Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 45

Ananela Monyetla oa ho Rapela Jehova Tempeleng ea Hae ea Tšoantšetso

Ananela Monyetla oa ho Rapela Jehova Tempeleng ea Hae ea Tšoantšetso

“Le rapele ea entseng leholimo [le] lefatše.”—TŠEN. 14:7.

PINA EA 93 Re Hlohonolofatse ha re Bokane ’Moho

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1. Lengeloi le re’ng, hona re lokela ho ikutloa joang ka molaetsa oa lona?

 NA U ne u tla mamela lengeloi haeba le ne le ka bua le uena? Mehleng ena lengeloi le bua le batho “ba merabe eohle, lichaba tsohle, maloko ’ohle le lipuo tsohle.” Le re’ng? Le re: “Hlomphang Molimo ’me le mo tlotlise . . . le rapele ea entseng leholimo [le] lefatše.” (Tšen. 14:​6, 7) Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete eo motho e mong le e mong a lokelang ho mo rapela. Re ananela haholo hore ebe o re file monyetla oa hore re mo rapele tempeleng ea hae e kholo ea tšoantšetso.

2. Tempele ea Jehova ea tšoantšetso ke eng? (Sheba lebokose le reng “ Tempele ea Tšoantšetso ha se Eng?”)

2 Tempele ea tšoantšetso ke eng, hona re ka fumana lintlha tse e hlalosang hokae? Tempele ea tšoantšetso ha se mohaho. Ke borapeli ba ’nete boo Jehova a bo hlophisitseng le bo bileng teng ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa tlhophiso eo lengolong leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Baheberu ba neng ba lula Judea. b

3, 4. Ke eng e neng e tšoenya Pauluse ka Bakreste ba Baheberu ba neng ba lula Judea ’me o ile a ba thusa joang?

3 Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngolla Bakreste ba Baheberu ba neng ba lula Judea lengolo? Mohlomong ke ka mabaka ana a mabeli. Lebaka la pele e ne e le ho ba khothatsa. Bongata ba bona ba ne ba le bolumeling ba Sejuda pele e e-ba Bakreste. E ka ’na eaba baeta-pele ba Bajuda ba ne ba ba soma hobane e se e le Bakreste. Hobane’ng? Ke hobane Bakreste ba ne ba se na tempele eo ba neng ba ea ho eona ho e’o rapela, ba se na aletare eo ba neng ba ka etsetsa Molimo mahlabelo ho eona ebile ba se na baprista ba ba rutang. Lintho tsena li ne li ka nyahamisa barutuoa ba Kreste, tsa ba tsa etsa hore tumelo ea bona e fokole. (Baheb. 2:1; 3:12, 14) E ka ’na eaba ba bang ba ne ba bile ba batla ho khutlela bolumeling ba Sejuda.

4 Lebaka la bobeli ke hore Pauluse o ne a bolella Bakreste ba Baheberu hore ha ba etse boiteko ba ho utloisisa lithuto tse ncha le tse tebileng e leng “lijo tse tiileng” tse ka Lentsoeng la Molimo. (Baheb. 5:11-14) Ho bonahala ba bang ba bona ba ne ba ntse ba latela Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a ba hlalosetsa hore mahlabelo ao Molao oa Moshe o neng o re ba lokela ho a etsa, a ne a sa etse hore ba tšoareloe libe ka ho feletseng. Ke kahoo Molao o ‘felisitsoeng.’ Pauluse o ile a ba ruta lithuto tse ling tse tebileng. O ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena ka ‘tšepo e molemo’ eo ba nang le eona ka lebaka la sehlabelo sa Jesu se neng se tla ba thusa hore ba ‘atamele ho Molimo.’—Baheb. 7:18, 19.

