Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 44

Etsa Dipatlisiso ha o Ithuta Lentswe la Modimo

Etsa Dipatlisiso ha o Ithuta Lentswe la Modimo

“Utlwisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo.”—BAEF. 3:18.

PINA YA 95 Lesedi le Kganya ka ho Eketsehileng

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Fana ka mohlala wa hore na tsela e molemo ya ho bala le ho ithuta Bibele ke efe.

 A RE re o batla ho reka ntlo. Keng seo o ka batlang ho se bona pele o ka nka qeto ya ho e reka? Na o ka batla ho bona setshwantsho sa ntlo eo feela? Ha ho pelaelo hore o ka batla ho bona ntlo eo mme o e potolohe e le hore o ka bona mahlakore ohle a yona le ho hlahloba dikamore tsohle tsa yona. Hape o ka nna wa batla ho bona le ho hlahloba polane ya ntlo eo e le hore o bone hore na e hahilwe jwang. Ho hlakile hore o tla batla ho tseba dintlha tsohle ka ntlo eo o tla dula ho yona.

2 Re ka etsa ntho e tshwanang ha re bala le ho ithuta Bibele. Mongodi e mong wa Bibele o tshwantsha molaetsa wa Bibele le “mohaho o moholo, o molelele le o hahuweng motheong o tebileng.” Ke jwang re ka tsebang dintho tse ngotsweng ka Bibeleng hantle? Haeba o e bala kapele feela, o ka nna wa ithuta dinnete tse bonolo tsa Bibele e leng “dintho tsa motheo tsa lentswe la Modimo le halalelang.” (Baheb. 5:12) Ho ena le ho e bala o potlakile, iphe nako mme o hlahlobe dintlha tsohle jwalo ka ha eka o hlahloba ntlo ka hare. Tsela e molemo ya ho ithuta Bibele ke hore o leke ho hlahloba hore na ditaba tsa yona di amana jwang. O se ke wa leka feela ho utlwisisa dithuto tseo o di dumelang empa o hlahlobe hore na ke hobaneng ha o dumela dithuto tseo.

3. Moapostola Pauluse o ile a kgothaletsa Bakrestemmoho le yena ho etsang, hona hobaneng? (Baefese 3:​14-19)

3 E le hore o utlwisise Lentswe la Modimo ka ho feletseng, o lokela hore o ithute dithuto tsa lona tse tebileng. Moapostola Pauluse o ile a kgothaletsa Bakrestemmoho le yena hore ba ithute Lentswe la Modimo ka ho feletseng e le hore ba ka “utlwisisa hantle bophara, bolelele, bophahamo le botebo” ba lona. Ha ba etsa jwalo, tumelo ya bona e ne e tla tiya “jwalo ka sefate se metseng ka metso.” (Bala Baefese 3:​14-19.) Re hloka ho etsa se tshwanang. A re boneng hore na re ka ithuta Lentswe la Modimo jwang e le hore re le utlwisise ka ho feletseng.

ITHUTE DINTHO TSE TEBILENG TSE KA BIBELENG

4. Fana ka mehlala e bontshang hore na re ka etsang hore re be metswalle ya Jehova.

4 Ka ha re Bakreste, ha re a lokela ho ithuta feela dithuto tse bonolo tse ka Bibeleng. Moya wa Modimo o halalelang o re thusa hore re ithute “le dintho tse tebileng tsa Modimo.” (1 Bakor. 2:​9, 10) O ka boela wa etsa dipatlisiso ka dintho tse tla o thusa hore o dule o le motswalle wa Jehova. Ka mohlala, o ka ithuta ka hore na Modimo o ile a bontsha jwang hore o rata bahlanka ba hae ba nakong e fetileng le hore na seo se bontsha jwang hore le wena o a o rata. O ka nna wa hlahloba hore na Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba mo rapele jwang mme wa bapisa seo le ka moo a batlang hore Bakreste ba mo rapele ka teng mehleng ena. Kapa o ka ithuta ka ho tebileng ka boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatsheng.

5. Na ho na le ntho eo o ka ratang ho etsa dipatlisiso ka yona?

5 Batho ba bang ba ratang ho etsa dipatlisiso ka dintho tseo ba ithutileng tsona Bibeleng ba ile ba bua ka dintho tseo ba ka ratang ho etsa dipatlisiso ka tsona. Dintho tseo di hlaha lebokoseng le reng “ Dintho Tseo o ka Etsang Dipatlisiso ka Tsona.” Ha o etsa dipatlisiso, o ka thuswa ke Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha o ithuta Bibele ka ho tebileng, o tla matlafatsa tumelo ya hao mme e tla o thusa hore o ‘tsebe Modimo.’ (Diprov. 2:​4, 5) A re ke re hlahlobeng tse ding tsa dithuto tse tebileng tsa Bibele tseo re ka ithutang tsona.   

