho hlasela batho ba Jehova. (Ezek. 38:2, 10, 11) Ho na le nako eo batlotsuoa ba tla bokana ’moho leholimong e le ho thusa Kreste le lebotho la hae le leholimong ho loana ka ntoa ea Armagedone, e leng qetello ea mahlomola a maholo. c (Mat. 24:31; Tšen. 16:14, 16) Ka mor’a moo, Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete e tla qala ho busa lefatšeng.—Tšen. 20:6.

U tl’o ikutloa u le haufi hakae le Jehova ka mor’a hore u ithute ka eena ka lilemo tse libilione? (Sheba serapa sa 11)

11. Taba ea hore re tl’o phela ka ho sa feleng e bolela’ng? (Sheba setšoantšo.)

11 Nahana ka bokamoso ba hao ka mor’a lilemo tse sekete. Bibele e re ’Mopi oa rona “o kentse ka lipelong tsa [rona] takatso ea ho phela ka ho sa feleng.” (Moek. 3:11) Nahana hore na taba eo e bolela’ng ka setsoalle sa hao le Jehova. Buka ea Atamela ho Jehova leqepheng la 319, e bua mantsoe ana a thabisang. E re: “Ha re se re phetse lilemo tse makholo, tse likete, tse limilione, esita le tse limilione tse likete, re tla tseba ho eketsehileng haholo ka Jehova Molimo ho feta kamoo re tsebang kateng hona joale. Empa re tla ’ne re hlokomele hore ho na le lintho tse ngata haholo tse babatsehang tseo re lokelang ho ithuta tsona. . . . Bophelo bo sa feleng bo tla tlala lintho tse sa tšoaneng le tse thabisang ’me ho atamela ho Jehova e tla ’ne e be karolo e putsang ka ho fetisisa ea bona.” Empa hona joale ha re ntse re tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo, ke eng eo re ka e etsang?

SHEBA HOLIMO MAHOLIMONG

12. Fana ka mohlala oa hore na re ka etsa’ng e le hore re shebe holimo maholimong.

12 Lentsoe la Molimo le re bolella hanyane ka hore na ho joang moo Jehova a leng teng “holimo moo ho phahameng.” (Esa. 33:5) Bibele e bua ka lintho tse hlollang ka Jehova le mokhatlo oa hae o leholimong. (Esa. 6:1-4; Dan. 7:9, 10; Tšen. 4:1-6) Ka mohlala, re ka bala ka lintho tse hlollang tseo Ezekiele a ileng a li bona “ha maholimo a buleha ’me [a] bona lipono tse tsoang ho Molimo.”—Ezek. 1:1.

13. U ikutloa joang ka lintho tseo Jesu a li etsang a le leholimong tseo ho buuoang ka tsona ho Baheberu 4:14-16?

13 Ak’u nahane ka hore na Jesu o etsa’ng leholimong e le Morena oa rona ea mosa le Moprista ea Phahameng. Ka lebaka la hae, re khona ho atamela “terone ea Molimo ea re bontšang mosa” ka thapelo ’me re mo kope hore a re bontše mohau le hore a re thuse “ka nako e nepahetseng.” (Bala Baheberu 4:14-16.) Letsatsi le letsatsi re lokela ho nahana ka lintho tseo Jehova le Jesu ba re etselitseng tsona le tseo ba ntseng ba re etsetsa tsona ba le leholimong. Lerato la bona le lokela ho re susumeletsa hore re lule re sebeletsa Jehova ka cheseho.—2 Bakor. 5:14, 15.

Nahana hore na u tla thaba haholo hakae lefatšeng le lecha hobane u tseba hore u thusitse batho ba bang hore e be Lipaki Tsa Jehova le barutuoa ba Jesu. (Sheba serapa sa 14)

14. Re ka etsa’ng ho bontša hore re leboha Jehova le Jesu? (Sheba litšoantšo.)

14 Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka bontšang ka eona hore re leboha Molimo oa rona le Mora oa hae ke ka ho leka ho thusa batho ba bang hore e be Lipaki Tsa Jehova le barutuoa ba Jesu. (Mat. 28:19, 20) Moapostola Pauluse o ile a etsa sena ho bontša hore o leboha Molimo le Kreste. O ne a tseba hore thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) O ne a sebetsa ka thata mosebetsing oa ho ruta batho Bibele e le hore a ka thusa batho ba bangata kamoo a ka khonang ka hore a ‘etse sohle se matleng a hae ho pholosa ba bang.’—1 Bakor. 9:22, 23.

THABELA HO ITHUTA BIBELE

15. Pesaleme ea 1:2 e re ke’ng e tla etsa hore re thabe?

15 Mongoli oa Pesaleme o ile a hlalosa hore motho ea thabileng le ea atlehileng “o thabela molao oa Jehova” ebile o “nahanisisa ka oona bosiu le motšehare.” (Pes. 1:1-3) Ha mofetoleli e mong oa Bibele ea bitsoang Joseph Rotherham a hlalosa litemana tsena bukeng ea hae e bitsoang Studies in the Psalms, o re motho o lokela “ho batla tataiso ea Molimo ka hore a ithute Bibele le ho qeta nako e telele a nahanisisa ka eona.” O ile a boela a re “haeba ho ka feta letsatsi motho a sa ithuta Bibele, letsatsi leo le senyehile feela.” U ka thabela ho ithuta Bibele ka hore u batle ho tseba lintlha tsa bohlokoa tse ka Bibeleng le hore na li tsamaisana joang. Hoa thabisa ho ithuta Lentsoe la Molimo ka ho feletseng.

16. Re tl’o bua ka eng sehloohong se latelang?

16 Bibele e bua ka lintho tse ngata tse ntle tseo Jehova a re rutang tsona ’me li bonolo hore re ka li utloisisa. Sehloohong se latelang re tla bua ka e ’ngoe ea lintho tse tebileng tseo re ka ithutang tsona ka tempele e kholo ea Jehova ea tšoantšetso, eo Pauluse a buileng ka eona lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Baheberu. E se eka re ka thabela ho ithuta sehlooho sena.

PINA EA 94 Re Ananela Lentsoe la Molimo

a Ho ithuta Bibele ho ka etsa hore re thabe bophelo bohle ba rona. Ho ka boela ha re tsoela molemo le ho re thusa hore re be metsoalle ea Ntate oa rona ea leholimong. Sehloohong sena re tl’o bona hore na ke joang re ka ithutang Lentsoe la Molimo ka ho hlakileng.

b Sheba sehlooho se reng “Boprofeta ba Pele bo Hlahang ka Bibeleng bo ka U Tsoela Molemo Joang?” ho Molula-Qhooa oa July 2022.

c E le hore u itokisetse liketsahalo tse hlollang tse tl’o etsahala haufinyane, sheba buka ea ’Muso oa Molimo oa Busa! leq. 230.