5. Re lokela ho utloisisa eng lengolong la Baheberu, hona hobane’ng?

5 Pauluse o ile a hlalosetsa Bakreste-’moho le eena ba Baheberu hore na ke hobane’ng ha tsela eo ba rapelang Jehova ka eona e ne e le molemo ho feta eo ba neng ba mo rapela ka eona ha ba ne ba le bolumeling ba Sejuda. Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela Jehova ka eona ho latela Molao e ne e le “seriti sa lintho tse tlang empa ntho ea sebele ke Kreste.” (Bakol. 2:17) Kaha seriti se tšoantšetsa ntho ea sebele, ka ho tšoanang tsela eo Bajuda ba neng ba rapela Jehova ka eona nakong e fetileng, e ne e tšoantšetsa tsela e molemo le ho feta eo Molimo a neng a tla rapeloa ka eona. Re lokela ho utloisisa tsela eo Jehova a hlophisitseng hore re tšoareloe libe e le hore re ka mo rapela ka tsela e nepahetseng. A re bapiseng “seriti” (e leng tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka eona) le “ntho ea sebele” (e leng tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona), tseo ho buuoang ka tsona lengolong la Baheberu. Ha re etsa joalo re tla utloisisa tempele ea tšoantšetso le hore na e re ama joang.

TABERNAKELE

6. Ho ne ho etsoa’ng tabernakeleng?

6 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka eona. Pauluse o ne a bua ka tabernakele eo Moshe a neng a e entse ka selemo sa 1512 pele ho mehla ea Jesu. (Sheba chate e reng, “Tsela eo Bajuda ba Neng ba Rapela ka Eona—Tsela eo Bakreste ba Rapelang ka Eona.”) Tabernakele e ne e le tente eo Baiseraele ba neng ba tsamaea ka eona hohle moo ba neng ba ea teng. Ba ile ba e sebelisa ka lilemo tse ka bang 500 ho fihlela ho hahoa tempele Jerusalema. (Ex. 25:8, 9; Num. 9:22) ‘Tente eo ea pokano’ e ne e le sebaka seo Baiseraele ba neng ba rapela Molimo ho sona le ho mo etsetsa mahlabelo. (Ex. 29:43-46, nal.) Empa tabernakele e ne e boetse e tšoantšetsa tsela e molemo le ho feta eo Bakreste ba neng ba tla rapela Molimo ka eona.

7. Tempele ea tšoantšetso e bile teng neng?

7 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona. Tabernakele ea mehleng ea Bajuda e ne e le “setšoantšo sa lintho tse leholimong” ’me e ne e tšoantšetsa tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso. Pauluse o ile a re: “Tente ena [kapa tabernakele] e tšoantšetsa lintho tse etsahalang ka nako ena.” (Baheb. 8:5; 9:9) Ka nako eo Pauluse a neng a ngolla Bakreste ba Baheberu ka eona, tempele ea tšoantšetso e ne e se e ntse e le teng. E bile teng ka selemo sa 29 mehleng ea Jesu. Ka selemo seo, Jesu o ile a kolobetsoa, a tlotsoa ka moea o halalelang a ba a qala ho sebeletsa e le ‘moprista ea phahameng’ tempeleng ea Jehova ea tšoantšetso. cBaheb. 4:14; Lik. 10:37, 38.

MOPRISTA EA PHAHAMENG

8, 9. Ho latela Baheberu 7:23-27, baprista ba phahameng ba Iseraele ba fapane joang le Moprista ea Phahameng ka ho fetisisa e leng Jesu Kreste?

8 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka eona. Moprista ea phahameng o ne a emela batho ka pel’a Molimo. Moprista ea phahameng oa pele Iseraele e ne e le Arone ’me Jehova o ile a mo khetha ha tabernakele e ne e khakoloa. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a re “baprista ba ile ba hloleha ho tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa boprista hobane ba ile ba shoa eaba ba nkeloa sebaka ke baprista ba bang.” d (Bala Baheberu 7:23-27.) Kaha baprista bao ba phahameng ba ne ba sa phethahala, ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo bakeng sa libe tsa bona. Tabeng ena re bona phapang e kholo pakeng tsa baprista ba phahameng ba Iseraele le Moprista ea Phahameng ka ho fetisisa e leng Jesu Kreste.