NAHANA KA MORERO WA MODIMO

6. (a) Ho na le phapang efe pakeng tsa moralo le morero? (b) Ke hobaneng ha re ka re morero wa Jehova ka batho le lefatshe o tla ‘dula o le teng ka ho sa feleng’? (Baefese 3:11)

6 A re ke re nahane ka seo Bibele e se buang ka morero wa Modimo. Ho na le phapang pakeng tsa moralo le morero. Moralo o tshwana le tsela e hlakileng e lebisang motho moo a batlang ho ya teng. Le ha ho le jwalo, haeba ho na le ntho e thibileng tsela, a ka nna a se ke a fihla moo a yang teng. Re ka re morero o tshwana le sebaka seo re batlang ho ya ho sona. Re tseba hantle hore na re hloka eng e le hore re fihle moo re yang teng empa re se re tla bona pele hore na re nka tsela efe hobane tsela eo re tla kgetha ho e nka e ka nna ya fetoha. Jehova o senotse “morero wa hae o dulang o le teng ka ho sa feleng” ka Bibeleng hanyane ka hanyane. (Baef. 3:11) Ka mehla merero ya Modimo e a phethahala hobane “o etsa hore ntho e nngwe le e nngwe e phethe morero wa hae.” (Diprov. 16:4) Dintho tseo Jehova a di etsang di tla dula di le teng ka ho sa feleng. Morero wa Jehova ke ofe mme o ile a etsa diphetoho dife hore a o phethahatse?

7. Jehova o ile a fetola tsela eo a tla phethahatsa morero wa hae ka yona jwang ka mora hore batho ba pele ba mo fetohele? (Matheu 25:34)

7 Modimo o ile a bolella Adama le Eva morero wa hae. O ile a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse, le laole . . . diphoofolo” tse lefatsheng. (Gen. 1:28) Ha Adama le Eva ba fetohela Modimo mme ba etsa hore batho e be baetsadibe, morero wa Jehova ha o a ka wa sitiseha. Jehova o ile a fetola tsela eo a tla phethahatsa morero wa hae ka yona. Hanghang o ile a rera hore ho be le Mmuso o lehodimong o tla phethahatsa morero wa hae bakeng sa batho le lefatshe. (Bala Matheu 25:34.) Ka nako e tshwanetseng, Jehova o ile a romela Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng e le hore a rute batho ka Mmuso wa hae mme a fane ka bophelo ba hae ho re lopolla sebeng le lefung. Ka mora moo, Jesu o ile a tsosetswa lehodimong hore a yo busa e le Morena wa Mmuso wa Modimo. Ho na le dintho tse ding tseo re ka nahanang ka tsona mabapi le morero wa Modimo.

Nahana hore na ho tla ba jwang ha bahlanka ba Jehova ba lehodimong le lefatsheng ba mo sebeletsa ka botshepehi. (Sheba serapa sa 8)

8. (a) Bibele e bua kang? (b) Lengolo la Baefese 1:​8-11 le re morero o mong wa Jehova ke ofe? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

8 Molaetsa o ka sehloohong o ka Bibeleng ke hore lebitso la Jehova le tla halaletswa le hore morero wa Jehova ka lefatshe o tla phethahala a sebedisa Mmuso wa hae o tlasa puso ya Kreste. Morero wa Jehova o ke ke wa fetoha. O ile a tshepisa hore o tla o phethahatsa. (Esa. 46:​10, 11, dinal.; Baheb. 6:​17, 18) Ha nako e ntse e ya, lefatshe e tla ba paradeise mme batho ba phethahetseng e leng ditloholo tsa Adama le Eva ba tla “thabela bophelo ka ho sa feleng.” (Pes. 22:26) Ho ekelletsa moo, Jehova o na le ntho e kgolo eo a batlang ho e etsa e leng ho etsa hore bahlanka ba hae ba lehodimong le ba lefatsheng ba mo sebeletse ba momahane. Ka nako eo, bahlanka bohle ba Modimo ba tshepahalang ba tla ikokobeletsa yena e le Mmusi. (Bala Baefese 1:​8-11.) Re a hlollwa ha re bona tsela eo Jehova a phethahatsang morero wa hae ka yona.

