Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dintho Tse ka o Thusang ha o Etsa Dipatlisiso

Dintho Tse ka o Thusang ha o Etsa Dipatlisiso

O ka Etsang Hore o Dule o Tseba Dintlha Tse Ntlafaditsweng ka Seo re se Dumelang?

Re phela nakong e thabisang haholo hobane Jehova o re hlalosetsa dintho tse ngata ka Lentswe la hae ho feta nakong e fetileng. (Dan. 12:4) Empa re ka nna ra thatafallwa ke ho tseba dithuto tsa Bibele tse ntlafaditsweng le ho di utlwisisa. Re ka fumana dintlha tse ntlafaditsweng hokae?

Watch Tower Publications Index tlasa sehlooho se reng “Beliefs Clarified,” e na le lethathamo la dintlha tse ntlafaditsweng tse hlahisitsweng ho ya ka selemo. E le hore o di fumane, ngola “understanding clarified” (o kenyeletse di a bula le di a kwala) lebokoseng la batla le ho Watchtower Library kapa Watchtower ONLINE LIBRARY.

• Buka ya Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova e na le lethathamo la dihlooho tse kgutshwanyane. E ya ho “Lipaki Tsa Jehova” ebe o ya ho “Litumelo le Maikutlo” ebe o kena ho, “Ho Hlalosa Seo re se Lumelang.”

O ka iketsetsa projeke ya ho ithuta ka hore o kgethe taba e sa tswa ntlafatswa mme o etse dipatlisiso ka yona, o ka ithuta hore na taba eo e ntlafaditswe jwang le hore na ke mabaka afe a Mangolo a entseng hore e ntlafatswe.