9 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona. Moprista oa rona ea Phahameng e leng Jesu Kreste ke “mohlanka ea sebeletsang sechaba . . . tenteng ea ’nete e hlonngoeng ke Jehova eseng motho.” (Baheb. 8:1, 2) Pauluse o ile a re “kaha Jesu o tla phela ka ho sa feleng, ha ho na motho ea tla mo hlahlama bopristeng.” Pauluse o ile a boela a re Jesu ke moprista “ea sa silafalang, ea fapaneng hole le baetsalibe” le hore ho fapana le baprista ba phahameng ba Iseraele, “ha a hloke ho etsa mahlabelo letsatsi le leng le le leng” bakeng sa libe tsa hae. A re shebeng phapang e teng pakeng tsa lialetare le mahlabelo a neng a etsoa borapeling ba Bojuda le borapeling ba Bokreste.

LIALETARE LE MAHLABELO

10. Mahlabelo a neng a etsoa aletareng ea koporo a ne a tšoantšetsa’ng?

10 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka eona. Ka ntle ho monyako oa tabernakele ho ne ho e-na le aletare ea koporo eo Bajuda ba neng ba etsetsa Jehova mahlabelo a liphoofolo ho eona. (Ex. 27:1, 2; 40:29) Leha ho le joalo, mahlabelo ao a ne a sa bolele hore batho ba ne ba tla tšoareloa libe tsa bona ka ho feletseng. (Baheb. 10:1-4) Mahlabelo a liphoofolo a neng a lula a etsoa tabernakeleng, a ne a tšoantšetsa sehlabelo se le seng se neng se tla etsa hore batho ba tšoareloe libe ka ho feletseng.

11. Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo aletareng efe? (Baheberu 10:5-7, 10)

11 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona. Jesu o ne a tseba hore Jehova o mo rometse lefatšeng e le hore a tl’o fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho. (Mat. 20:28) Kahoo ha Jesu a ne a kolobetsoa, o ne a ikemiselitse ho etsa thato ea Jehova. (Joh. 6:38; Bagal. 1:4) Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae aletareng ea tšoantšetso e neng e emela “thato” ea Molimo. Thato ea Jehova e ne e le hore Mora oa hae a fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo bakeng sa batho. Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae “hanngoe ebile e le la ho qetela” e le hore batho bohle ba lumelang ho Kreste ba ka tšoareloa libe ka ho sa feleng. (Bala Baheberu 10:5-7, 10.) A re bueng ka hore na lintho tse neng li le ka har’a tabernakele li ne li emela’ng.

SEHALALELO LE SEHALALELISISO

12. Ke mang ea neng a ka kena likamoreng tsohle tse tabernakeleng?

12 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka eona. Tabernakele le litempele tse ileng tsa hahoa Jerusalema li ne li tšoana ka hare. Li ne li e-na le likamore tse peli tse neng li arotsoe ke kharetene. Kamore e ’ngoe e ne e bitsoa “Sehalalelo” ’me e ’ngoe e bitsoa “Sehalalelisiso.” (Baheb. 9:2-5; Ex. 26:31-33) Ka har’a Sehalalelo ho ne ho e-na le seluloana sa lebone sa khauta, aletare eo ho neng ho chesetsoa libano ho eona le tafole ea bohobe ba pontšo. Ke “baprista ba tlotsitsoeng” feela ba neng ba lumeletsoe hore ba kene ka Sehalalelong e le hore ba etse mesebetsi ea bona e halalelang. (Num. 3:3, 7, 10) Ka Sehalalelisisong ho ne ho e-na le areka ea selekane ea khauta e neng e bontša hore Jehova o teng sebakeng seo. (Ex. 25:21, 22) Ke moprista ea phahameng feela ea neng a lumeletsoe hore a fete khareteneng ’me a kene ka Sehalalelisisong hanngoe ka selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe. (Lev. 16:2, 17) O ne a kena sebakeng seo selemo le selemo ka mali a liphoofolo e le hore a tšoareloe libe le hore sechaba sohle se tšoareloe libe. Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho hlalosa hore na lintho tse tabernakeleng li bolela’ng.—Baheb. 9:6-8. e

13. Sehalalelo le Sehalalelisiso sa tabernakele li tšoantšetsa’ng ho latela tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona?