NAHANA KA BOKAMOSO BA HAO

9. Ho ithuta Bibele ho ka re thusa hore re tsebe dintho dife ka bokamoso?

9 Nahana ka boprofeta bo tlalehilweng lengolong la Genese 3:15 b boo Jehova a ileng a bua ka bona serapeng sa Edene. Bo ne bo bua ka diketsahalo tse neng di tla phethahatsa morero wa Jehova empa di ne di tla etsahala ka mora dilemo tse dikete. Diketsahalo tseo di akarelletsa hore na bana ba Abrahama ba ne ba tla ba teng jwang e leng leloko leo Kreste a neng a tla hlaha ho lona. (Gen. 22:​15-18) Ka selemo sa 33 C.E., Jesu o ile a longwa serethe jwalo ka ha ho ne ho boletswe. (Dik. 3:​13-15) Ketsahalo ya ho qetela ya boprofeta boo ke ha Satane a kgojwa hlooho mme ke hona e tlo etsahala ka mora dilemo tse sekete. (Tshen. 20:​7-10) Bibele e fana ka dintlha tsa hore na ho tla etsahalang nakong eo Satane le mokgatlo wa hae ba hlaselang batho ba Jehova.

10. (a) Ke diketsahalo dife tse tlo etsahala haufinyane? (b) Re ka itokisetsa diketsahalo tseo jwang? (Sheba naletsana.)

10 Ako nahane ka diketsahalo tse sa tlwaelehang tse etsahalang tseo Bibele e ileng ya bua ka tsona. Ya pele, mebuso e tla etsa phatlalatso e reng “kgotso le tshireletseho!” (1 Bathes. 5:​2, 3) “Hanghang” ka mora hore ho etswe phatlalatso eo, mahlomola a maholo a tla qala ha mebuso e hlasela bodumedi ba bohata. (Tshen. 17:16) Ka mora moo, ho ka nna ha eba le ketsahalo e hlollang ha “Mora motho a tla ka maru, matla le kganya e kgolo.” (Mat. 24:30) Jesu o tla ahlola batho, a arole dinku ho dipodi. (Mat. 25:​31-33, 46) Le ha ho le jwalo, Satane o tla be a ntse a hlasela batho ba Modimo. Ka ha o ba hloile, o tla susumetsa ditjhaba tse ikopantseng tseo Bibele e di bitsang Gogo wa naha ya Magogo ho hlasela batho ba Jehova. (Ezek. 38:​2, 10, 11) Ho na le nako eo batlotsuwa ba tla bokana mmoho lehodimong e le ho thusa Kreste le lebotho la hae le lehodimong ho lwana ka ntwa ya Armagedone, e leng qetello ya mahlomola a maholo. c (Mat. 24:31; Tshen. 16:​14, 16) Ka mora moo, Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete e tla qala ho busa lefatsheng.—Tshen. 20:6.

O tlo ikutlwa o le haufi hakae le Jehova ka mora hore o ithute ka yena ka dilemo tse dibilione? (Sheba serapa sa 11)

11. Taba ya hore re tlo phela ka ho sa feleng e bolelang? (Sheba setshwantsho.)

11 Nahana ka bokamoso ba hao ka mora dilemo tse sekete. Bibele e re Mmopi wa rona “o kentse ka dipelong tsa [rona] takatso ya ho phela ka ho sa feleng.” (Moek. 3:11) Nahana hore na taba eo e bolelang ka setswalle sa hao le Jehova. Buka ya Atamela ho Jehova leqepheng la 319, e bua mantswe ana a thabisang. E re: “Ha re se re phetse dilemo tse makgolo, tse dikete, tse dimilione, esita le tse dimilione tse dikete, re tla tseba ho eketsehileng haholo ka Jehova Modimo ho feta ka moo re tsebang ka teng hona jwale. Empa re tla nne re hlokomele hore ho na le dintho tse ngata haholo tse babatsehang tseo re lokelang ho ithuta tsona. . . . Bophelo bo sa feleng bo tla tlala dintho tse sa tshwaneng le tse thabisang mme ho atamela ho Jehova e tla nne e be karolo e putsang ka ho fetisisa ya bona.” Empa hona jwale ha re ntse re tswela pele ho ithuta Lentswe la Modimo, ke eng eo re ka e etsang?

SHEBA HODIMO MAHODIMONG

12. Fana ka mohlala wa hore na re ka etsang e le hore re shebe hodimo mahodimong.

12 Lentswe la Modimo le re bolella hanyane ka hore na ho jwang moo Jehova a leng teng “hodimo moo ho phahameng.” (Esa. 33:5) Bibele e bua ka dintho tse hlollang ka Jehova le mokgatlo wa hae o lehodimong. (Esa. 6:​1-4; Dan. 7:​9, 10; Tshen. 4:​1-6) Ka mohlala, re ka bala ka dintho tse hlollang tseo Ezekiele a ileng a di bona “ha mahodimo a buleha mme [a] bona dipono tse tswang ho Modimo.”—Ezek. 1:1.

