Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintho Tse ka u Thusang ha u Etsa Lipatlisiso

Lintho Tse ka u Thusang ha u Etsa Lipatlisiso

U ka Etsa’ng Hore u Lule u Tseba Lintlha Tse Ntlafalitsoeng ka Seo re se Lumelang?

Re phela nakong e thabisang haholo hobane Jehova o re hlalosetsa lintho tse ngata ka Lentsoe la hae ho feta nakong e fetileng. (Dan. 12:4) Empa re ka ’na ra thatafalloa ke ho tseba lithuto tsa Bibele tse ntlafalitsoeng le ho li utloisisa. Re ka fumana lintlha tse ntlafalitsoeng hokae?

Watch Tower Publications Index tlas’a sehlooho se reng “Beliefs Clarified,” e na le lethathamo la lintlha tse ntlafalitsoeng tse hlahisitsoeng ho ea ka selemo. E le hore u li fumane, ngola “understanding clarified” (u kenyeletse lia-bula le lia-koala) lebokoseng la batla le ho Watchtower Library kapa Watchtower ONLINE LIBRARY.

• Buka ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova e na le lethathamo la lihlooho tse khutšoanyane. E-ea ho “Lipaki Tsa Jehova” ebe u ea ho “Litumelo le Maikutlo” ebe u kena ho, “Ho Hlalosa Seo re se Lumelang.”

U ka iketsetsa projeke ea ho ithuta ka hore u khethe taba e sa tsoa ntlafatsoa ’me u etse lipatlisiso ka eona, u ka ithuta hore na taba eo e ntlafalitsoe joang le hore na ke mabaka afe a Mangolo a entseng hore e ntlafatsoe.