13 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona. Ke barutuoa ba ’maloa feela ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang ’me ba na le setsoalle se ikhethang le Jehova. Batlotsuoa bana ba 144 000 e tl’o ba baprista leholimong le Jesu. (Tšen. 1:6; 14:1) Karolo ea Sehalalelo e neng e le tabernakeleng e tšoantšetsa hore batlotsuoa ba khethiloe hore e be bana ba Molimo ha ba ntse ba le lefatšeng. (Bar. 8:15-17) Karolo ea Sehalalelisiso e neng e le tabernakeleng e emela leholimo e leng moo Jehova a lulang teng. “Kharetene” e neng e arola Sehalalelo le Sehalalelisiso e emela ’mele oa Jesu oa nama, o neng o etsa hore a se ke a khona ho kena leholimong e le Moprista ea Phahameng ka ho fetisisa oa tempele ea tšoantšetso. Ha Jesu a fana ka ’mele oa hae oa nama e le sehlabelo bakeng sa ho lopolla batho, o ile a bulela Bakreste bohle ba batlotsuoa monyetla oa ho phela leholimong. Le bona ba lokela ho siea ’mele ea bona ea nama e le hore ba ka fumana moputso oa bona oa ho phela leholimong. (Baheb. 10:19, 20; 1 Bakor. 15:50) Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a kena Sehalalelisisong sa tempele ea tšoantšetso e leng moo batlotsuoa bohle ba tla ba le eena.

14. Ho latela Baheberu 9:12, 24-26, ke hobane’ng ha tsela eo re rapelang ka eona tempeleng ea Jehova ea tšoantšetso e le molemo ho feta tsela eo Baiseraele ba neng ba mo rapela ka eona?

14 Re khona ho bona kamoo borapeli ba ’nete boo Jehova a bo hlophisitseng bo phahameng kateng. Borapeli bona bo bile teng ka lebaka la sehlabelo sa Jesu Kreste le boprista ba hae. Moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a kena Sehalalelisisong se entsoeng ke batho ka mali a mahlabelo a liphoofolo empa Jesu o ile a kena “leholimong la sebele” e leng sebaka se halalelang ka ho fetisisa e le hore a ka hlaha ka pel’a Jehova. O ile a hlahisa bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa rona e le hore “a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.” (Bala Baheberu 9:12, 24-26.) Sehlabelo sa Jesu se etsa hore re tšoareloe libe ka ho feletseng. Hona joale re tla ithuta hore kaofela ha rona re ka khona ho rapela Jehova tempeleng ea hae ea tšoantšetso, ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng.

MABALA

15. Ke bo-mang ba neng ba sebeletsa lebaleng la tabernakele?

15 Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela ka eona. Tabernakele e ne e e-na le lebala le le leng. Lebala leo le ne le le leholo ebile le kampetsoe ’me baprista ba ne ba etsetsa mesebetsi ea bona moo. Aletare e kholo ea koporo ea nyehelo ea secheso e ne e le lebaleng le beisine ea metsi e entsoeng ka koporo, eo baprista ba neng ba e sebelisetsa ho itlhoekisa pele ba etsa mosebetsi o halalelang. (Ex. 30:17-20; 40:6-8) Leha ho le joalo, litempele tse ileng tsa hahoa hamorao le tsona li ne li e-na le lebala le ka ntle moo batho bao e seng baprista ba neng ba ka ema teng ’me ba rapela Molimo.