13. O ikutlwa jwang ka dintho tseo Jesu a di etsang a le lehodimong tseo ho buuwang ka tsona ho Baheberu 4:​14-16?

13 Ako nahane ka hore na Jesu o etsang lehodimong e le Morena wa rona ya mosa le Moprista ya Phahameng. Ka lebaka la hae, re kgona ho atamela “terone ya Modimo ya re bontshang mosa” ka thapelo mme re mo kope hore a re bontshe mohau le hore a re thuse “ka nako e nepahetseng.” (Bala Baheberu 4:​14-16.) Letsatsi le letsatsi re lokela ho nahana ka dintho tseo Jehova le Jesu ba re etseditseng tsona le tseo ba ntseng ba re etsetsa tsona ba le lehodimong. Lerato la bona le lokela ho re susumeletsa hore re dule re sebeletsa Jehova ka tjheseho.—2 Bakor. 5:​14, 15.

Nahana hore na o tla thaba haholo hakae lefatsheng le letjha hobane o tseba hore o thusitse batho ba bang hore e be Dipaki Tsa Jehova le barutuwa ba Jesu. (Sheba serapa sa 14)

14. Re ka etsang ho bontsha hore re leboha Jehova le Jesu? (Sheba ditshwantsho.)

14 Tsela e nngwe ya bohlokwa eo re ka bontshang ka yona hore re leboha Modimo wa rona le Mora wa hae ke ka ho leka ho thusa batho ba bang hore e be Dipaki Tsa Jehova le barutuwa ba Jesu. (Mat. 28:​19, 20) Moapostola Pauluse o ile a etsa sena ho bontsha hore o leboha Modimo le Kreste. O ne a tseba hore thato ya Jehova ke hore “batho ba mefuta yohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ya nnete.” (1 Tim. 2:​3, 4) O ne a sebetsa ka thata mosebetsing wa ho ruta batho Bibele e le hore a ka thusa batho ba bangata ka moo a ka kgonang ka hore a ‘etse sohle se matleng a hae ho pholosa ba bang.’—1 Bakor. 9:​22, 23.

THABELA HO ITHUTA BIBELE

15. Pesaleme ya 1:2 e re keng e tla etsa hore re thabe?

15 Mongodi wa Pesaleme o ile a hlalosa hore motho ya thabileng le ya atlehileng “o thabela molao wa Jehova” ebile o “nahanisisa ka wona bosiu le motshehare.” (Pes. 1:​1-3) Ha mofetoledi e mong wa Bibele ya bitswang Joseph Rotherham a hlalosa ditemana tsena bukeng ya hae e bitswang Studies in the Psalms, o re motho o lokela “ho batla tataiso ya Modimo ka hore a ithute Bibele le ho qeta nako e telele a nahanisisa ka yona.” O ile a boela a re “haeba ho ka feta letsatsi motho a sa ithuta Bibele, letsatsi leo le senyehile feela.” O ka thabela ho ithuta Bibele ka hore o batle ho tseba dintlha tsa bohlokwa tse ka Bibeleng le hore na di tsamaisana jwang. Ho a thabisa ho ithuta Lentswe la Modimo ka ho feletseng.

16. Re tlo bua ka eng sehloohong se latelang?

16 Bibele e bua ka dintho tse ngata tse ntle tseo Jehova a re rutang tsona mme di bonolo hore re ka di utlwisisa. Sehloohong se latelang re tla bua ka e nngwe ya dintho tse tebileng tseo re ka ithutang tsona ka tempele e kgolo ya Jehova ya tshwantshetso, eo Pauluse a buileng ka yona lengolong la hae le yang ho Bakreste ba Baheberu. E se eka re ka thabela ho ithuta sehlooho sena.

PINA YA 94 Re Ananela Lentswe la Modimo

a Ho ithuta Bibele ho ka etsa hore re thabe bophelo bohle ba rona. Ho ka boela ha re tswela molemo le ho re thusa hore re be metswalle ya Ntate wa rona ya lehodimong. Sehloohong sena re tlo bona hore na ke jwang re ka ithutang Lentswe la Modimo ka ho hlakileng.

b Sheba sehlooho se reng “Boprofeta ba Pele bo Hlahang ka Bibeleng bo ka o Tswela Molemo Jwang?” ho Tora ya ho Lebela ya July 2022.

c E le hore o itokisetse diketsahalo tse hlollang tse tlo etsahala haufinyane, sheba buka ya Mmuso wa Modimo o a Busa! leq. 230.