Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Liqeto Tseo re li Etsang li Nepahetse Kapa li Fosahetse?

Na Liqeto Tseo re li Etsang li Nepahetse Kapa li Fosahetse?

U ka etsa’ng haeba u batla ho etela sebakeng seo u e-s’o ee ho sona?

  1. 1. Na u ka tsamaea ka tsela eo u nahanang hore e nepahetse?

  2. 2. Na u ka latela ba bang hobane feela u nahana hore ba tseba tsela?

  3. 3. Kapa na u ka sebelisa GPS, ’mapa kapa u ka botsa motsoalle eo u mo tšepang ea tsebang tsela?

Haeba re khetha ho sebelisa ntlha ea pele kapa ea bobeli, re ka ’na ra lahleha. Empa haeba re khetha ho sebelisa ntlha ea boraro, re ka kholiseha hore joang kapa joang re tla fihla moo re batlang ho ea teng.

Re ka tšoantša bophelo ba rona le leeto le re isang bokamosong bo chabileng. E le hore re atlehe leetong lena, ho itšetlehile ka hore na ha re etsa liqeto re tšepile eng.

Le hoja liqeto tse ling tseo re li etsang li le nyenyane, tse ling tsa tsona li bohlokoa haholo. Liqeto tsena tsa bohlokoa li bontša kamoo re ikutloang kateng ka se nepahetseng le se fosahetseng. E-bang re etsa liqeto tse nepahetseng kapa tse fosahetseng, li tla ama rona le batho bao re ba ratang ka nako e telele. Liqeto tsena li akarelletsa litaba tse amanang le:

  • Thobalano le lenyalo

  • Botšepehi, mosebetsi le chelete

  • Ho holisa bana

  • Ho sebelisana le batho

U ka kholisoa ke’ng hore liqeto tseo u li etsang li tla ba molemo bakeng sa hao le ba lelapa la hao?

Potso eo motho e mong le e mong a lokelang ho e araba ke ena: Ke’ng e tla nthusa ho etsa liqeto tse nepahetseng?

Makasine ena e tla hlalosa hore na Bibele e ka re thusa joang ho etsa liqeto tse nepahetseng.