16. Ke bo-mang ba sebeletsang mabaleng a tempele ea tšoantšetso?

16 Tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona. Pele batlotsuoa ba ea leholimong ho e’o sebeletsa e le baprista le Jesu, ba sebetsa ka botšepehi lebaleng le ka hare la tempele ea tšoantšetso. Beisine e kholo ea metsi e neng e le tabernakeleng e hopotsa Bakreste bohle hore ba lokela ho phela ka tsela e thabisang Molimo le ho mamela melao ea hae. “Bongata bo boholo ba batho” ba tšehetsang batlotsuoa e leng bara ba bo Kreste, bona ba rapela Molimo hokae? Moapostola Johanne o ile a ba bona ba “eme ka pel’a terone . . . ba sebeletsa [Molimo] bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae.” Bongata bo boholo bo sebeletsa Molimo lebaleng le ka ntle la tempele ea tšoantšetso. (Tšen. 7:9, 13-15) Kannete re ananela ho sebeletsa Jehova borapeling ba ’nete boo a bo hlophisitseng.

RE THABELA HO RAPELA JEHOVA

17. Ke lintho life tseo re ka li fang Jehova?

17 Mehleng ena Bakreste bohle ba na le monyetla oa ho sebelisa nako ea bona, matla le lintho tseo ba nang le tsona ho sebeletsa Molimo. Joalokaha Pauluse a ile a bolella Bakreste ba Baheberu, le rona re lokela ho “lula re rorisa Molimo. Ho etsa joalo ho tšoana le ho mo etsetsa sehlabelo. Re bolela lebitso la hae phatlalatsa ka melomo ea rona.” (Baheb. 13:15) Re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle.

18. Ho latela lengolo la Baheberu 10:22-25, ke lintho life tseo re sa lokelang ho khaotsa ho li etsa le tseo re sa lokelang ho li lebala?

18 Bala Baheberu 10:22-25. Ha Pauluse a le haufi le ho phethela lengolo la Baheberu, o ile a bua ka lintho tseo re sa lokelang ho khaotsa ho li etsa. Lintho tsena li akareletsa ho rapela Jehova, ho bolela litaba tse monate tsa Bibele, ho ea libokeng le ho khothatsana. Re lokela ho etsa “lintho tsena le ho feta hobane rea bona hore letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela.” Likhaolong tsa ho qetela tsa lengolo la Tšenolo, ka makhetlo a mabeli lengeloi la Jehova le ile la re: “Rapela Molimo” ho bontša hore ke habohlokoa hore re rapele Jehova. (Tšen. 19:10; 22:9) E se eka re ka lula re hopola lintho tse tebileng tseo re ithutileng tsona ka tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso ’me re lule re ananela monyetla oo re nang le oona oa ho rapela Molimo oa rona ea matla.

PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao

a Thuto e ’ngoe ea bohlokoa eo Lentsoe la Molimo le buang ka eona ke tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso. Tempele eo ke eng? Sehlooho sena se tl’o re thusa hore re ithute lintlha tse hlahang lengolong la Baheberu tse buang ka tempele eo. E se eka sehlooho sena se ka u thusa hore u ananele monyetla oo u nang le oona oa ho rapela Jehova.

b E le hore u tsebe hore na lengolo la Baheberu le bua ka’ng, shebella video e reng Selelekela sa Baheberu ho jw.org/st.

c Lengolo la Baheberu ke lona feela Mangolong a Segerike a Bakreste le reng Jesu ke Moprista ea Phahameng.

d Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re e ka ’na eaba palo eohle ea baprista ba phahameng ba kileng ba phela e ne e le 84 pele tempele e Jerusalema e felisoa ka selemo sa 70 mehleng ea baapostola.

e E le hore u bone hore na lintho tseo moprista ea phahameng a neng a li etsa ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe li bolela’ng, shebella video e reng The Tent ho jw.org.

g Sheba lebokose le reng “Moea o Ile oa Senola se Boleloang ke Tempele ea Moea Joang?” ho Molula-Qhooa oa July 15, 2010, leq. 22.